Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 15

Ithute Mantsoeng a Jesu a ho Qetela

Ithute Mantsoeng a Jesu a ho Qetela

“Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.”​—MAT. 17:5.

PINA EA 17 “Kea Batla”

SELELEKELA *

1-2. Hlalosa boemo boo Jesu a neng a le ho bona ha a bua mantsoe a hae a ho qetela.

KE MOTŠEHARE oa la 14 Nisane selemong sa 33. Ka mor’a hore Jesu a etselletsoe ka mashano, a ahloloe ka ho hloka toka ka hore o entse tlolo ea molao, o tleptjoa litšeho, o hlorisoa ka sehlooho hape o khokhotheloa palong. O khokhotheloa ka lipekere maotong le matsohong. Ha a re oa bua feela, le ha a re oa hema, oa opeloa. Empa joale o lokela ho bua kaha ho na le lintho tsa bohlokoa tseo a lokelang ho re bolella tsona.

2 A re hlahlobeng mantsoe ao Jesu a ileng a a bua ha a ne a e-shoa palong, re be re bone hore na re ithuta’ng ho ’ona. Ka ho cho joalo, ha re “mo mameleng.”​—Mat. 17:5.

“NTATE, U BA TŠOARELE”

3. Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a bua ka bo-mang ha a ne a re: “Ntate u ba tšoarele”?

3 Jesu o ile a re’ng? Ha Jesu a ne a khokhotheloa palong o ile a rapela a re: “Ntate, u ba tšoarele.” O ne a re Ntate oa hae a tšoarele bo-mang? Mantsoe ao a ileng a a bua ka mor’a moo a re thusa hore re utloisise taba ena ha a ne a re: “Ha ba tsebe seo ba se etsang.” (Luka 23:​33, 34) Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a bua ka masole a Roma a ileng a mo khokhothela ka lipekere maotong le matsohong. A ne a sa tsebe hore na ha e le hantle ke mang. E ka ’na eaba o ne a boetse a bua ka batho ba bang ba ileng ba re a bolaoe bao hamorao ba ileng ba beha tumelo ho eena. (Lik. 2:​36-38) Jesu ha aa ka a lumella hore ho tšoaroa hampe ho etse hore a se ke a tšoarela batho ba bang kapa hore a ba koatele. (1 Pet. 2:​23) Ho e-na le hoo o ile a kopa Jehova hore a tšoarele babolai bao ba hae.

4. Re ka ithuta’ng tabeng ea hore ebe Jesu o ile a tšoarela bahanyetsi ba hae ka bolokolohi?

4 Re ka ithuta’ng mantsoeng a Jesu? Joaloka Jesu, le rona re lokela ho ikemisetsa ho tšoarela batho ba bang. (Bakol. 3:​13) Batho ba bang ho akarelletsa le litho tsa rona tsa malapa ba ka ’na ba re hlorisa hobane feela ba sa utloisise tumelo ea rona kapa tsela eo re phelang ka eona. Ba ka ’na ba bua mashano ka rona, ba re tlotlolla ka pel’a batho ba bang, ba senya lingoliloeng tsa rona kapa ba re tšose ka hore ba tla re hlekefetsa ’meleng. Ho e-na le hore re ba hloee, re ka kopa Jehova hore a thuse batho bao ba re hlekefetsang hore ka le leng ba tsebe ’nete. (Mat. 5:​44, 45) Ka linako tse ling, re ka ’na ra thatafalloa ke ho tšoarela batho ba bang haholo haeba ba re tšoere ka tsela e mpe hoo re sa e lebaleng. Empa haeba re lula re koatile kapa re sa ba tšoarele, re tla ipakela mathata. Morali’abo rona e mong o re: “Ke ile ka hlokomela hore ho tšoarela batho ha ho bolele hore ntho eo ba u entseng eona e nepahetse kapa hona ho ba fa monyetla oa hore ba u tšoare hampe. Empa e bontša feela hore ha ke batle ho lula ke ba jere ka pelo.” (Pes. 37:8) Ha re etsa qeto ea ho tšoarela batho, re khetha hore re se ke ra lumella lintho tse mpe tse etsahetseng li lule li re utloisitse bohloko.​—Baef. 4:​31, 32.

“U TLA BA LE ’NA PARADEISING”

5. Jesu o ile a tšepisa sekebekoa se neng se khokhothetsoe haufi le eena eng, hona hobane’ng?

5 Jesu o ile a re’ng? Likebekoa tse peli li ne li khokhothetsoe haufi le Jesu. Qalong likebekoa tsena li ne li mo nyelisa. (Mat. 27:​44) Empa hamorao e mong oa banna bao o ile a tlohela ho mo nyelisa. O ile a hlokomela hore ha ho na “letho le tsoileng tseleng” leo Jesu a le entseng. (Luka 23:​40, 41) O ile a boela a bontša hore oa lumela hore Jesu o tl’o tsosoa le hore o tl’o busa e le Morena. O ile a re ho eena: “Jesu, u nkhopole ha u kena ’Musong oa hao.” (Luka 23:​42) Kannete monna enoa o ile a bontša tumelo e matla. Ha Jesu a mo araba o ile a re: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeising.” (Luka 23:​43) Hlokomela hore ha Jesu a ne a sebelisa liemeli “ke,” “u” le “ ’na” o ne a bua le eena ka ho toba. Jesu o ile a bua mantsoe a neng a fa motho eo tšepo kaha o ne a tseba hore Ntate oa hae o mohau.​—Pes. 103:8.

6. Re ithuta’ng mantsoeng ao Jesu a ileng a a bua ho senokoane?

6 Re ka ithuta’ng mantsoeng a Jesu? Jesu o tšoana le Ntate oa hae hantle. (Baheb. 1:3) Jehova o tla re tšoarela le ho re bontša mohau haeba feela re soabela lintho tse mpe tseo re li entseng nakong e fetileng le haeba re lumela hore ka sehlabelo sa Jesu re ka tšoareloa libe. (1 Joh. 1:7) Batho ba bang bona ba thatafalloa ho lumela hore Jehova a ka ba tšoarela libe tsa bona tseo ba li entseng nakong e fetileng. Haeba ka linako tse ling u ee u ikutloe joalo, u hopole hore nakoana feela pele Jesu a e-shoa, o ile a hauhela senokoane sane se neng se se se qalile ho bontša tumelo ho eena. Joale u se u ka inahanela hore na Jehova eena o re hauhela hakaakang ha re tšepahala ho eena, haholo ha re etsa boiteko bohle ba ho mamela melao ea hae.​—Pes. 51:1; 1 Joh. 2:​1, 2.

‘BONA MORA OA HAO, BONA ’MÈ OA HAO!’

7. Ho ea ka Johanne 19:​26, 27, Jesu o ile a re’ng ho Maria le ho Johanne, hona ke hobane’ng ha a ile a cho joalo?

7 Jesu o ile a re’ng? (Bala Johanne 19:​26, 27.) Jesu o ne a tšoenyehile haholo ka ’mè oa hae eo e ka ’nang eaba e ne e se e le mohlolohali. Ho ka etsahala hore ebe bana ba bo ba ne ba ka khona ho mo thusa le ho mo hlokomela ka lintho tseo a li hlokang e le hore a phele. Empa ke mang ea neng a tla mo thusa hore a lule a tšepahalla Jehova? Ha ho na bopaki ba hore bana ba bo e ne e se e le barutuoa. Leha ho le joalo, Johanne e ne e le e mong oa baapostola ba tšepahalang ebile e le motsoalle ea haufi oa Jesu. Jesu o ne a nka batho ba sebeletsang Jehova hammoho le eena e le banab’abo. (Mat. 12:​46-50) Kahoo, kaha Jesu o ne a rata Maria haholo a bile a batla ho etsa bonnete ba hore o tla sala a hlokomelehile, o ile a kopa Johanne hore a tle a mo thuse ho tsoela pele a sebeletsa Jehova. O ile a re ho ’mè oa hae: “Bona! Mora oa hao!” Eaba o re ho Johanne: ‘Bona ’mè oa hao!’ Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, Johanne e ile ea e-ba mora oa Maria eaba o mo hlokomela joalokaha eka ke ’mè oa hae. Maria o ile a holisa Jesu ho tloha boseeng esita le ha a se a le makhatheng a lefu, Maria o ne a ntse a e-na le eena, ka lebaka leo, Jesu o ile a bontša hore o rata Maria haholo le hore o bohlokoa ho eena.

8. Re ithuta’ng mantsoeng ao Jesu a ileng a a bua ho Maria le Johanne?

8 Re ka ithuta’ng mantsoeng a Jesu? Ka linako tse ling, re ka ba le maqhama a matla haholo le Bakreste-’moho le rona ho feta ba malapa a rona. Litho tsa rona tsa malapa li ka ’na tsa re hanyetsa kapa tsa re lahla empa joalokaha Jesu a tšepisitse, haeba re le haufi le Jehova le mokhatlo oa hae, lintho tse re lahlehetseng re tla li “fumana halekholo.” Bakreste ba bangata ba tla tšoana le mora, morali, ’mè kapa ntate ea lerato. (Mar. 10:​29, 30) U ikutloa joang ka hore ebe u karolo ea lelapa lee la Bokreste le momahantsoeng ke tumelo le lerato bakeng sa Jehova le Bakreste-’moho le rona?​—Bakol. 3:​14; 1 Pet. 2:17.

“MOLIMO OA KA, U NTLOHELETSE’NG?”

9. Re ithuta’ng mantsoeng a Jesu a hlahang ho Matheu 27:46?

9 Jesu o ile a re’ng? Nakoana pele Jesu a ka shoa o ile a re: “Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?” (Mat. 27:​46) Bibele ha e re hlalosetse hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua mantsoe ana. Empa ak’u nahane hore na re ithuta’ng mantsoeng ana. Ntho e ’ngoe eo re e tsebang ke hore Jesu o ne a phethahatsa boprofeta bo hlahang ho Pesaleme ea 22:1 * ha a ne a bua mantsoe ana. Hape mantsoe ana a ne a bontša ka ho hlaka hore Jehova o ne a sa beha ‘lekhoakhoa ho potoloha’ Mora eo oa hae. (Jobo 1:​10) Jesu o ne a utloisisa hore Ntate oa hae o ne a lumelletse lira tsa hae ho mo hloea le ho mo leka tumelo ho fihlela a e-shoa ’me ha ho e-s’o ka ho e-ba le motho ea kileng a lekoa joaloka eena. Ho ekelletsa moo, mantsoe ana a paka hore kannete Jesu o ne a se molato hoo a lokelang ho bolaoa.

10. Re ithuta’ng mantsoeng ao Jesu a ileng a a bolella Ntate oa hae?

10 Re ka ithuta’ng mantsoeng a Jesu? Thuto e ’ngoe eo re ithutang eona ke hore, ha rea lokela ho lebella hore Jehova a re sireletse mathateng a ka ’nang a re hlahela a lekang tumelo ea rona. Feela joalokaha Jesu a ile a lekoa ho fihlela lefung, le rona re lokela ho ikemisetsa ho tšepahala ho fihlela re e-shoa ha ho hlokeha. (Mat. 16:​24, 25) Leha ho le joalo, re kholisehile hore Jehova a ke ke a lumela hore re lekoe ka lintho tseo a tsebang hore re ke ke ra khona ho li mamella. (1 Bakor. 10:​13) Thuto e ’ngoe eo re ithutang eona ke hore joaloka Jesu le rona re ka ’na ra hlorisoa re se na molato. (1 Pet. 2:​19, 20) Batho ba re hlorisa hobane re bolella batho molaetsa oa Bibele ebile hape re se karolo ea lefatše, e seng hobane ho e-na le ntho e fosahetseng eo re e entseng. (Joh. 17:​14; 1 Pet. 4:​15, 16) Jesu o ne a utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella hore a hlorisoe. Leha ho le joalo, ho na le Bakreste ba sa tšoaneng le eena bao ka linako tse ling ba ipotsang hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumelletse hore ba hlaheloe ke mathata. (Hab. 1:3) Molimo oa rona ea mohau le ea nang le mamello oa utloisisa hore batho ba joalo ha se hore ha ba na tumelo empa e le hore feela ba hloka hore a ba tšelise.​—2 Bakor. 1:​3, 4.

“KE NYORILOE”

11. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua mantsoe a hlahang ho Johanne 19:28?

11 Jesu o ile a re’ng? (Bala Johanne 19:​28.) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re: “Ke nyoriloe”? O ile a cho joalo e le hore a ka phethahatsa boprofeta bo hlahang ho Pesaleme ea 22:​15, bo reng: “Matla a ka a omelletse feela joaloka lengeta, le leleme la ka le khomaretsoa mareneneng a ka.” Hape ho ka etsahala hore ka mor’a hore a fete mathateng ao ’ohle, ho akarelletsa le bohloko boo a ileng a bo utloa ha a khokhothelloa palong, o ne a shoele ke lenyora. O ne a hlile a hloka ho noa metsi.

12. Re ka ithuta’ng mantsoeng a Jesu ha a ne a re, “Ke nyoriloe”?

12 Re ka ithuta’ng mantsoeng a Jesu? Taba ea hore Jesu o ile nka ho ntša maikutlo a hae e se letšoao la hore oa fokola, e re le rona ha rea lokela ho ikutloa joalo. E ka ’na eaba ha re rate ho bolella batho ba bang litlhoko tsa rona. Empa haeba re hloka thuso ha re ea lokela ho ba lesisitheho ho kopa batho ba bang thuso. Mohlala, haeba re se re tsofetse haholo kapa re kula, ho ka ’na ha etsahala hore re hloke ho kopa motsoalle e mong oa rona hore a re felehetse ha re il’o reka lintho tseo re li hlokang kapa ha rea ngakeng. Haeba re nyahame teng re ka ’na ra hloka ho kopa moholo kapa Mokreste e mong ea nang le boiphihlelo hore a re mamele kapa a arolelane “lentsoe le molemo” le rona ho re khothatsa. (Liprov. 12:​25) A re hopoleng hore bara le barali ba bo rona baa re rata ebile ba batla hore re thusa ha re e-na le “mahlomola.” (Liprov. 17:​17) Empa re hopole hore ha ba tsebe hore na re ikutloa joang kapa re nahana’ng. Ba ke ke ba tseba ha re hloka thuso haeba re sa nke bohato ba hore re ba bolelle.

“HO PHETHEHILE!”

13. Jesu o ile a phethahatsa’ng ka lebaka la ho tšepahala ho fihlela lefung?

13 Jesu o ile a re’ng? Ka bo-hora ea boraro motšehare oa mantsiboea oa la 14 Nisane, Jesu o ile a re: “Ho phethehile.” (Joh. 19:​30) Nakoana e khutšoanyane pele a e-shoa, Jesu o ne a phethile lintho tsohle tseo Jehova a neng a lebelletse hore a li etse. Jesu o phethahalitse lintho tse ngata kaha o ile a tšepahala ho fihlela lefung. Ntho ea pele eo a e entseng ke ho paka hore Satane o leshano. Jesu o bontšitse hore motho ea phethahetseng a ka khona ho tšepahala ka ho felletseng ho sa tsotellehe hore na Satane o etsa’ng. Ntho ea bobeli ke hore Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le thekollo. Sehlabelo sa hae se entse hore batho ba sa phethahalang ba khone ho ba le setsoalle le Molimo le hore ba be le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Ea boraro ke hore Jesu o bontšitse hore Jehova ke eena feela ea loketseng ho busa ’me a ba a tlosa le qoso lebitsong la hae.

14. Hlalosa hore na re lokela ho ikemisetsa ho phela joang letsatsi ka leng.

14 Re ka ithuta’ng mantsoeng a Jesu? Re lokela ho ikemisetsa ho tšepahala letsatsi le leng le le leng. Nahana ka taba eo Mor’abo rona Maxwell Friend eo e neng e le morupeli Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower a ileng a e bua. Ha a fana ka puo kopanong ea machaba e neng e bua ka botšepehi o ile a re: “U se ke oa emela hore e be hosane hore u etse ntho eo u neng u ka khona ho e etsa kapa ho e bua letsatsing lena. Na u kholisehile hore u tla bona la hosane? Letsatsi ka leng, u phele joalokaha eka u fana ka bopaki ba ho qetela ba hore u batla ho phela ka ho sa feleng.” Kahoo, leha re ka shoa re tla khona ho re, “Jehova, ke lekile matsapa ’ohle hore ke lule ke tšepahala le ho tšehetsa bobusi ba hao ebile ke bontšitse hore Satane o leshano.”

“KE BEHA MOEA OA KA MATSOHONG A HAO”

15. Ho ea ka Luka 23:​46, Jesu o ne a kholisehile ka’ng?

15 Jesu o ile a re’ng? (Bala Luka 23:​46.) Ka kholiseho eohle Jesu o ile a re: “Ntate, ke beha moea oa ka matsohong a hao.” Jesu o ne a tseba hore bokamoso ba hae bo itsetlehile ka Jehova hape a kholisehile hore ntate oa hae o tla mo hopola.

16. Re ithuta’ng mohlaleng oa mohlankana e mong oa Paki?

16 Re ka ithuta’ng mantsoeng a Jesu? Lula u tšepahalla Jehova le haeba bophelo ba hao bo le kotsing. E le hore u etse joalo u lokela hore u ‘tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle.’ (Liprov. 3:5) Nahana ka mohlala oa Joshua ea lilemo li 15 ea neng a kula haholo. O ile a hana ho amohela mefuta ea phekolo e neng e le khahlanong le melao ea Molimo. Nakoana pele a hlokahala o ile a re ho ’mè oa hae: “ ’Mè, ke tl’o ba mohopolong oa Jehova. . . . Ke kholisehile hore o tl’o ntsosa ha a tsosa bafu. Oa tseba hore na ke ikutloa joang. Ke mo rata haholo.” * Kaofela ha rona re lokela ho ipotsa, ‘Haeba nka tobana le boemo bo lekang tumelo ea ka, na ke tla lula ke tšepahala ho Jehova ’me ke tšepe hore o tla nkhopola?’

17-18. Re ithutile lithuto life? (Sheba le lebokose le reng “ Re Ithuta’ng Mantsoeng a Jesu a ho Qetela?”)

17 Re ithuta lithuto tsa bohlokoa haholo mantsoeng a ho qetela a Jesu. A re hopotsa hore re lokela ho tšoarela batho ba bang re be re tšepe hore Jehova le eena o tla re tšoarela. Rea thaba hore ebe bara le barali ba bo rona ba ikemiselitse hore thusa. Empa re lokela ho nka bohato ba hore re kope thuso ha re e hloka. Rea tseba hore Jehova o tla re thusa ho mamella bothata leha e le bofe boo re tobanang le bona. Re boetse re bona bohlokoa ba hore letsatsi ka leng re tšepahale joalokaha eka ha ho na letsatsi le hlahlamang. Re kholisehile hore Jehova o tla re tsosa ha re ka shoa.

18 Ruri mantsoe a Jesu ao a ileng a a bua ha a le palong a re ruta lintho tse ngata. Ha re etsa lintho tseo re ithutileng tsona, re tla be re mamela mantsoe ao Jehova a ileng a bua ka Mora oa hae ha a re: “Mo mameleng.”​—Mat. 17:5.

PINA EA 126 Falimehang, E-bang Sebete, Matlafalang

^ ser. 5 Matheu 17:5 e re Jehova o batla hore re mamele Mora oa hae. Sehloohong sena, re tl’o bua ka lithuto tse ’maloa tseo re tl’o ithuta tsona mantsoeng ao Jesu a ileng a a bua ha a ne a khokhothetsoe palong.

^ ser. 9 E le hore u bone mabaka a mang ao ka ’ona e ka ’nang eaba Jesu o ile a qotsa mantsoe a hlahang ho Pesaleme ea 22:​1, sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” khatisong ena.

^ ser. 16 Sheba sehlooho se reng “Joshua’s Faith​—A Victory for Children’s Rights” se hlahang ho Tsoha ea January 22, 1995 ea Senyesemane.