Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Johanne Mokolobetsi ke Mohlala o ka re Thusang Hore re Lule re Thabile

Johanne Mokolobetsi ke Mohlala o ka re Thusang Hore re Lule re Thabile

NA HO na le mosebetsi o itseng oo u ka thabelang hore u o fuoe ka phuthehong? Mohlomong hona joale o fuoe motho e mong. Kapa ke oo u neng u o etsa nakong e fetileng. Empa hona joale lintho tse kang, lilemo, bokuli, mathata a lichelete, kapa a lelapa li etsa hore u se ke oa khona ho o etsa. Mohlomong ka lebaka la liphetoho tse ileng tsa e-ba teng ka mokhatlong, u ile oa tlameha ho khaotsa ho etsa mosebetsi oo u neng u o etsa ka lilemo tse ngata. Ho sa tsotellehe hore na mabaka a hao ke afe, e ka ’na eaba hona joale u ikutloa eka ha u sebeletse Jehova ka tsela eo u neng u batla ka eona. Maemong ana, ke ho utloahalang hore ka linako tse ling u ka ikutloa u nyahame. Leha ho le joalo, u ka thusoa ke’ng hore u se ke oa lula u nyahame, u utloile bohloko, kapa u sulafaletsoe? U ka etsa’ng hore u lule u thabile?

Re ka ithuta ntho ea bohlokoa mohlaleng oa Johanne Mokolobetsi e ka re thusang hore re lule re thabile. Johanne o ne a thabela mosebetsi oo a neng a o etsa tšebeletsong ea Jehova, ’me mohlomong o ne a sa lebella lintho tse ileng tsa mo hlahela bophelong. Mohlomong o ne a sa nahane hore o tla ba teronkong nako e telele ho feta nako eo a e qetileng a etsa mosebetsi oa boboleli. Ho ntse ho le joalo, Johanne o ile a khona ho lula a thabile bophelo bohle ba hae. O ile a thusoa ke’ng? Hona re ka etsa’ng hore re lule re thabile le ha re e-na le mathata?

JOHANNE O NE A THABELA MOSEBETSI OA HAE

Nakong ea selemo ka selemo sa 29, Johanne o ile a qala mosebetsi oo Jehova a neng a mo file oona, e leng oa ho phatlalatsa ho tla ha Mesia, ka hore a re: “Bakang, kaha ’muso oa maholimo o atametse.” (Mat. 3:2; Luka 1:​12-17) Batho ba bangata ba ile ba amohela molaetsa oa hae. Ha e le hantle, matšoele a batho ba tsoang libakeng tse hole a ne a bokana ho tla mo mamela, ’me a ne a susumetseha ho baka ebe aa kolobetsoa. Ka sebete, Johanne o ne a boetse a bolella baeta-pele ba bolumeli ba ikhohomosang hore ba tl’o timetsoa haeba ba sa bake. (Mat. 3:​5-12) Mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo Johanne a ileng a o etsa tšebeletsong ea hae, ke ha a ne a kolobetsa Jesu ka hoetla selemong sa 29. Ho tloha ka nako eo, Johanne o ile a bolella batho bohle hore ba lokela ho latela Jesu kaha ke eena Mesia ea tšepisitsoeng.​—Joh. 1:​32-37.

Ka lebaka la mosebetsi o khethehileng oo Johanne a neng a o etsa, Jesu o ile a re: “Har’a ba tsoetsoeng ke basali ha ho e-s’o hlahisoe e moholo ho Johanne Mokolobetsi.” (Mat. 11:​11) Ha ho tika-tiko hore Johanne o ile a thabela litlhohonolofatso tseo a ileng a li fumana. Joaloka Johanne, ho na le batho ba bangata mehleng ena bao Molimo a ba hlohonolofalitseng. E mong oa bona ke Mor’abo rona Terry. Eena le mofumahali oa hae, Sandra ba se ba qetile lilemo tse ka holimo ho 50 ba le tšebeletsong ea nako e tletseng. Mor’abo rona Terry o re: “Ke bile le mesebetsi e mengata e nthabisang. Ke ile ka ba pula-maliboho, ka ea Bethele, ka ba pula-maliboho e khethehileng, molebeli oa potoloho, molebeli oa setereke, ’me hona joale ke boetse ke pula-maliboho e khethehileng.” Ke ntho e thabisang ho fuoa mosebetsi ka mokhatlong oa Jehova, empa ho lula re thabile ha ho itlele feela, joalokaha re tla bona mohlaleng oa Johanne.

LULA U ANANELA MESEBETSI EO JEHOVA A U FANG EONA

Ntho e ileng ea thusa Johanne Mokolobetsi hore a lule a thabile ke hobane o ne a ananela mosebetsi oo a o fuoeng. A re ke re hlahlobeng mohlala ke ona. Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, balateli ba Johanne ba ile ba fokotseha ha balateli ba Jesu ba ntse ba eketseha. Kaha barutuoa ba Johanne ba ne ba ngongorehile ke taba ena, ba ile ba re ho eena: “Bona, oa kolobetsa ’me bohle ba ea ho eena.” (Joh. 3:​26) Johanne o ile a ba araba a re: “Ea nang le monyaluoa ke monyali. Leha ho le joalo, motsoalle oa monyali, ha a ema ’me a mo utloa, o ba le thabo e kholo ka lebaka la lentsoe la monyali. Ka hona thabo ena ea ka e tlatsitsoe.” (Joh. 3:​29) Johanne ha aa ka a qothisana lehlokoa le Jesu, hape o ne a sa ikutloe eka mosebetsi oo a o etsang ha o na thuso ha o bapisoa le oa Jesu. Ho e-na le hoo, Johanne o ile a lula a thabile kaha o ne a ananela boemo ba hae ba ho ba “motsoalle oa monyali.”

Tsela eo Johanne a ileng a itšoara ka eona e ile ea mo thusa hore a lule a thabile le hoja mosebetsi oa hae o ne o se bonolo. Mohlala, Johanne e ile ea e-ba Monazari ho tloha a sa le monyenyane, kahoo o ne a sa lumelloa ho noa veine. (Luka 1:​15) Ha Jesu a bua ka tsela eo Johanne a neng a phela ka eona, o ile a re: “Johanne o tlile a sa je a sa noe.” Empa Jesu le barutuoa ba hae e ne e se Banazari, kahoo ba ne ba iphelela feela joaloka batho ba bang. (Mat. 11:​18, 19) Hape, le hoja Johanne a ne a se na matla a ho etsa mehlolo, o ne a tseba hore barutuoa ba Jesu bao ba bang ba bona e neng e le balateli ba hae pele, ba ne ba fuoe matla a ho etsa mehlolo. (Mat. 10:1; Joh. 10:​41) Johanne ha aa ka a lula a bapisa lintho tseo balateli ba Jesu le ba hae ba khonang ho li etsa, empa o ile a phathahana ka mosebetsi oo Jehova a mo fileng oona.

Haeba le rona re thabela mosebetsi oo Jehova a re fileng oona hona joale, re tla lula re thabile. Mor’abo rona Terry eo re buileng ka eena pejana, o re: “Ke ile ka ikakhela ka setotsoana mosebetsing o mong le o mong oo ke neng ke o fuoa.” Ha a hetla morao ’me a sheba lilemo tseo a li qetileng a le tšebeletsong ea nako e tletseng, o re, “Ha ke ikoahlaee ka letho.”

Re tla thabela tšebeletso ea rona haholoanyane haeba re ipha nako ea ho nahanisisa ka hore na ke eng e etsang hore mesebetsi eo re e fuoang ka mokhatlong oa Jehova e ikhethe. E re fa monyetla oa ho ba “basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Mpho ea bohlokoa e tla lula e le ntle haeba re lula re e hlokometse, ka tsela e tšoanang, re tla lula re thabile haeba re lula re nahana ka tlotla eo re nang le eona ea ho sebetsa le Jehova. Re ke ke ra bapisa mosebetsi oo re o etsang le oa batho ba bang. Hape, re ke ke ra nka hore mosebetsi oo Jehova a re fileng oona ha se oa bohlokoa hakaalo ha o bapisoa le oa ba bang.​—Bagal. 6:4.

LULA U NAHANA KA LINTHO TSEO JEHOVA A NKANG E LE TSA BOHLOKOA

E ka ’na eaba Johanne o ne a tseba hore mosebetsi oa hae e tla ba oa nakoana feela, empa mohlomong o ne a sa nahana hore o tla fela ka tšohanyetso joalo. (Joh. 3:​30) Ka selemo sa 30, ha ho se ho fetile likhoeli tse tšeletseng a kolobelitse Jesu, Johanne o ile a tšoaroa ke Morena Heroda. Ho ntse ho le joalo, Johanne o ile a tsoela pele a ntse a ruta batho bao a khonang ho kopana le bona. (Mar. 6:​17-20) Ebe o ne a tla thusoa ke’ng hore a lule a thabile le tlas’a maemo aa? O ile a lula a nahana ka tšebeletso ea hae ho Jehova.

Ha Johanne a ntse a le teronkong, o ile a fumana litlaleho tsa hore balateli ba Jesu ba ntse ba eketseha. (Mat. 11:2; Luka 7:​18) Johanne o ne a kholisehile hore Jesu ke eena Mesia, empa e ka ’na eaba o ne a ipotsa hore na Jesu o tla khona ho phethahatsa lintho tsohle tse boletsoeng ka Mangolong joang, tse mabapi le Mesia. Kaha Mesia e ne e tl’o ba eena morena, na see se bolela hore Jesu o ne a tl’o busa haufinyane? Na o ne a tla qetella a ntšitse Johanne teronkong? Ha Johanne a ne a batla ho tseba hore na Jesu o tl’o etsa’ng, o ile a roma barutuoa ba hae ba babeli hore ba il’o botsa Jesu, ba re: “Na u Ea Tlang kapa re lokela ho lebella ea fapaneng?” (Luka 7:​19) Ha ba khutla, e tlameha ebe Johanne o ne a ba mametse ka hloko ha ba mo hlalosetsa hore Jesu o ile a etsa mehlolo e meholo, eaba o re ba khutlele ho Johanne ba il’o mo tlalehela ho re: “Ba foufetseng baa bona, ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba hloekisoa ’me ba sa utloeng litsebeng baa utloa, bafu ba ntse ba tsosoa, mafutsana a ntse a bolelloa litaba tse molemo.”​—Luka 7:​20-22.

Ha ho potang hore lintho tseo barutuoa ba Johanne ba ileng ba mo bolella tsona li ile tsa mo khothatsa. Li ile tsa mo kholisa hore Jesu o ntse a phethahatsa boprofeta bo mabapi le Mesia. Le hoja Jesu a sa ka a lokolla Johanne teronkong, Johanne o ne a tseba hore ha aa sebeletsa lelea. O ne a e-na le mabaka a ho thaba, le hoja a ne a e-na le mathata.

Ho lula re nahana ka mesebetsi e metle ea ho paka e ntseng e etsoa lefatšeng lohle ho ka re thusa hore re lule re thabile

Joaloka Johanne, haeba le rona re phathahana ka ho sebeletsa Jehova, re tla khona ho mamella mathata ’ohle re thabile. (Bakol. 1:​9-11) Ho bala Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona ho ka re thusa ho mamella, ha ba ha re thusa ho bona hore mosebetsi ofe kapa ofe oo re o etsetsang Molimo ke oa bohlokoa. (1 Bakor. 15:​58) Morali’abo rona Sandra o re: “Ho bala khaolo e le ’ngoe ea Bibele letsatsi le letsatsi ho nthusitse hore ke rate Jehova haholoanyane. Ho nthusa hore ke lule ke nahana ka eena eseng ka ’na.” Re ka boela ra phathahana ka ho bala litlaleho tsa mesebetsi eo bara le barali babo rona ba ntseng ba e etsa tšebeletsong, kaha seo se tla re thusa hore re khaotse ho lula re nahana ka rona, empa re nahane ka seo mokhatlo oa Jehova o ntseng o se finyella. Morali’abo rona Sandra o re, “lenaneo la khoeli le khoeli la Khaso ea JW le re thusa ho lula re tsamaisana le mokhatlo oa Molimo, hape le re thusa ho lula re thabile mosebetsing oa rona.”

Nako e khutšoanyane eo Johanne Mokolobetsi a e qetileng a ntse a paka ka eona, o ile a paka ka “moea le matla a Elia,” ’me joaloka Elia, e ne e le “motho ea nang le maikutlo a joaloka a rona.” (Luka 1:​17; Jak. 5:​17) Haeba re ka etsisa mohlala oa hae ka ho ananela mosebetsi oo Jehova a re fileng oona le ho phathahana ka oona, le rona re tla lula re thabile tšebeletsong ea rona, ho bata kapa ho chesa.