Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 15

Etsisa Jesu ’Me U Lule U E-na le Khotso

Etsisa Jesu ’Me U Lule U E-na le Khotso

“Khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lona.”​—BAFIL. 4:7.

PINA EA 113 Re na le Khotso

SELELEKELA *

1-2. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a khathatsehile haholo?

JESU o ne a khathatsehile haholo letsatsing la ho qetela a le lefatšeng. Ho ne ho setse nako e seng kae pele a bolaoa ka sehloho. Empa lefu la hae e ne e se lona feela lebaka le entseng hore a khathatsehe. O ne a rata Ntate oa hae haholo a bile a batla ho mo khahlisa. Jesu o ne a tseba hore ho mamella nakong eo e thata, ho tla etsa hore a halaletse lebitso la Jehova. O ne a boetse a rata batho ’me a tseba hore o lokela ho lula a tšepahala ho isa lefung e le hore re ka ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng.

2 Le hoja Jesu a ne a khathatsehile hakaalo, o ne a e-na le khotso. O ile a re ho baapostola ba hae: “Ke le fa khotso ea ka.” (Joh. 14:​27) Kaha o ne a rata Ntate oa hae, o ne a e-na le “khotso ea Molimo” kahoo a lula a khobile matšoafo. Khotso eo e ile ea mo thusa hore a se ke a lula a khathatsehile.​—Bafil. 4:​6, 7.

3. Re tl’o hlahloba’ng sehloohong see?

3 Ke ’nete hore re ke ke ra thulana le mathata ao Jesu a ileng a tlameha ho a mamella empa taba ena ha e bolele hore re ke ke ra ba le mathata ho hang. (Mat. 16:​24, 25; Joh. 15:​20) Hape joaloka Jesu, le rona ka linako tse ling re ikutloa re khathatsehile. Re ka etsa’ng e le hore re se ke ra lula re tšoenyehile eaba re hloka khotso? A re hlahlobeng lintho tse tharo tseo Jesu a ileng a li etsa ha a le lefatšeng tse ileng tsa mo thusa hore a lule a e-na le khotso ha a tobane le mathata le hore na re ka mo etsisa joang.

JESU O ILE A RAPELA KHAFETSA

Re ka lula re e-na le khotso ha re rapela (Sheba serapa sa 4 ho ea ho sa 7)

4. U nahanne ka 1 Bathesalonika 5:​17, fana ka mehlala e bontšang hore Jesu o ile a rapela letsatsing la ho qetela a le lefatšeng.

4 Bala 1 Bathesalonika 5:​17. Jesu o ile a rapela khafetsa letsatsing la ho qetela a le lefatšeng. Nakong eo a neng a bontša barutuoa ba hae hore na ba ka ikhopotsa lefu la hae joang, o ile a rapella bohobe le veine. (1 Bakor. 11:​23-25) O ile a rapela le barutuoa ba hae pele ba tloha sebakeng seo ba neng ba tšoaretse Paseka ho sona. (Joh. 17:​1-26) Ha Jesu le barutuoa ba hae ba fihla Thabeng ea Mehloaare, o ile a boela a rapela ka makhetlo-khetlo. (Mat. 26:​36-39, 42, 44) Le motsotsong oa qetela ha a tla shoa, o ile a etsa thapelo. (Luka 23:​46) Jesu o ile a bolella Ntate oa hae ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e etsahala letsatsing la ho qetela a le lefatšeng.

5. Ke’ng e ileng ea etsa hore baapostola ba Jesu ba se ke ba khona ho ba sebete?

5 Ntho e ’ngoe e ileng ea thusa Jesu hore a mamelle ke hore o ne a lula a rapela Jehova. Baapostola ba hae bona ba ile ba hloleha ho lula ba rapela bosiung boo. Ka lebaka leo, ha baa ka ba khona ho ba sebete nakong eo tumelo ea bona e neng e lekoa. (Mat. 26:​40, 41, 43, 45, 56) Re tla khona ho mamella mathata ao re kopanang le ’ona hafeela re etsisa Jesu ka hore re ‘rapele re sa khaotse.’ Re ka rapella’ng?

6. Tumelo e tla re thusa joang hore re lule re e-na le khotso?

6 Re ka kopa Jehova hore a “re fe tumelo e eketsehileng.” (Luka 17:5; Joh. 14:1) Re hloka tumelo hobane Satane o ikemiselitse ho hlasela Bakreste bohle. (Luka 22:​31) Tumelo e tla re thusa joang hore re lule re e-na le khotso leha mathata a re hloele setha? E tla re thusa hore re tlohelle lintho matsohong a Jehova. Kaha re kholisehile hore Jehova o tla re thusa, re lula re e-na le khotso.​—1 Pet. 5:​6, 7

7. Ke’ng e ileng ea thusa mor’abo rona Robert hore a lule a e-na le khotso?

7 Thapelo e re thusa hore re lule re e-na le khotso ho sa tsotellehe mathata ao re ka thulanang le ’ona. Nahana ka mohlala oa moholo e mong ea bitsoang Robert ea lilemo tse ka holimo ho 80. O re: “Bafilipi 4:​6, 7 e nthusitse ho mamella mathata a mangata ao ke thulaneng le ’ona bophelong. Ke ne ke e-na le mathata a lichelete. Hape ke ile ka qeta nako e itseng ke se ke se moholo.” Ke’ng esale e thusa mor’abo rona Robert hore a lule a e-na le khotso? O re: “Nako eohle ha ke tšoenyehile ke rapela Jehova. Ke lumela hore ho bua le Jehova khafetsa ha ke e-na le mathata ho nthusa hore ke be le khotso.”

JESU O ILE A PAKA KA CHESEHO

Re ka lula re e-na le khotso ha re etsa mosebetsi oa boboleli (Sheba serapa sa 8 ho ea ho sa 10)

8. Ho ea ka Johanne 8:​29, ke’ng e ileng ea thusa Jesu hore a lule a e-na le khotso?

8 Bala Johanne 8:​29. Jesu o ne a lula a e-na le khotso le ha a hlorisoa hobane o ne a tseba hore o thabisa Ntate oa hae. O ne a lula a mamela Jehova le maemong a boima. O ne a nka ho sebeletsa Jehova e le eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae. Pele a e-tla lefatšeng, Jesu e ne e le “mosebetsi ea hloahloa” oa Molimo. (Liprov. 8:​30) ’Me ha a le lefatšeng o ne a chesehela ho ruta batho ka Ntate oa hae. (Mat. 6:9; Joh. 5:​17) Mosebetsi oo o ne o thabisa Jesu haholo.​—Joh. 4:​34-36.

9. Ho phathahana mosebetsing oa boboleli ho ka re thusa joang hore re lule re e-na le khotso?

9 Re etsisa Jesu ka hore re mamele Jehova le hore ‘kamehla ho be le ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (1 Bakor. 15:​58) Ho “tšoareha ka matla” mosebetsing oa boboleli ho tla re thusa hore re se ke ra tšoenyeha ka mathata a rona. (Lik. 18:5) Mohlala, hangata batho bao re kopanang le bona tšimong ba na le mathata a fetang a rona. Empa ha ba ithuta ka Jehova ’me ba mamela melao ea hae, bophelo ba bona boa fetoha ebile baa thaba. Kamehla ha re bona batho ba etsa liphetoho tsena, rea kholiseha hore Jehova o hlokomela bahlanka ba hae. Kahoo, re lula re e-na le khotso. Morali’abo rona e mong eo haesale a khathatsoa ke ho ikhalala le khatello ea maikutlo o paka taba ena. O re: “Ha ke phathahane ka mosebetsi oa boboleli, kea thaba ebile ha ke be le khatello ea maikutlo. Ke nahana ke hobane mosebetsi ona o etsa ke ikutloe ke le haufi le Jehova.”

10. Re ithuta’ng mohlaleng oa Morali’abo rona Brenda?

10 A re hlahlobeng le mohlala oa Morali’abo rona Brenda. Eena le morali oa hae ba na le boloetse bo sa phekoleheng. Morali’abo rona Brenda o tsamaea ka setuloana sa batho ba holofetseng ’me o fokolloa ke matla. Ka linako tse ling o paka ka ntlo le ntlo ha a khona empa boholo ba nako o pakela batho ka ho ba ngolla mangolo. O re: “Ke ile ka amohela hore bokulo ba ka ha bo phekolehe eaba ke phathahana ka mosebetsi oa boboleli. Ho ruta batho ba bang Bibele ho nthusa hore ke se ke nahana haholo ka mathata a ka. Ho e-na le hoo, ke phathahane haholo ka ho ruta batho ba tšimong ea rona molaetsa oa Bibele. Ha ke etsa joalo, ke lula ke nahana ka tšepo eo ke nang le eona mabapi le bokamoso.”

JESU O NE A AMOHELA THUSO EA METSOALLE EA HAE

Re ka lula re e-na le khotso ha re e-na le metsoalle e molemo (Sheba serapa sa 11 ho ea ho sa 15)

11-13. (a) Baapostola ba Jesu le metsoalle e meng ea hae ba ile ba etsa’ng ho bontša hore ke metsoalle ea sebele ho eena? (b) Jesu o ne a ikutloa joang ka metsoalle ea hae?

11 Nakong eo Jesu a ntseng a le lefatšeng, baapostola ba hae e ne e le metsoalle ea sebele ho eena. Ba ile ba ipaka hore ke metsoalle eo maele a Bibele a buang ka eona ha a re: “Ho na le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.” (Liprov. 18:​24) Metsoalle eo e ne e le bohlokoa haholo ho Jesu. Ha a ntse a le lefatšeng mona, ha ho le ea mong oa bana babo ea ileng a lumela ho eena. (Joh. 7:​3-5) Ka nako e ’ngoe beng ka eena ba ne ba bile ba nahana hore o lahlehetsoe ke kelello. (Mar. 3:​21) Ke kahoo bosiung ba ho qetela a le lefatšeng a ileng a re ho baapostola ba hae: “Ke lona ba nkhomaretseng litekong tsa ka.”​—Luka 22:28.

12 Ka linako tse ling baapostola ba Jesu ba ne ba e-na le ho mo soetsa empa o ne a sa ameha ka liphoso tsa bona hobane ba ne ba e-na le tumelo ho eena. (Mat. 26:​40; Mar. 10:​13, 14; Joh. 6:​66-69) Bosiung ba ho qetela pele a bolaoa, Jesu o ile a re ho balateli ba hae ba tšepahalang: “Ke le bitsitse metsoalle, hobane lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.” (Joh. 15:​15) Ha ho pelaelo hore metsoalle eo ea hae e ne e mo khothatsa haholo. O ne a thaba haholo ha metsoalle ena ea hae e mo thusa mosebetsing oa boboleli.​—Luka 10:​17, 21.

13 Jesu o ne a boetse a e-na le metsoalle e meng e neng e mo thusa mosebetsing oa boboleli le ka lintho tse fapakaneng. E meng ea metsoalle ea hae e ne e mo memela moo e lulang le ho mo phomosetsa ka lijo. (Luka 10:​38-42; Joh. 12:​1, 2) Ha e meng eona e ne e tsamaea le eena le ho arolelana lintho tse ling le eena. (Luka 8:3) Jesu o ne a e-na le metsoalle e thabelang ho mo thusa hobane e tseba hore le eena o tla e thusa. Ha Jesu a ne a etsetsa metsoalle ea hae lintho tse molemo, o ne a sa lebella hore e mo etsetse lintho tseo e ke keng ea li khona. Le hoja Jesu a ne a phethahetse o ne a ananela ha metsoalle ea hae e mo thusa. Ha ho potang hore e ne e mo thusa hore a lule a e-na le khotso.

14-15. Re ka etsa’ng hore re be le metsoalle e molemo, hona e ka re thusa joang?

14 Metsoalle e molemo e tla re thusa hore re lule re tšepahalla Jehova. E le hore re be le metsoalle e joalo, re lokela ho ba batho ba molemo. (Mat. 7:​12) Mohlala, Bibele e re khothalletsa hore re thuse batho bohle empa haholo-holo ba “hlokang.” (Baef. 4:​28) U ka ithaopela ho thusa motho e mong phuthehong ea heno. Mohlomong u ka ela Mokreste-’moho le uena ea holileng kapa ea kulang shopong. Kapa u ka thusa lelapa le hulang ka thata licheleteng. Haeba u tseba ho sebelisa websaete ea rona ea jw.org/st le JW Library® app, u ka thusa Bakreste-’moho le uena hore ba tsebe ho e sebelisa. Ha re amehile ka ho thusa batho ba bang, re tla thaba.​—Lik. 20:35.

15 Metsoalle ea rona e tla re tšehetsa ha re hlaheloa ke mathata hape e tla re thusa hore re lule re e-na le khotso. Joalokaha Elihu a ile a mamela ha Jobo a mo bolella mathata a hae le rona metsoalle ea rona e re mamela ka hloko ha re e bolella mabina-bine a lipelo tsa rona. (Jobo 32:4) Ha rea lokela ho lebella hore e re etsetse liqeto, empa e ka ba bohlale hore re e mamele ha e re fa keletso e hlahang ka Bibeleng. (Liprov. 15:​22) Joalokaha Morena Davida a ile a ikokobetsa ha metsoalle ea hae e mo thusa le rona ha rea lokela ho hana ha metsoalle ea rona e re thusa. (2 Sam. 17:​27-29) Kannete metsoalle e joalo ke mpho e tsoang ho Jehova.​—Jak. 1:17.

U KA ETSA’NG E LE HORE U LULE U E-NA LE KHOTSO?

16. Bafilipi 4:​6, 7 e re re tla thusoa ke’ng hore re lule re e-na le khotso? Hlalosa.

16 Bala Bafilipi 4:​6, 7Ke hobane’ng ha Jehova a re o tla re fa khotso “ka Kreste Jesu”? Ke hobane re tla lula re e-na le khotso ha re utloisisa hantle re bile re e-na le tumelo tseleng eo Jesu a phethahatsang merero ea Jehova ka eona. Mohlala, ka lebaka la hore Jesu o ile a re shoela re khona ho tšoareloa libe tsohle tsa rona. (1 Joh. 2:​12) Ho nahana ka taba ena hoa re khothatsa. Kaha Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo, o tla felisa mathata ’ohle ao Satane a re baketseng ’ona. (Esa. 65:​17; 1 Joh. 3:8; Tšen. 21:​3, 4) Ka lebaka leo tšepo eo re nang le eona e tiea le ho feta. Le hoja mosebetsi oo Jesu a re fileng oona o se bonolo, oa re tšehetsa ebile o na le rona ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho. (Mat. 28:​19, 20) Kahoo, re ba sebete le ho feta. Ho khothala, ho ba le tšepo le ho ba sebete ke tse ling tsa lintho tsa bohlokoa tse re thusang ho ba le khotso.

17. (a) U ka etsa’ng hore u lule u e-na le khotso? (b) Johanne 16:​33 e re re tla khona ho etsa’ng?

17 Joale, u ka etsa’ng hore u lule u e-na le khotso le ha u thulana le mathata? U ka ba le eona ka hore u etsise mohlala oa Jesu. Tsela ea pele, phehella thapelong ho sa tsotellehe hore na u hlaheloa ke’ng. Ea bobeli, mamela Jehova ’me u pake ka cheseho esita le ha ho nyolosetsa. Ea boraro, kopa thuso ho metsoalle ea hao ha u e-na le mathata. Ha u etsa joalo u tla lula u e-na le khotso. Ebile joaloka Jesu, u tla khona ho hlola mathata ’ohle ao u thulanang le ’ona.​—Bala Johanne 16:33.

PINA EA 41 Ka Kopo, Utloa Thapelo ea ka

^ ser. 5 Kaofela ha rona re na le mathata a ka etsang hore re se ke ra ba le khotso. Sehloohong sena, re tl’o bua ka lintho tse tharo tseo Jesu a ileng a li etsa e le hore a lule a e-na le khotso leha a tobane le mathata le hore na re ka mo etsisa joang.