Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Johannes Rauthe o tšebeletsong ea tšimo, mohlomong lilemong tsa bo-1920

NALANE EA RŌNA

“Ke Ntse ke Khola Litholoana Tse Ntle Thorisong ea Lebitso la Jehova”

“Ke Ntse ke Khola Litholoana Tse Ntle Thorisong ea Lebitso la Jehova”

“Lintoa tsohle tse fetileng hase letho ha li bapisoa le ntoa ena e mahlo-mafubelu e kupang hona joale Europe.” Ke kamoo Molula-Qhooa oa September 1, 1915, o ileng oa hlalosa ntoa ea pele ea lefatše kateng, e ileng ea loanoa ke linaha tse ka bang 30. Molula-Qhooa ha o bua ka maemo a tsitsipano a neng a le teng ka nako eo, o ile oa re: “Ho thata ho etsa mosebetsi oa boboleli libakeng tse ling, haholo-holo Jeremane le Fora.”

Ha ntoa e ntse e kupa, Liithuti Tsa Bibele li ne li sa utloisise hantle se boleloang ke ho se nke lehlakore. Empa li ne li ikemiselitse ho phatlalatsa litaba tse molemo. Wilhelm Hildebrandt o ne a batla ho kenya letsoho mosebetsing ona, kahoo a odara likopi tsa The Bible Students Monthly ka Sefora. O ne a sa tla Fora e le ’moleli oa nako e tletseng, empa o ne a tlile e le lesole la Jeremane. Le hoja a ne a nkoa e le oa lireng, a bile a apere junifomo ea sesole, o ile a makatsa batho ba Fora ka ho ba bolella molaetsa oa khotso.

Mangolo a ileng a hatisoa Melula-Qhooeng le ’ona a bontša hore Liithuti tse ling tsa Bibele tsa Jeremane li ne li ikutloa li tlameha ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso le ha li ntse li le sesoleng. Mor’abo rōna Lemke, eo e neng e le karolo ea lebotho la sesole sa metsing o tlaleha hore o ile a pakela masole a mahlano. O re: “Esita le ka sekepeng sena, ke ntse ke khola litholoana tse ntle thorisong ea lebitso la Jehova.”

Georg Kayser o ile ntoeng e le lesole ’me a khutla e se e le morapeli oa Molimo oa ’nete. Ho tlile joang? O ile a fumana sengoliloeng sa Liithuti Tsa Bibele, a se bala ’me a amohela lithuto tsa Mangolo, eaba o beha lihlomo fatše. Ka mor’a moo, o ile a etsa mosebetsi o sa hlokeng hore a nke libetsa. Ha ntoa e lala, o ile a sebeletsa ka lilemo tse ngata e le pula-maliboho ea chesehang.

Le hoja Liithuti Tsa Bibele li ne li sa utloisise ka ho feletseng taba ea ho se nke lehlakore, li ne li etsa lintho ebile li ikutloa ka tsela e fapaneng hōle le ea batho ba tšehetsang ntoa. Bo-ralipolotiki le baruti ba ne ba khothalletsa ntoa, empa Liithuti Tsa Bibele tsona li buella “Khosana ea Khotso.” (Esa. 9:6) Le hoja ba bang ba ile ba ea ntoeng, ba ne ba hlaketsoe ke ’nete ena ea motheo, eo Mor’abo rōna Konrad Mörtter a e hlalositseng ka ho hlaka ha a re: “Ke ne ke tseba hantle hore Lentsoe la Molimo le re Mokreste a se ke a bolaea.”—Ex. 20:13. *

Hans Hölterhoff o khanna kariki ho phatlalatsa The Golden Age

Liithuti Tsa Bibele tse fetang 20 tsa Jeremane li ile tsa hana ho etsa ntho leha e le efe e amanang le sesole, le hoja molao o ne o sa lumelle batho hore ba etse mesebetsi e meng haeba matsoalo a bona a ba hanela ho ea sesoleng. Liithuti tse ling joaloka Mor’abo rōna Gustav Kujath, ho ile ha thoe lia hlanya, kahoo tsa isoa sepetlele ’me tsa fuoa litlhare tsa batho ba mafu a kelello. Hans Hölterhoff eo le eena a ileng a hana ho ea sesoleng, ha aa ka a lumela ho etsa ntho leha e le efe e amanang le sesole. Balebeli ba ile ba mo fasa matsoho ka thata ho fihlela a shoa bohatsu. Ha ba bona hore o ntse a eme a tiile, ba ile ba etsa eka ba mothating oa ho mo bolaea. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Hans o ile a lula a tšepahala.

Barab’abo rōna ba bang ba ileng ba ea sesoleng ba ile ba hana ho nka libetsa empa ba kōpa ho etsa mesebetsi e meng. * Ke seo Johannes Rauthe a ileng a se etsa, eaba o fuoa mosebetsi oa ho etsa seporo. Konrad Mörtter o ile a fuoa mosebetsi oa ho thusa sepetlele, ha Reinhold Weber eena a ne a sebetsa e le mooki. August Krafzig o ne a etsa mosebetsi o sa hlokeng hore a ee ntoeng. Bara bana babo rōna le ba bang ba ne ba ikemiselitse ho sebeletsa Jehova hobane ba mo rata ba bile ba tšepahala ho eena.

Ba boholong ba ile ba sala-sala Liithuti Tsa Bibele morao ka lebaka la tsela eo li neng li itšoere ka eona nakong ea ntoa. Liithuti Tsa Bibele tsa Jeremane li ile tsa qeta lilemo li isoa makhotleng, li qosetsoa mosebetsi oa ho paka. E le ho li thusa tabeng ena, ofisi ea lekala ea Jeremane e ile ea theha lefapha la molao Bethele e Magdeburg.

Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa ntlafatsa kutloisiso ea tsona tabeng ea ho se nke lehlakore. Kahoo, ha ntoa ea bobeli ea lefatše e qhoma, li ile tsa hana ho ea sesoleng. Seo se ile sa etsa hore li hlorisoe haholo, kaha ba boholong ba ne ba nka hore li khahlanong le ’muso oa Jeremane. Re tla bua ka taba ena lihloohong tse tlang tsa “Nalane ea Rōna.”—Nalane ea rōna ea Europe Bohareng.

^ par. 7 Sheba sehlooho se buang ka Liithuti Tsa Bibele tsa Brithani nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, Molula-Qhooeng oa May 15, 2013, se reng, “Nalane ea Rōna—Ba Ile ba Ema ba Tiile ka ‘Hora ea Teko.’”

^ par. 9 Buka ea botšelela ea Millennial Dawn (1904) le khatiso ea Sejeremane ea Zion’s Watch Tower ea August 1906 li ile tsa khothalletsa sena. Molula-Qhooa oa September 1915 o ile oa ntlafatsa kutloisiso ea rōna tabeng ena, ’me oa khothalletsa Liithuti Tsa Bibele hore li se ke tsa ea sesoleng ho hang. Leha ho le joalo, sehlooho sena ha sea ka sa hlaha khatisong ea Sejeremane.