Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Kamoo ho Fana ho Ntliselitseng Thabo Kateng

Kamoo ho Fana ho Ntliselitseng Thabo Kateng

KE ILE ka hlokomela ha ke le lilemo li 12 hore ho na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo nka fanang ka eona. Mor’abo rōna e mong kopanong o ile a mpotsa hore na nka thabela ho bolella batho litaba tse molemo. Ke ile ka re, “nka thabela,” le hoja ke ne ke e-s’o ka ke bolella batho litaba tse molemo. Re ile ra ea tšimong, ’me a mpha libukana tse buang ka ’Muso oa Molimo. O ile a re: “Nka seterata sane, ’na ke tla nka sena.” Ke ile ka buisana le beng ba matlo ke tšohile, empa ka makala ha ke hlokomela hore ke tsamaisetse libukana tseo kaofela. Ho hlakile hore batho ba ne ba thabela molaetsa oo ke ba tlisetsang oona.

Ke hlahile ka 1923 motseng oa Chatham, Kent, Engelane, ’me ha ke sa hōla batho ba bangata ba ne ba nyahame. Ntoa ea I ea Lefatše e ne e sa ntlafatsa boemo ba lefatše joalokaha ba bangata ba ne ba tšepile. Batsoali ba ka le bona ba ne ba khathalitsoe matla ke baruti ba Kereke ea Baptiste ba neng ba ichebile bobona. Ha ke le lilemo li robong, ’mè oa ka o ile a qala ho ea holong ea Liithuti tsa Bibele tsa Machaba moo batho bao hona joale ba bitsoang Lipaki Tsa Jehova ba neng ba tšoarela liboka teng. Ha re le moo morali’abo rōna e mong o ne a re tšoarela Sekolo sa Sontaha, ’me a re ruta Bibele a sebelisa buka ea The Harp of God. Ke ne ke rata seo ke ithutang sona.

KE ITHUTILE HO HONGATA HO BARAB’ABO RŌNA BA HŌLILENG

Ha ke sa le mocha ke ne ke thabela ho bolella batho lintho tseo Molimo a li tšepisitseng ka Lentsoeng la hae. Le hoja ke ne ke atisa ho ea ka ntlo le ntlo ke le mong, ke ile ka boela ka ithuta ho hongata ho ba bang. Ka mohlala, ka letsatsi le leng ke ne ke ea tšimong le mor’abo rōna e mong ea seng a hōlile, re tsamaea ka libaesekele, eaba re feta moruti e mong, ’me ka re: “Ke eo pōli.” Mor’abo rōna o ile a emisa baesekele, ’me a re re lule holim’a kutu. O ile a re: “Ke mang ea u fileng tokelo ea ho ahlola ba bang hore ke lipōli? A re tlohele kahlolo ho Jehova ’me rōna re thabele ho bolella ba bang litaba tse molemo.” Ke ile ka ithuta ke sa le mocha hore ho fana ho tlisa thabo.—Mat. 25:31-33; Lik. 20:35.

Mor’abo rōna e mong ea hōlileng o ile a nthuta hore ka linako tse ling re lokela ho mamella e le hore ho fana ho re tlisetse thabo. Mosali oa hae o ne a sa rate Lipaki Tsa Jehova. Ka letsatsi le leng, mor’abo rōna o ile a re ke fapohele ha hae. Mosali oa hae o ne a koatetse hore o ne a tsamaile a ile tšimong, kahoo a re betsa ka mekotlana ea tee. Ho e-na le hore a mo omanye, o ile a khutlisetsa mekotlana eo ea tee sebakeng sa eona. Lilemo hamorao, mamello ea hae e ile ea putsoa, kaha mosali oa hae o ile a kolobetsoa ’me ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

Takatso ea ka ea ho bolella batho litšepiso tsa Molimo e ile ea tsoela pele ho hōla, kahoo ke ile ka kolobetsoa hammoho le ’Mè motseng oa Dover ka March 1940. Ka September 1939, ha ke le lilemo li 16, Brithani e ile ea phatlalatsa hore e hlasela Jeremane. Ka June 1940, ke ile ka bona masole a likete a lemetseng a feta ka literaka pel’a lapeng. A ne a tsoa Ntoeng ea Dunkirk. A ne a shebahala a nyahame, ’me ke labalabela ho a bolella ka ’Muso oa Molimo. Hamorao hona selemong seo, Brithani e ile ea qala ho hlaseloa ka libomo. Bosiu bo bong le bo bong, ke ne ke shebella ha lifofane tsa Majeremane tse lihang libomo li feta motseng oa heso. Libomo li ne li etsa lerata le tšabehang ha li phatloha ’me seo se ne se tšosa haholo. Ka le hlahlamang re ne re fumana matlo a mangata a senyehileng. Ke ile ka elelloa le ho feta hore re hloka ’Muso oa Molimo e le kannete.

KE KENELA TŠEBELETSO EA NAKO E TLETSENG

Ke qalile tšebeletso ena e nthabisang ka 1941. Ke ne ke sebetsa Chatham, moo ho etsoang likepe tsa sesole le ho li lokisa, e le hona ke ntseng ke ithuta mosebetsi, ’me oo e le mosebetsi oa maemo. E ne e se e le nako bahlanka ba Jehova ba utloisisa hore Bakreste ha baa lokela ho kenella lintoeng. Ka 1941 re ile ra elelloa hore ha rea lokela ho sebetsa moo ho etsoang libetsa. (Joh. 18:36) Kaha ke ne ke sebetsa moo ho etsoang likepe tsa ntoa, ke ile ka etsa qeto ea hore ke tlohele mosebetsi oo ’me ke kenele tšebeletso ea nako e tletseng. Ke ile ka abeloa ho ea sebeletsa motseng oa Cirencester, o maralleng a matle a Cotswolds.

Ha ke le lilemo li 18, ke ile ka koalloa chankaneng ka likhoeli tse robong hobane ke hanne ho ea sesoleng. Ha ke qala ho koalloa ke ile ka tšoha haholo ha ba khahlela monyako ’me ke hlokomela hore ke mong ka seleng. Empa ka mor’a nakoana, balebeli le batšoaruoa ba bang ba ile ba mpotsa hore na ke batla’ng moo, kahoo ka ba hlalosetsa ka tumelo ea ka.

Ka mor’a hore ke lokolloe ke ile ka kōptjoa hore ke il’o sebetsa le Leonard Smith * ho ea bolela litaba tse molemo metseng e sa tšoaneng profinseng ea Kent. Ho tloha ka 1944, lifofane tse fetang sekete tse neng li nkile libomo ’me li itsamaisa li ile tsa soahlamana profinseng ea Kent. Lifofane tsa Manazi li ne li feta profinseng ea Kent ha li ea London. Lifofane tseo li ne li bitsoa li-doodlebug. Ho ne ho tšosa hobane ha u ne u utloa enjene e tima, u ne u tseba hore sefofane seo se mothating oa ho phatloha. Re ne re ithuta Bibele le lelapa la batho ba bahlano. Ka linako tse ling, re ne re lula ka tlas’a tafole e entsoeng ka tšepe ho itšireletsa haeba ntlo e ka oela. Qetellong lelapa leo kaofela le ile la kolobetsoa.

KE BOLELA LITABA TSE MOLEMO LINAHENG TSE LING

Ha ke sa tsoa ba pula-maliboho, re memela batho kopanong (ka tlaase)

Ka mor’a ntoa, ke ile ka bula maliboho lilemo tse peli karolong e ka boroa Ireland. Re ne re sa hlokomele kamoo Ireland e fapaneng le Engelane kateng. Re ne re ea ka ntlo le ntlo re kōpa marobalo, re bolella batho hore re baromuoa ’me re fana ka limakasine tsa rōna seterateng. Ruri e ne e se bohlale ho etsa seo naheng eo ea Mak’hatholike! Ha monna e mong a re sokela ka ntoa, ke ile ka bolella lepolesa, eaba le re ho ’na: “U lebeletse’ng uena?” Re ne re sa tsebe hore baruti ba na le tšusumetso e matla hakana. Ba ne ba etsa hore batho ba lelekoe mesebetsing haeba ba amohetse libuka tsa rōna le rōna ba etsa hore re lelekoe moo re lulang teng.

Hamorao re ile ra elelloa hore ha re fihla motseng o mocha ke habohlokoa ho sebetsa thōko le moo re lulang, re phatlalatse feela sebakeng se oelang tlas’a moruti ea fapaneng. Re ne re qetella ka ho pakela baahisani ba rōna. Motseng oa Kilkenny, re ne re ithuta Bibele le mohlankana e mong hararo ka beke, le hoja batho ba motse ba ne ba re sokela. Ke ne ke thabela ho ruta batho Bibele hoo ke ileng ka nka qeto ea ho etsa kōpo ea ho ea koetlisetsoa ho ba moromuoa Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower.

Sekepe se bitsoang Sibia e bile lehae la rōna la baromuoa ho tloha ka 1948 ho fihlela ka 1953 (ka ho le letona)

Ka mor’a ho qeta likhoeli tse hlano re le koetlisong New York, ’na le barab’abo rōna ba bararo re ile ra abeloa ho ea sebeletsa lihlekehlekeng tse nyenyane tse Leoatleng la Caribbean. Ka November 1948, re ile ra tloha New York City ka sekepe se boholo ba limithara tse 18 se bitsoang Sibia. Ke ne ke qala ho palama sekepe, kahoo ke thabile. E mong oa bara bao babo rōna e leng Gust Maki, e ne e le motsamaisi oa likepe. O ile a re ruta lintho tse seng kae ka ho tsamaisa sekepe, a re bontša hore na liseile tsa sekepe li phahamisoa le ho theoloa joang, sesupa-tsela se sebelisoa joang le hore na sekepe se tsamaisoa joang ha ho na le moea. Gust o ile a qeta matsatsi a 30 a tsamaisa sekepe seo har’a lifefo tse matla ho fihlela re fihla Bahamas.

“LE LE BOLELLE LIHLEKEHLEKE”

Ka mor’a ho qeta likhoeli tse ’maloa re bolela litaba tse molemo sehlekehlekeng se senyenyane sa Bahamas, re ile ra ea Sehlekehlekeng sa Leeward le sa Windward tse bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 800 ho tloha Sehlekehlekeng sa Virgin se pel’a Puerto Rico ’me li nama ho ea Trinidad. Ka lilemo tse hlano, re ile ra bolela litaba tse molemo lihlekehlekeng tse ka thōko moo ho se nang Lipaki. Ka linako tse ling re ne re nka libeke re sa khone ho romela kapa ho amohela melaetsa. Leha ho le joalo re ne re thabela ho bolela lentsoe la Jehova lihlekehlekeng!—Jer. 31:10.

Baromuoa ba ka har’a Sibia (ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona): Ron Parkin, Dick Ryde, Gust Maki le Stanley Carter

Hang ha re fihla lebōpong batho ba ne ba bokana ho tla sheba hore na re bo-mang. Ba bang ba ne ba qala ho bona sekepe kapa motho ea mosoeu. Batho ba lihlekehlekeng ba ne ba le botsoalle ba bile ba tseba Bibele. Ba ne ba atisa ho re fa litlhapi, li-avocado le makotomane. Sekepe sa rōna se ne se e-na le sebaka se senyenyane bakeng sa ho pheha, ho robala kapa hona ho hlatsoa liaparo, empa seo hase a ka sa re nyahamisa.

Re ne re siea sekepe lebōpong ebe re etela batho letsatsi lohle. Re ne re tloaetse ho ba memela puong e thehiloeng Bibeleng. Ebe ka shoalane re letsa tšepe e sekepeng. Re ne re thaba haholo ha ba fihla. Ba ne ba khantša mabone a bona ’me a etsa botle bo kang ba linaleli. Ka linako tse ling batho ba ka bang lekholo ba ne ba tla ’me ba lula ho fihlela bosiu haholo, ba ntse ba botsa lipotso. Ba ne ba thabela ho bina, kahoo ra ba kopiletsa mantsoe a lipina tse ling tsa ’Muso. Ka bone ba rōna ha re ntse re le ka ho bina, ba ne ba kenella pineng, ’me ba bina hamonate. Tseo e ne e le linako tse monate!

Ha re qeta ho tšoara thuto ea Bibele, liithuti tse ling li ne li tsamaea le rōna ho ea mamela ha re khanna thuto lelapeng le leng. Kaha libakeng tse ling re ne re qeta libeke tse seng kae feela, re ne re atisa ho kōpa batho ba thahasellang haholo hore ba tsoele pele ba ithuta le ba bang ho fihlela re khutla. Hoa thabisa ho bona kamoo ba bang ba neng ba nka likabelo tsa bona ka ho teba kateng.

Kajeno, bahahlauli ba atisa ho etela lihlekehlekeng tseo, empa nakong e fetileng e ne e le libaka feela tse ka thōko tse nang le matamo le mabōpo a matle hammoho le lifate tsa palema. Re ne re atisa ho tsamaea bosiu ha re tloha sehlekehlekeng se seng re ea ho se seng. Li-dolphin li ne li bapala haufi le sekepe sa rōna, ’me ho utloahala feela molumo oa sekepe ha se ntse se tsamaea ka metsing. Khanya ea khoeli e ne e etsa botle bo hlollang leoatleng.

Ka mor’a ho qeta lilemo tse hlano re bolela litaba tse molemo lihlekehlekeng tseo, re ile ra ea Puerto Rico re il’o chencha sekepe seo re neng re tsamaea ka sona. Ha re fihla moo ke ile ka khahloa ke morali’abo rōna oa moromuoa ea motle haholo ea bitsoang Maxine Boyd. E bile ’moleli ea cheseheng oa litaba tse molemo ho tloha bongoaneng. Ha nako e ntse e ea, o ile a sebeletsa Dominican Republic e le moromuoa ho fihlela a lelekoa naheng eo ke ’muso oa Mak’hatholike ka 1950. Kaha ke ne ke tsamaea ka sekepe, ke ne ke fuoe tumello ea hore ke lule khoeli e le ’ngoe feela Puerto Rico. Ke ne ke le mothating oa ho tloha moo ke ea lihlekehlekeng ’me ke ne ke tla khutla ka mor’a lilemo tse ’maloa. Kahoo ke ile ka ipolella ka re, ‘Ronald, haeba u batla kharebe ena u lokela ho nka bohato ka potlako.’ Ka mor’a libeke tse tharo ke ile ka mo kōpa hore re nyalane, ’me ra nyalana ka mora libeke tse tšeletseng. ’Na le Maxine re ile ra abeloa ho ba baromuoa Puerto Rico, kahoo ha kea ka ka kena sekepeng.

Ka 1956 re ile ra qala mosebetsi oa potoloho. Barab’abo rōna ba bangata ba ne ba futsanehile, leha ho le joalo re ne re thabela ho ba etela. Ka mohlala, motseng oa Potala Pastillo, ho ne ho e-na le malapa a mabeli a Lipaki a neng a e-na le bana ba bangata ’me ke ne ke tloaetse ho ba letsetsa lekolilo. Ke ile ka botsa ngoananyana e mong ea bitsoang Hilda hore na ha a batle ho sebetsa le rōna tšimong. O ile a re: “Kea batla, empa nka se khone. Ha ke na lieta.” Re ile ra mo rekela lieta, kahoo a ea le rōna tšimong. Lilemo hamorao, ha ’na le Maxine re etetse Bethele e Brooklyn ka 1972, morali’abo rōna e mong ea sa tsoa qeta Sekolong sa Gileade, o ile a tla ho rōna. O ne a le mothating oa ho ea kabelong ea hae Ecuador, ’me a re ho rōna: “Na le ntse le nkhopola tjee? Ke ’na ngoananyana eane ea neng a se na lieta oa Pastillo.” E ne e le Hilda! Re ile ra thaba hoo re ileng ra lla!

Ka 1960 re ile ra kōptjoa ho ea thusa lekaleng la Puerto Rico, le neng le sebeletsa mohahong o monyenyane o Santurce, San Juan. Qalong mosebetsi boholo o ne o etsoa ke ’na le Lennart Johnson. Eena le mosali oa hae e ne e le bona Lipaki tsa pele Dominican Republic, ’me ba fihlile Puerto Rico ka 1957. Hamorao, Maxine o ne a hlophisa lipeeletso tse fetang sekete ka beke. O ne a thabela mosebetsi oo haholo hobane o ne a nka limakasine tseo e le tsa bohlokoa ho batho.

Ke thabela ho sebeletsa Bethele kaha ho mpha monyetla oa ho fana. Empa mathata ’ona a lula a le teng. Ka mohlala, ke ile ka ikutloa ke selebaletsoe ha re le kopanong ea pele ea machaba e neng e tšoaretsoe Puerto Rico ka 1967. Nathan Knorr, ea neng a eteletse pele Lipaki Tsa Jehova ka nako eo, o ile a tla Puerto Rico. Ka phoso o ile a nka hore ha kea hlophisetsa baromuoa lipalangoang le hoja ke ne ke li hlophisitse. Hamorao o ile a nkhalemela ka matla, ’me a re ke mo phoqile. Ke ne ke sa batle ho mo arabisa, leha ho le joalo ke ile ka qeta nako ke utloile bohloko ke bile ke koatile. Empa lekhetlong le latelang ha ’na le Maxine re kopana le Mor’abo rōna Knorr o ile a re memela ha hae lijong.

Ha re le Puerto Rico, re ne re tloaetse ho etela ba lelapa leso Engelane. Ntate ha aa ka a amohela ’nete ha ’na le ’Mè re e amohela. Leha ho le joalo, ’Mè o ne a atisa ho amohela libui tse tsoang Bethele. Ntate o ile a bona kamoo bara bana babo rōna ba ikokobelitseng kateng, ho fapana le baruti ba ileng ba mo tena lilemong tse fetileng. Qetellong ka 1962 o ile a kolobetsoa ’me ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

’Na le Maxine Puerto Rico ha re sa tsoa nyalana le ka 2003 ha re qeta lilemo tse 50 re nyalane

Mosali oa ka o ile a hlokahala ka 2011. Ke labalabela ho mo bona hape tsohong ea bafu. Ruri eo e tla ba nako e thabisang! Ka lilemo tse 58 tseo re li qetileng re le Puerto Rico, ’na le Maxine re ile ra bona ha Lipaki Tsa Jehova li eketseha ho tloha ho tse 650 ho ea ho tse 26 000! Ka 2013 lekala la Puerto Rico le ile la kopanngoa le la United States, ’me ka kōpuoa ho sebeletsa Wallkill, New York. Ka mor’a lilemo tse 60 ke le sehlekehlekeng seo, ke ne ke ikutloa joaloka sehohoana sa Puerto Rico se atisang ho bina ka shoalane se ntse se re ko-kee, ko-kee. Empa joale e ne e se e le nako ea hore ke tlohe Puerto Rico.

“MOLIMO O RATA EA FANANG A NYAKALETSE”

Ke ntse ke thabela ho sebeletsa Molimo Bethele. Hona joale ke se ke fetile lilemo tse 90, ’me mosebetsi oa ka ke ho khothatsa litho tse ling tsa Bethele. Haesale ke le Wallkill ke se ke etetsoe ke batho ba ka holimo ho 600. Ba bang ba tla ho tla buisana le ’na ka litaba tsa botho kapa mathata a lelapa. Ba bang bona ba ikōpela keletso ea hore na ba etse’ng e le hore ba thabele tšebeletso ea Bethele. Ha ba bang ba sa tsoa nyalana, ba nkōpa likeletso mabapi le lenyalo. Ba bang ba abetsoe ho ea tšimong. Kea ba mamela bohle, ’me ke atisa ho re ho bona: “‘Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.’ Kahoo thabela mosebetsi oa hao. Etsoe u o etsetsa Jehova.”—2 Bakor. 9:7.

Ntho e ka etsang hore u thabe ha u le Bethele le hohle bophelong ke hore: U lokela ho ikhopotsa hore na ke hobane’ng ha seo u se etsang e le sa bohlokoa. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang Bethele ke tšebeletso e halalelang. Re kenya letsoho ho thuseng “lekhoba le tšepahalang le le masene” hore le matlafatse barab’abo rōna lefatšeng ka bophara. (Mat. 24:45) Kae kapa kae moo re sebeletsang Jehova teng, re na le monyetla oa ho mo rorisa. A re thabeleng ho etsa seo a re kōpang hore re se etse, kaha “Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”

^ par. 13 Pale ea bophelo ea Leonard Smith e hlaha Molula-Qhooeng oa April 15, 2012.