Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le be le Mamello

Le be le Mamello

“Mamello mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng, e le hore le ka ba ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle, le sa haelloe ke letho.”—JAKOBO 1:4.

LIPINA: 135, 139

1, 2. (a) Re ithuta’ng mohlaleng oa Gideone le banna ba hae ba 300? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ho ea ka Luka 21:19, ke hobane’ng ha re lokela ho ba le mamello?

AK’U nahane hore na masole a Baiseraele a neng a eteletsoe pele ke Moahloli Gideone a ne a loana ka thata a bile a khathetse hakae, ha a ntse a loantša lira tsa ’ona. Gideone le masole a hae ba ile ba qeta bosiu bohle ba lelekisa Bamidiane, sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 32! Bibele e re bolella se ileng sa etsahala ka mor’a moo, e re: “Gideone a tla Jordane, a e tšela, eena le banna ba makholo a mararo ba neng ba e-na le eena, ba khathetse.” Empa ntoa e ne e e-s’o lale, kaha ba ne ba ntse ba lokela ho loantša masole a 15 000. Lira tsa Baiseraele li ne li ba hateletse ka nako e telele, kahoo ba ne ba sa ikemisetsa ho tela. Gideone le banna ba hae ba ile ba li lelekisa ho fihlela ba hlōtse!—Baahloli 7:22; 8:4, 10, 28.

2 Le rōna re loana ntoa e thata le e khathatsang. Lira tsa rōna ke Satane, lefatše la hae le ho se phethahale. Ba bang ba rōna re qetile lilemo tse ngata re loantšana le lira tsena. Jehova o re thusitse ho hlōla liteko tse ngata. Empa ntoa e ntse e e-s’o lale. Ka linako tse ling, re ka ’na ra khathala ke ho loana. Kapa re ka ’na ra khathala ho emela bofelo ba tsamaiso ena e khopo. Jesu o ile a re lemosa hore matsatsing a ho qetela re tla tobana le liteko tse matla le mahloriso. Empa o ile a boela a re haeba re mamella, re tla atleha. (Bala Luka 21:19.) Mamello ke eng? Ke’ng e tla re thusa hore re mamelle? Re ka ithuta’ng ho ba ileng ba mamella? Hona ho mamella ho ka re tsoela molemo joang?—Jakobo 1:4.

MAMELLO KE ENG?

3. Mamello ke eng?

3 Ho latela Bibele, mamello hase feela ho tiisetsa kapa ho jara boemo bo thata. E akarelletsa tsela eo re nahanang ka eona le eo re ikutloang ka eona ka liteko tse re hlahelang. Mamello e re thusa hore re be sebete, re tšepahale, ’me re se fele pelo. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e re mamello e etsa hore re be le tšepo le hore re se ke ra tela ha re hlaheloa ke liteko. E boetse e re thusa hore re eme re tiile le ha re tobana le maemo a thata ka ho fetisisa. Mamello e tsoala katleho ’me e re nolofalletsa ho tiisetsa bohloko boo re bo utloang hona joale.

4. Ke joang lerato le re susumelletsang ho mamella?

4 Lerato le re susumelletsa ho mamella. (Bala 1 Bakorinthe 13:4, 7.) Joang? Ho rata Jehova ho re susumelletsa ho mamella ntho leha e le efe e re hlahelang. (Luka 22:41, 42) Ho rata barab’abo rōna ho re thusa ho mamella mefokolo ea bona. (1 Petrose 4:8) Ho rata balekane ba rōna ho re thusa ho mamella “matšoenyeho” ao esita le banyalani ba thabileng ba bang le ’ona ebile ho tiisa maqhama a rōna a lenyalo.—1 Bakorinthe 7:28.

KE’NG E TLA U THUSA HORE U BE LE MAMELLO?

5. Ke hobane’ng ha Jehova a le boemong bo botle ba ho re thusa hore re mamelle?

5 Kōpa Jehova hore a u fe matla. Jehova ke “Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso.” (Baroma 15:5) Ke eena feela ea utloisisang boemo ba rōna le tsela eo re ikutloang ka eona. Kahoo, o tseba hantle seo re se hlokang e le hore re mamelle. Bibele e re: “O tla khotsofatsa takatso ea ba mo tšabang, o tla utloa mohoo oa bona o kōpang thuso, ’me o tla ba pholosa.” (Pesaleme ea 145:19) Empa Molimo o araba lithapelo tsa rōna joang ha re mo kōpa hore a re fe matla a ho mamella?

Jehova o utloisisa boemo ba rōna ’me o tseba hantle seo re se hlokang e le hore re mamelle

6. Ho latela tšepiso ea Bibele, Jehova a ka ’na a ‘re bulela tsela ea ho tsoa’ joang ha re tobane le liteko?

6 Jehova o tšepisa ho re ‘bulela tsela ea ho tsoa,’ ha re mo kōpa hore a re thuse ho mamella. (Bala 1 Bakorinthe 10:13.) O re bulela tsela joang? Ka linako tse ling, a ka ’na a tlosa teko e re tobileng. Empa maemong a mangata, o re fa matla e le hore ‘re mamelle ka botlalo ’me re tiisetse ka thabo.’ (Bakolose 1:11) Kaha Jehova o tseba moo matla a rōna a fellang teng, a ke ke a re lumella hore re be boemong bo thata hoo re ke keng ra khona ho lula re tšepahala ho eena.

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho iphepa Lentsoe la Molimo e le hore re mamelle?

7 Imatlafatse tumelong ka ho iphepa Lentsoe la Molimo. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho iphepa Lentsoe la Molimo? Ho etsa mohlala: E le hore motho a hloe thaba e telele ea Mount Everest, o lokela ho ja lijo tse ngata. O lokela ho ja ho feta kamoo ka tloaelo motho a jang kateng. Lijo tseo li tla mo fa matla a hore a fihle tlhōrōng. Ka ho tšoanang, re lokela ho iphepa Lentsoe la Molimo e le hore re finyelle sepheo sa rōna. Re lokela ho ikemisetsa ho ea libokeng le ho qeta nako re ithuta. Ho etsa sena ho tla re matlafatsa tumelong.—Johanne 6:27.

8, 9. (a) Ho latela Jobo 2:4, 5, ho ameha eng ha re hlaheloa ke liteko? (b) Ha u tobane le teko, u ka ’na ua nahana ka boemo bofe?

8 Tšepa Molimo. Liteko ha li re utloise bohloko feela. Li boetse li leka botšepehi ba rōna ho Molimo. Tsela eo re itšoarang ka eona ha re lekoa e bontša hore na re nka Jehova e le ’Musi oa bokahohleng kapa che. Ke hobane’ng ha re bua joalo? Satane o khahlanong le bobusi ba Molimo, ’me o qosa Jehova ka hore batho ba mo sebeletsa feela ka mabaka a boithati. Satane o ile a re: “Motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.” Satane a ntan’o re ka Jobo: “Ho fapana le hoo, ka kōpo, otlolla letsoho, u ame lesapo la hae le nama ea hae ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.” (Jobo 2:4, 5) Na Satane o se a fetohile? Le hanyenyane! Le hoja ho se ho fetile lilemo tse ngata Satane a lelekiloe leholimong, o ntse a qosa bahlanka ba Molimo ba tšepahalang. (Tšenolo 12:10) Esita le kajeno, Satane o ntse a lumela hore batho ba sebeletsa Molimo ka mabaka a boithati. O batla hore re hane bobusi ba Molimo ’me re khaotse ho mo sebeletsa.

9 Ha u tobane le teko, leka ho nahana ka boemo bona: Satane le bademona ba hae ba ka lehlakoreng le leng. Ba u shebeletse ’me ba batla hore u inehele. Ka lehlakoreng le leng, ke Jehova, Morena oa rōna Jesu Kreste, batlotsuoa ba seng ba tsositsoe le mangeloi a likete. Baa bona hore hoa nyolosetsa, empa baa u khothatsa! Ba thabetse ho u bona u mameletse ebile u tšepahala ho Jehova. Joale u utloa Jehova a re ho uena: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.”—Liproverbia 27:11.

Jesu o ile a nahana ka melemo e larileng ka pele

10. U ka etsisa Jesu joang ha u hlaheloa ke liteko?

10 Nahana ka moputso. Nka hore u leetong. Ha u fihla kae-kae, u lokela ho feta ka har’a thanele e telele. Ho lefifi ka moo. Empa ua tseba hore qetellong ea eona, khanya e teng. Ho joalo le bophelong. U ka ’na ua tobana le maemo a thata le a u sithabetsang. Esita le Jesu o ile a ikutloa ka tsela eo. Ha a le thupeng ea tlhokofatso, o ile a mamella bohloko bo otlang pelo le ho songoa. E tlameha ebe ena e bile nako e thata ka ho fetisisa bophelong ba hae! Ke’ng e ileng ea mo thusa ho mamella? Bibele e re o ile a nahana ka “thabo e neng e behiloe ka pel’a hae.” (Baheberu 12:2, 3) Jesu o ile a nahana ka melemo e larileng ka pele, ’me habohlokoa le ho feta, a lemoha hore o kenya letsoho ho halaletseng lebitso la Molimo le ho tšehetseng bobusi ba hae. O ne a tseba hore teko eo ke ea nakoana le hore moputso oa hae leholimong e tla ba oa ka ho sa feleng. Liteko tseo u tobanang le tsona kajeno li ka ’na tsa u sithabetsa ’me tsa u utloisa bohloko, empa hopola hore ke tsa nakoana.

“BA MAMELETSENG”

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba mohlala oa “ba mameletseng”?

11 Ho na le batho bao re ka ba etsisang ba ileng ba mamella. Ha moapostola Petrose a khothatsa Bakreste hore ba mamelle liteko tse ngata tsa Satane, o ile a re: “Emang khahlanong le eena, le tiile tumelong, le tseba hore litlhokofatso tse tšoanang li ntse li etsahalla mokhatlo oohle oa barab’abo lōna lefatšeng.” (1 Petrose 5:9) Mohlala oa “ba mameletseng” o re bontša hore na re ka etsa’ng e le hore re lule re tšepahala, ’me o re tiisetsa hore re ka atleha ebile o re hopotsa hore ha re mamella re tla putsoa. (Jakobo 5:11) A re ke re hlahlobeng mehlala e seng mekae feela. [1]—Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.

12. Re ithuta’ng mohlaleng oa likerubime tse ileng tsa behoa Edene?

12 Likerubime ke mangeloi a boemo bo phahameng. Ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, Jehova o ile a fa likerubime kabelo e ncha lefatšeng. E ne e fapane hōle le eo li neng li e-na le eona leholimong. Li re behetse mohlala oa kamoo re ka mamellang kateng ha re fuoe kabelo e thata. Bibele e re Jehova o ile “a beha likerubime le lehare le halimang la sabole le iphetholang le sa khaotse bakeng sa ho lebela tsela e eang sefateng sa bophelo.” [2] (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.) (Genese 3:24) Bibele ha e re bolelle hore likerubime li ile tsa tletleba kapa tsa nka hore ke tsa bohlokoa hoo li ke keng ka phetha kabelo eo. Ha lia ka tsa khathala kapa tsa tela. Ho e-na le hoo, li ile tsa lula kabelong ea tsona, mohlomong ho fihlela Moroallo o fihla, lilemong tse ka bang 1 600 hamorao!

13. Ke’ng e ileng ea thusa Jobo ho mamella liteko?

13 Jobo ea tšepahalang. Ka linako tse ling, u ka ’na ua utloisoa bohloko ke seo motsoalle kapa mong ka uena a se buileng. Mohlomong ua kula kapa u shoetsoe ke motho eo u mo ratang. Ho sa tsotellehe hore na u boemong bofe, mohlala oa Jobo o ka u khothatsa. (Jobo 1:18, 19; 2:7, 9; 19:1-3) Jobo o ne a sa tsebe hore na ke hobane’ng ha a aparetsoe ke mathata, empa ha aa ka a tela. Ke’ng e ileng ea mo thusa ho mamella? Ntho e ka sehloohong ke hore o ne a rata Jehova ebile a sa batle ho mo siteloa. (Jobo 1:1) Jobo o ne a batla ho khahlisa Molimo ka linako tsohle. Ho phaella moo, Jehova o ile a thusa Jobo hore a lemohe matla a hae ka hore a mo bolelle lintho tse hlollang tseo a li bōpileng. Sena se ile sa kholisa Jobo hore Jehova o tla tlosa liteko tsa hae ka nako e loketseng. (Jobo 42:1, 2) ’Me ho ile ha fela ha e-ba joalo. Bibele e re Jehova o ile a tlosa mathata a Jobo, ’me a phaella sohle seo a neng a e-na le sona habeli. Jobo o ile “a shoa, a tsofetse ’me a khotsofetse.”—Jobo 42:10, 17.

14. Ho latela 2 Bakorinthe 1:6, mohlala oa Pauluse oa ho mamella o ile oa thusa ba bang joang?

14 Moapostola Pauluse. Na u tobane le khanyetso kapa mahloriso? Na u moholo kapa u molebeli oa potoloho ’me u na le boikarabelo bo bongata bo u imelang? Haeba ho joalo, mohlala oa Pauluse o ka u thusa. Pauluse o ne a hlorisoa ka sehlōhō, ’me a lula a tšoenyehile ka barab’abo rōna liphuthehong. (2 Bakorinthe 11:23-29) Empa Pauluse ha aa ka a tela, ’me mohlala oa hae o ile oa matlafatsa ba bang. (Bala 2 Bakorinthe 1:6.) Le uena ha u mamella, u ka susumetsa ba bang hore le bona ba mamelle.

NA U TLA MAMELLA?

15, 16. (a) Re lokela ho etsa’ng e le hore re be le mamello? (b) Fana ka mehlala ea kamoo ho mamella liteko ho ka re tiisang tumelo kateng.”

15 Morutuoa Jakobo o ile a re: “Mamello mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng, e le hore le ka ba ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle, le sa haelloe ke letho.” (Jakobo 1:4) Ho mamella ho ka re thusa joang? Ha re tobana le teko e itseng, re ka ’na ra lemoha hore re lokela ho ikitlaelletsa ho bontša mamello, kananelo le lerato haholoanyane. Ha re mamella liteko, re tla bona hore re lokela ho sebeletsa lintlheng tsena ’me seo se tla ntlafatsa botho ba rōna ba Bokreste.

Ho mamella liteko ho re tiisa tumelo (Sheba serapa sa 15 le 16)

16 Kaha ho mamella liteko ho re tiisa tumelo, re ke ke ra batla ho tlōla litaelo tsa Jehova e le hore feela re qobe teko. Ka mohlala, haeba u loantšana le maikutlo a litšila, u se ke ua inehela tekong! Kōpa Jehova hore a u thuse ho a loantša. Na u tobana le khanyetso ka lapeng? U se ke ua tela! Ikemisetse ho tsoela pele u sebeletsa Jehova. Seo se tla etsa hore u mo tšepe le ho feta. Hopola hore re lokela ho mamella, e le hore Molimo a tle a re amohele.—Baroma 5:3-5; Jakobo 1:12.

17, 18. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho mamella ho isa bofelong? Fana ka mohlala.

17 Re lokela ho mamella ho isa bofelong, eseng ka nakoana feela. Nka hore sekepe sea teba. E le hore bapalami ba pholohe, ba lokela ho sesa ho ea fihla lebōpong. Motho ea inehelang li sa tloha feela, o tla khangoa ke metsi. Le motho ea inehelang a se a le haufi le lebōpo, o tla khangoa ke metsi. Haeba re batla ho phela lefatšeng le lecha, re lokela ho mamella. Re lokela ho ba le boikutlo bo kang ba moapostola Pauluse, ea ileng a re: “Ha re tele.”—2 Bakorinthe 4:1, 16.

18 Le rōna joaloka Pauluse, re kholisehile hore Jehova o tla re thusa ho mamella ho isa bofelong. Pauluse o ile a re: “Linthong tsena tsohle re hlaha re hlōtse ka ho feletseng ka ea ileng a re rata. Etsoe ke kholisehile hore leha e le lefu kapa bophelo kapa mangeloi kapa mebuso kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla kapa matla kapa bophahamo kapa botebo kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 8:37-39) Ke ’nete hore ka linako tse ling rea khathala. Empa a re etsiseng Gideone le banna ba hae. Ba ile ba khathala, empa ha baa ka ba tela. Ba ile ‘ba tsoela pele ho lelekisa’ lira tseo tsa bona!—Baahloli 8:4.

^ [1] (serapeng sa 11) U ka boela oa bala liphihlelo tsa batho ba Molimo ba mehleng ea kajeno ba mameletseng. Ka mohlala, Bukeng ea Selemo ea 1992 (ea Senyesemane), ea 1999 le ea 2008 ho na le litlaleho tse khothatsang tsa bara le barali babo rōna ba Ethiopia, Malawi le Russia.

^ [2] (serapeng sa 12) Bibele ha e bolele hore na ho ne ho behiloe likerubime tse kae.