Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Bona ho Hlokahala Hore U Hatele Pele Moeeng?

Na U Bona ho Hlokahala Hore U Hatele Pele Moeeng?

“U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng.”—1 TIM. 4:13.

LIPINA: 45, 70

1, 2. (a) Boprofeta bo ho Esaia 60:22 bo phethahala joang matsatsing aa a ho qetela? (b) Hona joale ho hlokahala’ng liphuthehong tsa batho ba Jehova?

“E MONYENYANE o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla.” (Esa. 60:22) Boprofeta bona boa phethahala matsatsing ana a ho qetela. Selemong sa tšebeletso sa 2015, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 8 220 105 ba bolelang litaba tse molemo lefatšeng lohle! Karolo e qetellang ea boprofeta bona e lokela ho re ama ka ho toba, kaha Ntate oa rōna ea leholimong o re: “’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” Feela joaloka bapalami ba ka koloing e tsamaeang ka lebelo, re lemoha sekhahla se ntseng se eketseha mosebetsing oa boboleli. Re ikutloa joang re le batho ka bomong ka see? Na re etsa sohle seo re ka se khonang ho ba bahoeletsi ba chesehang ba ’Muso? Bara le barali babo rōna ba bangata e-ba bo-pula-maliboho ba kamehla kapa ba thusang. Kahoo, na ha re thabe ha re bona batho ba bangata ba ithaopela ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo kapa ba kenya letsoho likarolong tse ling tsa tšebeletso?

2 Ka nako e tšoanang, rea bona hore ho hlokahala basebetsi ba eketsehileng. Selemo le selemo ho thehoa liphutheho tse ka bang 2 000. E le hore phutheho ka ’ngoe e be le baholo ba bahlano, ho hlokahala hore selemo le selemo bahlanka ba sebeletsang ba 10 000 ba tšoanelehe ho ba baholo. Sena se bolela hore barab’abo rōna ba likete ba lokela ho finyella litšoaneleho tse hlokahalang e le hore e be bahlanka ba sebeletsang. Ho phaella moo, ha ho pelaelo hore kaofela ha rōna re na “le ho hongata hoo [re] ka ho etsang mosebetsing oa Morena.”—1 Bakor. 15:58.

SE BOLELOANG KE HO HATELA PELE MOEENG

3, 4. Ho hatela pele moeeng ho bolela’ng ho uena?

3 Bala 1 Timothea 3:1. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho “hahamalla” le bolela ho otlolla letsoho u nanabela ntho e hōle le uena. Moapostola Pauluse o ile a sebelisa lentsoe leo ha a hatisa ntlha ea hore ho hatela pele moeeng ho hloka boiteko. Nahana ka mor’abo rōna ea thuisang ka lipakane tsa hae ka phuthehong. E ka ’na eaba hona joale hase mohlanka ea sebeletsang, empa o oa lemoha hore o lokela ho finyella litšoaneleho tse hlokahalang. O qala ka ho hahamalla ho ba mohlanka ea sebeletsang. Ha nako e ntse e ea, o tšepa hore o tla tšoaneleha ho sebeletsa e le moholo. Maemong ana ka bobeli, o sebetsa ka thata ho finyella litšoaneleho tse hlokahalang e le hore a ka fuoa boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong.

4 Ka tsela e tšoanang, bara le barali babo rōna ba hahamallang ho ba bo-pula-maliboho, basebeletsi ba Bethele, kapa baithaopi ba sebetsang kahong ea Liholo Tsa ’Muso, ba sebetsa ka thata ho finyella lipakane tseo. A re tšohleng hore na Lentsoe la Molimo le ba khothatsa joang hore ba hatele pele borapeling ba ’nete.

IKITLAETSE HO HATELA PELE MOEENG

5. Bacha ba ka sebelisa matla a bona joang tšebeletsong ea Jehova?

5 Bacha ba na le matla a hlokahalang e le hore ba ka khatha tema e khōlō tšebeletsong ea Jehova. (Bala Liproverbia 20:29.) Ba bang ba barab’abo rōna ba Bethele ba ntseng ba le bacha, ba sebetsa moo ho hatisoang limakasine le moo ho kopanngoang Libibele le libuka tse thehiloeng Bibeleng. Bacha ba bangata ba kenya letsoho ha ho hahoa le ha ho lokisoa Liholo Tsa ’Muso. Ha ho e-na le likoluoa, bacha ba bangata ba thusa bara le barali babo rōna ba nang le litsebo ho phallela ba hlokang. Hape, bacha ba bangata ba bo-pula-maliboho ba pakela batho ba linaheng tsa habo bona le ba buang lipuo tse ling.

6-8. (a) Mocha e mong o ile a thusoa ke eng ho fetola tsela eo a talimang tšebeletso ea hae ka eona, hona phello e ile ea e-ba efe? (b) Re ka etsa’ng e le hore ‘re latsoe ’me re bone hore Jehova o molemo’?

6 Re kholisehile hore u ananela bohlokoa ba ho sebeletsa Molimo ka pelo eohle. Empa u ka etsa’ng haeba u ikutloa ka tsela eo mor’abo rōna Aaron a neng a ikutloa ka eona? Le hoja a hōlisitsoe ke batsoali ba Bakreste, o re, “Liboka le tšebeletso ea tšimo li ne li ntena.” Kaha o ne a batla ho sebeletsa Molimo a thabile, o ne a ipotsa hore na ke hobane’ng ha a sa li rate. O ile a etsa’ng?

7 Aaron o ile a ipehela lipakane tse kang ho bala Bibele kamehla, ho lokisetsa liboka le ho araba ho tsona. Ka ho khetheha o ile a qala ho rapela khafetsa. Ha lerato la hae ho Jehova le ntse le eketseha, o ile a qala ho hatela pele moeeng. Ho tloha ka nako eo, Aaron e ile ea e-ba pula-maliboho, a thusa moo ho bileng le likoluoa ’me a ea bula maliboho naheng e ’ngoe. Hona joale Aaron o sebeletsa Bethele, ebile ke moholo. O ikutloa joang ka khatelo-pele eo a seng a e nkile? O re: “Ke ‘latsoitse ’me ke bone hore Jehova o molemo.’ Litlhohonolofatso tsa hae li ntšusumelitse ho ikakhela ka setotsoana tšebeletsong, ’me seo se ntlisetsa litlhohonolofatso tse eketsehileng.”

8 Mopesaleme o ile a bina a re: “Ha e le ba batlang Jehova, ba ke ke ba haelloa ke letho le molemo.” (Bala Pesaleme ea 34:8-10.) Ka sebele, Jehova a ke ke a soetsa ba mo sebeletsang ka cheseho. Re khona ‘ho latsoa le ho bona hore Jehova o molemo,’ ha re ntse re etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ea hae. Hape, re thaba haholo ha re sebeletsa Molimo ka pelo eohle.

MAMELLA ’ME U SE KE UA FELA PELO

9, 10. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u be le moea oa ‘ho leta’?

9 E ba le moea oa ‘ho leta’ ha u ntse u hahamalla lipakane tsa hao. (Mik. 7:7) Kamehla Jehova o tšehetsa bahlanka ba hae ba tšepahalang, le hoja ka linako tse ling a ka ’na a lumella hore ba letele tokelo kapa pakane e itseng eo ba e labalabelang. O ile a tšepisa Abrahama hore o tla mo fa mora, empa mopatriareka eo o ile a lokela ho bontša hore o na le tumelo le mamello. (Baheb. 6:12-15) Le hoja Abrahama a ile a leta nako e telele pele Isaka a hlaha, ha aa ka a fela pelo ’me Jehova ha aa ka a mo soetsa.—Gen. 15:3, 4; 21:5.

10 Ho leta ha ho bonolo. (Liprov. 13:12) Haeba re lulela ho ingamangama ka lintho tse fetileng, re tla nyahama haholo. Ho e-na le hoo, ke habohlokoa ho sebelisa nako eo ho ntlafatsa litšoaneleho tseo re li hlokang. Ela hloko litsela tse tharo tseo re ka etsang seo ka tsona.

11. Re lokela ho hlaolela litšoaneleho life, hona ke hobane’ng?

11 Hlaolela litšoaneleho tse hlokahalang. Ha re bala Lentsoe la Molimo ’me re thuisa ka lona, re tla ba le bohlale, temohisiso, kahlolo e molemo, tsebo, matla a ho nahana le ho hlaphoheloa kelellong. Ba etellang pele ka phuthehong ba lokela ho ba le litšoaneleho tsena. (Liprov. 1:1-4; Tite 1:7-9) Ho phaella moo, ha re bala lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, re tla hlokomela tsela eo Molimo a nahanang ka eona lintlheng tse fapaneng. Kamehla re etsa liqeto mabapi le lintho tse kang ho khetha boithabiso, moaparo, ho tšoara chelete le ho sebelisana le batho ba bang. Ha re latela seo re ithutang sona ka Bibeleng, re tla etsa liqeto tse thabisang Jehova.

12. Bohle ka phuthehong ba ka bontša joang hore baa tšepahala?

12 Bontša hore u ua tšepahala. Ebang re barab’abo rōna kapa re baralib’abo rōna re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho phetha likabelo tsa rōna. Ha Nehemia e le ’musisi o ile a lokela ho khetha banna ba tla jara boikarabelo har’a batho ba Molimo. O ile a khetha bo-mang? O ile a khetha banna ba tšabang Molimo le ba ka tšeptjoang. (Neh. 7:2; 13:12, 13) Ka ho tšoanang le kajeno, ‘se batloang ho batsamaisi ke hore ba fumanoe ba tšepahala.’ (1 Bakor. 4:2) Ba bang ba tla hlokomela ha re etsa hantle.—Bala 1 Timothea 5:25.

13. U ka etsisa mohlala oa Josefa joang ha ba bang ba u tšoara ka leeme?

13 Lumella Jehova hore a u tataise. U ka etsa’ng ha ba bang ba u tšoara ka leeme? Mohlomong u ka lokisa bothata boo ka potlako. Ka linako tse ling, u ka ’na ua mpefatsa boemo le ho feta haeba u leka ho ikemela. Baholoane ba Josefa ba ile ba mo tšoara hampe, empa ha aa ka a ba jara ka pelo. Hamorao, Josefa o ile a qosoa ka ntho eo a sa e etsang ’me a koalloa teronkong. Leha ho le joalo, o ile a lumella Jehova hore a mo tataise nakong eo e thata. Phello e ile ea e-ba efe? “Polelo ea Jehova [e ile] ea mo hloekisa.” (Pes. 105:19) Ha liteko tseo li feta, Josefa o ile a tšoaneleha ho fuoa kabelo e khethehileng. (Gen. 41:37-44; 45:4-8) Kōpa Molimo hore a u fe bohlale le matla, ’me u etse lintho le ho bua ka tsela e mosa ha u ntse u sebetsana le maemo a thata. Jehova o tla u thusa.—Bala 1 Petrose 5:10.

HATELA PELE TŠEBELETSONG EA TŠIMO

14, 15. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘ela hloko’ tsela eo re rutang ka eona? (b) U ka ’na ua etsa’ng ho ikamahanya le maemo tšimong ea heno? (Sheba setšoantšo se qalong le lebokose le reng, “ Na U ka Thabela ho Leka Mokhoa o Fapaneng?”)

14 Ha Pauluse a khothatsa Timothea o ile a re: “U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng. Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao.” (1 Tim. 4:13, 16) Timothea e ne e se e ntse e le ’moleli oa litaba tse molemo tsa ’Muso ea nang le phihlelo. Empa tšebeletso ea hae e ne e tla beha litholoana haeba feela a ka ‘ela hloko ho ruta ha hae.’ O ne a sa lokela ho nahana hore batho ba tla mo mamela haeba a bua ka tsela eo a tloaetseng ho bua ka eona. E le hore a tsoele pele a ba finyella pelo, o ne a lokela ho ruta ka tsela e lumellanang le maemo a bona. Le rōna re lokela ho etsa se tšoanang.

15 Hangata re fumana batho ba le sieo malapeng ha re ea ka ntlo le ntlo. Libakeng tse ling ha re khone ho kena hobane li kampetsoe. Haeba tšimong ea heno le thulana le mathata ao, ke hobane’ng ha le sa sebelise mekhoa e meng ea ho paka?

16. Re ka etsa’ng hore re atlehe bopaking ba phatlalatsa?

16 Tsela e ’ngoe e atlehang ea ho bolela litaba tse molemo ke ea ho paka phatlalatsa. Lipaki tse ngata tse sebelisang mokhoa ona, li atleha haholo. Li ipha nako ea ho buisana le batho seteisheneng sa terene, sa libese, limmarakeng le liphakeng, hammoho le libakeng tse ling tse sephethephethe. Mohoeletsi a ka ’na a qala moqoqo le motho ka ho bua ka seo ho buuoeng ka sona litabeng, ka ho bapalisa ngoana, kapa ka ho mo botsa potso e mabapi le mosebetsi oa hae. Ha moqoqo o ntse o tsoela pele, Paki eo e ka bua ka ntlha e itseng e thehiloeng ka Bibeleng ’me ea kōpa maikutlo a hae. Hangata seo motho a se buang se etsa hore moqoqo oa Bibele o tsoele pele.

17, 18. (a) U ka thusoa ke’ng hore u be le sebete sa ho paka phatlalatsa? (b) Tsela eo Davida a neng a ikutloa ka eona ka Jehova e ka u thusa joang?

17 Haeba u thatafalloa ho paka phatlalatsa, u se ke ua tela. Eddie, e leng pula-maliboho ea New York City, o ne a le leqe ho paka moo ho nang le batho ba bangata. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, o ile a ba sebete. O thusitsoe ke’ng? O re: “Nakong ea borapeli ba lelapa, ’na le mosali oa ka re ile ra etsa lipatlisiso tsa hore na re ka araba joang batho ba hanyetsang molaetsa oa rōna. Re ile ra boela ra kōpa Lipaki tse ling hore li re hlahlelle.” Hona joale Eddie o thabela ho paka phatlalatsa.

18 Ha u ntse u ntlafatsa tsela eo u bolelang litaba tse molemo ka eona ’me u ba le sebete, tsoelo-pele ea hao moeeng le eona e tla bonahala. (Bala 1 Timothea 4:15.) Ho phaella moo, ha ho potang hore u tla rorisa Ntate oa rōna ea leholimong, joaloka Davida, ea ileng a bina a re: “Ke tla boka Jehova ka linako tsohle; thoriso ea hae e tla ba molomong oa ka kamehla. Ba bonolo ba tla utloa ’me ba tla thaba.” (Pes. 34:1, 2) Hape, u ka ’na ua khona ho hulela ba bonolo borapeling ba ’nete, ha u ntse u etsa tšebeletso ena.

TLOTLISA MOLIMO KA HO HATELA PELE MOEENG

19. Ke hobane’ng ha mohlanka ea tšepahalang oa Jehova a lokela ho thaba esita le maemong a thata?

19 Davida o ile a bina, a re: “Mesebetsi eohle ea hao e tla u roka, Jehova, ba tšepahalang ba hao ba tla u boka. Ba tla bua ka khanya ea borena ba hao, ba tla bua ka matla a hao, hore ba tsebise bara ba batho liketso tsa [hao] tse matla le khanya ea bokhabane ba borena ba [hao].” (Pes. 145:10-12) Lipaki Tsa Jehova le tsona li ikutloa ka tsela e tšoanang. Empa u tla etsa’ng haeba ka lebaka la ho kula kapa ho tsofala u se u sa khone ho qeta nako e ngata tšebeletsong? Lula u hopola hore ha u ntse u buisana le baoki kapa batho ba bang, u etsa tšebeletso e halalelang ’me seo se tlotlisa Molimo oa rōna. Haeba u chankaneng ka lebaka la tumelo ea hao, e ka ’na eaba ha monyetla o hlaha u pakela ba bang, ’me seo se thabisa pelo ea Jehova. (Liprov. 27:11) Le haeba u lelapeng le arohaneng bolumeling empa u leka ka hohle ho etsa lintho tsa moea, Jehova o oa thaba. (1 Pet. 3:1-4) U ka khona ho rorisa Jehova le ho hatela pele moeeng, esita le tlas’a maemo a thata.

20, 21. Haeba u fuoe boikarabelo ka mokhatlong oa Jehova, u ka thusa ba bang joang?

20 Ha ho pelaelo hore Jehova o tla u hlohonolofatsa ha u hatela pele moeeng. Mohlomong haeba u ka etsa liphetoho tse itseng kemisong ea hao kapa tseleng eo u phelang ka eona, u ka khona ho thusa ba eketsehileng ka ho ba bolella molaetsa o fanang ka tšepo. Ho feta moo, ha u hatela pele moeeng ’me u e-na le moea oa ho itela, seo se tla ruisa balumeli-’moho le uena molemo ka ho enneng. ’Me ka lebaka la boiteko boo u bo etsang ka phuthehong, u tla putsoa ka ho bontšoa lerato le kananelo ke ba bang ba ratang Jehova, ba be ba u tšehetse.

21 Ebang e se e le khale re sebeletsa Jehova kapa re sa tsoa qala, kaofela re ka hatela pele borapeling ba hae. Empa Bakreste ba hōlileng tsebong ba ka thusa ba bacha joang hore ba hatele pele moeeng? Re tlil’o tšohla ntlha ena sehloohong se latelang.