Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 14

‘Latelang Mehato ea Hae Haufi-ufi’

‘Latelang Mehato ea Hae Haufi-ufi’

“Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lona, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.”​—1 PET. 2:21.

PINA EA 13 A re Etsiseng Kreste

SELELEKELA *

Jesu o re sietse mehato ea hae e le hore re ka e latela haufi-ufi (Sheba serapa sa 1 le 2)

1-2. Etsa mohlala o bontšang hore na re ka khona ho latela mehato ea Jesu haufi-ufi joang?

A RE re u sehlopheng sa batho ba tsamaeang ka lithabeng tse matsaranka moo ho pakileng lehloa le lengata haholo. Le etelletsoe pele ke motho ea tsebang sebaka seo hantle. Ha le ntse le tsamaea, o ntse a le siela mehlala ea lieta tsa hae lehloeng moo. Ha le le kae-kae, oa le nyamella empa ha le tšohe. Ho e-na le hoo, kaofela ha lona le latela mehlala ea hae kahohle kamoo le ka khonang.

2 Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba ’nete le bona ba tsamaea lithabeng tseo tse matsaranka e leng lefatše lena le khopo. Kahoo, kannete rea thaba le ho ananela hore ebe Jehova o re file motataisi ea phethahetseng e leng Mora oa hae Jesu Kreste eo re ka latelang mehato ea hae haufi-ufi. (1 Pet. 2:​21) Buka e ’ngoe e hlalosang Bibele e re Petrose o ne a tšoantša Jesu le motataisi. Joaloka motataisi ea sieang mehlala ea lieta tsa hae, Jesu le eena o re sietse mehlala eo re ka e latelang haufi-ufi. Re tl’o hlahloba lipotso tsena tse tharo mabapi le ho latela mehato ea Jesu: Ho latela mehato ea Jesu ho bolela’ng? Ke hobane’ng ha re lokela ho e latela? Re ka e latela joang?

HO LATELA MEHATO EA JESU HO BOLELA’NG?

3. Ho latela mehato ea motho ho bolela’ng?

3 Ho latela mehato ea motho ho bolela’ng? Ka Bibeleng mantsoe ana, “maoto” kapa “ho tsamaea” hangata a hlalosa tsela ea motho ea bophelo. (Gen. 6:9; Liprov. 4:​26) Mohlala oo motho a o behang kapa tsela ea hae ea bophelo e ka tšoantšoa le linomoro tsa hae tsa lieta tseo a li sieang ha a tsamaea. Kahoo, ho latela mehato ea motho ho bolela ho mo etsisa.

4. Ho latela mehato ea Jesu ho bolela’ng?

4 Joale re ka re ho latela mehato ea Jesu ho bolela’ng? Ka mantsoe a bonolo feela ho bolela ho mo etsisa. Lengolong la sehlooho, ka ho khetheha Petrose o bua ka mohlala oo Jesu a re behetseng oona oa ho mamella matšoenyeho empa ho na le litsela tse ling tse ngata tseo re ka etsisang Jesu ka tsona. (1 Pet. 2:​18-25) Ho bua ’nete, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jesu a ileng a e bua le ho e etsa bophelong bohle ba hae, ke mohlala oo re ka o etsisang.

5. Na batho ba sa phethahalang ba ka khona ho etsisa mohlala oa Jesu o phethahetseng? Hlalosa.

5 Na re ka khona ho latela mohlala oa Jesu le hoja re sa phethahala? E, re ka khona. A re hopoleng hore Petrose o re re “latele mehato ea [Jesu] haufi-ufi” e seng ka ho phethahetseng. Ka mantsoe a mang, haeba re etsa boiteko bohle le hoja re sa phethahala, re tla be re mamela keletso eo moapostola Johanne a ileng a fana ka eona ea ho re: ‘Re ’ne re tsamaee feela joalokaha Jesu a ile a tsamaea.’​—1 Joh. 2:6.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO LATELA MEHATO EA JESU?

6-7. Ke hobane’ng ha re re ho latela mehato ea Jesu ho re thusa hore re atamele haufi le Jehova?

6 Ho latela mehato ea Jesu ho re thusa hore re be le setsoalle se haufi le Jehova. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Lebaka la pele ke hobane Jesu o re behetse mohlala o babatsehang tabeng ea ho phela ka tsela e khahlisang Jehova. (Joh. 8:​29) Kahoo, ha re latela mehato ea Jesu re tla thabisa Jehova. Ntho eo re kholisehileng ka eona ke hore ntate oa rona o tla atamela haufi le rona haeba feela re leka ka thata hore re be metsoalle ea hae.​—Jak. 4:8.

7 Lebaka la bobeli ke ho re, Jesu o ne a etsisa Ntate oa hae ka tsela e phethahetseng. Ke kahoo Jesu a ileng a re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Joh. 14:9) Re ka etsisa makhabane a Jesu le tsela eo a neng a tšoara batho ba bang ka eona. Mohlala, o ile a hauhela molepera, a utloela mosali eane ea neng a kula haholo bohloko hape o ne a ameha ka batho ba oeleng ka phatla. Ha re etsisa Jesu, re etsisa le Jehova. (Mar. 1:​40, 41; 5:​25-34; Joh. 11:​33-35) Ha re ntse re leka kahohle hore re etsise Jehova, setsoalle sa rona le eena se tla tiea le ho feta.

8. Hlalosa hore na ho latela mehato ea Jesu ho tla re thusa joang hore re re hlole lefatše.

8 Ho latela mehato ea Jesu ho tla re thusa hore re se ke ra lumella lefatše lena le khopo ho re sitisa ho sebeletsa Jehova. Bosiu ba ho qetela pele Jesu a bolaoa, o ile a re: “Ke hlotse lefatše.” (Joh. 16:​33) O ne a bolela hore ha aa ka a lumella tsela eo batho ba neng ba nahana ka eona, lintho tseo ba li batlang le liketso tsa bona hore li mo susumetse. Jesu ha aa ka lebala lebaka le ka sehloohong leo a neng a tlile lefatšeng ka lona e leng ho tlosa qoso lebitsong la Jehova. Na rona rea ameha tabeng ee? Ho na le lintho tse ngata haholo lefatšeng lena tse ka re sitisang ho sebeletsa Jehova. Empa haeba re ka etsisa Jesu ka hore le rona re amehe ka ho etsa thato ea Jehova, re tla “hlola lefatše.”​—1 Joh. 5:5.

9. Re lokela ho etsa’ng e le hore re lule tseleng e isang bophelong bo sa feleng?

9 Ha re latela mehato ea Jesu re tla fumana bophelo bo sa feleng. Ha monna ea ruileng a botsa hore na o lokela ho etsa’ng e le hore a fumane bophelo bo sa feleng, Jesu o ile a re ho eena: ‘Tloo u be molateli oa ka.’ (Mat. 19:​16-21) Jesu o ile a re ho Bajuda ba bang ba neng ba sa lumele hore ke eena Kreste: “Linku tsa ka . . . lia ntatela. Ke li fa bophelo bo sa feleng.” (Joh. 10:​24-29) Jesu o ile a re batho ba “bontšang tumelo ho eena” ba tla ba le “bophelo bo sa feleng” nakong eo a neng a bua le Nikodemase oa setho sa Sanhedrine ea neng rata lithuto tsa Jesu. (Joh. 3:​16) Re bontša hore re na le tumelo ho Jesu ka hore re etse lintho tseo a re rutileng tsona le hore re mo etsise. Haeba re etsa joalo, re tla lula tseleng e isang bophelong bo sa feleng.​—Mat. 7:14.

RE KA LATELA MEHATO EA JESU HAUFI-UFI JOANG?

10. Re lokela ho etsa’ng e le hore re tsoele pele ho tseba Jesu haholoanyane? (Johanne 17:3)

10 Re lokela ho tseba Jesu pele e le hore re latele mehato ea hae haufi-ufi. (Bala Johanne 17:3.) Ha rea lokela ho khaotsa ho etsa joalo. Empa re tlameha ho tsoela pele re ithuta ka eena, makhabane a hae, tsela eo a nahanang ka eona le lintho tseo a li ratang. Ho sa tsotellehe hore na e se e le nako e kae re le Lipaki, re lokela ho ikitlaetsa ho tsoela pele ho ithuta ka Jehova le Mora oa hae.

11. Likosepele tse ’ne li bua ka eng?

11 E le ho re thusa hore re tsebe Mora oa hae, Jehova o re file Likosepele tse ’ne ka Lentsoeng la hae. Likosepele tsena li re bolella pale ea bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae. Li re bolella lintho tseo Jesu a ileng a li bua, tseo a ileng a li etsa hape li re thusa ho tseba hore na o ne a ikutloa joang. Li boetse li re thusa hore re “nahane ka hloko” ka mohlala oa Jesu. (Baheb. 12:3) Ha e le hantle, libuka tseo li na le mehato eo Jesu a re sietseng eona. Kahoo, ha re ithuta Likosepele re tla khona ho tseba Jesu haholoanyane. Ha re etsa joalo re tla latela mehato ea hae haufi-ufi.

12. Re lokela etsa’ng e le hore re rue molemo haholoanyane Likosepeleng?

12 E le hore re tle re khone ho rua molemo haholoanyane Likosepeleng, ha rea lokela ho li bala feela. Re lokela ho ipha nako ea hore re ithute tsona haholoanyane le hore re be re thuise ka tsona ka botebo. (Bapisa Joshua 1:8.) Hajoale a re ke re buisaneng ka litlhahiso tse peli tse tla re thusa hore re nahanisise ka Likosepele tseo le hore re be re etse lintho tseo re ithutang tsona.

13. U ka phelisa litlaleho tsa Likosepele joang?

13 Ea pele, li phelise. Sebelisa kelello ea hao hore u bone, u mamele le hore u utloe hore na ho ne ho etsahala’ng. E le hore u khone ho etsa joalo, u lokela hore u etse lipatlisiso u sebelisa lingoliloeng tsa mokhatlo. Hlahlobisisa ka hloko litaba tse potolohileng tlaleho eo u ntseng u ithuta ka eona. Batlisisa ka boitsebiso bo buang ka batho kapa libaka tse boletsoeng tlalehong eo. Bapisa tlaleho eo u ntseng u ithuta eona le tlaleho e tšoanang le eona e fumanehang Kosepeleng e ’ngoe. Ka linako tse ling, mongoli e mong oa Kosepele a ka kenyelletsa lintlha tsa bohlokoa tseo e mong a li siileng.

14-15. Re ka sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona joang litlalehong tse buang ka Jesu bophelong ba rona?

14 Ea bobeli, etsa lintho tseo u ithutileng tsona Likosepeleng. (Joh. 13:​17) Ka mor’a hore u ithute tlaleho e itseng ea Kosepele, ipotse lipotso tsena: ‘Na ho na le ntho eo ke ithutang eona tlalehong ee, eo nka e sebelisang bophelong ba ka? Nka sebelisa tlaleho ee joang ho thusa motho e mong?’ Leka ho nahana ka motho e mong eo u mo tsebang, ebe ha nako e lumela ka lerato le ka bohlale u mo bolelle hore na u ithutile’ng.

15 A re hlahlobeng mohlala o tla re thusa ho bona hore na ke joang re ka sebelisang litlhahiso tsena tse peli. Re tla hlahloba tlaleho e buang ka mohlolohali oa mofutsana eo Jesu a ileng a mo bona ka tempeleng.

MOHLOLOHALI EA HLOKANG KA TEMPELENG

16. Hlalosa tlaleho e hlahang ho Mareka 12:41.

16 Phelisa tlaleho ena. (Bala Mareka 12:​41.) Iketsetse setšoantšo ka kelellong. Ke la 11 Nisane selemong sa 33, ho setse matsatsi a seng makae pele Jesu a e-shoa. Jesu o qetile boholo ba letsatsi la hae a ntse a ruta ka tempeleng. Empa baeta-pele ba bolumeli ba mo hanyetsang ba mo sulafalelitse letsatsi. Pelenyana ba bang ba bona ba ile ba mo botsa hore na o nka matla a ho etsa mosebetsi oa hae kae. Ba bang ba bona ba ne ba leka ho mo kenya chocholong ka ho leka ho mo botsa lipotso tse thata. (Mar. 11:​27-33; 12:​13-34) Joale, Jesu o se a le karolong e ’ngoe ea tempele moo e ka ’nang eaba ke Lekhotleng la Basali ’me o khona ho bona letlole la polokelo. O lula fatše, o qalella ho sheba batho ha ba ntse ba tšela chelete ka matloleng. O bona barui ba bangata ba tšela chelete ea bona ea tšepe ka moo. Mohlomong ebile o haufi haholo hoo a khonang ho utloa le ha lichelete tseo tsa tšepe li etsa lerata ha li oela ka letloleng.

17. Mohlolohali ea hlokang ea ho Mareka 12:​42 o ile a etsa’ng?

17 Bala Mareka 12:​42. Ka mor’a nako Jesu o hlokomela mosali e mong. Ke mosali oa mohlolohali ea futsanehileng. (Luka 21:2) Bophelo ba hae bo boima haholo hobane ho ka etsahala hore ebe o thatafalloa ke ho fumana lintho tsa mantlha bophelong. Leha ho le joalo, o ea ho le leng la matlole ’me o tšela licheletana tse peli tseo a neng a e-na le tsona a patile mohoasa, tseo mohlomong li sa etseng lerata ha li oela ka letloleng. Jesu o ne a tseba hore na o tšetse’ng ka mono. O ne a tšetse licheletana tse peli tsa tšepe tseo e neng e le tse nyane ka ho fetisisa tse neng li sebelisoa ka nako eo. Chelete eo e ne e fokola hoo e sa khoneng le ho reka serobele, e leng nonyana e neng e le chipi ka ho fetisisa.

18. Mareka 12:​43, 44 e re Jesu o ileng a re’ng ka chelete eo mohlolohali a ileng a fana ka eona?

18 Bala Mareka 12:​43, 44. Mosali enoa oa mohlolohali o hapa thahasello ea Jesu haholo. Kahoo, Jesu o bitsa barutuoa ba hae eaba o supa mosali eo, ha a qeta o re ho bona: “Mohlolohali enoa oa mofutsana o akhetse ho fetang ha bohle.” Eaba o tsoela pele ho re: “[Barui] ba akhetse ho tsoa botlallong ba bona empa eena ho tsoa bohloking ba hae o akhetse sohle seo a neng a e-na le sona, sohle seo a neng a phela ka sona.” Ha mohlolohali eo ea tšepahalang a ne a tšela cheletana ea hae ea ho qetela ka letloleng letsatsing leo, o ne a beha tšepo eohle ea hae ho Jehova hore o tla mo hlokomela.​—Pes. 26:3.

Joaloka Jesu, le rona re lokela ho babatsa batho ba bang ha ba etsa boiteko ba ho sebeletsa Jehova kahohle kamoo ba ka khonang (Sheba serapa sa 19 le 20) *

19. Ke thuto efe ea bohlokoa eo re ithutang eona mantsoeng a Jesu ha a ne a bua ka mosali oa mohlolohali?

19 E sebelise bophelong ba hao. Ipotse, ‘Ke ithuta’ng mantsoeng ao Jesu a ileng a a bua ka mohlolohali ea hlokang?’ Ak’u nahane ka mohlolohali enoa. Ho ka etsahala hore ebe o ne a batla ho fa Jehova ho eketsehileng ho feta moo. Leha ho le joalo, o ile a etsa boiteko bohle eaba o itella Jehova. Jesu o ne a tseba hore chelete eo a faneng ka eona ke ea bohlokoa ho Jehova. Joale rona re ithuta taba ena ea bohlokoa ea hore, Jehova oa thaba ha re mo sebeletsa kahohle kamoo re ka khonang ebile re etsa joalo ka lipelo tsohle tsa rona, re sa itšiele letho. (Mat. 22:​37; Bakol. 3:​23) Jehova oa thaba ha a bona re etsa matsapa ’ohle. Taba ena e akarelletsa nako le matla ao re a qetang re rorisa Jehova, re le boboleling le libokeng.

20. Re ka sebelisa thuto eo re ithutileng eona joang tlalehong ea mohlolohali?

20 U ka sebelisa thuto eo u ithutang eona tlalehong ea mohlolohali joang? Leka ho nahana ka batho bao ka ho khetheha ba lokelang ho tiisetsoa hore boiteko boo ba bo etsang bo thabisa Jehova. Mohlala, na ho na le morali’abo rona ea holileng eo u mo tsebang ea utloang eka ha a sa na thuso hobane feela bophelo bo se bo sa mo lumelle hore a sebetse tšimo joaloka pele? Kapa mohlomong ho na le mor’abo rona ea nyahameng haholo ka lebaka la bokuli ba hae bo bohloko bo mo sitisang hore a ee libokeng? Khothatsa batho ba joalo ka hore u bue mantsoe a “molemo bakeng sa ho haha.” (Baef. 4:​29) Ba bolelle ka tlaleho ena e khothatsang ea mohlolohali eo re ithutileng eona. Mantsoe a hao a khothatsang a ka ba tiisetsa hore Jehova oa thaba ha re leka kahohle ho mo sebeletsa. (Liprov. 15:​23; 1 Bathes. 5:​11) Ha u babatsa batho ba bang ha ba etsa maoala ’ohle a teng ho sebeletsa Jehova, ho sa tsotellehe hore na a bonahala a sa re letho hakae, u latela mehato ea Jesu haufi-ufi.

21. U ikemiselitse ho etsa’ng?

21 Rea ananela hore ebe Likosepele tsena li re file boitsebiso bo bongata hakana ka Jesu ’me taba ena e re thusa ho mo etsisa le ho latela mehato ea hae haufi-ufi. Ke hobane’ng ha u sa ithute ka Likosepele tsee haholoanyane ha u le mong kapa borapeling ba lelapa? A re hopoleng hore re tla rua molemo haholo haeba re phelisa litlaleho tseo re ithutang tsona re bile re li sebelisa bophelong ba rona. Ho phaella tabeng ea ho etsisa Jesu linthong tseo a li entseng, re boetse re lokela le ho mamela tseo a li buileng. Sehloohong se latelang re tl’o bona hore na re ka ithuta’ng mantsoeng a ho qetela ao Jesu a ileng a a bua pele a e-shoa.

PINA EA 15 Rorisang Letsibolo la Jehova

^ ser. 5 Bakreste ba ’nete ba lokela ho latela “mehato ea [Jesu] haufi-ufi.” Jesu o re sietse “mehato” efe eo re lokelang ho e latela? Sehloohong sena re tl’o araba potso eo. Re tla boela re hlahlobe hore na ke hobane’ng ha re lokela ho latela mehato ea Jesu haufi-ufi le hore na re ka etsa joalo joang.

^ ser. 60 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ka mor’a ho thuisa ka hore na Jesu o ile a re’ng ka mosali oa mohlolohali, morali’abo rona o babatsa nkhono ea sebeletsang Jehova kahohle kamoo a khonang.