Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 32

Tsoelang Pele le Holisa Lerato la Lona

Tsoelang Pele le Holisa Lerato la Lona

“Sena ke seo ke tsoelang pele ho se rapella, hore lerato la lona le ka ata ka ho eketsehileng”​—BAFIL. 1:9.

PINA EA 106 A re Beng le Lerato

SELELEKELA *

1. Ke bo-mang ba ileng ba theha phutheho ea Filipi?

HA MOAPOSTOLA PAULUSE, Silase, Luka, le Timothea ba fihla Filipi e leng e ’ngoe ea likolone tsa Roma, ba ile ba fumana batho ba bangata ba thabelang molaetsa oa Bibele. Bara bana babo rona ba bane ba ile ba theha phutheho e ileng ea thusa bara le barali babo bona ba bacha hore ba kopane ’moho ’me ho ka etsahala hore ebe ba ne ba kopanela ha molumeli-’moho le bona ea bitsoang Lydia.​—Lik. 16:40

2. Phutheho eo e ile ea thulana le mathata afe?

2 Hamorao, phutheho ena e ncha e ile ea kopana le mathata. Satane o ile a etsa hore batho ba sa rateng molaetsa oa Bibele ba loantše Pauluse le bo-mphato’ae. Pauluse le Silase ba ile ba tšoaroa, ba otloa ka melamu eaba ba kenngoa teronkong. Ka mor’a hore ba lokolloe, ba ile ba etela phutheho ena e ncha ho ea e khothatsa. Ka mor’a moo, Pauluse, Silase le Timothea ba ile ba tsamaea empa ho bonahala eka Luka eena o ile a sala. Joale, bara le barali bao babo rona ba ile ba sala ba etsa’ng? Jehova o ile a ba thusa ka moea oa hae hore ba mo sebeletse ka cheseho. (Bafil. 2:​12) Ha se feela Pauluse a neng a ikotla sefuba ka bona!

3. Ho ea ka Bafilipi 1:​9-11, Pauluse o ile a rapella’ng?

3 Lilemo tse ka bang leshome hamorao, Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Filipi lengolo. Ha u bala lengolo leo, u tla hlokomela kamoo Pauluse a neng a rata balumeli-’moho le eena kateng. O ne a itse, ‘ke le hlolohetsoe kaofela ka lerato le mofuthu le kang leo Kreste Jesu a nang le lona.’ (Bafil. 1:8) O ile a ba bolella hore o ntse a ba rapella. A kopa Jehova hore lerato la bona le ate, ba nepisise lintho tsa bohlokoa haholo, ba hloke sekoli, ba se ke ba khopisa batho ba bang le hore ba etse lintho tse lokileng. Le rona re ka rua molemo lengolong lena la Pauluse. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba lengolo la Bafilipi. (Bala Bafilipi 1:​9-11.) Re tla boela re hlahlobe lintho tseo a buileng ka tsona le hore na re ka li sebelisa joang.

HOLISANG LERATO LA LONA

4. (a) Ho ea ka 1 Johanne 4:​9, 10, Jehova o ile a bontša joang hore oa re rata? (b) Re lokela ho rata Jehova hakae?

4 Jehova o ile a bontša hore oa re rata ka hore a romele mora oa hae hore a tl’o re shoela. (Bala 1 Johanne 4:​9, 10.) Lerato leo la Molimo le re susumeletsa hore le rona re mo rate. (Bar. 5:8) Re lokela ho rata Jehova hakae? Jesu o ile a araba potso ena ha a ne a re ho Mofarisi e mong: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” (Mat. 22:​36, 37) Le rona re batla ho rata Molimo ka lipelo tsohle. Ebile re batla hore lerato la rona ho eena le lule le hola letsatsi le letsatsi. Pauluse o ile a bolella Bafilipi hore lerato la bona le lokela ho “ata ka ho eketsehileng.” Re lokela ho etsa’ng e le hore re matlafatse lerato la rona ho Molimo?

5. Re tla rata Jehova haholoanyane haeba re etsa’ng?

5 Re lokela ho tseba Molimo hantle e le hore re mo rate. Bibele e re: “Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, hobane Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) Moapostola Pauluse o ile a re re tla rata Molimo haholoanyane haeba re ka ba le “tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng” ka Molimo. (Bafil. 1:9) Ha re ne re qala ho ithuta ka Jehova, re ile ra mo rata le hoja re ne re sa tsebe lintho tse ngata ka eena. Eaba ha re ntse re tsoela pele ho ithuta ka Jehova, re mo rata le ho feta. Ke ka hona ho leng bohlokoa hore re ithute Bibele letsatsi le letsatsi re be re nahanisise ka lintho tseo re ithutileng tsona.​—Bafil. 2:16.

6. E le hore re ratane, re lokela ho etsa’ng ho latela 1 Johanne 4:​11, 20, 21?

6 Lerato leo re ratang Jehova ka lona le re susumeletsa ho rata Bakreste-’moho le rona. (Bala 1 Johanne 4:​11, 20, 21.) Re ka ’na ra nahana hore ho rata bara le barali babo rona ke ntho e itlelang feela. Hobane re le barapeli ba Jehova ebile re leka ho mo etsisa. Hape re latela mohlala oa Jesu ea ileng a re rata ka ho tela bophelo ba hae molemong oa rona. Leha ho le joalo, ho ntse ho ka ba thata hore re mamele taelo ea hore re ratane. A re hlahlobeng se ileng sa etsahala phuthehong ea Filipi.

7. Re ithuta’ng keletsong eo Pauluse a ileng a e fa Evodia le Syntike?

7 Evodia le Syntike e ne e le baralib’abo rona ba chesehang ba neng ba sebetsa le moapostola Pauluse mahetla a bapile. Ho ka etsahala hore ebe Evodia le Syntike ba ile ba ba le likhohlano hoo setsoalle sa bona se ileng sa fela. Lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla phutheho eo Evodia le Syntike ba neng ba le ho eona, o ile a ba khalemela ka ho toba a re ba be le “kelello e tšoanang.” (Bafil. 4:​2, 3) Pauluse o ile a bona ho le molemo hore a bolelle phutheho kaofela a re: “Le ’ne le etse lintho tsohle le sa korotle ’me le se na likhang.” (Bafil. 2:​14) Ha ho pelaelo hore keletso ena ea Pauluse ha e-ea ka ea thusa barali bao babo rona feela empa e ile ea thusa le phutheho eohle hore e momahane le ho ratana.

Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re nahana ka lintho tse ntle tseo Bakreste-’moho le rona ba li etsa’ng? (Sheba serapa sa 8) *

8. Ke ntho efe e ka etsang hore ho be thata ho rata balumeli-’moho le rona, hona re ka thusoa ke’ng?

Joaloka Evodia le Syntike, le rona re ka thatafalloa ho rata bara le barali babo rona haeba re tloaetse ho shebana le liphoso tsa bona. Kaofela ha rona re etsa liphoso letsatsi le letsatsi. Ha re lula re shebane le liphoso tsa bona, re ka qetella re se re sa ba rate. Mohlala, re ka ’na ra koatela mor’abo rona haeba a lebetse hore o lokela ho hloekisa Holong. Ha re lula re nahana ka liphoso tseo a li entseng, re ka ’na ra qetella re mo hloile. Haeba ho na le motho eo u nang le bothata le eena phuthehong ea heno, e ka ba hantle hore u hopole taba ena: Jehova o tseba mefokolo ea rona ho akareletsa le ea Mokreste-’moho le uena. Leha ho le joalo, o re rata kaofela ha rona. Ka lebaka leo, re lokela ho etsisa Jehova ka hore re rate bara le barali babo rona re be re lule re nahana ka lintho tse ntle tseo ba li etsang. Ha re leka ka matla hore re rate Bakreste-’moho le rona, re tla momahana haholoanyane.​—Bafil. 2:​1, 2.

“LINTHO TSA BOHLOKOA HAHOLO”

9. Ke lintho life tse ling tsa bohlokoa haholo tseo Pauluse a ileng a bua ka tsona ho Bafilipi?

9 Moea o halalelang o ile oa susumetsa Pauluse hore a bolelle Bafilipi le Bakreste bohle hore ba ‘nepisise lintho tsa bohlokoa haholo.’ (Bafil. 1:​10) Lintho tsena tsa bohlokoa li akareletsa ho halaletsa lebitso la Jehova, ho phethahala ha litšepiso tsa hae le ho ba le khotso le bonngoe ka phuthehong. (Mat. 6:​9, 10; Joh. 13:​35) Haeba re etsa hore lintho tsena ebe tsona tsa bohlokoa bophelong ba rona, re tla be re bontša hore re rata Jehova.

10. Re lokela ho etsa’ng e le hore Jehova a nke re se na sekoli?

10 Pauluse o ile a boela a re re lokela ho ‘hloka sekoli.’ Taba ena ha e bolele hore re ke ke ra etsa liphoso. Re ke ke hloka sekoli hoo re ka tšoanang le Jehova. Empa a ka nka re se na sekoli haeba re leka ka hohle ho matlafatsa lerato la rona le ho nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang hore re rata batho ba bang ke ka hore re qobe ho etsa lintho tse ka ba khopisang eaba li senya kamano ea bona le Jehova.

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho khopisa batho ba bang?

11 Taba ea hore re se ke ra khopisa ba bang e tebile haholo. Re ka khopisa batho ba bang joang? Ka boithabiso boo re bo khethang, tsela eo re aparang ka eona le ka mosebetsi oo re o khethang. Ho ka etsahala hore ebe lintho tsena ha li na phoso. Empa haeba re etsa liqeto tse khopisang batho ba bang, bothata bo hona moo. Jesu o ile a re haeba re etsa lintho tse ka khopisang Bakreste-’moho le rona hoo ba ka khaotsang ho sebeletsa Jehova, ho kotsi ho feta ho faseletsoa lejoeng le boima ebe re lahleloa ka leoatleng!​—Mat. 18:6.

12. Re ithuta’ng mohlaleng oa banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho?

12 Hlokomela kamoo banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho ba ileng ba sebelisa keletso ena ea Jesu kateng. Phuthehong ea habo bona, ho ne ho e-na le banyalani ba sa tsoa kolobetsoa ba neng ba holiselitsoe malapeng ao ho ’ona ho neng ho e-na le melao e mengata. Banyalani bana ba ne ba lumela hore Bakreste ha baa lokela ho shebella lifilimi hohang esita le tse seng kotsi. Ba ile ba halefa ha ba utloa hore banyalani bao ba bo-pula-maliboho ba ne ba shebelletse lifilimi. Bo-pula-maliboho bana ba ile ba khaotsa ho ea lifiliming ho fihlela ha banyalani bao ba se ba tseba phapang pakeng tsa ntho e nepahetseng le e fosahetseng. (Baheb. 5:​14) Ka ho etsa joalo, banyalani bao ba bo-pula-maliboho ba ile ba bontša hore ba rata bara le barali babo bona, eseng ka mantsoe feela empa le ka liketso.​—Bar. 14:​19-21; 1 Joh. 3:18.

13. Ke lintho life tseo re ka ’nang ra li etsa tse ka etsang hore motho e mong a etse sebe?

13 Tsela e ’ngoe eo re ka khopisang batho ba bang ka eona ke ka hore re etse lintho tse etsang hore ba etse sebe. Ntho eo e ka etsahala joang? Nahana ka mohlala ona. Ka mor’a ho sehla ka thata nako e telele, motho e mong ea neng a ntse a ithuta Bibele o ile a khona ho hlola bothata ba ho lemalla joala. O ile a bona hore o lokela ho bo tlohela ka ho feletseng. Kaha o ne a se a entse liphetoho o ile a kolobetsoa. Ka letsatsi le leng, mor’abo rona e mong o ile a mo mema, ea re ha a le moo, o mo fa joala ’me a re ho eena: “U se u le Mokreste joale, ebile u na le moea o halalelang. Tsela e ’ngoe eo moea o halalelang o re thusang ka eona ke ka hore re be le boitšoaro. Ho ba le boitšoaro ho tla u thusa hore u lekanyetse tsela eo u noang ka eona.” E ne e tla ba ntho e bohloko hakaakang haeba mor’abo rona a ne a ka mamela keletso eo e fosahetseng eaba o noa joala ’me a khutlela mekhoeng ea hae ea ho bo lemalla!

14. Liboka li re thusa joang ho mamela litaelo tse hlahang ho Bafilipi 1:10?

14 Liboka li re thusa ho mamela litaelo tse hlahang ho Bafilipi 1:​10 ka litsela tse ling hape. Ea pele, lintho tseo re ithutang tsona libokeng li re thusa ho bona hore na ke lintho life tseo Jehova a li nkang li le bohlokoa. Ea bobeli, li re thusa ho sebelisa lintho tseo re ntseng re ithuta tsona e le hore re hloke sekoli. Ea boraro, li re thusa hore re ratane re be re etse lintho tse nepahetseng. (Baheb. 10:​24, 25) Ha bara le barali babo rona ba re khothatsa, lerato leo re ratang Molimo ka lona lea eketseha ’me le bona re ba rata haholoanyane. Haeba re rata Molimo le Bakreste-’moho le rona ka lipelo tsohle, re tla loanela hore re qobe ho ba khopisa.

TSOELANG PELE HO ETSA LINTHO TSE LOKILENG

15. Ho beha “litholoana tse lokileng” ho akareletsa’ng?

15 Pauluse o ile a rapella Bafilipi hore ba tsoele pele ho beha “litholoana tse lokileng.” (Bafil. 1:​11) Ha ho pelaelo hore “litholoana tse lokileng” li akareletsa ho rata Jehova le bahlanka ba hae. Lintho tseo li boetse li akareletsa hore re bue ka tumelo eo re nang le eona ho Jesu le ka tšepo ea rona. Bafilipi 2:​15 eona e sebelisa papiso e reng, ‘le khanye le le maseli lefatšeng.’ Papiso ena e tšoana le eo Jesu a ileng a e etsa ha a re barutuoa ba hae ke “leseli la lefatše.” (Mat. 5:​14-16) O ile a laela balateli ba hae hore ba etse batho “barutuoa,” a boela a re e tla ba “lipaki . . . ho isa karolong e hole-hole ea lefatše.” (Mat. 28:​18-20; Lik. 1:8) Re beha “litholoana tse lokileng” ha re etsa sohle se matleng a rona ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa oa ho bolela.

Nakong eo a neng a koaletsoe ntlong eo a neng a lula ho eona Roma, Pauluse o ile a ngolla Bafilipi lengolo. Ka nako eo, Pauluse o ne a sebelisa monyetla o mong le o mong ho pakela balebeli ba hae le batho ba mo etelang. (Sheba serapa sa 16)

16. Bafilipi 1:​12-14 e re re ka khanya joaloka maseli joang le ha re le har’a mathata? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

16 Ho sa tsotellehe maemo ao re leng ho ’ona, re ka khanya joaloka leseli. Ka nako e ’ngoe, lintho tse ka re sitisang ho bolela litaba tse molemo e ka tsona tse hlileng li re fang monyetla oa ho li bolela. Mohlala, moapostola Pauluse o ne a koaletsoe ntlong eo a lulang ho eona Roma, ha a ne a ngola lengolo la Bafilipi. Le hoja a ne a le teronkong, o ne a ntse a khona ho bolella balebeli ba hae le batho ba mo etetseng litaba tse molemo. Pauluse o ne a ruta ka cheseho le tlas’a maemo ao, ’me seo se ile sa etsa hore balumeli-’moho le eena ba be sebete e le hore “ba bolele lentsoe la Molimo ba sa tšabe letho.”​—Bala Bafilipi 1:​12-14; 4:22.

Lula u batla menyetla ea ho bua ka Bibele (Sheba serapa sa 17) *

17. Fana ka mohlala oa kamoo bara le barali babo rona ba ntseng ba tsoela pele ho beha litholoana esita le ha ho le thata.

17 Bara le barali babo rona ba bangata ba bontša hore ba sebete joaloka Pauluse. Le hoja ba lula linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa rona o thibetsoeng, ba sebelisa menyetla e meng ea ho paka. (Mat. 10:​16-20) Naheng e ’ngoe eo ho eona mosebetsi oa rona o thibetsoeng, molebeli oa potoloho o ile a khothaletsa mohoeletsi e mong le e mong hore a koahele “tšimo” ea hae e leng beng ka eena, baahisane, bana bao a kenang sekolo le bona, basebetsi-’moho le batho bao a ba tsebang. Le pele lilemo tse peli li fela, palo ea liphutheho tse potolohong eo e ile ea eketseha ka sekhahla. Mohlomong re lula linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa rona o sa thibeloang. Empa re ka ithuta thuto ea bohlokoa ho bara le barali babo rona ba lulang linaheng tseo mosebetsi oa rona o thibetsoeng, ea hore, haeba re etsa sohle seo re se khonang hore re pakele batho, re ka kholiseha hore Jehova o tla re fa matla a ho tsoela pele re bolela esita le haeba ho le thata.​—Bafil. 2:13.

18. Re lokela ho ikitlaelletsa ho etsa’ng?

18 Hona joale ho feta leha e le neng pele, re lokela ho ikitlaelletsa ho latela keletso ea Pauluse e hlahang lengolong la Bafilipi. Re lokela ho nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo, re hloke sekoli, re qobe ho khopisa batho ba bang re be re etse lintho tse lokileng. Ha re etsa joalo, lerato la rona le tla ata ’me re tla rorisa Ntate oa rona ea lerato, Jehova.

PINA EA 17 “Kea Batla”

^ ser. 5 Hona joale ho feta leha e le neng pele, re hloka ho matlafatsa tsela eo re ratang Bakreste-’moho le rona ka eona. Le hoja ho se bonolo ho matlafatsa lerato la rona ho balumeli-’moho le rona, lengolo le neng le ngoletsoe Bafilipi lea re thusa.

^ ser. 54 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Nakong ea tlhoekiso ea Holo, mor’abo rona Joe o emisa ho sebetsa ’me o qoqa le mor’abo rona e mong le ngoana oa hae. Taba ena e halefisa mor’abo rona Mike eo le eena a ntseng a hloekisa. O utloisisa hore e tlameha ebe mor’abo rona Joe oa sebetsa eseng ebe oa qoqa. Hamorao, mor’abo rona Mike o bona mor’abo Joe a thusa morali’abo rona ea holileng. Sena se hopotsa mor’abo rona Mike hore a nahane ka lintho tse ntle tseo mor’abo rona Joe a li etsang.

^ ser. 58 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Naheng e ’ngoe eo ho eona mosebetsi oa rona o thibetsoeng, ka bohlale mor’abo rona o pakela motho eo mo tsebang. Hamorao ha ba nkile khefu mosebetsing, mor’abo rona o bua le mosebetsi-’moho le eena ka Molimo.