Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 16

Tsoela Pele U Ananela Thekollo

Tsoela Pele U Ananela Thekollo

“Mor’a motho [o tletse] . . . ho fana ka moea oa hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”​—MAR. 10:45.

PINA EA 18 Rea U Leboha ka Mora oa Hao

SELELEKELA *

1-2. Thekollo ke’ng, hona ke hobane’ng ha re e hloka?

HA ADAMA ea phethahetseng a etsa sebe, o ile a lahla monyetla oa bophelo bo sa feleng bakeng sa hae le bana ba hae. O ne a se na lebaka la ho etsa joalo. O ile a ikhethela ho etsa sebe. Empa bana ba hae ba kena kae tabeng ee? Ha baa kenya letsoho ha Adama a etsa sebe. (Bar. 5:​12, 14) Na ba ne ba ka sireletsoa kahlolong ea lefu e neng e hlile e tšoanela Adama? Ho joalo. Hang ka mor’a hore Adama a etse sebe, Jehova o ile a qala ho sibolla hore na o tl’o pholosa bana ba Adama sebeng le lefung joang. (Gen. 3:​15) Ka nako ea hae e loketseng, Jehova o ne a tla romela Mora oa hae hore a tl’o “fana ka moea oa hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”​—Mar. 10:​45; Joh. 6:51.

2 Thekollo ke’ng? Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, thekollo e hlalosoa e le tefo eo Jesu a faneng ka eona bakeng sa ho lefella ntho eo Adama a e lahlileng. (1 Bakor. 15:​22) Ke hobane’ng ha re hloka thekollo? Hobane molao oa Jehova oa toka o neng o le tlas’a Molao oa Moshe, o ne o re ho fanoe ka bophelo bakeng sa bophelo. (Ex. 21:​23, 24) Adama o lahlile bophelo bo phethahetseng. E le ho phethahatsa toka ea Jehova, Jesu o ile a tela bophelo ba hae bo phethahetseng. (Bar. 5:​17) Ka tsela eo, Jesu e ile ea e-ba “Ntate oa ka ho sa Feleng” ho bohle ba bontšang tumelo sehlabelong sa hae.​—Esa. 9:6; Bar. 3:​23, 24.

3. Ho ea ka Johanne 14:​31 le 15:​13, ke hobane’ng ha Jesu a ile a ithaopela ho tela bophelo ba hae bo phethahetseng?

3 Jesu o ne a ikemiselitse ho tela bophelo ba hae hobane a re rata ebile a rata le Ntate oa hae. (Bala Johanne 14:​31; 15:​13.) Lerato leo le ile la mo susumeletsa hore a ikemisetse ho lula a tšepahala ho fihlela qetellong le hore a phethahatse thato ea Ntate oa hae. O ile a etsa joalo ka hore a tšepahale ho fihlela lefung. Ka ho etsa joalo, morero oa Jehova oa qalong ka lefatše le batho, o tl’o phethahala. Sehloohong sena, re tl’o bua ka hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Jesu hore a utloe bohloko haholo pele a shoa. Re tla boela re hlahlobe mohlala oa mongoli e mong oa Bibele ea ileng a bontša kananelo e tebileng haholo ea thekollo. Re tla lihella likhala ka ho bona hore na re ka bontša joang hore re ananela thekollo le hore re ka matlafatsa kananelo ea rona ea sehlabelo seo Jehova le Jesu ba re etselitse’ng sona joang.

KE HOBANE’NG HA JESU A ILE A UTLOA BOHLOKO?

Nahana ka lintho tse bohloko tse ileng tsa hlahela Jesu ha a ne a fana ka thekollo bakeng sa rona (Sheba serapa sa 4)

4. Ak’u hlalose hore na Jesu o ile a shoa joang.

4 U nahana hore letsatsi pele Jesu a bolaoa ho ne ho le joang? Le hoja a ka kopa mangeloi a mangata hore a mo sireletse, o lumella masole a Baroma hore a mo tšoare le ho mo otla ka sehloho. (Mat. 26:​52-54; Joh. 18:3; 19:1) Masole ao, a mo shapa ka sephali se hlenhlanyang nama ea hae. Hamorao, ba mo jarisa palo e boima ka mokokotlong o tletseng mali. Ka mor’a moo, o qalella ho hulela palo eo moo a il’o bolaeloa teng empa ho e-s’o ee kae, motho e mong o laeloa hore a mo jarise eona. (Mat. 27:​32) Ha ba fihla moo Jesu a tl’o bolaeloa teng, babolai ba hae ba mo kokotella palong ka lipekere maotong le matsohong. Boima ba ’mele oa hae, bo etsa hore maqeba a lipekere a tabohe le ho feta. Metsoalle ea hae e utloile bohloko, ’mè oa hae eena oa lla athe baeta-pele ba Bajuda bona ba tšeha Jesu. (Luka 23:​32-38; Joh. 19:​25) Hora e le ’ngoe ekare ke selemo hore e fete. Pelo ea hae le matšoafo li imetsoe ’me ho thata hore a ka hema. Ha a se a le haufi le ho shoa, o etsa thapelo ea ho qetela. Ka mor’a moo, o kebisa hlooho oa shoa. (Mar. 15:​37; Luka 23:​46; Joh. 10:​17, 18; 19:​30) Kannete ena e bile tsela e bohloko haholo, e tlotlollang ka ho fetisisa le e nkileng nako e telele hore motho a shoe.

5. Ntho e neng e utloisitse Jesu bohloko ho feta lefu la hae ke’ng?

5 Tsela eo Jesu a bolailoeng ka eona e ne e se letho ha e bapisoa le ntho e neng e mo tšoentse haholo. O ne a tšoentsoe ke lebaka le fanoeng e le sesosa sa hore ebe o bolailoe ka tsela eo. O ne a qositsoe ka leshano la hore ke monyefoli kapa motho ea sa hlompheng Molimo le lebitso la hae ho hang. (Mat. 26:​64-66) Ntho ena e ile ea tšoenya Jesu hoo a neng a lakatsa eka Ntate oa hae a ka be a sa lumella hore a tlotlolloe ka tsela eo. (Mat. 26:​38, 39, 42) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella hore Mora oa hae a utloe bohloko le hore a shoe? A re hlahlobeng mabaka a mararo.

6. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tlameha ho fanyehoa palong?

6 La pele, Jesu o ne a lokela hore a fanyehoe palong e le hore Bajuda ba tlosoe thohako. (Bagal. 3:​10, 13) Ba ne ba tšepisitse hore ba tla ikobela Melao ea Molimo eo ba ileng ba hloleha ho e mamela. Kahoo, kaha e ne e le bana ba Adama hape ba e-na le thohako eo, ba ne ba lokela ho shoa. (Bar. 5:​12) Molao oa Molimo o neng o fuoe Baiseraele o ne o re ha motho a entse sebe se lokeloang ke lefu a bolaoe. Ka mor’a moo, setopo sa hae se ne se ka fanyehoa palong. * (Deut. 21:​22, 23; 27:​26) Le hoja Bajuda ba ne ba sa batle Jesu, taba ea hore ebe o ile a fanyehoa palong, e ile ea bula monyetla bakeng sa hore ba ka rua molemo sehlabelong sa hae.

7. Ke lebaka lefe la bobeli le entseng hore Jehova a lumelle hore Mora oa hae a utloe bohloko?

7 Ak’u nahane ka lebaka la bobeli leo ka lona Jehova a ileng a lumella hore Mora oa hae a utloisoe bohloko. O ne a koetlisa Jesu hore e tle e be Moprista ea Phahameng oa ka moso. Jesu o ile a utloa hore na ke ntho e boima hakaakang hore motho a mamele Molimo ha a le ka har’a liteko tse boima haholo. O ne a imetsoe hoo a ileng a rapela ka “mohoo o moholo le ka meokho” ho kopa thuso. Ka lebaka la hore Jesu o ile a tšoenyeha haholo, o utloisisa litlhoko tsa rona hantle hape “o khona ho phallela ba ntseng ba lekoa.” Rea thaba hore ebe Jehova o re khethetse Moprista ea Phahameng ea mohau ea khonang ho “utloela mefokolo ea rona bohloko.”​—Baheb. 2:​17, 18; 4:​14-16; 5:​7-10.

8. Lebaka la boraro leo ka lona Jehova a lumeletseng hore Jesu a lekoe ka litsela tsohle ke lefe?

8 La boraro, Jehova o ile a lumella hore Jesu a utloe bohloko e le hore ho ka arajoa potso ena ea bohlokoa: Na batho ba ka lula ba tšepahala le ha ba lekoa ka litsela tsohle? Satane o hanana le taba eo. O re batho ba sebeletsa Molimo ka mabaka a boithati. Hape o lumela hore joaloka Adama, ha ba rate Jehova. (Job 1:​9-11; 2:​4, 5) Kaha Jehova o ne a tšepa Mora oa hae, o ile a lumela hore a lekoe ho fihlela moo motho a neng a ka khona ho mamella ho fihlela teng. Jesu o ile a khona ho lula a tšepahala eaba o paka hore Satane o leshano.

MONGOLI OA BIBELE EA NENG A ANANELA THEKOLLO HAHOLO

9. Moapostola Johanne o re sietse mohlala ofe o motle?

9 Tumelo ea Bakreste ba bangata e ile ea tiea haholo ha ba ithuta ka thekollo. Ba ile ba tsoela pele ho bolela ho sa tsotellehe likhanyetso hape ba ile ba mamella liteko tsohle bophelong bohle ba bona. Ak’u nahane ka moapostola Johanne. Ka botšepehi, o ile a bolela ka Jesu le ka thekollo ka lilemo tse ka bang ka holimo ho 60. Ha a le lilemo tse ka bang 100, ’muso oa Roma o ile oa mo isa teronkong koana sehlekehlekeng sa Patmose hobane o ne o re o kotsi sechabeng. O ne a entse’ng? O ne a “bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.” (Tšen. 1:9) Ona kannete ke mohlala o motle oa tumelo le ho mamella!

10. Mangolo a Johanne a bontša joang hore o ne a ananela thekollo?

10 Johanne o ile a bontša hore na o rata Jesu le hore na o ananela thekollo hakae mangolong a hae. Ka makhetlo a fetang lekholo, o buile ka thekollo kapa ka melemo e tlisoang ke eona. Mohlala, o ile a re: “Haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, e leng Jesu Kreste, ea lokileng.” (1 Joh. 2:​1, 2) Hape, mangolo a Johanne a hlalosa bohlokoa ba ‘ho paka ka Jesu.’ (Tšen. 19:​10) Ho hlakile hore Johanne o ne a ananela thekollo ka ho tebileng. Rona re ka bontša joang hore rea e ananela?

U KA BONTŠA JOANG HORE U ANANELA THEKOLLO?

Haeba kannete re ananela thekollo, re tla hanela liteko tse tla etsa hore re etse libe (Sheba serapa sa 11) *

11. Re ka thusoa ke’ng ho hanela liteko?

11 Hanela liteko tse tla etsa hore u etse sebe. Haeba re hlile re ananela thekollo, re ke ke ra ba le maikutlo a fosahetseng a ho re: ‘Ha ho hlokahale hore ke leke ka matla ho se kene molekong ha ke lekoa. Nka itsoella pele ka ho etsa sebe kaha ke tla kopa tšoarelo ka mor’a moo.’ Ho e-na le hoo, ha re lekeha hore re etse ntho e mpe, re tla re: ‘Le khale! Ka mor’a ntho eo Jehova le Jesu ba nketselitseng eona, nka etsa ntho e mpe tjee joang?’ Re ntse re nahanne ka ntho eo, re ka kopa Jehova hore a re fe matla ka ho re: ‘Ke kopa u se ke oa ntumella hore ke kene molekong.’​—Mat. 6:13.

12. Re ka sebelisa keletso e ho 1 Johanne 3:​16-18 joang?

12 Rata Bakreste-’moho le uena. Ha re ba bontša lerato, re bontša hore re ananela thekollo. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Hobane Jesu o fane ka bophelo ba hae e seng bakeng sa rona feela empa le bakeng sa bona. Haeba Jesu o ne a ikemiselitse ho ba shoela, ho hlakile hore ba bohlokoa ho eena. (Bala 1 Johanne 3:​16-18.) Re bontša hore re rata Bakreste-’moho le rona ka tsela eo re ba tšoarang ka eona. (Baef. 4:​29, 31–5:2) Mohlala, re ba thusa ha ba kula, ha ba mamelletse liteko tse boima tse akarelletsang le likoluoa tsa tlhaho. Empa re lokela ho etsa’ng haeba Mokreste-’moho a bua kapa a etsa ntho e re koatisang?

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšoarelana?

13 Na ka matsatsi a mang u ee u nke Mokreste-’moho le uena ka pelo? (Lev. 19:​18) Haeba ho joalo, mamela keletso ena: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lona.” (Bakol. 3:​13) Nako le nako ha re tšoarelana, re bontša Ntate oa rona hore re ananela thekollo. Re ka tsoela pele ho bontša kananelo joang mphong eo Molimo a re fileng eona?

U KA MATLAFATSA KANANELO EO U NANG LE EONA EA THEKOLLO JOANG?

14. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka matlafatsang kananelo ea rona ea thekollo ke efe?

14 Leboha Jehova ka thekollo. Morali’abo rona Joanna ea lilemo li 83 oa India o re: “Ke nahana hore ke ntho ea bohlokoa ho bua ka thekollo ha ke rapela letsatsi ka leng le ho leboha Jehova ka eona.” Ha u rapela moo u leng mong, nahana ka liphoso tseo u li entseng letsatsing leo ebe u kopa Jehova hore a u tšoarele. Teng haeba u entse sebe se tebileng, u lokela ho kopa thuso ea baholo. Ba tla u mamela ba be ba u fe keletso e tsoang ka Bibeleng. Ba tla rapela le uena ebe ba kopa Jehova hore a u tšoarele e le hore u ka boela oa ba motsoalle oa hae hape.​—Jak. 5:​14-16.

15. Ke hobane’ng ha re lokela ho ipha nako ea ho bala ka thekollo le ho thuisa ka eona?

15 Thuisa ka thekollo. Morali’abo rona Rajamani ea lilemo li 73 o re: “Ke tlala likhapha ha ke bala ka lintho tse bohloko tse hlahetseng Jesu.” Le uena u ka ameha maikutlo ha u nahana ka hore na Mora oa Molimo o ile a utloa bohloko ho le hokae. Empa ha u thuisa haholo ka sehlabelo sa Jesu, o tla mo rata u be u rate le Ntate oa hae haholo feela. E le ho u thusa hore u thuise ka thekollo, u ka ipha nako ea hore lenaneong la hao la ho ithuta Bibele, u ithute ka eona.

Jesu o ile a etsa mokete o itekanetseng ho bontša barutuoa ba hae hore na ba ka ikhopotsa sehlabelo sa hae joang (Sheba serapa sa 16)

16. Ho ruta batho ba bang ka thekollo ho re thusa joang? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

16 Ruta ba bang ka thekollo. Nako le nako ha re bolella batho ba bang ka thekollo, re e ananela le ho feta. Re na le lingoliloeng le livideo tse re thusang ho hlalosetsa batho hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a shoa molemong oa rona. Mohlala, re ka sebelisa thuto ea bone e hlahang bukaneng ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! Thuto eo e na le sehlooho se reng, “Jesu Kreste ke Mang?” Kapa re ka sebelisa khaolo ea bohlano ea buka ea Re ka Ithuta Eng Bibeleng? Khaolo eo e na le sehlooho se reng, “Thekollo ke Mpho ea Bohlokoa e Tsoang ho Molimo.” Hape, re holisa kananelo ea rona ea thekollo ka hore selemo le selemo re be teng Sehopotsong sa lefu la Jesu le ka hore re meme batho ba bang hore le bona ba be teng. Jehova o re file tlotla ea hore re rute batho ka Mora oa hae.

17. Ke hobane’ng ha thekollo e le mpho ea bohlokoa eo Molimo a e fileng batho?

17 Ntle ho tika-tiko, re na le mabaka a ho matlafatsa le ho holisa kananelo eo re nang le eona ka thekollo. Ka lebaka la thekollo, re ka ba le setsoalle se haufi-ufi le Jehova le hoja re sa phethahala. Thekollo e etsa hore mesebetsi ea Diabolose e nyope. (1 Joh. 3:8) Ka lebaka la thekollo, morero oa Jehova oa sethathong ka lefatše o tla phethahala. Lefatše lohle e tla ba paradeise. Motho e mong le e mong eo u tla kopana le eena o tla be a rata Jehova a bile a mo sebeletsa. E se eka letsatsi ka leng re ka batla menyetla ea ho bontša hore re ananela thekollo e leng mpho ea bohlokoa eo Molimo a e fileng batho.

PINA EA 20 U re File Mora oa Hao

^ ser. 5 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a shoa lefu le sehloho? Sehlooho sena se tl’o araba potso eo. Se tl’o boela se re thuse ho matlafatsa kananelo eo re nang le eona ka thekollo.

^ ser. 6 E ne e le tloaelo ea Baroma hore ba fanyehe kapa ba fase setlokotsebe palong se ntse se phela ’me Jehova le eena o ile a lumella hore Mora oa hae a shoe ka tsela eo.

^ ser. 55 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Barab’abo rona ba hanela liteko. E mong o hana ho sheba litšoantšo tse sa hloekang, e mong o hana ho tsuba ha e mong eena a hana ho amohela tjotjo.