Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua mantsoe a Davida a hlahang ho Pesaleme ea 22:1 pele a hlokahala?

Pele Jesu a hlokahala, o ile a bua mantsoe a hlahang ho Matheu 27:​46 a reng: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?” Ha Jesu a ne a bua mantsoe ana o ile a phethahatsa seo mopesaleme Davida a ileng a se bua ho Pesaleme ea 22:1. (Mar. 15:​34) Ekaba ntho e fosahetseng ho nahana hore Jesu o ile a bua mantsoe ana hobane a ne a ikutloa eka Jehova o mo soetsitse kapa hobane a ne a se na tumelo ka nakoana. Jesu o ne a utloisisa hantle hore na ke hobane’ng ha a ne a tlameha ho shoa ’me o ne a ikemiselitse ho etsa seo. (Mat. 16:​21; 20:​28) O ne a boetse a tseba hore nakong eo a neng a tl’o shoa, Jehova o ne a tla lokela ho khaotsa ho mo sireletsa. (Jobo 1:​10) Kahoo, Jehova o ile a lumela hore Jesu a bontše hore o tla lula a tšepahala ho sa tsotellehe hore na o tla shoa lefu le sehloho hakae.​—Mar. 14:​35, 36.

Joale ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua mantsoe a hlahang ho Pesaleme ena? Le hoja re sa kholiseha hantle, ha re ke re bueng ka a mang a mabaka ao ho ka etsahalang hore ebe Jesu o ile a bua mantsoe ana ka ’ona. *

Ha Jesu a ne a bua mantsoe aa, na o ne a hatisa hore Jehova a ke ke a mo thusa hore a se ke a bolaoa? Ho ne ho hlokahala hore Jesu a lefe thekollo ntle ho thuso ea Jehova. O ne a boetse a lokela ho shoa e le hore a tle a latsoe “lefu bakeng sa motho e mong le e mong.”​—Baheb. 2:9.

Ha Jesu a bua mantsoe ao a hlahang ho Pesaleme, na o ne a batla hore batho ba nahane ka Pesaleme eohle? Ho ne ho tloaelehile mehleng eo hore Bajuda ba tšoare Lipesaleme ka hlooho. Ha ba utloa ka temana e le ’ngoe e hlahang ho pesaleme, ho ne ho ba bonolo ho bona hore ba nahane ka pesaleme eo kaofela. Haeba sena ke seo Jesu a neng a batla ho se etsa, o ne a tla thusa balateli ba hae ba Bajuda hore ba hopole boprofeta bo bongata bo hlahang ho pesaleme ena bo buang ka liketsahalo tse ileng tsa etsahala pele a shoa. (Pes. 22:​7, 8, 15, 16, 18, 24) Hape litemana tse qetellang pesalemeng ena li rorisa Jehova ’me li mo hlalosa e le Morena oa lefatše lohle.​—Pes. 22:​27-31.

Na Jesu ha a ne a bua mantsoe aa a Davida o ne a re ha a molato? Pele Jesu a bolaoa o ile a tšoareloa nyeoe e neng e se molaong ’me a qosoa ka hore o nyefotse. (Mat. 26:​65, 66) Nyeoe eo e ile ea tšoaroa kapele feela bosiu ’me lekhotla ha le ea ka la latela melao eo le neng le lokela ho e latela. (Mat. 26:​59; Mar. 14:​56-59) Ha Jesu a ne a botsa potso e reng: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletseng?” e ka ’na eaba o ne a hatisa taba ea hore ha ho letho le phoso leo a le entseng ’me ha ho na lebaka la hore a bolaoe.

Na Jesu o ne a hopotsa batho ba bang hore le hoja Davida e leng mongoli oa pesaleme ena a ile a sotleha, seo se ne se sa bolele hore o ne a se a sa amohelehe ho Jehova? Potso eo Davida a ileng a e botsa e ne e sa bontše hore ha a na tumelo. Ka mor’a hore a botse potso eo, o ile a re oa tšepa hore Jehova o tla pholosa batho ba hae ’me Jehova o ile a tsoela pele a mo hlohonolofatsa. (Pes. 22:​23, 24, 27) Ka ho tšoanang, le hoja Jesu e leng “Mora oa Davida,” a ile a utloa bohloko thupeng ea tlhokofatso, seo ha se bolele hore Jehova o ne a se a sa mo amohele.​—Mat. 21:9.

Na Jesu o ne a ntša bohloko ba hore Jehova ha aa ka a mo sireletsa e le hore a bontše hore oa tšepahala? E ne e se morero oa Jehova hore Mora oa hae a utloe bohloko a be a shoe. Jesu o ile a tlameha ho utloa bohloko le ho hlokahala ka lebaka la ho se mamele ha Adama le Eva. Jesu ha aa etsa letho le phoso empa ho ne ho hlokahala hore a utloe bohloko ’me a shoe e le hore a ka arabela liqoso tsa Satane ’me a fane ka thekollo e neng e hlokahala bakeng sa ho lefa seo Adama a ileng a se lahla. (Mar. 8:​31; 1 Pet. 2:​21-24) Sena se ne se ka khonahala hafeela Jehova a ne a ka tlohela ho sireletsa Jesu ka nakoana, e leng ntho eo a neng a tla be a qala ho e etsa.

Na Jesu o ne a leka ho thusa balateli ba hae hore ba nahane ka hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella hore a tle a shoe thupeng ea tlhokofatso? * Jesu o ne a tseba hore ho shoa joaloka lesholu thupeng ea tlhokofatso ho ne ho tla etsa hore batho ba bangata ba khopehe. (1 Bakor. 1:​23) Haeba balateli ba hae ba ne ba ka nahana ka lebaka le ka sehloohong la hore Jesu a shoe, seo se ne se tla ba thusa hore ba utloisise bohlokoa ba lefu la hae. (Bagal. 3:​13, 14) Ba ne ba tla mo nka joaloka Mopholosi eseng lesholu.

Ho sa tsotellehe hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua mantsoe ana a hlahang ho pesaleme, o ne a tseba hore ho shoa thupeng ea tlhokofatso e ne e le thato ea Jehova. Nakoana ka mor’a hore Jesu a bue mantsoe ana a hlahang ho pesaleme o ile a re: “Ho phethehile!” (Joh. 19:​30; Luka 22:​37) Taba ea hore Jehova ha aa ka a sireletsa Jesu ka nakoana e ile ea etsa hore Jesu a khone ho etsa sohle seo a neng a se ronngoe hore a tl’o se etsa lefatšeng. E ile ea ba ea etsa hore a khone ho phethahatsa lintho tsohle tse neng li ngotsoe ka eena “molaong oa Moshe le Baprofeteng le Lipesalemeng.”​—Luka 24:44.

^ ser. 2 Sheba serapa sa 9 le 10 makasineng ena, sehloohong se reng “Ithute Mantsoeng a Jesu a ho Qetela.”

^ ser. 4 Ha Jesu a ntse a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng, ka linako tse ling o ne a bua kapa a botsa lipotso tse neng li sa bontše hore na o ikutloa joang. O ile a etsa sena ho fa balateli ba hae monyetla oa hore ba ntše maikutlo a bona.​—Mar. 7:​24-27; Joh. 6:​1-5; sheba Molula-Qhooa oa October 15, 2010, leq. 4-5.