Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Putsa ba mo Batlang ka Tieo

Jehova o Putsa ba mo Batlang ka Tieo

“Ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—BAHEB. 11:6.

LIPINA: 85, 134

1, 2. (a) Lerato le tumelo li amana ka tsela efe? (b) Re tla tšohla lipotso life?

RE RATA Jehova hobane “o ile a re rata pele.” (1 Joh. 4:19) Jehova o ithaopetse ho hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba tšepahalang, e le ho bontša hore o oa ba rata. Ha re ntse re rata Molimo le ho feta, re ba le tumelo e matla ea hore o teng le hore o putsa batho ba mo ratang.—Bala Baheberu 11:6.

2 Jehova o tsebahala ka ho putsa batho. Re ke ke ra re re na le tumelo haeba re sa kholiseha hore Molimo o tla putsa ba mo batlang ka tieo, kaha “tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona.” (Baheb. 11:1) Tumelo e akarelletsa ho kholiseha ka ho feletseng hore Molimo o tla hlohonolofatsa bahlanka ba hae. Empa, ho tseba hore Jehova o tla re putsa ho re tsoela molemo joang? Jehova o ’nile a putsa bahlanka ba hae joang nakong e fetileng, hona o ba putsa joang mehleng ee? A re boneng.

JEHOVA O TŠEPISA HO HLOHONOLOFATSA BAHLANKA BA HAE

3. Ke tšepiso efe eo re e fumanang ho Malakia 3:10?

3 Jehova Molimo o ithaopetse ho hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba tšepahalang, kahoo o re mema hore re etse lintho tse mo khahlisang e le hore a re putse. Bibele e re: “‘Ka kōpo, ntekeng, . . . ’ ho boletse Jehova oa mabotho, ‘hore na ebe nke ke ka le bulela likhoro tsa moroallo tsa maholimo ’me ke le tšollele tlhohonolofatso ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang.’” (Mal. 3:10) Re bontša kananelo ka ho mamela seo Jehova a reng re se etse.

4. Re ka kholiseha joang hore mantsoe a Jesu a ho Matheu 6:33 a tla phethahala?

4 Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae hore ha ba beha ’Muso pele, Molimo o tla ba tšehetsa. (Bala Matheu 6:33.) O ne a kholisehile ka seo hobane a tseba hore kamehla Jehova o phethahatsa litšepiso tsa hae. (Esa. 55:11) Le rōna re ka kholiseha hore haeba re e-na le tumelo e matla ho Jehova, o tla phethahatsa tšepiso ea hae e reng: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” (Baheb. 13:5) Mantsoe a lengolo lena a lumellana le seo Jesu a ileng a se bua ka ho batla ’Muso pele le ho loka ha Molimo.

Jesu o ile a bontša hore balateli ba hae ba tla putsoa haeba ba itela (Sheba serapa sa 5)

5. Ke hobane’ng ha tsela eo Jesu a ileng a arabela Petrose ka eona e re matlafatsa tumelo?

5 Ka le leng moapostola Petrose o ile a botsa Jesu a re: “Re siile lintho tsohle ’me ra u latela; re tla fumana eng?” (Mat. 19:27) Ho e-na le ho nyatsa Petrose ka ho mo botsa potso eo, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba tla putsoa haeba ba itela. Baapostola ba hae ba tšepahalang le batho ba bang ba tla busa le eena leholimong. Le hona joale barutuoa bohle ba fumana moputso. Jesu o ile a re: “E mong le e mong ea siileng matlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ntate kapa ’mè kapa bana kapa masimo ka lebaka la lebitso la ka o tla amohela ho eketsehileng ka makhetlo a mangata ’me o tla rua bophelo bo sa feleng.” (Mat. 19:29) Barutuoa ba hae ba ne ba tla fumana litlhohonolofatso tse fetang hōle lintho tseo ba li tetseng. Na balumeli-’moho le rōna ha ba bohlokoa ho feta lintho le ha e le life tseo re li tetseng bakeng sa ’Muso?

“ANKORA BAKENG SA MOEA”

6. Ke hobane’ng ha Jehova a tšepisa bahlanka ba hae moputso?

6 Kaha Jehova o tšepisitse barapeli ba hae moputso, seo se ba thusa hore ba mamelle ha ho hlaha liteko. Bahlanka ba Jehova Molimo ba tšepahalang ba thabela litlhohonolofatso hona joale ’me ba letetse ho fumana tse eketsehileng le ho feta nakong e tlang. (1 Tim. 4:8) Ha re kholisehile hore Jehova ke “moputsi oa ba mo batlang ka tieo,” re tla ba le tumelo e matla.—Baheb. 11:6.

7. Tšepo e ka ba ankora joang?

7 Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Thabang ’me le tlōle ke thabo, kaha moputso oa lōna o moholo maholimong; etsoe ba ile ba hlorisa baprofeta ka tsela eo pele ho lōna.” (Mat. 5:12) Bahlanka ba bang ba Jehova ba tla fumana moputso oa ho phela leholimong ha ba bang ba tla phela lefatšeng la paradeise ka ho sa feleng. Lena ke lebaka le utloahalang la ho ‘thaba le ho tlōla ke thabo.’ (Pes. 37:11; Luka 18:30) Ho sa tsotellehe hore na re tla phela leholimong kapa lefatšeng, tšepo ea rōna e ka ba ‘ankora bakeng sa moea, e be ea ’nete le e tiileng.’ (Baheb. 6:17-20) Joalokaha ankora e thusa sekepe hore se lule se tsitsitse nakong ea sefefo, tšepo ea hore re tla fumana moputso e tla re thusa ho lula re tiile. E ka boela ea re thusa ho mamella mathata.

8. Ho ba le tšepo ho ka re thusa joang?

8 Tšepo ea rōna e thehiloeng Bibeleng e ka re thusa ho fokotsa ho tšoenyeha, ea ba ea thoba lipelo tsa rōna. Ruri hoa re khothatsa ho lahlela ‘moroalo oa rōna ho Jehova,’ kaha rea tseba hore ‘o tla re tšehetsa’! (Pes. 55:22) Re ka kholiseha hore Molimo o tla re putsa ka lintho tse ngata ho feta ‘tseo re li kōpang kapa re li nahanang.’—Baef. 3:20.

9. Re ka kholiseha hakae hore Jehova o tla re hlohonolofatsa?

9 E le hore Jehova a re putse, re lokela ho mo tšepa ka ho feletseng le ho mo mamela. Moshe o ile a re ho Baiseraele: “Jehova o tla le hlohonolofatsa naheng eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona e le lefa hore le e rue, haeba feela ruri le mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lōna e le hore le ele hloko ho phetha litaelo tsena tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno. Etsoe ruri Jehova Molimo oa lōna o tla le hlohonolofatsa feela joalokaha a le tšepisitse.” (Deut. 15:4-6) Na u na le tšepo e feletseng ea hore Jehova o tla u putsa ha u tsoela pele ho mo sebeletsa ka botšepehi? U na le mabaka a utloahalang a ho lumela seo.

JEHOVA O ILE A BA PUTSA

10, 11. Jehova o ile a hlohonolofatsa Josefa joang?

10 Bibele e ngoletsoe ho re ruisa molemo. E na le litlaleho tse ngata tsa kamoo Molimo a ileng a putsa bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Bar. 15:4) Josefa ke e mong oa bao Jehova a ileng a ba putsa ka tsela e khethehileng. Ka lebaka la bolotsana bo ileng ba etsoa ke banab’abo le mosali oa mong’a hae, o ile a iphumana a le teronkong Egepeta. Na o ile a arohana le Molimo oa hae? Che! Bibele e re: “Jehova a ’na a ba le Josefa ’me a ’na a mo bontša mosa o lerato . . . Jehova o ne a e-na le Josefa ’me a atlehisa seo a se etsang.” (Gen. 39:21-23) Le maemong ana a thata, Josefa o ile a letela Molimo oa hae ka mamello hore a mo thuse.

11 Lilemo hamorao, Faro o ile a lokolla Josefa chankaneng, ’me a beha lekhoba lena boemong bo phahameng pusong ea Egepeta. (Gen. 41:1, 37-43) Ha mosali oa hae a mo tsoalla bara ba babeli, Josefa o ile “a reha letsibolo lebitso la Manase, hobane, ho qotsa mantsoe a hae, ‘Molimo o ntebalitse khathatso eohle ea ka le ntlo eohle ea Ntate.’ Eaba o reha oa bobeli lebitso la Efraime, hobane, ho qotsa mantsoe a hae, ‘Molimo o nkatisitse naheng ea ho sohlokeha ha ka.’” (Gen. 41:51, 52) Kaha Josefa o ile a lula a tšepahala ho Molimo, o ile a hlohonolofatsoa ka hore ka eena ho bolokoe Baiseraele le Baegepeta. Ha e le hantle, Josefa o ile a hlokomela hore o hlohonolofalitsoe ke Jehova.—Gen. 45:5-9.

12. Jesu o ile a lula a tšepahala joang ha a ne a lekoa?

12 Ka tsela e tšoanang, Jesu Kreste o ile a lula a mamela Molimo nakong eo tumelo ea hae e neng e lekoa, ’me Molimo a mo putsa. O ile a thusoa ke’ng hore a mamelle? Bibele e re: “Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong.” (Baheb. 12:2) Ha ho potang hore Jesu o ne a thabisoa ke ho halaletsa lebitso la Molimo. Ho feta moo, Ntate oa hae o ile a mo putsa a ba a mo fa tlotla e babatsehang. Bibele e re “o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.” E boetse e re: “Molimo le eena o ile a mo phahamisetsa boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle.”—Bafil. 2:9.

JEHOVA HA A LEBALE MESEBETSI EA RŌNA

13, 14. Jehova o ikutloa joang ka seo re mo etsetsang sona?

13 Re ka kholiseha hore Jehova o ananela boiteko boo re bo etsang ha re mo sebeletsa. O oa utloisisa hore re ka ’na ra halala kapa ra belaella seo re mo etsetsang sona. O re utloela bohloko haeba mathata a rōna a lichelete, ho kula kapa tsela eo re ikutloang ka eona li sitisa borapeli ba rōna. Re ka kholiseha hore Jehova o oa thaba ha a bona seo bahlanka ba hae ba se etsang e le hore ba lule ba tšepahala.—Bala Baheberu 6:10, 11.

14 Hopola hape hore re ka atamela ho Molimo “Ea Utloang thapelo” re kholisehile hore o tla re mamela. (Pes. 65:2) “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle” o tla re fa khothatso eo re e hlokang a be a re thuse hore re lule re e-na le kamano e ntle le eena, mohlomong a sebelisa balumeli-’moho. (2 Bakor. 1:3) Jehova o oa thaba ha a bona hore re tsotella batho ba bang. Bibele e re “ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova, ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.” (Liprov. 19:17; Mat. 6:3, 4) Kahoo, haeba ka lerato re thusa ba mahlomoleng, ho tšoana le ha re alima Jehova ’me o tšepisa hore o tla re putsa.

MAHLOHONOLO HONA JOALE LE KA HO SA FELENG

15. U lebeletse mahlohonolo afe paradeiseng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

15 Batlotsuoa ba matlafatsoa ke tšepo eo ba nang le eona ea ho fumana ‘moqhaka oa ho loka, oo Morena, moahloli ea lokileng, a tla ba neha oona e le moputso ka letsatsi leo.’ (2 Tim. 4:7, 8) Molimo o tla ’ne a re putse le haeba re se na tšepo ea ho ea phela leholimong. “Linku tse ling” tsa Jesu tse limilione li lebeletse ka tjantjello mahlohonolo a ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Moo “ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Joh. 10:16; Pes. 37:11.

16. Re fumana matšeliso afe ho 1 Johanne 3:19, 20?

16 Ka linako tse ling, re ka ’na ra ikutloa eka ha re etse ho lekaneng kapa ra ipotsa hore na ebe Jehova o thabisoa ke seo re mo etsetsang sona. Re ka boela ra nahana hore mohlomong ha re tšoaneloe ke ho fumana moputso. Le ka mohla ha re se keng ra lebala hore “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle.” (Bala 1 Johanne 3:19, 20.) O putsa ntho le ha e le efe eo re mo etsetsang eona, re susumetsoa ke tumelo le lerato, le haeba rōna re bona eka ha e bohlokoa.—Mar. 12:41-44.

17. Re fumana mahlohonolo afe mehleng ee?

17 Le matsatsing ana a thata a laoloang ke Satane, Jehova o ntse a tsoela pele ho hlohonolofatsa bahlanka ba hae. O etsa bonnete ba hore Bakreste ba ’nete ba fumana khotso eo ho seng ntho le ha e le efe e ka lekanngoang le eona. (Esa. 54:13) Joalokaha Jesu a tšepisitse, kajeno Jehova o re hlohonolofalitse ka hore ebe re karolo ea lelapa le lerato la bara ba motho ba lefatšeng ka bophara. (Mar. 10:29, 30) Ho feta moo, batho bohle ba batlang Molimo ka tieo ba hlohonolofalitsoe ka ho ba le khotso le thabo.—Bafil. 4:4-7.

18, 19. Bahlanka ba Jehova ba ikutloa joang ka tsela eo a ba hlohonolofatsang ka eona?

18 Bahlanka ba Jehova lefatšeng lohle ba fumana mahlohonolo a tsoang ho eena. Ka mohlala, Bianca ea lulang Jeremane o re: “Ha ke khaotse ho leboha Jehova ka tsela eo a nthusang le ho ntšehetsa ka eona. Lefatše lena le ferekane. Empa kaha ke na le kamano e haufi le Jehova, ke ikutloa ke sireletsehile. Neng le neng ha ke tela ho itseng bakeng sa ho mo sebeletsa, o ntlhohonolofatsa ka ho menahaneng.”

19 Hlokomela seo Paula ea lilemo li 70 ea lulang Canada ebile a na le bothata ba mokokotlo a se buang. O re: “Le hoja ke kula, seo ha se bolele hore ke tla khoehlisa mosebetsing oa ka oa boboleli. Ke leka ho paka ka litsela tse fapaneng, tse akarelletsang ho paka ka fono kapa ka tsela e sa reroang. E le hore ke lule ke le matla, ke na le buka eo ke e balang khafetsa eo ho eona ke ngotseng litemana tsa Bibele le lintlha tse tsoang libukeng tsa rōna. Buka ena ea ka ke e bitsa ‘Mokhothatsi oa ka.’ Ho nyahama ha rōna hona joale ke ha nakoana haeba re tsepamisa likelello litlhohonolofatsong tsa Jehova tse tlang. Jehova o lula a ikemiselitse ho re thusa, ho sa tsotellehe maemo ao re leng ho ’ona.” Ho ka etsahala hore e be boemo ba hao bo fapane le ba Bianca kapa ba Paula. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba u hopola kamoo Jehova a ileng a u hlohonolofatsa kateng le kamoo a hlohonolofalitseng ba bang. Ruri ke ho thabisang ho bona kamoo Jehova a re putsang kateng hona joale le kamoo a tla re putsa nakong e tlang!

20. Re ka lebella’ng haeba re tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle?

20 Le ka mohla u se ke ua lebala hore lithapelo tsa hao tse tsoang botebong ba pelo li tla putsoa. U ka kholiseha hore ‘ka mor’a ho etsa thato ea Molimo, u tla amohela phethahatso ea tšepiso.’ (Baheb. 10:35, 36) Kahoo, a re tsoeleng pele re matlafatsa tumelo ea rōna le ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle. Re ka etsa sena re hopola hore ka nako e tšoanetseng Jehova o tla re putsa.—Bala Bakolose 3:23, 24.