Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batla ho Hong ho Molemo ho Feta Khauta

Batla ho Hong ho Molemo ho Feta Khauta

Na u se u kile ua thola khauta? Ke batho ba seng bakae ba kileng ba e thola. Leha ho le joalo, ba limilione ba fumane ho hong ho molemo ho e feta. Ba fumane bohlale ba bomolimo ‘bo ke keng ba rekoa ka khauta e hloekileng.’—Jobo 28:12, 15.

KA TSELA e itseng, batho ba batlang ho ithuta Bibele ka tieo ba tšoana le batho ba batlang khauta. Ba lokela ho sebetsa ka thata ’me ba tsoele pele ba ithuta Mangolo e le hore ba ka fumana bohlale bo ke keng ba lekanngoa. Empa re ithuta’ng litseleng tse tharo tseo ho fumanoang khauta ka tsona?

U THOTSE KHAUTA!

Nka hore u ntse u tsamaea haufi le nōka ’me u bona lejoana le phatsimang. U ua le nka ’me u ua elelloa hore u thotse ka khauta. Le hoja khauta eo e le nyenyane, e fumaneha seoelo ho feta taemane ea boleng bo holimo. Ha ho pelaelo hore u tla pota-pota sebaka seo u batla ho fumana majoe a mang.

E ka ’na eaba ka letsatsi le leng, morapeli oa Jehova o ile a tla ha hao, ’me a buisana le uena ka molaetsa oa tšepo o fumanoang ka Bibeleng. Mohlomong u hopola kamoo u ileng ua ikutloa kateng ha u qala ho ithuta Bibele. E ka ’na eaba u ile ua hlolloa ha u qala ho bona lebitso la Molimo ka Bibeleng. (Pes. 83:18) Kapa mohlomong ha u lemoha hore u ka ba motsoalle oa Jehova. (Jak. 2:23) Hang-hang u ile ua elelloa hore u fumane ntho ea bohlokoa ho feta khauta! ’Me e ka ’na eaba u ne u labalabela ho ithuta ho eketsehileng.

U FUMANE HO MOLEMO HO FETA KHAUTA!

Ka linako tse ling, ho ba le majoana a khauta melatsoaneng le linōkeng. Ka nako ea likhoeli tse seng kae feela batho ba batlang khauta ba ka ’na ba fumana khauta e ngata e ka rekoang ka lidolara tse likete tse mashome.

E ka ’na eaba ha u ne u qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, u ile ua ikutloa joaloka motho ea sefang khauta nōkeng e nang le eona e le ngata. Mohlomong ha u ntse u thuisa ka litemana tsa Bibele u ile ua ithuta lintho tse eketsehileng, ’me seo sa u bula mahlo. Ha u ntse u tsoela pele ho ithuta, u ile ua lemoha kamoo u ka bang le kamano e ntle le Jehova kateng, ’me u etse se mo khahlisang e le hore u phele ka ho sa feleng.—Jak. 4:8; Juda 20, 21.

Feela joaloka motho ea batlang khauta, na u ikitlaelletsa ho ithuta seo Bibele e se rutang?

Feela joalokaha motho ea batlang khauta a ikitlaetsa ho e batla, e ka ’na eaba u ile ua ikitlaelletsa ho utloisisa seo Bibele e se rutang. Ka mor’a hore u ithute lithuto tsa motheo tsa Bibele, mohlomong u ile ua susumelletseha ho etsa liphetoho e le hore u ka inehela le ho kolobetsoa.—Mat. 28:19, 20.

TSOELA PELE U ITHUTA!

Batho ba batlang khauta ba ka ’na ba fumana khauta e seng kae ka har’a mofuta o itseng oa majoe. Ke kahoo ba a rafang e le hore ba ntše khauta. Ha motho a a shebile feela majoe ao ha a bone khauta. Hobane’ng? Hobane mohlomong lejoe le boima ba thane, le ka ba le khauta ea boima ba ligrama tse 10 feela! Ho ntse ho le joalo, batho ba etsa boiteko ba ho e rafa.

Ho boetse ho hlokahala boiteko ka mor’a hore motho a be le “thuto ea mathomo mabapi le Kreste.” (Baheb. 6:1, 2) U lokela ho sebetsa ka thata hore u fumane lintlha tse ncha ha u ntse u ithuta Bibele. Joale u ka etsa’ng ho netefatsa hore u rua molemo ha u ithuta Bibele, esita le haeba ke khale u ithuta eona?

Ikemisetse ho ithuta. Tsepamisa mohopolo. Tsoela pele u etsa boiteko ’me u tla fumana mangolo a bohlokoa a tla u fa bohlale ba bomolimo le ho u tataisa. (Bar. 11:33) Sebelisa likhatiso tse reretsoeng ho etsa lipatlisiso tse teng ka puo ea hao, kaha li tla u thusa ho eketsa tsebo ea hao ea Mangolo. E ba le mamello ’me u batle tataiso eo u e hlokang le likarabo tsa lipotso tsa hao tsa Bibele. Botsa ba bang hore na ke litemana le lihlooho life tseo ka ho khetheha li ba thusitseng le ho ba khothatsa. Bolella ba bang lintlha tsa bohlokoa tseo u li fumaneng ha u ntse u ithuta Lentsoe la Molimo.

Ke ’nete hore sepheo sa rōna hase feela ho ba le tsebo e ngata. Moapostola Pauluse o ile a re hlokomelisa hore “tsebo e baka boikhohomoso.” (1 Bakor. 8:1) Kahoo, ikemisetse ho lula u ikokobelitse ’me u e-na le tumelo e matla. Ho tšoara borapeli ba lelapa le ho ithuta Bibele kamehla ho tla u thusa ho lula u iphaphathile ka melao ea Jehova ’me ho tla u susumelletsa ho thusa ba bang. Ka holim’a tsohle, u tla thaba kaha u tla be u fumane ho hong ho molemo ho feta khauta.—Liprov. 3:13, 14.