Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 14

Na U Sebeletsa Molimo ka Botlalo?

Na U Sebeletsa Molimo ka Botlalo?

“U etse mosebetsi oa moevangeli, u phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.”​—2 TIM. 4:5

PINA EA 57 A re Ruteng Batho Bohle

SELELEKELA *

Ka mor’a hore a tsosoe, Jesu o ile a laela balateli ba hae a re: “E-eang . . . le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Sheba sehlooho se ithutoang sa 14, serapa sa 1)

1. Bahlanka bohle ba Jehova ba batla ho etsa’ng, hona hobane’ng? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

JESU KRESTE o ile a laela balateli ba hae a re: “E-eang . . . le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Mat. 28:​19) Bahlanka bohle ba Jehova ba batla ho ithuta hore na ke joang ba ka phethang mosebetsi oo ba o filoeng ka botlalo. (2 Tim. 4:5) Mosebetsi ona ke oa bohlokoa haholo ebile o potlakile ho feta mosebetsi ofe ka ofe oo re nang le oona. Leha ho le joalo, ho ka ba le lintho tse re sitisang ha re ntse re etsa mosebetsi ona.

2. Ke mathata afe ao re kopanang le ’ona a ka re sitisang ho phetha mosebetsi oa rona ka botlalo?

2 Ho na le lintho tse ngata tsa bohlokoa tse hlokang matla le nako ea rona. Ho ka etsahala hore ebe boholo ba rona re qeta nako e ngata mosebetsing e le hore re be le chelete e lekaneng ho hlokomela malapa a rona. Mohlomong re thatafalloa ke ho fumana lintho tseo lelapa le li hlokang, rea kula ebile re na le khatello ea maikutlo kapa re tšoenngoa ke mathata a boqheku. Joale, ebe ke’ng eo re lokelang ho e etsa e le hore re phethe mosebetsi oa boboleli ka botlalo le hoja re e-na le mathata?

3. Re ithuta’ng mantsoeng a hlahang ho Matheu 13:23?

3 Ha rea lokela ho nyahama haeba mathata ao re nang le ’ona a etsa hore re se ke ra qeta nako eo re e batlang tšebeletsong ea Jehova. Jesu oa tseba hore matla a rona ha a lekane. (Bala Matheu 13:​23.) Jehova le eena o ananela mosebetsi oo re o etsang hafeela re etsa sohle se matleng a rona. (Baheb. 6:​10-12) Ka lehlakoreng le leng, re ka ’na ra bona eka maemo a re lumella ho atolosa tšebeletso ea rona. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba hore na re ka etsa’ng e le hore tšebeletso ea rona ho Jehova e tle pele bophelong, re nolofatse bophelo ba rona le hore re ntlafatse tsela eo re rutang batho Bibele ka eona. Empa pele ho moo, a re hlahlobeng hore na ho phetha mosebetsi oa rona ka botlalo ho bolela’ng.

4. Ho phetha mosebetsi oa rona ka botlalo ho bolela’ng?

4 Ho phetha mosebetsi oa rona ka botlalo ho bolela hore re qeta nako e ngata kamoo re ka khonang re ruta batho molaetsa oa Bibele. Empa sepheo sa rona ha re etsa mosebetsi ona ke sona sa bohlokoa ho Jehova ho feta nako eo re e qetang. Kaha re rata Jehova le baahisane ba rona, re etsa sohle seo re ka se khonang ha re sebeletsa Jehova. * (Mar. 12:​30, 31; Bakol. 3:​23) Ha re sebeletsa Jehova ka pelo eohle, re etsa boiteko bohle ba hore re phethe mosebetsi oo a re fileng oona ka botlalo. Ha re utloisisa hore na ke tlotla e kaakang ho bolella batho ka Jehova, re tla etsa ka hohle kamoo re ka khonang hore re bolelle batho ba bangata ka eena.

5-6. Mohlala oa mohlankana ea letsang katara o ka re thusa joang hore re etse hore mosebetsi oa boboleli o tle pele bophelong ba rona?

5 Ak’u nahane ka mohlankana e mong ea ratang ho letsa katara. O rata ho letsa katara nako eohle ha a fumana monyetla. Ha nako e ntse e-ea, o fumana mosebetsi oa ho letsa katara reschorenteng e ’ngoe mafelo a beke. Leha ho le joalo, chelete eo a e fumanang ha e lekane litlhoko tsa hae. Kahoo, har’a beke o sebetsa shopong. Le hoja a qeta nako e ngata a sebetsa shopong, ’mino ke lijo tsa hae. Ntho eo a e batlang ke ho ntlafatsa tsebo ea hae ea ho letsa katara kaha o batla ho ba sebini. Ho ntse ho le joalo, o thabela le nako e nyane feela e ka hlahang hore a letse katara kaha o rata ’mino.

6 Ka tsela e tšoanang, u ka ’na oa se ka oa khona ho qeta nako eo u e batlang tšimong. Empa e le mosebetsi oo u o ratang. U leka ka hohle ho ntlafatsa tsela eo u rutang ka eona e le hore u finyelle batho lipelo. Kaha u na le lintho tse ngata tseo u lokelang ho li etsa, mohlomong oa ipotsa hore na u ka etsa’ng hore mosebetsi oa boboleli o tle pele bophelong ba hao.

ETSA HORE MOSEBETSI OA BOBOLELI O TLE PELE BOPHELONG BA HAO

7-8. Re ka etsisa Jesu joang e le hore mosebetsi oa boboleli o tle pele bophelong ba rona?

7 Jesu ke mohlala o motle oo re ka o etsisang kaha o ile a etsa hore mosebetsi oa boboleli o tle pele bophelong ba hae. Ntho ea bohlokoa ho eena e ne e le ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo. (Joh. 4:​34, 35) O ne a nka maeto a malelele e le hore a ka ruta batho ba bangata kamoo a ka khonang. A sebelisa monyetla oohle oo a ka o fumanang ho ruta batho molaetsa ba le malapeng a bona kapa hohle moo a kopanang le bona teng. Bophelong bohle ba hae, Jesu o ne a amehile ka ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo.

8 Re leka ho etsisa Jesu ka hore ha monyetla o mong le o mong o hlaha re bue le batho ka molaetsa oa Bibele. Re ikemiselitse ho tela bophelo bo mabothobotho e le hore re rute batho ka Molimo. (Mar. 6:​31-34; 1 Pet. 2:​21) Batho ba bang ka phuthehong ba khona ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba kamehla kapa ba thusang. Ba bang ba ithutile puo e ’ngoe kapa ba ile sebakeng seo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng. Ho ntse ho le joalo, ho na le bahoeletsi ba bangata ba sa khoneng ho etsa lintho tsena empa ba ntse ba qeta nako e ngata ka hohle kamoo ba ka khonang mosebetsing oa boboleli. Ho sa tsotellehe hore na re qeta nako e kae re etsa mosebetsi oa boboleli, Jehova o ananela boiteko bohle boo re bo etsang. O batla hore kaofela ha rona re thabele ho ruta batho “litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo ea thabileng.”​—1 Tim. 1:​11; Deut. 30:11.

9. (a) Pauluse o ile a eteletsa mosebetsi oa boboleli pele joang bophelong ba hae le hoja a ne a lokela ho sebetsa? (b) Liketso 28:​16, 30, 31 e bontša joang hore Pauluse o ne a nka mosebetsi oa boboleli e le oa bohlokoa?

9 Moapostola Pauluse ke mohlala o motle oo re ka o etsisang kaha le eena o ile a etsa hore mosebetsi oa boboleli o tle pele bophelong ba hae. Ha a ne a le phuthehong ea Korinthe ka lekhetlo la bobeli, o ne a se na chelete e lekaneng bakeng sa lintho tseo a li hlokang eaba o etsa mosebetsi oa ho etsa litente. Leha ho le joalo, ho etsa litente e ne e se hona hoo e leng hoa bohlokoa ho Pauluse. O ne a li etsa hore a hlokomele litlhoko tsa hae e le hore a bolelle Bakorinthe molaetsa oa Bibele “ntle ho tefo.” (2 Bakor. 11:7) Le hoja Pauluse a ne a tlameha ho itšoarela ka matsoho, o ne a etelletsa mosebetsi oa boboleli pele a bile a ruta le ka Sabatha. Hamorao ha maemo a Pauluse a se a lokile, o ile a khona hore a phethe mosebetsi oa hae oa boboleli. O ile a “tšoareha ka matla haholo ka lentsoe, a pakela Bajuda ho tiisa hore Jesu ke Kreste.” (Lik. 18:​3-5; 2 Bakor. 11:9) Hamorao ha a koaletsoe teronkong Roma ka lilemo tse peli, o ile a pakela baeti ba hae a ba a ngolla liphutheho tse ling mangolo. (Bala Liketso 28:​16, 30, 31.) Pauluse o ile a etsa ka hohle hore ho se ke ha e-ba le ntho e mo sitisang mosebetsing oa hae oa boboleli. O ile a re: ‘Kaha re na le bosebeletsi bona, re ke ke ra tela.’ (2 Bakor. 4:1) Joaloka Pauluse, le hoja le rona re qeta nako e ngata re le mosebetsing, re ntse re ka etsa hore mosebetsi oa boboleli o tle pele bophelong ba rona.

Ho na le mekhoa e mengata ea ho paka eo re ka e etsang e le hore re phethe mosebetsi oa rona ka botlalo (Sheba serapa sa 10 le sa 11)

10-11. Re ka phetha mosebetsi oa rona ka botlalo joang le haeba re e-na le mathata a bophelo?

10 Le haeba re sa khone ho ea ka ntlo le ntlo ka lebaka la botsofali kapa ho kula, re ntse re ka paka ka litsela tse ling tse fapaneng. Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba paka hohle moo ba neng ba le hona teng. Ba ne ba sebelisa monyetla o mong le o mong ho ruta batho ka Molimo, e ka ba ke ka ntlo le ntlo, ka tsela e sa reroang le hohle moo ba neng ba fumana batho teng. (Lik. 17:​17; 20:​20) Haeba re sa khone ho tsamaea nako e telele, re ka lula moo batho ba fetang ba le bangata e le hore re ba pakele. Mohlomong re ka paka ka tsela e sa reroang, ra sebelisa thelefono kapa ra ngola mangolo. Bahoeletsi ba bangata ba sa khoneng ho paka ka ntlo le ntlo ba ntse ba ka thaba ha ba sebelisa mekhoa e meng ea ho paka.

11 Le hoja u e-na le mathata a bophelo, u ntse u ka khona ho phetha mosebetsi oa boboleli ka botlalo. A re hlahlobeng mohlala oa moapostola Pauluse hape. O ile a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafil. 4:​13) Ha Pauluse a ne a le leetong le leng la hae, o ile a hloka matla ao ha a ne a kula. O ile a re ho Bagalata: “Ke ile ka le bolella litaba tse molemo ka lekhetlo la pele ka lebaka la ho kula ha ka nameng.” (Bagal. 4:​13) Ka tsela e tšoanang, mathata a hao a bophelo a ka ’na a u fa monyetla oa ho pakela lingaka, baoki le batho ba bang ba u hlokomelang. Hangata bahoeletsi ha ba fumane batho bana ha ba ile tšimong kaha baa be ba ile mesebetsing.

NOLOFATSA BOPHELO BA HAO

12. Jesu o ne a bolela’ng ha a re ‘leihlo la hao le talime nģa e le ’ngoe’?

12 Jesu o ile a re: “Lebone la ’mele ke leihlo. Joale, haeba leihlo la hao le talima nģa e le ’ngoe, ’mele oohle oa hao o tla khanya.” (Mat. 6:​22) O ne a bolela’ng? O ne a bolela hore re lokela ho tsepamisa likelello tsa rona mosebetsing oa boboleli re sa sitisoe ke letho. Jesu o behile mohlala o motle tabeng ena ’me o ile a ruta le barutuoa ba hae hore ba tsepamise likelello tsa bona mosebetsing oa ho ruta batho ka Jehova le ka ’Muso oa Hae. Re etsisa mohlala oa Jesu ka hore re etse hore mosebetsi oa boboleli o tle pele bophelong ba rona ’me ka ho etsa joalo re mamela mantsoe a Bibele a reng: “Le ’ne le batle ’Muso pele le ho loka ha [Molimo].”​—Mat. 6:33.

13. Ke’ng e ka re thusang ho tsepamisa likelello tsa rona mosebetsing oa boboleli?

13 Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka tsepamisang likelello tsa rona mosebetsing oa boboleli, ke ka hore re nolofatse bophelo ba rona e le hore re ka khona ho qeta nako e ngata re thusa batho ho tseba ka Jehova. * Mohlala, na u ka khona ho fokotsa nako eo u e qetang mosebetsing oa boipheliso e le hore u ka eketsa nako eo u e qetang mosebetsing oa boboleli? Kapa na u ka khona ho fokotsa nako eo u e qetang boikhathollong le boithabisong?

14. Banyalani ba bang ba ile ba etsa’ng e le hore ba eketse nako eo ba e qetang mosebetsing oa boboleli?

14 Sena ke seo moholo e mong ea bitsoang Elias le mohats’ae ba ileng ba se etsa. O re: “Re ne re sa khone ho nkela bopula-maliboho hang-hang empa re ne re phathahane ka mesebetsi e meng e amanang le boboleli. Kahoo, re ile ra etsa lintho tse re lumellang hore re tle re qete nako e ngata tšebeletsong. Mohlala, re ile ra fokotsa litšenyehelo tsa rona, ra fokotsa le nako eo re e qetang boithabisong le boikhathollong. Hape re ile ra kopa bahiri ba rona hore ba fokotse nako eo re e qetang mosebetsing e le hore re ka ba le nako ea ho etsa mosebetsi oa boboleli. Qetellong, re ile ra ba le monyetla oa ho ba teng tšimong ea mantsiboea, ra ba le lithuto tsa Bibele tse eketsehileng ra ba ra fumana monyetla oa ho ba teng tšimong ea har’a beke habeli ka khoeli. Re ne re thabile haholo.”

NTLAFATSA TSELA EO U RUTANG KA EONA

Haeba re sebelisa lintlha tseo re ithutileng tsona libokeng tsa har’a beke, re tla ntlafatsa tsela eo re rutang ka eona (Sheba serapa sa 15 le sa 16) *

15-16. 1 Timothea 4:​13, 15 e re re lokela ho etsa’ng e le hore re ntlafatse tsela eo re rutang ka eona? (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng “ Lintho Tse ka U Thusang ho Phetha Mosebetsi oa Boboleli ka Botlalo.”)

15 Re ka phetha mosebetsi oa rona oa boboleli ka botlalo ka hore re ntlafatse tsela eo re rutang ka eona. Mesebetsing, nako le nako batho ba isoa koetlisong e le hore ba fumane tsebo e eketsehileng ka mosebetsi oa bona. Ho etsahala ntho e tšoanang le ka baboleli ba ’Muso oa Molimo. Re lokela ho lula re ntlafatsa tsela eo re rutang ka eona ha re le tšimong.​—Liprov. 1:5; bala 1 Timothea 4:​13, 15.

16 Ke eng eo re lokelang ho lula re e etsa e le hore re ntlafatse tsela eo re rutang ka eona ha re le tšimong? Re lokela ho mamela ka hloko ha re le sebokeng sa har’a beke sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona. Sebokeng seo, re fumana koetliso ea bohlokoa e re thusang ho ntlafatsa tsela eo re rutang ka eona ha re le tšimong. Mohlala, ha molula-setulo a buisana le ba qetang ho fana ka lipuo, re ithuta lintlha tsa bohlokoa tseo re ka li sebelisang ha re le tšimong. Lintlha tseo li tla re thusa haholo. Hape re ka kopa ho sebetsa le molebeli oa sehlopha sa tšebeletso ea tšimo, kapa ra sebetsa le mohoeletsi e mong ea nang le boiphihlelo, pula-maliboho kapa molebeli oa potoloho. Ha re ka ntlafatsa tsela eo re sebelisang lingoliloeng tsa rona ka eona ha re le tšimong, re tla thabela ho ruta batho molaetsa oa Bibele.

17. Ho tla etsahala’ng haeba re etsa mosebetsi oa rona oa boboleli ka botlalo?

17 Re thaba haholo hore ebe re “basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Haeba re “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo” ebile re tsepamisa likelello tsa rona mosebetsing oa boboleli, re tla ‘sebeletsa Jehova ka thabo.’ (Bafil. 1:​10; Pes. 100:2) Joaloka baboleli ba ’Muso oa Molimo, re ka kholiseha hore Jehova o tla re fa matla a hore re phethe mosebetsi oa rona ka botlalo ho sa tsotellehe mathata a ka re hlahelang. (2 Bakor. 4:​1, 7; 6:4) Ho sa tsotellehe hore na re qeta nako e kae mosebetsing oa boboleli, re tla ba le “sesosa sa thabo” haeba re o etsa ka lipelo tsohle. (Bagal. 6:4) Haeba re etsa mosebetsi oa rona oa boboleli ka botlalo, re tla be re bontša hore re rata Jehova le moahisane. “Ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.”​—1 Tim. 4:16.

PINA EA 58 A re Batleng Metsoalle ea Khotso

^ ser. 5 Jesu o re laetse hore re bolelle batho ka ’Muso oa Molimo le ho etsa barutuoa. Sehloohong sena, re tl’o ithuta hore na ke joang re ka etsang mosebetsi oa boboleli ka botlalo le hoja re e-na le lintho tse ngata tse ka re sitisang. Re tla boela re ithute hore na re ka etsa’ng e le hore mosebetsi oa rona oa boboleli o atlehe le hore o re natefele.

^ ser. 4 TLHALOSO: Ho sebeletsa Jehova ho akarelletsa ho ruta batho molaetsa oa Bibele, ho haha le ho hlokomela libaka tsa rona tsa borapeli le ho thusa ha ho e-na le likoluoa.​—2 Bakor. 5:​18, 19; 8:4.

^ ser. 13 Sheba litsela tse supileng tse hlahang lebokoseng le nang le sehlooho se reng “Kamoo U ka Fokotsang Lintho Tseo U sa li Hlokeng” ho Molula-Qhooa oa July 2016, leqhepheng la 10.

^ ser. 62 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Morali’abo rona o fana ka puo libokeng tsa har’a beke. Ka mor’a moo, molula-setulo o mo tšoaea lintlheng tseo a neng a sebeletsa ho tsona ’me o ngola lintlha bukaneng ea hae ea Ho Ruta. Mafelo a beke ha a le tšimong, o sebelisa lintlha tseo a ithutileng tsona ha a ne a le libokeng.