Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 17

Jehova a ka U Thusa Hore U Hlole Meea e Khopo

Jehova a ka U Thusa Hore U Hlole Meea e Khopo

“Re loana . . . le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.”​—BAEF. 6:12.

PINA EA 55 Le se ke la Tšaba Batho

SELELEKELA *

1. Ho ea ka Baefese 6:​10-13, Jehova o ile a bontša joang hore o rata bahlanka ba hae? Hlalosa.

TSELA e ka sehloohong eo Jehova a bontšang ka eona hore o rata bahlanka ba hae ke ka ho ba thusa hore ba hlole lira tsa bona. Lira tsa rona tse ka holimo-limo ke Satane le bademona ba hae. Jehova o ile a re lemosa ka lira tsena, a ba a re bontša hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re li hlole. (Bala Baefese 6:​10-13.) Ha re amohela thuso ea Jehova ’me re itšetleha ka eena ka ho feletseng re ka hlola Diabolose. Re lokela ho ba sebete joaloka moapostola Pauluse. O ile a re: “Haeba Molimo a eme le rona, ke mang ea tla ba khahlanong le rona?”​—Bar. 8:31.

2. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

2 Ha e le hantle, ha rea ameha hakaalo-kaalo ka hore na Satane le bademona ba hae ba etsa’ng. Empa kamehla re amehile ka ho ithuta ka Jehova le ho mo sebeletsa. (Pes. 25:5) Leha ho le joalo, re ntse re lokela ho tseba hore na Satane o ntse a etsa’ng. Hobane’ng? E le hore re tle re bone ha a batla ho re qhekella. (2 Bakor. 2:​11) Sehloohong sena, re tl’o bona leoa le ka holimo-limo leo Satane le bademona ba hae ba le sebelisang ho khelosa batho. Re tla boela re bone hore na re ka etsa’ng e le hore re ba hlole.

MEEA E KHOPO E KHELOSA BATHO JOANG?

3-4. (a) Ho sebelisana le meea ho akareletsa’ng? (b) Tloaelo ea ho sebelisana le meea e atile hakae?

3 Tsela e ka sehloohong eo Satane le bademona ba hae ba lekang ho khelosa batho ka eona ke ka ho sebelisana le meea. Batho ba sebelisanang le meea ba bolela hore ba tseba lintho tseo batho ba bang ba sa li tsebeng kapa ba ka etsa lintho tseo ba bang ba ke keng ba khona ho li etsa. Mohlala, ba bolela hore ba ka khona ho tseba bokamoso ka ho bo noha kapa ho lepa linaleli. Ba bang ba ka ’na ba etsa eka ba ntse ba bua le batho ba hlokahetseng. Ba bang bona ba sebelisa boloi kapa boselamose, ’me ba ka ’na ba leka ho betsa motho ka mantsoe a boloi. *

4 Tloaelo ea ho sebelisana le meea e atile hakae? Phuputsong e entsoeng linaheng tse 18 tsa Latin America le Caribbea ho fumanoe hore hoo e ka bang motho a le mong ho ba bararo o lumela boselamose, boloi, kapa bonohe. Ho boetse ho na le palo e lekanang le eo e lumelang hore batho ba ka khona ho bua le ba hlokahetseng. Ho ile ha etsoa phuputso e ’ngoe hape linaheng tse 18 tsa Afrika. Teng ho fumanoe hore motho a le mong ho ba babeli bao ho builoeng le bona o lumela hore boloi ke ntho e teng. Ho hlakile hore ho sa tsotellehe hore na re phela hokae re lokela ho itšireletsa khahlanong le tšebelisano le meea. Re lokela ho lula re hopola hore Satane o batla ho khelosa “lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.”​—Tšen. 12:9.

5. Jehova o ikutloa joang ka ho sebelisana le meea?

5 Jehova ke “Molimo oa ’nete.” (Pes. 31:5) Joale o ikutloa joang ka ho sebelisana le meea? O ho hloile hona hoo! Jehova o ile a re ho Baiseraele: “Ho lona ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea fetisang mora oa hae kapa morali oa hae mollong, leha e le mang ea sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele kapa leha e le mang ea botsang bafu. Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.” (Deut. 18:​10-12) Bakreste ha ba tlas’a Molao oo Jehova a ileng a o fa Baiseraele. Empa rea tseba hore le hona joale o ntse a hloile ho sebelisana le meea.​—Mal. 3:6.

6. (a) Satane o sebelisa tloaelo ea ho sebelisana le meea joang? (b) Moeklesia 9:5 e re ho etsahala’ng ka bafu?

6 Jehova o re hlaba malotsana mabapi le ho sebelisana le meea hobane oa tseba hore Satane o ho sebelisa ho utloisa batho bohloko. Satane o sebelisa tloaelo ea ho sebelisana le meea e le ho tsoellisa pele mashano a hae a kang a hore batho ba hlokahetseng ba ntse ba phela kae-kae. (Bala Moeklesia 9:5.) O boetse o ho sebelisa ho tšosa batho e le hore ba ka hlanohela Jehova. Sepheo sa hae ke hore batho ba sebelisanang le meea ba tšepe meea e khopo ho e-na le ho tšepa Jehova.

RE KA HLOLA MEEA E KHOPO JOANG?

7. Jehova o re thusa joang?

Joalokaha re ithutile pejana, Jehova o re bolella lintho tseo re lokelang ho li tseba e le hore Satane le bademona ba hae ba se ke ba re khelosa. A re ke re hlahlobeng tse ling tsa lintho tseo re ka li etsang e le hore re hlole Satane le bademona ba hae.

8. (a) Tsela e ka sehloohong e ka re thusang ho hana mashano a Satane ke efe? (b) Pesaleme ea 146:4 e paka joang hore Satane o leshano?

8 Bala Lentsoe la Molimo u be u nahanisise ka lona. Ena ke tsela e ka sehloohong e ka re thusang ho hana mashano a Satane. Lentsoe la Molimo le ka tšoantšoa le sabole e bohale e ka phunyang mashano a Satane. (Baef. 6:​17) Mohlala, Lentsoe la Molimo le bontšitse hore taba ea hore bafu ba ka khona ho bua le batho ba phelang ke leshano. (Bala Pesaleme ea 146:4.) Le boetse lea re hopotsa hore ke Jehova feela ea tsebang hore na ho tl’o etsahala’ng nakong e tlang. (Esa. 45:​21; 46:​10) Haeba re lula re bala Lentsoe la Molimo re bile re nahanisisa ka lona, re tla khona ho hana le ho hloea mashano ao meea e khopo e batlang hore re a lumele.

9. Ke lintho life tse amanang le ho sebelisana le meea tseo re lokelang ho li qoba?

9 Hana ho etsa eng kapa eng e amanang le ho sebelisana le meea. Kaha re Bakreste ba ’nete, ha ho moo re kopanang teng le ho sebelisana le meea. Mohlala, ha re ee ho batho ba buang le bafu kapa ho leka ho bua le bafu ka tsela leha e le efe e ’ngoe. Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, re qoba litloaelo tsohle tsa mapato tse thehiloeng tumelong ea hore bafu ba ntse ba phela kae-kae. Hape ha re buisane le linohe kapa batho ba lepang bokamoso e le ho leka ho fumana hore na bokamoso ba rona bo eme joang. (Esa. 8:​19) Rea tseba hore lintho tsena kaofela li kotsi le hore li ka re lihela ka liatleng tsa Satane le bademona ba hae.

Etsisa Bakreste ba mehleng ea baapostola ka hore o lahle ntho efe kapa efe e amanang le boloi ’me u qobe boithabiso bo tsamaisanang le tšebelisano le meea (Sheba serapa sa 10 ho ea ho sa 12)

10-11. (a) Bakreste ba bang ba mehleng ea baapostola ba ile ba etsa’ng ka mor’a hore ba ithute Bibele? (b) Ho ea ka 1 Bakorinthe 10:​21 ke hobane’ng ha re lokela ho etsisa mohlala oa Bakreste ba mehleng ea baapostola, hona re ka ba etsisa joang?

10 Lahla lintho tse amanang le boloi. Ba bang ba batho ba neng ba phela Efese mehleng ea baapostola ba ne ba sebelisana le meea. Ka mor’a hore ba ithute Bibele ba ile ba etsa liphetoho tse kholo. “Ba bangata ba neng ba sebelisa tsebo ea boselamose ba bokella libuka tsa bona ’me ba li chesa ka pel’a bohle.” (Lik. 19:​19) Ba ile ba etsa sohle seo ba ka se khonang hore ba hlole meea e khopo. Libuka tsa bona tsa boselamose li ne li le turu haholo. Empa ba ile ba li chesa ho e-na le ho li fa batho ba bang kapa ho ba rekisetsa tsona. Ba ne ba amehile haholo ka ho khahlisa Jehova ho e-na le ho ngongoreha ka chelete eo ba e sentseng.

11 Re ka etsisa Bakreste baa ba Efese joang? Re lokela ho lahla eng kapa eng e ka ’nang ea re amahanya le tšebelisano le meea. E akareletsang thatho, kapa ntho efe kapa efe eo batho ba e roalang kapa ba nang le eona ka sepheo sa hore e ba sireletse meeeng e khopo.​—Bala 1 Bakorinthe 10:21.

12. Re lokela ho ipotsa lipotso life mabapi le boithabiso boo re bo khethang?

12 Hlahloba lintho tseo u ithabisang ka tsona ka hloko. Ipotse: ‘Na ke bala libuka, limakasine, kapa lihlooho tse Inthaneteng tse buang ka ho sebelisana le meea? Na ’mino oo ke u mamelang, lifilimi le mananeo a thelevishene ao ke a shebang, kapa lipapali tseo ke li bapalang li na le ho sebelisana le meea? Na ho na le ntho leha e le efe eo ke ithabisang ka eona e amanang le ho sebelisana le meea? Na lintho tseo ke ithabisang ka tsona li na le linoa-mali, lipoko, kapa batho ba nang le matla a phahametseng a tlhaho? Na li hlahisa boselamose, kapa ho betsa batho ba bang ka mantsoe a boloi e le boithabiso feela bo seng kotsi?’ Ke ’nete hore ha se lipale kapa litšomo tsohle tseo ho ka thoeng li amana le ho sebelisana le meea. Ha u ntse u hlahloba boithabiso ba hao, ikemisetse ho etsa liqeto tse tla u thusa ho ba hole le ntho efe kapa efe eo Jehova a e hloileng. Re lokela ho leka ka hohle hore re be “le kelo-hloko” ea hore re se ke ra siteloa Molimo.​—Lik. 24:​16. *

13. Re lokela ho qoba ho etsa’ng?

13 Qoba ho lula u bua ka bademona. Jesu o re behetse mohlala o motle tabeng ena. (1 Pet. 2:​21) Pele Jesu a e-tla lefatšeng, o ne a le leholimong ’me a tseba lintho tse ngata ka Satane le bademona ba hae. Empa o ne a sa phetele batho ka lintho tse mpe tseo ba li etsang. Jesu o ne a batla ho ruta batho ka Jehova eseng ka Satane. Re ka etsisa Jesu ka hore re se ke ra hasa litaba tsa lintho tseo bademona ba li etsang. Ho e-na le hoo, lintho tseo re li buang li lokela ho paka hore ‘lipelo tsa rona lia tlola-tlola ka lebaka la litaba tsa khahlisang’ le tsa ’nete.​—Pes. 45:1.

Ha rea lokela ho tšaba meea e khopo. Jehova, Jesu le mangeloi ba matla ho e feta (Sheba serapa sa 14 le sa 15) *

14-15. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšaba meea e khopo? (b) Re na le bopaki bofe ba hore Jehova o khona ho sireletsa batho ba hae?

14 U se ke oa tšaba meea e khopo. Re ka ’na ra hlaheloa ke lintho tse bohloko lefatšeng lena. Re sa lebella re ka ’na ra hlaheloa ke kotsi, ra kula, kapa ra shoa. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho nahana hore lintho tsena li re hlahela ka lebaka la meea e khopo. Bibele e re hlalosetsa hore “nako le ketsahalo e sa lebelloang” li ka re hlahela neng kapa neng. (Moek. 9:​11) Jehova o re bontšitse hore o matla haholo ho feta bademona. Mohlala, Molimo ha aa ka a lumella Satane hore a bolaee Jobo. (Jobo 2:6) Mehleng ea Moshe, Jehova o ile a bontša hore o matla haholo ho feta baprista ba sebelisang boselamose ba Egepeta. (Ex. 8:​18; 9:​11) Hamorao ha Jesu a se a le leholimong, Jehova o ile a mo fa matla a hore a hlole Satane le bademona ba hae, a be a ba lahlele lefatšeng. Haufinyane, ba tla lahleloa ka mohohlong moo ba ke keng ba utloisa mang kapa mang bohloko.​—Tšen. 12:9; 20:​2, 3.

15 Hona joale re bona lintho tse ngata tse pakang hore Jehova o sireletsa batho ba hae. Mohlala: Re khona ho ruta batho Bibele likarolong tsohle tsa lefatše. (Mat. 28:​19, 20) Ka tsela eo, re pepesa mashano a Diabolose. Ho hlakile hore haeba Satane a ne a khona o ne a ka thibela mesebetsi eohle eo re e etsang, empa ha a khone. Kahoo, ha rea lokela ho tšaba meea e khopo. Rea tseba hore “mahlo a [Jehova] a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likron. 16:9) Haeba re lula re tšepahalla Jehova, bademona ba ke ke ba re utloisa bohloko ho ea ho ile.

BA AMOHELANG THUSO EA JEHOVA BA TLA HLOHONOLOFATSOA

16-17. Fana ka mohlala o bontšang hore re hloka ho ba sebete e le hore re hlole meea e khopo.

16 Re hloka ho ba sebete e le hore re ka hlola meea e khopo, haholo-holo ha metsoalle kapa beng ka rona ba re hatella hobane ba nka hore re tla hlaheloa ke ntho e itseng e mpe. Jehova o hlohonolofatsa batho ba ikemelang ka sebete. Nahana ka mohlala oa Morali’abo rona Erica ea lulang Ghana. O ne a le lilemo li 21 ha a qala ho ithuta Bibele. Kaha ntate oa hae e ne e le moruti ea etsang mehlolo, Morali’abo rona Erica o ne a lokela ho kenella meketeng ea meetlo e akareletsang ho ja nama e hlabetsoeng melimo ea ntate oa hae. Ha a hana ho kenella, ba lelapa labo ba ile ba nka taba eo e le ho rohaka melimo ea ntate oa hae. Ba ne ba lumela hore melimo eo e tla etsa hore ba lahleheloe ke kelello kapa ba kule.

17 Ba lelapa labo Morali’abo rona Erica ba ile ba leka ho mo qobella hore a kenelle moetlong, empa o ile a hana ho fihlela ba mo leleka lapeng. Bara le barali babo rona ba bang ba ile ba mo lumella ho tla lula le bona. Ka tsela eo, Jehova o ile a hlohonolofatsa Morali’abo rona Erica ka ho mo fa lelapa le lecha le balumeli-’moho le eena bao e ileng ea e-ba banab’abo. (Mar. 10:​29, 30) Morali’abo rona Erica o ile a lula a tšepahalla Jehova a ba a kolobetsoa le hoja beng ka eena ba ile ba mo lahla ba ba ba chesa lintho tsa hae, ’me hona joale ke pula-maliboho. Ha a tšabe bademona. Ha a bua ka lelapa labo o re, “Kamehla ke rapella hore eka lelapa leso le ka fumana thabo e tlisoang ke ho tseba Jehova le bolokolohi ba ho sebeletsa Molimo ea lerato joaloka eena.”

18. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikitlaeletsa ho tšepa Jehova?

18 Ha se bohle re ka hlaheloang ke bothata bo tšoanang le ba Morali’abo rona Erica. Leha ho le joalo, kaofela re lokela ho ikitlaeletsa ho hlola meea e khopo, re be re tšepe Jehova. Ha re etsa joalo, re tla fumana litlhohonolofatso tse ngata ’me re qobe ho khelosoa ke mashano a Satane. Hape, re ke ke ra lumella ho tšaba bademona ho re thibele ho sebeletsa Jehova. Ka holimo ho tsohle, kamano ea rona le Jehova e tla tiea le ho feta. Morutuoa Jakobo o ile a re: “Ipeheng tlas’a Molimo; empa le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela. Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.”​—Jak. 4:​7, 8.

PINA EA 150 Batlang Molimo Hore a le Lopolle

^ ser. 5 Ka lerato Jehova o re lemositse ka meea e khopo, a ba a re hlokomelisa ka likotsi tseo e ka re bakelang tsona. Meea e khopo e thetsa batho joang? Re lokela ho etsa’ng e le hore re e hlole? Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na Jehova o re thusa joang hore re se ke ra khelosoa ke meea e khopo.

^ ser. 3 TLHALOSO: Ho sebelisana le meea ho amana le litumelo le litloaelo tsa bodemona. Ho akareletsa tumelo ea hore moea oa motho ha o shoe ha a hlokahala le hore o tsoela pele a bua le ba ntseng ba phela, ka thuso ea mokena-lipakeng ea itseng. Ho sebelisana le meea ho boetse ho akareletsa litloaelo tse kang boloi le bonohe. Sehloohong sena, boselamose boo ho buuoang ka bona bo amana le litloaelo tse kang boloi kapa ho etsa mehlolo. Bo ka boetse ba akareletsa ho betsoa ka mantsoe a boloi. Boselamose bona ha se boo batho ba bo etsang ka sepheo sa ho ithabisa ka ho pata lintho ka matsohong a bona.

^ ser. 12 Baholo ha ba na matla a ho re khethela hore na re ka kenella boithabisong bofe. Empa Mokreste ka mong o lokela ho sebelisa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele ha a khetha lintho tseo a li balang, a li shebellang, kapa a li bapalang. Lihlooho tsa malapa li lokela ho etsa bonnete ba hore li tataisoa ke melao-motheo ea Bibele ha li khetha boithabiso boo malapa a tsona a tlang ho bo thabela.​—Sheba sehlooho se reng “Na ho na le Lifilimi, Libuka Kapa Lipina Tseo le li Hanelang?” ho jw.org/st tlas’a MABAPI LE RONA > LIPOTSO TSE BOTSOANG HANGATA.

^ ser. 54 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Setšoantšo sa Jesu e le Morena ea matla ea eteletseng lebotho la mangeloi pele. Terone ea Jehova e ka holim’a bona.