Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 34

U na le Sebaka ka Mokhatlong oa Jehova

U na le Sebaka ka Mokhatlong oa Jehova

“Feela joalokaha ’mele o le mong empa o e-na le litho tse ngata, ’me litho tsohle tsa ’mele oo, le hoja li le ngata, le ’mele o le mong, le Kreste o joalo.”​—1 BAKOR. 12:12.

PINA EA 101 Re Sebetsa re Momahane

SELELEKELA *

1. Re na le tlotla efe?

KE TLOTLA ho ba karolo ea mokhatlo oa Jehova! Re ba le khotso le thabo ha re sebeletsa Jehova hammoho le bara le barali babo rona. Joale sebaka sa hao ke sefe ka mokhatlong?

2. Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a bue ka papiso efe mangolong ao a ileng a a ngola?

2 Re ka ithuta ho hongata ka taba eo papisong eo moapostola Pauluse a ileng a bululeloa hore a ngole ka eona mangolong a ’maloa ao a a ngotseng. Lengolong ka leng, Pauluse o ile a bapisa phutheho le ’mele oa motho. O ile a boela a bapisa batho ba ka phuthehong le litho tsa ’mele.​—Bar. 12:​4-8; 1 Bakor. 12:​12-27; Baef. 4:16.

3. Ke lintho life tse tharo tseo re tl’o ithuta tsona sehloohong see?

3 Sehloohong sena, re tl’o bua ka lintho tse tharo tseo re ka ithutang tsona papisong ea Pauluse. Ntho ea pele, re tl’o bona hore kaofela ha rona re na le sebaka * ka mokhatlong oa Jehova. Ea bobeli, re tla bona hore na re ka etsa’ng haeba re thatafalloa ke ho tseba sebaka sa rona ka mokhatlong oa Jehova. Ebe re qetella ka ho bua ka hore na ke hobane’ng ha re lokela ho lula re phathahane ka mosebetsi oo Jehova a re fileng oona ka mokhatlong oa hae.

BOHLE BA NA LE MOSEBETSI KA MOKHATLONG OA JEHOVA

4. Re ithuta’ng ho Baroma 12:​4, 5?

4 Ntho ea pele eo re ka ithutang eona papisong ea Pauluse ke hore motho e mong le e mong o na le sebaka sa bohlokoa ka lapeng la Jehova. Pauluse o qala papiso ea hae ka ho re: “Feela joalokaha ’meleng o le mong re e-na le litho tse ngata, empa e se litho tsohle tse nang le mosebetsi o tšoanang, kahoo rona, le hoja re le bangata, re ’mele o le mong bonngoeng le Kreste, empa ka bomong re litho tsa tse ling.” (Bar. 12:​4, 5) Pauluse o ne a bolela’ng? Kaofela ha rona re etsa lintho tse sa tšoaneng ka mokhatlong ha ka nako e tšoanang re boetse re le bohlokoa.

Kaofela ha rona re na le likabelo tse sa tšoaneng ka phuthehong empa ho ntse ho le joalo kaofela ha rona re bohlokoa (Sheba serapa sa 5 ho ea ho sa 12) *

5. Jehova o file liphutheho “limpho” life?

5 Ha u nahana ka batho ba nang le sebaka ka mokhatlong, ho ka etsahala hore ebe kapele feela u nahana ka ba etellang pele. (1 Bathes. 5:​12; Baheb. 13:​17) Ke ’nete hore Jehova o fane ka “limpho [tseo e leng] banna” a sebelisa Kreste bakeng sa liphutheho tsa hae. (Baef. 4:8) “Limpho [tseo e leng] banna” li akareletsa barab’abo rona ba Sehlopha se Busang, bathusi ba Sehlopha se Busang, litho tsa Likomiti Tsa Makala, balebeli ba potoloho, barupeli ba likolo tsa Bibele, baholo ba liphutheho le bahlanka ba sebeletsang. Batho bana ba khethoa ke moea o halalelang hore ba hlokomele linku tsa Jehova le ho matlafatsa liphutheho.​—1 Pet. 5:​2, 3.

6. Ho ea ka 1 Bathesalonika 2:​6-8, barab’abo rona ba khethiloeng ke moea o halalelang ba loanela ho etsa’ng?

6 Barab’abo rona ba khethoa ke moea o halalelang hore ba phethe likabelo tse sa tšoaneng. Joalokaha litho tsa ’mele tse sa tšoaneng tse kang matsoho le maoto li sebetsa hore li hlokomele ’mele oohle, barab’abo rona ba khethiloeng ke moea o halalelang ba sebetsa ka thata hore ba thuse phutheho eohle. Ha ba ipatlele thoriso ho ba bang. Ho e-na le hoo, ba etsa boiteko ba ho khothatsa le ho matlafatsa Bakreste-’moho le bona. (Bala 1 Bathesalonika 2:​6-8.) Re leboha Jehova ka barab’abo rona bana ba tšoanelehang ba se nang moea oa boithati!

7. Batho ba bangata ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba thabela eng?

Batho ba bang ba ka mokhatlong ba khethoa hore e be baromuoa, bo-pula-maliboho ba khethehileng kapa bo-pula-maliboho ba kamehla. Ha e le hantle, bara le barali babo rona lefatšeng lohle ba entse qeto ea hore ho bolela molaetsa oa ’Muso le ho etsa barutuoa ho tle pele bophelong ba bona. Ka ho etsa joalo, ba thusitse batho ba bangata hore e be barutuoa ba Kreste. Le hoja baevangeli bana ba ’Muso ba nako e tletseng ba se na chelete kapa lintho tse ngata, Jehova o ba hlohonolofalitse haholo. (Mar. 10:​29, 30) Re rata bana bao babo rona haholo, ebile re motlotlo hore ebe ke karolo ea mokhatlo ona oa Jehova.

8. Ke hobane’ng ha mohoeletsi e mong le e mong a le bohlokoa ho Jehova?

8 Na barab’abo rona ba khethiloeng le ba tšebeletsong ea nako e tletseng ke bona feela ba nang le sebaka ka mokhatlong oa Molimo? Che, ha ho joalo! Baboleli bohle ba ’Muso oa Molimo ba bohlokoa ho Jehova le ho phutheho. (Bar. 10:​15; 1 Bakor. 3:​6-9) Ha e le hantle, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo mokhatlo o amehileng ka eona ke ho etsa batho barutuoa ba Jesu Kreste. (Mat. 28:​19, 20; 1 Tim. 2:4) Batho ba ka phuthehong, e bang ba kolobelitsoe kapa ke bahoeletsi ba sa kolobetsoang, ba leka ho etsa hore mosebetsi ona e be oa bohlokoa haholo bophelong ba bona.​—Mat. 24:14.

9. Ke hobane’ng ha re rata baralib’abo rona?

9 Jehova o file baralib’abo rona sebaka sa bohlokoa haholo ka mokhatlong oa hae. O nka basali, bo-’mè, bahlolohali le baralib’abo rona ba masoha ba mo sebeletsang ka botšepehi e le ba bohlokoa ho eena. Mangolo a bua hangata ka basali ba ileng ba thabisa Jehova. Ba babatsoa ka ho ba mehlala e metle ea tumelo, bohlale, cheseho, sebete, ho fana le mesebetsi e metle. (Luka 8:​2, 3; Lik. 16:​14, 15; Bar. 16:​3, 6; Bafil. 4:3; Baheb. 11:​11, 31, 35) Kannete re leboha Jehova ka hore ebe re na le baralib’abo rona liphuthehong ba nang le makhabane a tšoanang le ao.

10. Ke hobane’ng ha re rata Bakreste-’moho le rona ba holileng?

10 Re boetse rea thaba hore ebe re na le ba bangata ba holileng ka phuthehong. Liphuthehong tse ling ho na le Bakreste ba holileng ba ileng ba sebeletsa Jehova bophelo bohle ba bona. Athe ba bang ba holileng bona e ka ’na eaba ba ithutile ’nete morao tjena. Ho sa tsotellehe hore na ba na le nako e kae ba sebeletsa Jehova, ba na le mathata a sa tšoaneng ao ba ntseng ba sebetsana le ’ona ka lebaka la ho hola. Mathata ao a ka ’na a khina tsela eo ba sebetsang ka eona ka phuthehong esita le tšimong. Ho ntse ho le joalo, ba holileng ba ntse ba etsa boiteko bohle boboleling hape ba sebelisa matla ao ba nang le ’ona ho khothatsa le ho koetlisa ba bang. Kahoo, re rua molemo haholo ho bona. Kannete Jehova o ba rata haholo ebile le rona rea ba rata.​—Liprov. 16:​31.

11-12. Bacha ba phuthehong ea heno ba u khothalitse joang?

11 Ak’u nahane hape ka bacha bao re nang le bona. Ba thulana le mathata a mangata ha ba ntse ba hola lefatšeng lena le busoang ke Satane Diabolose le le susumetsoang ke lineano kapa lifilosofi tsa hae. (1 Joh. 5:​19) Ho ntse ho le joalo, rea thaba ha re bona bacha bana ba e-ba teng libokeng le boboleling le ha ka sebete ba sireletsa tumelo ea bona. Kannete lona bacha, le na le sebaka sa bohlokoa haholo ka mokhatlong oa Jehova.​—Pes. 8:2.

12 Empa ho na le Bakreste ba bang ba sa lumeleng hore ba bohlokoa ka phuthehong ea Molimo. Re ka thusoa ke’ng ho bona hore re na le sebaka ka mokhatlong oa Molimo re le batho ka bomong? A re ke boneng.

TSEBA HORE U BOHLOKOA KA MOKHATLONG

13-14. Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba utloa eka ha ba bohlokoa ka phuthehong?

13 Nahana ka ntho ea bobeli eo re ka ithutang eona papisong ea Pauluse. O ile a bua ka bothata boo batho ba bangata ba nang le bona mehleng ena, e leng ba ho thatafalloa ho lumela hore ba bohlokoa ka phuthehong. Pauluse o ile a re: “Haeba leoto le ka re: “Kahobane ha ke letsoho, ha ke karolo ea ’mele,” ha se hore ka lebaka lena ha se karolo ea ’mele. Haeba tsebe e ka re: “Kahobane ha ke leihlo, ha ke karolo ea ’mele,” ha se hore ka lebaka lena ha se karolo ea ’mele.” (1 Bakor. 12:​15, 16) Pauluse o ne a re ruta’ng?

14 Haeba re ipapisa le batho ba bang ka phuthehong, re ka ’na ra se ke ra bona hore na re bohlokoa hakae. Batho ba bang ka phuthehong e ka ba mesuoe e hloahloa, ba hlophisehileng haholo, ba khonang ho tšelisa kapa ho khothatsa ba bang. E ka ’na eaba u utloa eka u ke ke oa khona ho etsa lintho tseo hantle joaloka bona. Taba eo e bontša hore u ikokobelitse hape u tseba moo matla a hao a fellang teng. (Bafil. 2:3) Empa u lokela ho ba hlokolosi. Haeba u lula u ipapisa le batho ba bang ba nang le bokhoni bo itseng, u tla soetseha. U ka ba oa ikutloa eka ha u na sebaka ho hang ka phuthehong joalokaha Pauluse a bontšitse. Re ka thusoa ke’ng hore re hlole maikutlo ao?

15. Ho ea ka 1 Bakorinthe 12:​4-11, re lokela ho elelloa’ng ka limpho tseo re ka ’nang ra ba le tsona?

15 Nahana ka taba ena. Jehova o ile a fa Bakreste ba mehleng ea Pauluse limpho tsa moea o halalelang empa ha se bohle ba ileng ba fuoa limpho tse tšoanang. (Bala 1 Bakorinthe 12:​4-11.) Jehova o ile a ba fa limpho le bokhoni bo sa tšoaneng empa kaofela ha bona ba ne ba le bohlokoa. Mehleng ena, ha re fuoe moea o halalelang hore re etse mehlolo. Empa re ka ithuta thuto e tšoanang. Kaofela ha rona re bohlokoa ho Jehova le hoja re sa tšoane ka bokhoni.

16. Ke keletso efe ea moapostola Pauluse eo re lokelang ho e mamela?

16 Ho e-na le hore re ipapise le Bakreste ba bang, re tlameha ho mamela keletso ea Pauluse e bululetsoeng e reng: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”​—Bagal. 6:4.

17. Re tla rua molemo ofe haeba re mamela keletso ea Pauluse?

17 Haeba re mamela keletso ea Pauluse e bululetsoeng ebile re itlhahloba, re ka ’na ra qala ho bona hore re na le bokhoni bo itseng bo ikhethang. Mohlala, moholo e mong a ka ’na a se be hloahloa ho ruteng empa a ipabole mosebetsing oa ho etsa barutuoa. Mohlomong ha aa hlophiseha joaloka baholo ba bang empa o tsebahala ka ho ba molisa ea lerato eo bahoeletsi ba phutholohang ha ba e-na le eena hore a ba fe keletso ea Mangolo. Kapa mohlomong o tsebahala ka ho amohela baeti. (Baheb. 13:​2, 16) Ha re se re tseba hore na re na le bokhoni ba ho etsa’ng, re tla thaba hore ebe ho na le hoo re ka ho etsetsang phutheho. Hape re ke ke ra monela bara le barali ba bo rona ba nang le bokhoni bo sa tšoaneng le ba rona.

18. Re ka etsa’ng hore re be mesuoe e hloahloa?

18 Ho sa tsotellehe hore na re etsang eng ka mokhatlong, kaofela ha rona re lokela ho ba le takatso ea ho ntlafatsa tšebeletso ea rona le bokhoni boo re nang le bona. Jehova o sebelisa mokhatlo oa hae ho re koetlisa e le hore re ka ntlafatsa bokhoni ba rona. Mohlala, ha re le libokeng tsa har’a beke, re fuoa tataiso ea hore na re ka ba mafolo-folo joang mosebetsing oa boboleli. Na u etsa lintho tseo u ithutileng tsona libokeng tseo?

19. U ka etsa’ng e le hore u atlehe ho ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso?

19 Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso ke se seng sa lintho tsa bohlokoa haholo tse fanang ka koetliso ho bahlanka ba Molimo. Sekolo sena se etselitsoe batho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba bile ba le lilemo tse pakeng tsa 23 le 65. E ka ’na eaba u bona eka u ke ke oa khona ho ea sekolong sena. Empa ho e-na le hore u ipehele mabaka a ho se ee, ke hobane’ng ha u sa iphe mabaka a hore na ke hobane’ng ha u batla ho ea ho sona? Ka hona, iketsetse moralo o tla u thusa hore u ee sekolong seo. Ha Jehova a u thusa ebile u etsa boiteko bo matla, u ka khona ho etsa lintho tseo u neng u bona eka u ke ke oa khona ho li etsa.

SEBELISA BOKHONI BA HAO HO MATLAFATSA PHUTHEHO

20. Re ithuta’ng ho Baroma 12:​6-8?

20 Ntho ea boraro eo re ithutang eona papisong ea Pauluse e hlaha ho Baroma 12:​6-8. (E bale.) Mona Pauluse o boela a bontša hore batho ba ka phuthehong ba na le limpho tse sa tšoaneng le tsa ba bang. Empa boemong bona o hatisa taba ea hore re lokela ho etsa eng kapa eng bakeng sa ho haha le ho matlafatsa phutheho.

21-22. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Mor’abo rona Robert le Mor’abo rona Felice?

21 Ak’u nahane ka mohlala oa Mor’abo rona Robert. * Ka mor’a hore a sebeletse naheng e ’ngoe, o ile a koptjoa hore a ee Bethele e naheng ea ha bo. Le hoja a ile a tiisetsoa hore kabelo ea hae ha e ea fetoha hobane a sa e etsa hantle, o re: “Ka likhoeli tse ’maloa ke ne ke sa thaba hobane ke utloa eka ha kea etsa kabelo ea ka hantle. Ho na le linako tseo ka tsona ke neng ke utloa eka nka tsamaea Bethele.” O ile a thusoa ke’ng hore a boele a thabe? Moholo e mong o ile a mo hopotsa hore Jehova o koetlisa motho e mong le e mong kabelong eo a leng ho eona e le hore a khone ho etsa e ncha hantle. Mor’abo rona Robert o ile a hlokomela hore o lokela ho khaotsa ho lula a shebana le hore na o ne a etsa’ng nakong e fetileng empa a tsepamise kelello ea hae nthong eo a lokelang ho e etsa ka nako eo.

22 Mor’abo rona Felice Episcopo o ne a e-na le bothata bo tšoanang. Eena le mosali oa hae ba ne ba tsoa Sekolong sa Gileade ka 1956 eaba ba isoa Bolivia e le bapotolohi. Ka 1964, ba ile ba sitsoa ka ngoana oa moshanyana. Mor’abo rona Felice o re: “Ho ne ho le boima haholo ho tlohela kabelo ea rona eo re neng re e rata. Nke ke ka pata hore ke ile ka senya nako e ka etsang selemo kaofela ke ikutloetse bohloko. Empa Jehova o ile a nthusa hore ke fetole maikutlo eaba ke nahana haholo ka boikarabelo ba ka ba ho ba motsoali.” Na u boemong bo tšoanang le ba Mor’abo rona Robert kapa Mor’abo rona Felice? Na u nyahame, mohlomong hobane hona joale ha u sa na litokelo tse tšoanang le tseo u neng u e-na le tsona pele? Haeba ho joalo, u tla thaba haholoanyane haeba u fetola maikutlo a hao hape u tsepamisa kelello ea hao linthong tseo u khonang ho li etsa hona joale e le hore u sebeletse Jehova le bara le barali beno. Lula u phathahane hape u sebelise bokhoni ba hao le limpho tseo u nang le tsona ’me u tla thaba ha u ntse u matlafatsa Bakreste-’moho le uena.

23. Re lokela ho ipha nako ea ho etsa’ng, hona re tl’o ithuta’ng sehloohong sa latelang?

23 Kaofela ha rona re bohlokoa ho Jehova. O batla hore re be litho tsa lelapa la hae. Haeba re ipha nako ea ho thuisa ka hore na re ka etsa’ng ho thusa Bakreste-’moho le rona ’me re sebetsa ka thata ho phetha ntho eo, re ke ke ra utloa eka ha re na sebaka ka mokhatlong oa Molimo. Empa re ka re’ng ka tsela eo re nkang ba bang ka eona ka mokhatlong? Re ka etsa’ng ho bontša hore rea ba rata le ho ba hlompha? Sehloohong se latelang re tl’o bua ka litaba tseo tsa bohlokoa.

PINA EA 24 Tloong Thabeng ea Jehova

^ ser. 5 Kaofela ha rona re batla ho ratoa ke Jehova. Empa ka linako tse ling, re ka ’na ra ipotsa hore na ebe re batho ba bohlokoa ho Jehova. Sehlooho sena se tl’o re thusa ho bona hore kaofela ha rona re na le libaka tsa bohlokoa ka mokhatlong oa Jehova.

^ ser. 3 TLHALOSO: Sebaka seo motho ka mong a nang le sona ka mokhatlong oa Jehova ke karolo eo a etsang ho khothatsa le ho matlafatsa balumeli-’moho le eena. Sebaka seo ha se ee ka hore na motho o holisitsoe joang, o na le maemo afe sechabeng, ke oa morabe kapa setso sefe, o ruile kapa che le hore na o rutehile kapa che.

^ ser. 21 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 63 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO Leqephe 22 le 23: Litšoantšo tse latelang li bontša lintho tse etsahalang pele ho liboka, nakong ea tsona le ka mor’a tsona. Setšoantšo sa 1: Moholo o lumelisa motho ea tlileng libokeng ka mofuthu, mocha o hlophisa thepa ea molumo hape morali’abo rona o ntse a bua le nkhono. Sa 2: Batho ba baholo le ba banyane ba leka ho fana ka likarabo thutong ea Molula-Qhooa. Sa 3: Banyalani ba bang kenya letsoho tlhoekisong ea Holo. ’Mè o thusa ngoana oa hae ho tšela monehelo ka lebokoseng la monehelo. Mocha o ntse a paka libuka ha mor’abo rona e mong a ntse a khothatsa hlooho-putsoa.