Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 31

Na U Letetse “Motse o Nang le Metheo ea Sebele”?

Na U Letetse “Motse o Nang le Metheo ea Sebele”?

“O ne a letetse motse o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.”​—BAHEB. 11:10.

PINA EA 22 ’Muso o ke o Tle

SELELEKELA *

1. Batho ba bangata ba tetse eng, hona ke hobane’ng ha ba ile ba tela lintho tseo?

MEHLENG ena bahlanka ba Jehova ba limilione ba tetse lintho tse ngata. Bara le barali ba bo rona ba bangata ba khethile hore e be masoha. Athe banyalani ba bang bona ba entse qeto ea ho se be le bana hona joale. Malapa a mang ’ona a entse qeto ea ho phela bophelo bo bobebe. Batho bana kaofela ba entse liqeto tsena ka lebaka le le leng feela la bohlokoa, e leng ho sebeletsa Jehova kahohle kamoo ba ka khonang. Ba thabile ebile ba khotsofetse hape ba tšepa hore Jehova o tla ba fa lintho tsohle tseo ba li hlokang. Na ba tla soetseha? Le letho! Ke hobane’ng ha re kholisehile ka taba ee? Lebaka le leng ke hobane Jehova o ile a hlohonolofatsa Abrahama “e leng ntate oa bohle ba nang le tumelo.”​—Bar. 4:11.

2. (a) Ho ea ka Baheberu 11:​8-10, 16, ke hobane’ng ha Abrahama a ile a ithaopela ho tloha Ure? (b) Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

2 Abrahama o ile a lumela ho tlohela bophelo bo mabotho-botho boo a neng a bo phela ha a ntse a le motseng oa ha bo oa Ure. Hobane’ng? Hobane “o ne a letetse motse o nang le metheo ea sebele.” (Bala Baheberu 11:​8-10, 16.) “Motse” oo ke’ng? Abrahama o ile a thulana le mathata afe ha a ntse a emetse hore motse oo o hahoe? Hona re ka tšoana le Abrahama joang le ba bang ba ileng ba etsisa mohlala oa hae mehleng ee?

“MOTSE O NANG LE METHEO EA SEBELE” KE ENG?

3. Motse oo Abrahama a neng a o letetse ke’ng?

3 Motse oo Abrahama a neng a o letetse ke ’Muso oa Molimo. ’Muso oo o entsoe ka Jesu Kreste le Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000. Pauluse o hlalosa ’Muso oo e le “motse oa Molimo ea phelang, Jerusalema ea leholimo.” (Baheb. 12:​22; Tšen. 5:​8-10; 14:1) Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba rapelle ’Muso ona ’me ba kope hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng joalokaha e etsahala leholimong.​—Mat. 6:10.

4. Ho ea ka Genese 17:​1, 2, 6, Abrahama o ne a tseba’ng ka lintlha tse amanang le ’Muso kapa motse oo Molimo a neng a o tšepisitse?

4 Na Abrahama o ne a tseba lintlha tse felletseng tsa hore na ’Muso oa Molimo o ne o tla hlophisoa joang? Che. Lintlha tse amanang le ’Muso ona oa Molimo ebile “sephiri se halalelang” ka lilemo tse ngata. (Baef. 1:​8-10; Bakol. 1:​26, 27) Empa Abrahama o ne a tseba hore tse ling tsa litloholo tsa hae e ne e tla ba marena. Jehova ke eena ea ileng a etsa tšepiso eo. (Bala Genese 17:​1, 2, 6.) Abrahama o ne a e-na le tumelo e matla haholo litšepisong tsa Molimo hoo e neng e ka o bona Mesia ea tlotsitsoeng eo e neng e tla ba Morena ’Musong oa Molimo. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a re ho Bajuda ba mehleng ea hae: “Ntat’a lona Abrahama o ile a thaba haholo ka tebello ea ho bona letsatsi la ka, ’me o ile a le bona ’me a thaba.” (Joh. 8:​56) Ho hlakile hore Abrahama o ne a tseba hore litloholo tsa hae li ne li tla theha ’Muso oo Jehova a neng a tla o tšehetsa ’me o ne a ikemiselitse ho letela Jehova hore a phethahatse tšepiso eo.

Abrahama o ile a bontša joang hore o na le tumelo litšepisong tsa Jehova? (Sheba serapa sa 5)

5. Re tseba joang hore Abrahama o ne a letetse motse oo moetsi oa oona e leng Molimo?

5 Abrahama o ile a bontša joang hore o emetse motse kapa ’Muso o thehiloeng ke Molimo? Taba ea pele ke hore Abrahama ha aa ka a ikamahanya le ’muso le ha e le ofe oa lefatše lena. O ile a lula e le monna oa motsamai, ho se na sebaka seo a reng ke lehae la hae hape ho ne ho se na ’muso oa motho oo a neng a o tšehetsa. Ho phaella moo, Abrahama ha aa ka a leka ho iketsetsa ’muso oa hae. Ho e-na le hoo, o ile a lula a mamela Jehova ’me a mo emela hore a phethahatse tšepiso ea hae. Ka ho etsa joalo, Abrahama o ile a bontša tumelo e ikhethang ho Jehova. A re ke re hlahlobeng a mang a mathata ao Abrahama a ileng a tobana le ’ona ’me re bone hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae.

ABRAHAMA O ILE A THULANA LE MATHATA AFE?

6. Motse oa Ure o ne o le joang?

6 Motse oo Abrahama a ileng a tloha ho oona o ne o sireletsehile, o tsoetse pele ebile ho le hotle ho phela ho oona. O ne o sirelelitsoe ka lebota le leholohali hape o e-na le liforo tse tharo tse kholo ka mahlakoreng a mararo. Batho ba Ure e ne e le litsebi tse hloahloa tsa puo ebile ba le batle ka lipalo. Hape ho bonahala eka motseng oo e ne e le khubung ea khoebo kaha baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana litokomane tsa khoebo motseng oo. Mahae a batho a ne a hahiloe ka setene a bile a plastariloe hape a pentiloe ka bosoeu. A mang a matlo ana a ne a e-na le likamore tse 13 kapa tse 14 tse pota-potileng lebala le katiloeng ka majoe (pavement.)

7. Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a lokela ho tšepa hore Jehova o ne a tla mo sireletsa le lelapa la hae?

7 Abrahama o ne a lokela ho tšepa hore Jehova o tla mo sireletsa hammoho le lelapa la hae. Hobane’ng? U hopole hore Abrahama le Sara ba ile ba tloha lehaeng la bona le letle le sireletsehileng motseng oa Ure ba ea lula litenteng lithoteng tsa Kanana. Eena le lelapa la hae ba ne ba se ba sa sireletsoa ke marako a thata le liforo tse kholo. Empa boemong bona lira tsa bona li ne li ka ba hlasela habonolo feela.

8. Abrahama o ile a tlameha ho sebetsana le eng?

8 Abrahama o ne a etsa thato ea Molimo empa ka lekhetlo le leng o ile sokola ho fa lelapa la hae lijo. O ile a tlameha ho mamella tlala ea sekoboto e neng e le naheng eo Jehova a neng a mo isitse ho eona. Tlala eo e ne e le mpe hoo Abrahama a ileng a etsa qeto ea hore eena le lelapa la hae ba fallele Egepeta ka nakoana. Leha ho le joalo, ha a le Egepeta, morena oa naha eo e leng Faro o ile a nka mosali oa hae. U nahana hore Abrahama o ile a tšoenyeha hakae pele Jehova a laela Faro hore a khutlisetse Sara ho eena?​—Gen. 12:​10-19.

9. Abrahama o ne a e-na le mathata afe ka lapeng la hae?

9 Ho ne ho boetse ho e-na le mathata ka lapeng la Abrahama. Mofumahali oa hae Sara o ne a sa khone ho ba le bana. Ka lilemo tse ngata ba ile ba tlameha ho phela le sekhobo seo. Kahoo, Sara o ile a nka lekhabunyane la hae Hagare a le fa Abrahama e le hore le ka ba etsetsa bana. Empa Hagare o ile a qala ho hlompholla Sara nakong eo e neng e le moimana oa Ishmaele. Lintho li ile tsa mpefala hoo Sara a ileng a tebela Hagare.​—Gen. 16:​1-6.

10. Lintho tse ileng tsa etsahalla Ishmaele le Isaka li ile tsa leka tumelo ea Abrahama ho Jehova joang?

10 Qetellong Sara o ile a ba ’meleng eaba o tsoalla Abrahama mora eo a ileng a mo reha Isaka. Abrahama o ne a rata bara ba hae ka bobeli. Empa kaha Ishmaele o ile a tšoara Isaka hampe, Abrahama o ile a tlameha ho leleka Hagare le Ishmaele. (Gen. 21:​9-14) Lilemo tse ’maloa hamorao, Jehova o ile a kopa Abrahama hore a etse sehlabelo ka mora oa hae Isaka. (Gen. 22:​1, 2; Baheb. 11:​17-19) Maemong ana a mabeli, Abrahama o ile a tlameha ho tšepa Jehova hore ka tsela e itseng o tla phethahatsa litšepiso tseo a neng a li entse ka bara ba hae.

11. Ke hobane’ng ha Abrahama a ile a tlameha ho letela Jehova ka mamello?

11 Ka nako ena eohle, Abrahama o ile a tlameha ho ithuta hore a letele Jehova ka mamello. E ka ’na eaba o ne a le lilemo tse ka holimo ho 70 ha ba ne ba tloha Ure. (Gen. 11:​31–12:4) Ho feta moo, ka lilemo tse ka bang lekholo o ile a lula naheng ea Kanana e le hloma-o-hlomolle. O ile a shoa ha a le lilemo li 175. (Gen. 25:7) Empa ha aa ka a bona ha Jehova a phethahatsa tšepiso ea hae ea ho fa litloholo tsa hae naha eo a neng a phela ho eona. Hape ha aa ka a bona ha motse, e leng ’Muso oa Molimo o thehoa. Ho ntse ho le joalo, Abrahama o hlalosoa a ile a shoa a “tsofetse ebile a khotsofetse.” (Gen. 25:8) Ho sa tsotellehe liqholotso tseo Abrahama a ileng a thulana le tsona, o ile a lula a e-na le tumelo e matla a bile a khotsofetse ha a letetse Jehova. O ile a thusoa ke’ng hore a lule a mamelletse? O ile a thusoa ke hore bophelong bohle ba hae, Jehova o ile a mo sireletsa hape a mo tšoara joaloka motsoalle oa hae.​—Gen. 15:1; Esa. 41:8; Jak. 2:​22, 23.

Joaloka Abrahama le Sara, bahlanka ba Jehova ba bontša joang hore ba na le tumelo le mamello? (Sheba serapa sa 12) *

12. Re letetse’ng, hona re tl’o bua ka eng?

12 Joaloka Abrahama, re letetse motse o nang le metheo ea sebele. Leha ho le joalo, ha rea letela hore motse oo o hahoe. ’Muso oa Molimo o ile oa hlongoa leholimong ka 1914 ’me o se o ntse o busa leholimong hona joale. (Tšen. 12:​7-10) Re emetse hore o nke taolo ka ho feletseng mona lefatšeng. Ha re ntse re emetse hore taba eo e etsahale, ho na le lintho tse ngata tseo re lokelang ho sebetsana le tsona tse tšoanang le tseo Abrahama le Sara ba ileng ba tobana le tsona. Na bahlanka ba Jehova ba mehleng ee ba khona ho etsisa mohlala oa Abrahama? Lihlooho tse buang ka lipale tsa bophelo tse hlahang ho Molula-Qhooa li bontša hore batho ba bangata joaloka Abrahama le Sara ba khona ho ba le tumelo le mamello. A re ke re bueng ho se hokae ka mehlala eo ’me re bone hore na re ka ithuta’ng.

BA BANG BA ILENG BA ETSISA MOHLALA OA ABRAHAMA

Mor’abo rona Bill Walden o ile a itela eaba Jehova oa mo hlohonolofatsa

13. U ithutile’ng mohlaleng oa Mor’abo rona Walden?

13 Ikemisetse ho tela lintho tse ling. Ha re batla hore ’Muso oa Molimo e be eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona, re lokela ho tšoana le Abrahama ea ileng a ikemisetsa ho tela lintho tse itseng e le hore a ka thabisa Jehova. (Mat. 6:​33; Mar. 10:​28-30) Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Bil Walden. * Ka 1942, Mor’abo rona Bill o ile a qala ho ithuta le Lipaki Tsa Jehova nakong eo a neng a le mothating oa ho fumana lengolo la hae la boejiniere ba meralo ea kaho univesithing ea Amerika. Moprofesa e mong oa hae o ne a se a mo etselitse litokisetso tsa hore a fumane mosebetsi ka mor’a hore a qete sekolong empa Mor’abo rona Bill o ile a hana. O ile a mo hlalosetsa hore o entse qeto ea ho se sebetse mosebetsi oo e le hore a be le nako ea ho sebeletsa Molimo haholoanyane. Nakoana ka mor’a moo, ’Muso o ile oa mo qobella hore a ee sesoleng. Ka tlhompho o ile a hana taelo eo eaba lekhotla le re a ipatalle chelete e ngata a ba a ahloleloa lilemo tse hlano teronkong. O ile a lokolloa ka mor’a lilemo tse tharo. Hamorao o ile a memeloa Sekolong sa Gileade eaba ka mor’a moo o sebeletsa Afrika e le moromuoa. Mor’abo rona Bill o ile a nyala Morali’abo rona Eva eaba ba sebeletsa Afrika ’me ba ile ba lokela ho tela lintho tse ling. Ka mor’a lilemo tse itseng ba ile ba khutlela Amerika ho ea hlokomela ’mè oa Mor’abo rona Bill. Ha a akaretsa pale ea bophelo ba hae, Mor’abo rona Bill o re: “Ke tlala likhapha ha ke nahana ka tokelo e babatsehang eo ke neng ke e-na le eona ea ho sebelisoa ke Jehova ka lilemo tse fetang 70. Ke lula ke mo leboha kamehla ka hore ebe o ile a nthusa hore ke mo sebeletse bophelong ba ka.” Na u ka khona ho etsa hore tšebeletso ea nako e tletseng e tle pele bophelong ba hao?

Morali’abo rona Eleni le monna oa hae Aristotelis Apostolidis ba ile ba bona ha Jehova a ba hlohonolofatsa

14-15. U ithutile’ng mohlaleng oa Mora le Morali’abo rona Apostolidis?

14 U se ke oa lebella hore bophelo ba hao bo ke ke ba e-ba le mathata. Mohlaleng oa Abrahama, re ithutile hore esita le batho ba ikemiselitseng ho sebeletsa Jehova bophelo bohle ba bona ba tla kopana le mathata. (Jak. 1:2; 1 Pet. 5:9) Ak’u nahane ka mohlala oa Mor’abo rona Aristotelis Apostolidis, * o tiisang taba ena. O ile a kolobetsoa ka 1946 koana Greece eaba ka 1952 o ratana le Morali’abo rona Eleni ’me ka bobeli ba ne ba batla ho sebeletsa Jehova kahohle-hohle. Leha ho le joalo, Morali’abo rona Eleni o ile a kula ’me a fumanoa a e-na le hlala ea boko. Hlala eo e ile ea tlosoa empa lilemo tse seng kae ka mor’a hore ba nyalane e ile ea khutla. Lingaka li ile tsa mo sebetsa hape empa lekhetlong lena litho tse ling tsa ’mele oa hae li ile tsa shoa eaba le puo ea hae ha e sa tsoa hantle. O ile a lula e le mohoeletsi ea chesehang ho sa tsotellehe bokuli ba hae le khanyetso eo ’muso o neng o e-na le eona ka nako eo.

15 Mor’abo rona Apostolidis o ile a hlokomela mosali oa hae ka lilemo tse 30. Ka nako eo, e ne e le moholo, a sebetsa mafapheng a likopano hape o ile a thusa ha ho ne ho hahoa Holo ea Kopano. Ka 1987, Morali’abo rona Eleni o ile a hlaheloa ke kotsi ha a ne a le mosebetsing oa boboleli. O ile a qeta lilemo tse tharo a sa khone ho bua kapa ho etsa eng kape eng eaba ka mor’a moo oa hlokahala. Ha Mor’abo rona Aristotelis a hlalosa pale ea hae o re: “Ho theosa le lilemo, ke thulane le mathata a mangata haholo, liteko tse sa eeng moriting le lintho tseo ke neng ke sa li lebella ’me ke ile ka hloka hore ke lule ke e-na le mamello e le hore ke se ke ka lumella eng kapa eng ho ’nyahamisa. Empa kamehla Jehova o ile a mpha matla ao ke a hlokang e le hore nka hlola mathata ana.” (Pes. 94:​18, 19) Jehova o rata bahlanka bohle ba hae ba etsang kahohle kamoo ba ka khonang hore ba mo sebeletse ho sa tsotellehe mathata ao ba thulanang le ’ona.

Morali’abo rona Audrey Hyde o ile a lula a nahana ka lintho tse ntle tseo a tla li fumana nakong e tlang

16. Mor’abo rona Knorr o ile a fa mosali oa hae keletso efe?

16 Lula u nahana ka bokamoso. Abrahama o ile a tsepamisa kelello ea hae litlhohonolofatsong tseo Jehova a neng a tla mo fa tsona ’me ho etsa joalo ho ile ha mo thusa hore a mamelle mathata a ileng a mo hlahela. Morali’abo rona Audrey Hyde o ile a leka ho lula a nahana ka tšepo eo a neng a e-na le eona ka bokamoso le hoja molekane oa hae oa pele e leng Mor’abo rona Nathan H. Knorr, a ile a hlokahala ka lebaka la mofetše athe monna oa hae oa bobeli eena e leng Mor’abo rona Glenn Hyde, o ne a e-na le bothata ba ho lebala. * O re o ile a thusoa ke ntho eo Mor’abo rona Knorr a ileng a mo bolella eona libekenyana pele a hlokahala. O re: “Monna oa ka o ile a nkhopotsa hore ka mor’a lefu, tšepo ea rona ke e tiileng kaha re ke ke ra hlola re utloa bohloko hape. O ile a nkhothaletsa hore ke nahane ka bokamoso kaha moputso oa rona o hona moo. O ile a phaella ka ho re ke phathahane ka ho thusa batho ba bang bophelong ba ka. O ile a re ho etsa joalo ho tla mpha thabo.” Ke keletso e ntle kannete hore re lule re phathahane ka ho etsetsa batho ba bang lintho tse ntle le hore re ‘thabe tšepong.’​—Bar. 12:12.

17. (a) Ke hobane’ng ha re e-na le mabaka a ho lula re nahana ka bokamoso? (b) Mohlala o ho Mikea 7:7 o ka re thusa joang hore re thabele litlhohonolofatso tsa nako e tlang?

17 Hona joale re na le mabaka a mangata haholo a hore re tsepamise likelello tsa rona moputsong. Lintho tse etsahalang lefatšeng hona joale li bontša ka ho hlaka hore re phela qetellong ea matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. Haufinyane re ke ke ra hloka ho emela motse o nang le metheo e tiileng hore o be le taolo holim’a lefatše lohle. Har’a lintho tseo re tla li thabela e tla ba ho bona baratuoa ba rona ba hlokahetseng ba tsosoa. Ka nako eo, Jehova o tla putsa Abrahama ka lebaka la tumelo le mamello tseo a ileng a ba le tsona ka hore a mo tsose eena le ba lelapa la hae. Na u tla ba teng hore u ba amohele? U ka ba teng haeba joaloka Abrahama u itella ’Muso oa Molimo, u lula u e-na le tumelo ho sa tsotellehe mathata ao u tobanang le ’ona hape u ithuta ho letela Jehova ka mamello.​—Bala Mikea 7:7.

PINA EA 74 Binang Pina ea ’Muso

^ ser. 5 Ha re ntse re emetse hore ntho e itseng e phethahale, re ka ’na ra felloa ke mamello ’me maemong a mang re ka felloa ke tumelo. Ke lithuto life tseo re ka ithutang tsona ho Abrahama tse ka matlafatsang boikemisetso ba rona ba hore re letele ka mamello ho phethahala ha litšepiso tsa Jehova? Hape ke mehlala efe ea bahlanka ba Jehova ba mehleng ee eo re ka e etsisang?

^ ser. 13 Pale ea bophelo ea Mor’abo rona Walden e hlaha ho Molula-Qhooa oa December 1, 2013, leq. 8-10.

^ ser. 14 Pale ea bophelo ba Mor’abo rona Apostolidis e ile ea hlaha ho Molula-Qhooa oa February 1, 2002, leq. 24-28.

^ ser. 16 Pale ea bophelo ea Morali’abo rona Hyde e hlaha ho Molula-Qhooa oa July 1, 2004, leq. 23-29.

^ ser. 56 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Banyalani ba holileng ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ho sa tsotellehe mathata ao ba thulanang le ’ona. Ba lula ba e-na le tumelo e matla ka hore ba lule ba nahana ka litšepiso tsa Jehova.