Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 34

U ka Lula U Thabile Joang ha Kabelo ea Hao e Fetoha?

U ka Lula U Thabile Joang ha Kabelo ea Hao e Fetoha?

“Molimo ha se ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lona le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.”​—BAHEB. 6:10.

PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa

SELELEKELA *

1-3. A mang a mabaka a ka ’nang a etsa hore batho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba lokele ho fetola likabelo tsa bona ke afe?

MOR’ABO RONA ROBERT le mofumahali oa hae Mary Jo, ba re: “Ka mor’a ho qeta lilemo tse 21 re le baromuoa, batsoali ba rona ka bobeli ba ne ba se ba tsofetse haholo. Re ne re lokela ho ea ba hlokomela. Empa, re ne re sa thabela hore ebe re tlameha ho tloha moo re neng re sebeletsa teng.”

2 Mor’abo rona William le mofumahali oa hae Terrie, ba re: “Ha re hlalosetsoa hore ha re na khona ho khutlela kabelong ea rona ka lebaka la bokuli, re ile ra lla. Haesale re rata ho sebeletsa Jehova naheng e ’ngoe, empa joale re ne re se re sa tl’o khona.”

3 Mor’abo rona Aleksey o re: “Re ile ra utloela hore bahanyetsi ba rona ba batla ho koala ofisi ea lekala eo ke neng ke sebeletsa ho eona. Empa re ile ra ’na ra utloa bohloko ha ba ne ba koala Bethele ’me ba re laela hore re tlohe.”

4. Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

4 Ho boetse ho na le lipale tsa bara le barali babo rona ba likete ba neng ba le Bethele le libakeng tse ling, ba ileng ba fumana likabelo tse ncha. * Bara le barali babo rona bana ba ka ’na ba utloa bohloko haholo ha ba lokela ho tloha likabelong tseo ba neng ba li rata. Ba ka thusoa ke’ng hore ba amohele liphetoho tsee? Re ka ba thusa joang? Likarabo tsa lipotso tsena li ka re thusa kaofela ha ho e-ba le liphetoho maphelong a rona.

SE KA U THUSANG HA MAEMO A FETOHA

Ke hobane’ng ha batho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba utloa bohloko ha ba lokela ho tloha kabelong ea bona? (Sheba serapa sa 5) *

5. Re ka ikutloa joang ha likabelo tsa rona li fetoha?

5 Ebang re sebetsa tšimong kapa re Bethele, kaofela re ka qetella re se re rata sebaka le batho ba moo re sebeletsang teng. Kahoo, re utloa bohloko haholo ha re lokela ho tloha kabelong ea rona. Re lula re hopola bara le barali babo rona bao re neng re sebetsa le bona, ’me re tšoenyeha ka bona, haholo-holo haeba re lokela ho tsamaea hobane ho e-na le batho ba re hanyetsang. (Mat. 10:​23; 2 Bakor. 11:​28, 29) Ho feta moo, re ka ’na ra utloa ho le thata ho fallela sebakeng se secha le ho ikamahanya le maemo a macha, esita le haeba re khutlela sebakeng seo re holetseng ho sona. Mor’abo rona Robert le mofumahali oa hae Mary Jo, ba re: “Re ne re se re sa tloaela bophelo ba hae mona, hammoho le mekhoa ea teng ea ho paka. Re ne re utloa eka re lahlehile le hoja re le naheng ea habo rona.” Batho ba bang ha likabelo tsa bona li fetoha ba ka ’na ba ba le mathata a lichelete. Ba ka ’na ba ikutloa ba selebaletsoe ba bile ba nyahame. Ebe ba ka thusoa ke’ng?

Ke habohlokoa hore re itšetlehe ka Jehova, re be re mo tšepe (Sheba serapa sa 6 le 7) *

6. Re ka etsa’ng e le hore re lule re rata Jehova?

6 Lula u rata Jehova. (Jak. 4:8) Re ka etsa seo joang? Ka ho mo tšepa kaha ke eena “Ea Utloang thapelo.” (Pes. 65:2) Pesaleme ea 62:8 e re: “Tšollelang lipelo tsa lona ka pel’a hae.” Jehova ke eena ea ka “etsang ka ho fetisisang ho feta lintho tsohle tseo re li kopang kapa re li nahanang.” (Baef. 3:​20) Ha a re fe lintho tseo re li kopileng ha re rapela feela. A ka ’na a rarolla mathata a rona ka tsela eo re neng re sa e nahana hohang.

7. (a) Ke’ng e tla re thusa ho lula re rata Jehova? (b) Ho ea ka Baheberu 6:​10-12, ho tla etsahala’ng ka rona haeba re tsoela pele re sebeletsa Jehova ka botšepehi?

7 E le hore u lule u rata Jehova, u lokela ho bala Lentsoe la hae letsatsi le letsatsi, ’me u nahane ka botebo ka seo u se balileng. Mor’abo rona e mong eo e neng e le moromuoa o re: “Loanela hore le lule le tšoara borapeli ba lelapa le ho lokisetsa liboka, feela joalokaha le ne le etsa ha le le kabelong ea lona.” Hape, ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa boboleli phuthehong eo le seng le le ho eona. Jehova o lula a hopola batho bohle ba mo sebelelitseng ka botšepehi, esita le ha ba se ba se na matla joaloka pele.​—Bala Baheberu 6:​10-12.

8. Mantsoe a ho 1 Johanne 2:​15-17 a ka re thusa joang hore re se ke ra rarahanya bophelo ba rona?

8 U se ke oa rarahanya bophelo ba hao. U se ke oa lumella mathata a lefatše lena la Satane hore a ‘bipetse’ tšebeletso eo u e etsetsang Jehova. (Mat. 13:​22) U se ke oa mamela batho ba sa sebeletseng Jehova kapa metsoalle le beng ka uena ba lekang ho u thusa ka hore ba u khothaletse ho batla mosebetsi o lefang chelete e ngata, e le hore u phele hamonate. (Bala 1 Johanne 2:​15-17.) Tšepa Jehova, kaha o tšepisa hore o tla re thusa ho lula re e-na le tumelo e matla, re khobile matšoafo, re bile re e-na le lintho tseo re li hlokang bophelong, “ka nako [ea hae] e nepahetseng.”​—Baheb. 4:​16; 13:​5, 6.

9. Liproverbia 22:​3, 7 e re ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho qoba ho etsa likoloto ho sa hlokehe, hona re ka thusoa ke’ng ho etsa liqeto tse nepahetseng?

9 Qoba ho etsa likoloto ho sa hlokehe. (Bala Liproverbia 22:​3, 7.) Kaha ho fallela sebakeng se seng ho hloka chelete, ho ka ba bonolo hore re qetelle re entse likoloto. Kahoo, u se ke oa alima chelete e le hore u reke lintho tseo ha e le hantle u sa li hlokeng. Ha re le tlas’a khatello, ho ka ’na ha e-ba thata le ho feta ho etsa qeto ea hore na re tla alima chelete e kae, haholo-holo ha re hlokometse setho sa lelapa se kulang. Maemong a joalo, u hopole hore “thapelo le thapeli” li ka u thusa hore u etse liqeto tse nepahetseng. Jehova a ka araba lithapelo tsa hao ka ho u thusa hore u khobe matšoafo e le hore u ka etsa liqeto tse nepahetseng.​—Bafil. 4:​6, 7; 1 Pet. 5:7.

10. Re lokela ho etsa’ng e le hore re be le metsoalle e mecha?

10 Lula u le haufi le batho ba ratang tšebeletso. Bolella metsoalle ea hao e haufi hore na u ikutloa joang le hore na u thulana le mathata afe, haholo-holo eo e ka ’nang eaba e kile ea e-ba boemong bo tšoanang le ba hao. Ho etsa joalo ho ka ’na ha u thusa hore u imolohe. (Moek. 4:​9, 10) Metsoalle eo u ileng oa ba le eona ha u ntse u le kabelong ea hao e tla lula e u rata. Kaha joale u se u le kabelong e ncha, u lokela ho etsa metsoalle e meng. U hopole hore e le hore u tle u be le metsoalle, u lokela ho ba motho ea botsoalle. U ka etsa seo joang? Bolella batho lintho tse monate tseo u ileng oa li thabela ha u ntse u sebeletsa Jehova, e le hore ba ka bona hore u fela u thabile. Batho ba bang ka phuthehong ba ka ’na ba se ke ba utloisisa hore na ke hobane’ng ha u rata tšebeletso ea nako e tletseng, empa ba bang ba ka ’na ba thabela ho u mamela ’me ba qetella e le metsoalle ea hao. Leha ho le joalo, u ele hloko hore u se ke oa bua haholo ka uena kapa ka lintho tseo u li finyeletseng tšebeletsong ea Jehova ’me u se ke oa bua le ka lintho tseo e ka ’nang eaba li ntse li u utloisitse bohloko.

11. U ka etsa’ng e le hore u lule u thabile lenyalong?

11 Haeba u ile oa lokela ho tloha kabelong ea hao hobane molekane oa hao a ne a kula, u se ke oa mo beha molato. Empa haeba e ne e le uena ea kulang, u se ke oa ipeha molato, oa nka hore u soetsitse molekane oa hao. U hopole hore le “nama e le ’ngoe” ’me le ile la tšepisa Jehova hore le tla hlokomelana tlas’a maemo afe kapa afe. (Mat. 19:​5, 6) Haeba le ile la lokela ho tlohela kabelo ea lona hobane le il’o ba le ngoana le sa lebella, le etse bonnete ba hore ngoana eo oa tseba hore ke oa bohlokoa haholo ho lona ho feta kabelo eo le neng le e-na le eona. Le lule le bolella ngoana oa lona hore ke “moputso” oo Molimo a le fileng oona. (Pes. 127:​3-5) Hape, le mo qoqele lipale tse monate tseo le bileng le tsona ha le le kabelong ea lona. Ho etsa joalo, ho ka susumetsa ngoana oa lona hore a batle ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng joaloka lona.

KAMOO BATHO BA BANG BA KA U THUSANG KATENG

12. (a) Re ka thusa batho ba tšebeletsong ea nako e tletseng joang? (b) Re ka ba thusa joang hore ba thabele kabelo ea bona e ncha?

12 Ke ho khothatsang ho tseba hore liphutheho tse ngata le batho ka bomong ba leka ka hohle ho thusa bara le barali babo rona ba tšebeletsong ea nako e tletseng ho lula ba le kabelong ea bona. Ba etsa joalo ka ho ba khothatsa, ka ho ba fa lintho tseo ba li hlokang kapa ka ho ba hlokomella litho tsa malapa a bona tse hae. (Bagal. 6:2) Haeba batho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba romeloa phuthehong ea habo lona, u se ke oa nka hore ke hobane ba sa sebetsa hantle kapa ke hobane ba entse ntho e itseng e fosahetseng. * Ho e-na le hoo, u ba thuse hore ba ikutloe ba amohelehile. Ba amohele ka mofuthu u be u ba babatse ka mosebetsi o motle oo ba o etsang, esita le haeba ba se ba sa khone ho o etsa ka lebaka la bokuli. Leka ho tloaelana le bona. Leka ho bona hore na u ka rua molemo joang tsebong ea bona, koetlisong eo ba e fuoeng le boiphihlelong ba bona.

13. Re ka thusa batho ba fumaneng kabelo e ncha joang?

13 Qalong, batho ba fumaneng kabelo e ncha ba ka ’na ba hloka thuso ea hao e le hore ba ka fumana moo ba lulang, mokhoa oa ho tsamaea, mosebetsi le lintho tse ling tseo ba li hlokang. Ba ka ’na ba hloka ho thusoa le ka lintho tsa letsatsi le letsatsi, joaloka mekhoa ea ho patala metsi le motlakase. Empa ntho eo ba ka e thabelang le ho feta, ke ho bona hore u utloisisa boemo ba bona. E ka ’na eaba baa kula, kapa ho na le mong ka bona ea kulang. E ka ’na eaba ba ntse ba siame. * Hape, le hoja ba sa bue, e ka ’na eaba ba ntse ba utloile bohloko hobane ba hopotse metsoalle ea bona eo ba e siileng morao. Ho nka nako pele bohloko boo bo ka fela.

14. Morali’abo rona e mong o ile a thusoa joang hore a thabele kabelo ea hae e ncha?

14 Haeba u tsamaea le bona tšimong ’me u ba khothatsa ka mohlala oa hao o motle, u ka ba thusa hore ba etse liphetoho. Morali’abo rona e mong ea sebelelitseng naheng e ’ngoe ka lilemo tse ngata o re: “Ha ke ne ke le kabelong ea ka, ke ne ke e-na le batho bao ke ithutang Bibele le bona letsatsi le leng le le leng. Kabelong e ncha, ho ne ho se ho le thata le hore ke balle motho temana e le ’ngoe feela, kapa ke mo shebellise video ha ke le tšimong. Empa bara le barali babo rona ba mona, ba ile ba nkopa hore ke tsamaee le bona ha ba ea maetong a ho boela le lithutong. Ha ke ba bona ba chesehela ho khanna lithuto tsa Bibele, seo se ile sa etsa hore ke fetole maikutlo a ka ka tšimo ea mona. Ke ile ka ithuta litsela tse ncha tsa ho qala moqoqo. Lintho tsena kaofela li ile tsa nthusa hore ke boele ke thabe.”

TSOELA PELE U ITHUKHUBETSA!

Sheba litsela tsa ho atolosa tšebeletso ea hao phuthehong e ncha (Sheba serapa sa 15 le 16) *

15. U ka etsa’ng e le hore u atlehe kabelong ea hao e ncha?

15 U ka khona ho etsa hore u atlehe kabelong ea hao e ncha. U se ke oa nka hore ha oa sebetsa hantle kabelong ea hao e fetileng, kapa hona hore ha u sa le oa bohlokoa. Lula u nahana ka litsela tse ngata tseo Jehova a ntseng a u thusa ka tsona hona joale, ’me u tsoele pele u ithukhubetsa boboleling. Etsisa mohlala oa Bakreste ba tšepahalang ba mehleng ea baapostola. Hohle moo ba neng ba le ba teng, ba ne ba “pholletsa le naha ba bolela litaba tse molemo tsa lentsoe.” (Lik. 8:​1, 4) Haeba u tsoela pele ho paka u ka ’na oa beha litholoana tse ntle. Mohlala, bo-pula-maliboho ba ileng ba lelekoa naheng e ’ngoe, ba ile ba ea naheng ea boahelani moo le teng ho neng ho hlokeha bahoeletsi ba bangata ba buang puo ea bona. Ka mor’a likhoeli tse seng kae feela, ho ile ha thehoa lihlopha tse ngata tsa puo eo bo-pula-maliboho bao ba neng ba e bua.

16. U ka thusoa ke’ng hore u thabele kabelo ea hao e ncha?

16 “Thabo ea Jehova ke [matla a] lona.” (Neh. 8:​10) Re lokela ho thabisoa ke hore ebe re na le kamano e ntle le Jehova, eseng ke kabelo eo re e fuoeng, ho sa tsotellehe hore na re e rata hakae. Kahoo, lula u le haufi le Jehova ’me u loanele hore e be eena ea u fang bohlale, ea u tataisang le ea u tšehetsang. U hopole hore ntho e ileng ea etsa hore u thabele kabelo ea hao ea nakong e fetileng, ke hobane u ile oa rata ho thusa batho ba sebakeng seo. Ikakhele ka setotsoana kabelong ea hao e ncha ’me u tle u bone ha Jehova a u thusa hore le eona u e rate.​—Moek. 7:10.

17. Re lokela ho hopola eng ka likabelo tseo re nang le tsona hona joale?

17 Re lokela ho lula re hopola hore tšebeletso eo re e etsetsang Jehova ke ea ka ho sa feleng, empa likabelo tseo re li fuoang ke tsa nakoana. Re hopole hore likabelo tseo re li etsang hona joale li ka ’na tsa fetoha lefatšeng le lecha. Mor’abo rona Aleksey eo re buileng ka eena qalong o bontša hore liphetoho tse etsahalang hona joale li etsa hore a itokisetse ho amohela tseo e leng hona li tlang. O re: “Haesale ke tseba hore lefatše le lecha leo Jehova a le tšepisitseng ke la sebele, empa ke ne ke bona eka le sa le hole. Hona joale kamano ea ka le Jehova e se e le matla, ’me ke kholisehile hore re se re le haufi haholo le lefatše le lecha.” (Lik. 2:​25) E se eka re ka lula re rata Jehova ka lipelo tsohle tsa rona, ho sa tsotellehe hore na re na le kabelo efe. A ke ke a re lahla, empa o tla lula a re thusa hore re thabele kabelo efe kapa efe eo re nang le eona.​—Esa. 41:13.

PINA EA 90 Le Khothatsane

^ ser. 5 Ka linako tse ling, bara le barali babo rona ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba ka ’na ba lokela ho khaotsa tšebeletso ea bona kapa ba fuoa kabelo e ncha. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na ke mathata afe ao ba thulanang le ’ona le hore na ke lintho life tseo ba ka li etsang e le hore ba thabele likabelo tsa bona tse ncha. Re tla boela re bone hore na re ka ba khothatsa joang le ho ba tšehetsa, hape re tla hlokomela melao-motheo e ka re thusang kaofela ha ho e-ba le liphetoho maphelong a rona.

^ ser. 4 Ka tsela e tšoanang, ha barab’abo rona ba fihla lilemong tse itseng ba lokela ho fetisetsa mesebetsi eo ba neng ba e etsa ho barab’abo rona ba ntseng ba le bacha. Sheba sehlooho se reng “Bakreste ba Holileng Jehova a ke ke a Lebala Botšepehi ba Lona,” se ho Molula-Qhooa oa September 2018, le se reng “Lula U E-na le Khotso le ha Maemo a Fetoha,” se ho Molula-Qhooa oa October 2018.

^ ser. 12 Baholo ba phutheho eo ba neng ba sebeletsa ho eona ba lokela ho romela lengolo le ba hlalosang kapele-pele, e le hore ba se ke ba lieha ho buelloa e le bo-pula-maliboho, baholo, kapa bahlanka ba sebeletsang phuthehong e ncha.

^ ser. 13 Sheba lihlooho tse ho Tsoha! ea 2018 ea No. 3, e nang le sehlooho reng, “U ka Thusoa Ke’ng ha U Siame?

^ ser. 57 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Banyalani ba utloileng bohloko ba lokelang ho khaotsa tšebeletso ea boromuoa naheng e ’ngoe ba salisa hantle phutheho eo ba neng ba kopanela le eona.

^ ser. 59 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Banyalani bao ba se ba le naheng ea habo bona ’me ba rapela Jehova ka tieo hore a ba thuse ho hlola mathata ao ba tobaneng le ’ona.

^ ser. 61 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Jehova o ba thusitse hore ba khone ho khutlela tšebeletsong ea nako e tletseng. Ba sebelisa puo eo ba ithutileng eona ha e sa le baromuoa hore ba thuse bajaki ba tšimong ea phutheho ea bona e ncha.