Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 33

Batho “ba U Mamelang” ba Tla Pholoha

Batho “ba U Mamelang” ba Tla Pholoha

“Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.”​—1 TIM. 4:16.

PINA EA 67 ‘Bolelang Lentsoe’

SELELEKELA *

1. Re labalabela hore ho etsahale’ng ka beng ka rona?

MORALI’ABO RONA PAULINE * o re: “Hang ka mor’a hore ke ithute Bibele, ke ne ke batla hore lelapa lohle la ka le tle le be le ’na Paradeiseng. Ka ho khetheha ke ne ke batla hore mohats’aka, Wayne le mora oa rona le bona ba sebeletse Jehova.” Na ho na le beng ka uena bao eseng barapeli ba Jehova? Joaloka morali’abo rona Pauline, mohlomong le uena u labalabela ho ba bona ba sebeletsa Jehova.

2. Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

2 Re ke ke ra qobella beng ka rona hore ebe Lipaki empa re ka ba khothalletsa hore ba nahane ka molaetsa oa rona ’me ba o amohele. (2 Tim. 3:​14, 15) Ke hobane’ng ha re lokela ho pakela beng ka rona? Ke hobane’ng ha re lokela ho utloisisa hore na ba ikutloa joang? Re ka ba thusa joang e le hore le bona ba sebeletse Jehova? Hona bara le barali babo rona ba ka re thusa joang?

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO PAKELA BENG KA RONA?

3. Ho ea ka 2 Petrose 3:​9, ke hobane’ng ha re lokela ho pakela beng ka rona?

3 Haufinyane Jehova o tla felisa batho ba khopo. Ke batho ba nang “le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” feela ba tla pholoha. (Lik. 13:​48) Kaha re qeta nako e ngata le matla a rona re pakela batho bao re sa ba tsebeng, ke ho utloahalang hore re ka thabela ho pakela beng ka rona e le hore le bona ba sebeletse Jehova. Ntate oa rona ea lerato Jehova, “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.”​—Bala 2 Petrose 3:9.

4. Re ka ’na ra etsa phoso efe ha re pakela beng ka rona?

4 Re lokela ho lula re hopola hore ho na le tsela e nepahetseng le e fosahetseng ea ho phatlalatsa molaetsa ona o pholosang bophelo. Mohlala, re ka ’na ra bua ka tsela e mosa ha re pakela motho eo re sa mo tsebeng empa eare ha re pakela beng ka rona, ra bua ka tsela e sa ba nahaneleng.

5. Re lokela ho hopola’ng pele re pakela beng ka rona?

5 Ha re nahana ka tsela eo re ileng ra pakela beng ka rona ka eona ka lekhetlo la pele, boholo ba rona re ka ’na ra itšola ra utloa eka re ka ba le monyetla oa ho leka hape. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste a re: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nokiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.” (Bakol. 4:​5, 6) E ka ba hantle hore re hopole keletso ena ha re pakela beng ka rona. Ho seng joalo, re ka ’na ra ba halefisa ho e-na le ho ba thusa.

RE KA THUSA BENG KA RONA JOANG?

Ha u nahanela batho ’me u beha mohlala o motle u ka ba susumetsa (Sheba serapa sa 6 ho ea ho sa 8) *

6-7. Fana ka mohlala o bontšang hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho nahanela molekane eo e seng Paki.

6 Nahanela maikutlo a bona. Morali’abo rona Pauline eo re buileng ka eena pejana o re: “Qalong, ke ne ke batla hore ’na le monna oa ka re bue ka Bibele feela. Re ne re sa bue ka lintho tse ling ho hang.” Leha ho le joalo, mohats’ae o ne a sa tsebe Bibele hakaalo, joale a sa utloisise hantle lintho tseo ba ntseng ba bua ka tsona. Ntate Wayne o ne a lumela hore ha ho letho leo mohats’ae a batlang ho bua ka lona ha e se bolumeli bona ba hae feela. O ne a tšoenyehile ka hore mohats’ae ke karolo le lequloana le kotsi le ntseng le mo khelosa.

7 Morali’abo rona Pauline oa lumela hore ho na le nako eo a neng a qeta nako e ngata a le libokeng, tšimong le boithabisong le bara le barali babo rona. O re: “Ka linako tse ling, monna oa ka o ne a fihla ho se na motho hae ebe o jeoa ke bolutu.” Ke ntho e utloahalang hore ebe ntate Wayne o ne a lakatsa eke mosali oa hae le ngoana oa hae ba ka be ba le haufi le eena. O ne a sa tsebe hore na mosali oa hae o na le bo-mang ’me ho ne ho bonahala eka metsoalle eo ea hae e ne e se e le bohlokoa ho mo feta. Ke pelo-bohloko o ile a batla ho hlala mohats’ae. U nahana hore morali’abo rona Pauline a ka be a ile a etsa’ng ho bontša hore o nahanela monna oa hae?

8. Ho ea ka 1 Petrose 3:​1, 2, ke eng e ka ’nang ea susumetsa beng ka rona?

8 E-ba mohlala o motle. Hangata, lintho tseo re li etsang li ama beng ka rona ho feta lintho tseo re li buang. (Bala 1 Petrose 3:​1, 2.) Ha nako e ntse e ea, morali’abo rona Pauline o ile a elelloa taba ena. O re: “Ke ne ke tseba hore monna oa ka oa re rata le hore ha se hore o ne a batla hore re hlalane. Empa ka mor’a hore a re oa ntlhala, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho etsa lintho ka tsela eo Jehova a reng banyalani ba lokela ho li etsa ka eona. Ke ile ka bona hore ke lokela ho mo etsetsa lintho tse molemo ho e-na le ho lula ke mo pakela.” Morali’abo rona Pauline o ile a khaotsa ho lula a bua ka Bibele eaba o qala ho bua ka lintho tse ling. Ntate Wayne o ile a hlokomela hore mosali oa hae e se e le motho ea nang le khotso le hore ngoana oa bona o se a mamela a bile a hlompha. (Liprov. 31:​18, 27, 28) Ha ntate Wayne a hlokomela kamoo Bibele e fetotseng bophelo ba mosali oa hae le ngoana oa hae kateng, o ile a susumetseha ho bula pelo ea hae ’me a lumela ho ithuta Bibele.​—1 Bakor. 7:​12-14, 16.

9. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re leka ho thusa beng ka rona?

9 Lula u leka ho ba thusa. Jehova o re behetse mohlala o motle tabeng ena. O lula a fa batho monyetla oa hore ba mamele molaetsa oa Bibele ’me ba fumane bophelo bo sa feleng. (Jer. 44:4) Moapostola Pauluse le eena o ile a re Timothea a se ke a tela ho thusa batho ba bang. Hobane’ng? Hobane ka ho etsa joalo, o ne a tla ipholosa a be a pholose le batho ba mo mamelang. (1 Tim. 4:​16) Kaha re rata beng ka rona, re batla hore ba tsebe seo Bibele e se rutang. Ka mor’a nako, lintho tseo morali’abo rona Pauline a neng a li etsa le tseo a neng a li bua li ile tsa thusa lelapa la hae. Hona joale o thabela hore ebe eena le monna oa hae ba sebeletsa Jehova. Ka bobeli ke bo-pula-maliboho ebile mor’abo rona Wayne ke moholo.

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le mamello?

10 E-ba le mamello. Ha re ne re etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova, re ile ra etsa liphetoho bophelong ba rona ’me ho ka ’na ha ba thata hore beng ka rona ba amohele liphetoho tseo. Hangata ntho ea pele eo ba e hlokomelang ke hore, ha re sa kopanela le bona meketeng ea bolumeli le hore ha re sa kenella lipolotiking. Qalong, beng ka rona ba bang ba ka ’na ba re halefela. (Mat. 10:​35, 36) Empa ha rea lokela ho nahana hore ba ke ke ba fetoha. Haeba re khaotsa ho ba hlalosetsa hore na re lumela’ng, ho tla tšoana leha eka re se re ba ahlotse hore ha ba tšoaneloe ke ho fumana bophelo bo sa feleng. Jehova ha a re fa mosebetsi oa ho ahlola batho ba bang empa o o file Jesu. (Joh. 5:​22) Haeba re e-na le mamello, qetellong beng ka rona ba ka ’na ba lumela ho ithuta Bibele.​—Sheba lebokose le reng “ Sebelisa Websaete ea Rona ho ba Ruta Bibele.”

11-13. U ithutile’ng mohlaleng oa morali’abo rona Alice?

11 E-ba mosa empa u se ke oa lumella beng ka uena hore ba u fetole maikutlo. (Liprov. 15:2) Nahana ka mohlala oa morali’abo rona Alice. O ile a ithuta Bibele nakong eo a neng a lula hole le batsoali ba hae, ba neng ba rata lipolotiki haholo ba bile ba sa lumele hore Molimo o teng. O ile a hlokomela hore kapele kamoo ho ka khonehang, o lokela ho bolella batsoali ba hae lintho tseo a ntseng a ithuta tsona ka Bibeleng. Morali’abo rona Alice o re: “Haeba u lieha ho bolella beng ka uena ka lintho tse ncha tseo u li lumelang, mohlang u ba joetsang ba tla utloa bohloko le ho feta.” O ile a leka ho batla lihlooho tseo a neng a nahana hore batsoali ba hae ba ka li thahasella tse kang tse buang ka lerato, eaba o ba ngolla mangolo a ipapisitse le tsona lihlooho tseo. (1 Bakor. 13:​1-13) O ile a leboha batsoali ba hae ka hore ebe ba mo holisitse le ho mo hlokomela a ba a ba romella limpho. Ha a ne a chaketse hae, o ne a thusa ’mè oa hae ka mesebetsi eohle ea ka tlung. Qalong, batsoali ba hae ba ne ba sa thaba ha a ne a ba bolella hore e se e le Paki ea Jehova.

12 Ha morali’abo rona Alice a ne a chaketse habo, o ne a bala Bibele letsatsi le letsatsi. O re: “Ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, ho ile ha etsa hore ’mè oa ka a bone hore na e bohlokoa hakae ho ’na.” Ka mor’a nako, ntate oa hae o ile a batla ho ithuta Bibele e le hore a fumane hore na ke hobane’ng ha morali oa hae a fetohile le hore hape o ne a batla ho fumana ntho eo a ka tšoaeang Bibele phoso ka eona. Morali’abo rona Alice o re: “Ke ile ka mo fa Bibele ’me ke mo ngolletse molaetsa ka har’a eona.” Ho ile ha etsahala’ng? Ntate oa hae ha a ka a fumana letho le phoso ka Bibeleng, ho e-na le hoo, molaetsa oa eona o ile oa mo ama maikutlo haholo.

13 Re lokela ho ba mosa hape re be sebete le haeba re tlameha ho mamella mathata. (1 Bakor. 4:​12b) Mohlala, morali’abo Alice o ile a tlameha ho mamella bothata ba ho hanyetsoa ke ’mè oa hae. O re: “Ha ke ne ke kolobetsoa, ’Mè o ile a re ha ke mamele.” Morali’abo rona Alice o ile a etsa’ng? O re: “Ha kea ka tšaba ho bolella batsoali ba ka ka tumelo ea ka. Ka tlhompho eohle, ke ile ka ba bolella hore ke entse qeto ea ho ba Paki ea Jehova ’me nke ke ka fetohela qeto eo ke e entseng. Ke ile ka leka ho tiisetsa ’mè oa ka hore kea mo rata. Ka bobeli re ile ra lla eaba ka mor’a moo ke mo phehela lijo tseo a li ratang. Ho tloha ka nako eo, ’Mè o ile a elelloa hore Bibele e nkentse motho ea molemo.”

14. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lumella beng ka rona hore ba re etsetse liqeto?

14 Ho ka ’na ha nka nako hore beng ka rona ba utloisise bohlokoa ba hore ebe re sebeletsa Jehova. Mohlala, ha morali’abo rona Alice a ne a etsa qeto ea ho ba pula-maliboho ’me a sa etse ntho eo batsoali ba hae ba neng ba batla hore a e etse, ’mè oa hae o ile a utloa bohloko haholo. Empa morali’abo rona Alice ha a ka fetola maikutlo a hae. O re: “Haeba u lumella beng ka uena hore ba u etsetse liqeto, ba ka ’na ba batla ho u etsetsa tsona maemong ’ohle. Ha u le mosa empa u le sebete ha u bua le beng ka uena, ba bang ba ka ’na ba u mamela.” Ke sona se ileng sa etsahalla morali’abo rona Alice sena. Batsoali ba hae ka bobeli ke bo-pula-maliboho ’me ntate oa hae ke moholo.

PHUTHEHO E KA RE THUSA JOANG?

Bakreste-’moho le rona ba ka thusa beng ka rona bao e seng Lipaki joang? (Sheba serapa sa 15 le 16) *

15. Ho ea ka Matheu 5:​14-16 le 1 Petrose 2:​12, mesebetsi e metle ea Bakreste-’moho le rona e ka thusa beng ka rona joang?

15 Jehova o hulela batho ho eena ka lebaka la mesebetsi ea rona e metle. (Bala Matheu 5:​14-16; 1 Petrose 2:​12.) Haeba molekane oa hao ha se Paki ea Jehova, na o kile a kopana le litho tsa phutheho ea heno? Morali’abo rona Pauline eo re buileng ka eena pejana, o ile a memela bara le barali babo rona ha hae e le hore monna oa hae a ka ba tseba. Ntate Wayne o hopola kamoo mor’abo rona e mong a ileng a mo thusa kateng ho utloisisa Lipaki, o re: “O ile a kopa letsatsi mosebetsing e le hore a ka tla shebella bolo le ’na. Eaba ke re, ‘E ntse e le batho le bona!’”

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho memela beng ka rona libokeng?

16 Tsela e ’ngoe e atlehang eo re ka thusang beng ka rona ka eona ke ka ho ba memela libokeng. (1 Bakor. 14:​24, 25) Seboka sa pele seo ntate Wayne a ileng a ea ho sona ke Sehopotsong hobane e ne e le ka mor’a lihora tsa mosebetsi hape lenaneo le ne le sa nke nako e telele. O re: “Ke ne ke sa utloisise hantle hore na ho ntse ho buuoa ka’ng empa ntho e ileng ea nkhahla haholo ke batho. Ba ile ba tla ho ’na eaba ba ntumelisa ka matsoho. Ke ile ka hlokomela hore ba fela ba nthabetse e le kannete.” Ho na le banyalani ba bang ba neng ba se ntse ba thusa morali’abo rona Pauline ka mora oa hae ha a le libokeng le ha a le tšimong. Kahoo, ha ntate Wayne a etsa qeto ea ho ithuta haholoanyane ka tumelo ea mosali oa hae, o ile a kopa ntate oa lelapa leo hore a mo rute Bibele.

17. Ha rea lokela ho ipeha molato ka’ng, hona ke hobane’ng ha re sa lokela ho tela ho leka ho thusa beng ka rona?

17 Re ka thaba ha beng ka rona bohle le bona ba ka sebeletsa Jehova. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boiteko bohle boo re ka bo etsang, ba bang ba ka ’na ba se ke ba lumela ho sebeletsa Jehova. Haeba seo se etsahala, ha rea lokela ho ipeha molato ka qeto eo ba e entseng. Etsoe re ke ke ra qobella mang kapa mang hore a sebeletse Jehova. Empa haeba beng ka rona ba bona hore re thabile hobane re sebeletsa Jehova, taba eo e ka ’na ea ba susumetsa. Ba rapelle. Leka ho ba pakela ka bohlale. U se ke oa tela ho leka ho ba thusa. (Lik. 20:​20) Kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao. Haeba beng ka uena ba lumela ho u mamela, ba tla pholoha!

PINA EA 57 A re Ruteng Batho Bohle

^ ser. 5 Re batla hore beng ka rona ba tsebe Jehova empa ke bona ba lokelang ho iketsetsa qeto ea hore na ba tla mo sebeletsa kapa che. Sehloohong sena, re tl’o fuoa malebela a kamoo re ka pakelang beng ka rona kateng.

^ ser. 1 Mabitso a mang a fetotsoe. Sehloohong sena, “beng ka rona” ke batho bao re amanang le bona bao e seng Lipaki.

^ ser. 53 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o ntse a thusa ntate oa hae eo e seng Paki ho lokisa koloi. Ha monyetla o hlaha, o mo bontša video e hlahang ho jw.org®.

^ ser. 55 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Morali’abo rona o mametse ka hloko ha molekane oa hae eo e seng Paki a mo phetela ka lintho tse mo etsahaletseng letsatsing leo. Hamorao, ba thabela ho ba ’moho e le lelapa.

^ ser. 57 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Morali’abo rona o memetse Bakreste-’moho le eena ha hae. Ba thabela ho tseba molekane oa hae haholoanyane. Ka letsatsi le leng, ntate eo, o ea Sehopotsong le mosali oa hae.