Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Bona ho Hlokahala Hore U Koetlise ba Bang?

Na U Bona ho Hlokahala Hore U Koetlise ba Bang?

“Ke tla le fa taeo e molemo.”—LIPROV. 4:2.

LIPINA: 93, 96

1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho koetlisa ba bang hore ba hatele pele moeeng?

MOSEBETSI o ka sehloohong oa Jesu e ne e le ho phatlalatsa litaba tse molemo. Leha ho le joalo, o ile a ipha nako ea ho koetlisa ba bang hore e be balisa le mesuoe. (Mat. 10:5-7) Le hoja Filipi e ne e le moevangeli ea maphathaphathe, ha ho pelaelo hore o ile a thusa barali ba hae ba bane hore ba atlehe mosebetsing oa boboleli. (Lik. 21:8, 9) Ke hobane’ng ha ho koetlisa ba bang e le habohlokoa kajeno?

2 Palo ea batho ba amohelang litaba tse molemo lefatšeng ka bophara e ntse e eketseha. Ba e-s’o kolobetsoe ba lokela ho utloisisa hore ke habohlokoa hore ba ithute Bibele. Ba boetse ba lokela ho rutoa ho bolela litaba tse molemo le ho ruta ba bang. Barab’abo rōna ba lokela ho khothalletsoa ho sebetsa ka thata e le hore ba tšoanelehe ho ba bahlanka ba sebeletsang le baholo. Bakreste ba hōlileng tsebong ba ka fana ka “taeo e molemo,” e le ho thusa ba sa tsoa kolobetsoa hore ba hatele pele moeeng.—Liprov. 4:2.

BA THUSE HO FUMANA MATLA LE BOHLALE KA LENTSOENG LA MOLIMO

3, 4. (a) Pauluse o ile a re ho ithuta Mangolo ho amana joang le ho beha litholoana tšebeletsong? (b) Re lokela ho etsa’ng pele re khothalletsa liithuti tsa rōna tsa Bibele hore li be le kemiso ea ho ithuta Bibele?

3 Ho ithuta Bibele ke habohlokoa hakae? Re fumana karabo mantsoeng a moapostola Pauluse a eang ho Bakreste ba Kolose. O ile a re: “Ke ka lebaka leo hape, ho tloha letsatsing leo ka lona re ileng ra utloa ka hona, re sa khaotsang ho le rapella le ho kōpa hore le ka tlala tsebo e nepahetseng ea thato ea [Molimo] ka bohlale bohle le kutloisiso ea moea, e le hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore le mo khahlise ka botlalo ha le ntse le tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo le ho hōla tsebong e nepahetseng ea Molimo.” (Bakol. 1:9, 10) Haeba Bakreste ba Kolose ba ne ba e-na le tsebo e nepahetseng, ba ne ba tla khona ‘ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore ba mo khahlise ka botlalo.’ Sena se ne se tla ba thusa ho tsoela pele ba “beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo,” haholo-holo oa ho bolela litaba tse molemo. E le hore morapeli oa Jehova a atlehe tšebeletsong, o lokela ho ba le kemiso ea ho ithuta Bibele kamehla. Re lokela ho thusa liithuti tsa Bibele ho utloisisa ntlha ena.

4 Re ka atleha ho thusa ba bang ho ba le kemiso ea ho ithuta Bibele, haeba rōna ka borōna re kholisehile hore ke habohlokoa. Ha e le hantle, re lokela ho qala ka ho ba le eona ka borōna. Kahoo, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ke khona ho fana ka likarabo tse thehiloeng Bibeleng ha mong’a ntlo a mpotsa lipotso tse thata kapa a e-na le maikutlo a fapaneng le a Mangolo? Ha ke bala kamoo Jesu, Pauluse le Bakreste ba bang ba mameletseng kateng tšebeletsong, na ke thuisa kamoo mohlala oa bona o ka nthusang kateng ha ke ntse ke sebeletsa Jehova?’ Kaofela re hloka tsebo le keletso tse ka Lentsoeng la Molimo. Hape, ha re bolella ba bang kamoo ho bala Bibele ho re thusitseng kateng, re ka ’na ra ba susumelletsa ho etsa se tšoanang, ’me ea e-ba liithuti tse hloahloa tsa Mangolo.

5. U ka thusa seithuti sa hao joang hore se be le kemiso ea ho ithuta Bibele kamehla?

5 U ka ’na ua ipotsa, ‘Nka koetlisa seithuti sa ka joang hore se be le kemiso ea ho ithuta Bibele kamehla?’ U ka qala ka ho se bontša hore na se lokisetse buka eo le ithutang eona joang. U ka ’na ua re se bale lihlooho tse sehlomathisong, bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? ’me se bale le mangolo a qotsitsoeng. Se thuse ho lokisetsa liboka ka sepheo sa hore se tle se arabe. Se khothalletse ho bala tokollo e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa le Tsoha! Haeba ho e-na le Watchtower Library kapa Watchtower ONLINE LIBRARY ka puo ea habo sona, u ka se bontša hore na se ka e sebelisa joang ho fumana likarabo tse thehiloeng Bibeleng. Ho ka etsahala hore qetellong seithuti sa hao se thabele ho ithuta Lentsoe la Molimo.

6. (a) U ka thusa seithuti sa hao joang hore se rate Lentsoe la Molimo ho tsoa pelong? (b) Seithuti se nang le kananelo se ka ’na sa ikutloa joang?

6 Ke ’nete hore ha rea lokela ho qobella mang kapa mang ho bala Bibele le ho ithuta eona. Ho e-na le hoo, a re sebeliseng lithulusi tseo mokhatlo oa Jehova o faneng ka tsona ho thusa liithuti tsa rōna ho rata Lentsoe la Molimo haholoanyane. Ka nako e loketseng, seithuti se nang le kananelo se ka ’na sa ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a bina, a re: “Ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na. Ke behile setšabelo sa ka ho ’Musi Morena Jehova.” (Pes. 73:28) Moea oa Jehova o tla thusa seithuti seo.

BA KOETLISETSE BOBOLELI

7. Jesu o ile a koetlisa baapostola ba hae joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

7 Ho Matheu khaolo ea 10, ho na le litaelo tseo Jesu a ileng a li fa baapostola ba hae ba 12. Ha aa ka a bua ka tsela e akaretsang, empa o ile a toba taba. [1] Baapostola ba ile ba mamela ha Jesu a ba ruta hore na ke joang ba ka pakang ka tsela e atlehang. Ka mor’a moo ba ile ba ea tšimong. Kaha ba ne ba bona tsela eo Jesu a rutang ka eona, ho e-s’o ee kae e ile ea e-ba mesuoe e hloahloa ea Lentsoe la Molimo. (Mat. 11:1) Re ka koetlisa liithuti tsa rōna tsa Bibele hore e be bahoeletsi ba atlehang ba litaba tse molemo. A re ke re tšohleng litsela tse peli tse ka re thusang ho etsa joalo.

8, 9. (a) Jesu o ne a buisana le batho joang tšebeletsong ea hae? (b) Re ka thusa bahoeletsi ba bacha joang hore ba etsise mohlala oa Jesu ha ba buisana le batho?

8 Re buisane le batho. Jesu o ne a atisa ho buisana le batho ka ’Muso. Ka mohlala, o ile a ba le puisano e ntle le mosali e mong pel’a seliba sa Jakobo, se haufi le motse oa Sikare. (Joh. 4:5-30) O ile a boela a buisana le molekhetho e mong oa Molevi ea bitsoang Matheu. Likosepele ha li bue haholo ka puisano eo, empa Matheu o ile a lumela ho ba molateli oa Jesu. Matheu le ba bang ba ne ba utloile ha Jesu a bua moketeng o neng o tšoaretsoe lelapeng la Matheu.—Mat. 9:9; Luka 5:27-39.

9 Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a bua hantle le Nathanaele, ea neng a sa rate batho ba tsoang Nazaretha. Qetellong, Nathanaele o ile a susumelletseha ho fetola tsela eo a nahanang ka eona. O ile a etsa qeto ea ho mamela seo Jesu oa Nazaretha a se rutang. (Joh. 1:46-51) Kahoo, re na le lebaka le utloahalang la ho koetlisa bahoeletsi ba bacha hore ba buisane le batho ka tsela e botsoalle ba bile ba phutholohile. [2] Ha re ba thusa ka tsela ena ba ka ’na ba thabela ho bona kamoo batho ba lipelo li ntle ba mamelang molaetsa kateng ha ho buuoa le bona ka tsela e mosa.

10-12. (a) Jesu o ile a etsa’ng ho thusa batho ba amohetseng litaba tse molemo? (b) Re ka thusa bahoeletsi ba bacha joang hore ba chorise tsebo ea bona ea ho ruta Lentsoe la Molimo?

10 Re hlaolele thahasello. Jesu o ne a e-na le nako e fokolang ea ho phetha tšebeletso ea hae. Leha ho le joalo, o ile a ipha nako ea ho thusa batho ba amohetseng litaba tse molemo. Ka mohlala, Jesu o ile a ruta letšoele a le ka sekepeng. Letsatsing leo, ka mohlolo o ile a etsa hore Petrose a tšoase litlhapi tse ngata, eaba o re ho eena: “Ho tloha joale ho ea pele u tla tšoasa batho ba phela.” Phello e ile ea e-ba efe? Petrose le bo-mphato ba hae ba ile ‘ba khutlisetsa likepe moo ho omileng, ’me ba tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eaba ba latela Jesu.’—Luka 5:1-11.

11 Nikodemase, eo e neng e le setho sa Sanhedrine, o ile a thahasella lithuto tsa Jesu. O ne a batla ho ithuta ka ho eketsehileng, empa a tšaba hore na batho ba tla re’ng ha ba bona a buisana le Jesu. Jesu o ne a tenyetseha le maemo, kahoo, o ile a kopana le Nikodemase bosiu ha ho se na batho. (Joh. 3:1, 2) Re ithuta’ng mehlaleng ee? Mor’a Molimo o ile a ipha nako ea ho matlafatsa tumelo ea bahlanka ba hae ba tšepahalang. Re lokela ho ikitlaetsa ho etsa maeto a ho boela le ho khannela batho ba thahasellang thuto ea Bibele.

12 Bahoeletsi ba bacha ba ka ’na ba chorisa tsebo ea bona ea ho ruta haeba re sebetsa le bona tšebeletsong ea tšimo. Re ka ba thusa ho khutlela le ho batho ba bontšitseng thahasello e fokolang. Re ka ba kōpa hore ba tsamaee le rōna ha re etsa maeto a ho boela le ha re il’o khanna lithuto tsa Bibele. Ha re ba koetlisa le ho ba khothatsa ka tsela ena, le bona ba tla batla ho khannela batho ba thahasellang thuto ea Bibele. Ba tla boela ba ithute ho ba le mamello tšebeletsong.—Bagal. 5:22; sheba lebokose le reng, “ Mamello ke ea Bohlokoa.”

BA KOETLISE HORE BA THUSE BALUMELI-’MOHO LE BONA

13, 14. (a) U ithuta’ng mehlaleng e ka Bibeleng ea ba ileng ba itella ba bang? (b) U ka etsa’ng ho koetlisa bahoeletsi ba bacha le bana hore ba rate bara le barali babo bona?

13 Bibele e re re lokela ho bontšana “lerato” le ho sebeletsa barab’abo rōna. (Bala 1 Petrose 1:22; Luka 22:24-27.) Mor’a Molimo o ile a tela sohle, ho akarelletsa le bophelo ba hae, e le hore a sebeletse ba bang. (Mat. 20:28) Dorkase ‘o ne a etsa liketso tse molemo a bile a fana ka limpho tsa mohau.’ (Lik. 9:36, 39) Maria le eena o ne a etsa “mesebetsi e mengata” molemong oa ba bang ka phuthehong. (Bar. 16:6) Re ka thusa ba bacha joang hore ba lemohe bohlokoa ba ho thusa bara le barali babo bona?

Ba thuse hore ba rate balumeli-’moho le bona (Sheba serapa sa 13 le 14)

14 Bahoeletsi ba nang le phihlelo ba ka kōpa ba bacha hore ba tsamaee le bona ha ba etela ba kulang le ba tsofetseng. Haeba maemo a lumela, batsoali ba ka tsamaea le bana ba bona ha ba etela ba kulang le ba tsofetseng. Baholo ba ka thusana le ba bang ka phuthehong ho netefatsa hore bara le barali babo rōna ba tsofetseng ba fumana lijo tse hantle le hore mahae a bona a hloekile. Ka tsela ena, bana le bahoeletsi ba bacha ba ithuta ho etsetsa ba bang liketso tse bontšang mosa. Ha moholo e mong a le tšimong e ka thōko o ne a atisa ho etela barab’abo rōna ba lulang moo, ho bona hore na ba ntse ba ea joang. Mor’abo rōna e mocha ea neng a lula a tsamaea le eena o ile a ithuta hore bohle ka phuthehong ba lokela ho bontšoa lerato.—Bar. 12:10.

15. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore baholo ba thuse barab’abo rōna ho hatela pele ka phuthehong?

15 Kaha Jehova o sebelisa banna ho ruta ka phuthehong, ke habohlokoa hore barab’abo rōna ba ithute ho ruta. Haeba u moholo, mohlomong u ka mamela ha mohlanka ea sebeletsang a lokisetsa puo ea hae. U ka mo thusa ho ntlafatsa tsela eo a rutang Lentsoe la Molimo ka eona.—Neh. 8:8. [3]

16, 17. (a) Pauluse o ile a etsa’ng ho koetlisa Timothea? (b) Ke joang baholo ba ka koetlisang bao e tla ba balisa ba phutheho nakong e tlang?

16 Ho hlokahala balisa ba eketsehileng ka phuthehong ea Bokreste, ’me bao e tla ba baholo nakong e tlang ba lokela ho koetlisoa. Pauluse o ile a fana ka tataiso ea kamoo ba ka koetlisoang kateng, ha a re ho Timothea: “Uena ngoan’a ka, u ’ne u fumane matla moseng o sa tšoanelang o mabapi le Kreste Jesu, ’me lintho tseo u ileng ua li utloa ho ’na ka tšehetso ea lipaki tse ngata, lintho tsena u li behe ho banna ba tšepahalang, bao, le bona, e tla ba ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang.” (2 Tim. 2:1, 2) Timothea o ile a ithuta sena ha a ntse a sebetsa le moapostola Pauluse. Hamorao Timothea o ile a sebelisa lintho tseo a ithutileng tsona ho Pauluse, ha a le tšebeletsong le likarolong tse ling tsa tšebeletso e halalelang.—2 Tim. 3:10-12.

17 Pauluse o ile a ipha nako ea ho koetlisa Timothea. O ile a tsamaea le eena maetong a hae. (Lik. 16:1-5) Baholo ba ka etsisa mohlala oa Pauluse ka hore ba tsamaee le bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang ha ba ea maetong a bolisa haeba maemo a lumela. Kahoo, baholo ba tla fa bara bao babo rōna monyetla oa ho ithuta litšoaneleho tse hlokahalang ho balebeli ba Bakreste, joaloka tumelo, mamello le lerato. Ka tsela ena, ba tla be ba koetlisa balisa ba nakong e tlang ba “mohlape oa Molimo.”—1 Pet. 5:2.

BOHLOKOA BA HO KOETLISA BA BANG

18. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella ho koetlisa ba bang tšebeletsong ea Jehova?

18 Ho koetlisa ba bang ke habohlokoa hobane ho hlokahala basebetsi ba eketsehileng ebile ho na le litsela tse ngata tseo ba ka sebeletsang Jehova ka tsona. Mohlala oo Jesu le Pauluse ba o behileng tabeng ea ho koetlisa ba bang e ntse e le oa bohlokoa. Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba mehleng ena ba koetlisetsoe ho jara boikarabelo ka phuthehong. Molimo o re file tokelo ea ho thusa ba bacha hore ba phethe mesebetsi e hlokahalang ka phuthehong. Ha maemo a lefatše a ntse a senyeha le ho feta, ’me ho hlaha mekhoa e mecha ea ho paka, ho hlokahala hore ba koetlisoe ka potlako.

19. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore boiteko ba rōna ba ho koetlisa ba bang tšebeletsong ea Jehova bo tla atleha?

19 Ke ’nete hore ho koetlisa batho ho hloka nako le boiteko. Empa Jehova le Mora oa hae ea ratoang ba tla re tšehetsa le ho re fa bohlale ha re ntse re ba koetlisa. Re tla thaba ha re ba bona ba tsoela pele ba “sebetsa ka thata ’me [ba] ikitlaetsa.” (1 Tim. 4:10) Hape, e se eka le rōna re ka lula re hatela pele moeeng ha re ntse re etsa tšebeletso e halalelang ea Jehova.

^ [1] (serapeng sa 7) Har’a tse ling Jesu o ile a re: (1) Ba phatlalatse molaetsa oa ’nete. (2) Ba khotsofalle seo Molimo a ba fang sona. (3) Ba qobe ho ngangisana le beng ba matlo. (4) Ba tšepe Molimo le ha ba hanyetsoa. (5) Ba se ke ba tšaba batho.

^ [2] (serapeng sa 9) Buka ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, leqepheng la 62-64, e na le litlhahiso tsa kamoo re ka buisanang le batho kateng tšebeletsong ea tšimo.

^ [3] (serapeng sa 15) Buka ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, leqepheng la 52-61, e hlalosa hore na motho a ka ntlafatsa tsela eo a rutang ka eona joang.