Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Ho Beha Kelello Moeeng ho Bolela Bophelo le Khotso’

‘Ho Beha Kelello Moeeng ho Bolela Bophelo le Khotso’

‘Ba tumellanong le moea ba beha likelello tsa bona linthong tsa moea.’—BAR. 8:5.

LIPINA: 57, 52

1, 2. Ke hobane’ng ha Baroma khaolo ea 8 e le bohlokoa ho Bakreste ba tlotsitsoeng?

MABAPI le ho ikhopotsa lefu la Jesu selemo le selemo, na u kile oa bala Baroma 8:15-17? Mohlomong ho joalo. Ntlha e ka sehloohong litemaneng tsena ke hore Bakreste baa tseba hore ba tlotsitsoe hobane moea o halalelang o paka le moea oa bona. Temana e qalang khaolong ena e bua ka “ba leng bonngoeng le Kreste Jesu.” Kahoo, na Baroma khaolo ea 8 e sebetsa feela ho Bakreste ba tlotsitsoeng? Kapa na e boetse e sebetsa le ho Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng?

2 Bakreste ba tlotsitsoeng ke bona bao ka ho khetheha ho buang le bona khaolong ena. Ba amohela “moea”o halalelang joaloka ba ‘letetseng ho nkeloa ka lapeng e le bara, tokollo ’meleng ea bona.’ (Bar. 8:23) E tla ba bara ba Molimo leholimong. Ka mor’a hore ba kolobetsoe, Molimo o ile a sebelisa thekollo molemong oa bona, a ba tšoarela libe ’me a ba nka e le bara ba hae ba moea ba lokileng.—Bar. 3:23-26; 4:25; 8:30.

3. Ke hobane’ng ha re ka etsa qeto ea hore Baroma khaolo ea 8 ke ea bohlokoa ho Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng?

3 Leha ho le joalo, Baroma khaolo ea 8 e boetse e sebetsa le ho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, hobane ka kutloisiso e itseng Molimo o ba nka ba lokile. Re bona sena ho seo Pauluse a ileng a se ngola pejana. Khaolong ea 4 o buile ka Abrahama. Monna eo ea neng a e-na le tumelo o phetse pele Jehova a fa Baiseraele Molao le pele Jesu a shoela libe tsa rōna. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a bona hore Abrahama o ne a e-na le tumelo e ikhethang ’me a mo nka e le ea lokileng. (Bala Baroma 4:20-22.) Ka tsela e tšoanang, Jehova a ka nka Bakreste ba tšepahalang ba phelang mehleng ena, ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng e le ba lokileng. Kahoo, ba ka rua molemo keletsong e ho Baroma khaolo ea 8 e lebisitsoeng ho ba lokileng.

4. Baroma 8:21 e etsa hore re nahane ka potso efe?

4 Ho Baroma 8:21, re fumana kholiseho ea hore lefatše le lecha le tla fela le be teng. Temana ena e tšepisa hore “pōpo le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” Potso ke hore, na u lumela hore u tla u fumana moputso oo? Baroma khaolo ea 8 e fana ka keletso e tla u thusa hore u o fumane.

“HO BEHA KELELLO NAMENG”

5. Pauluse o bua ka taba efe ea bohlokoa ho Baroma 8:4-13?

5 Bala Baroma 8:4-13. Baroma khaolo ea 8 e bapisa batho ba tsamaeang “tumellanong le nama” le ba tsamaeang “tumellanong le moea.” Batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore ho bapisoa Bakreste le bao eseng Bakreste. Leha ho le joalo, Pauluse o ne a ngolla batho “ba leng Roma e le baratuoa ba Molimo, ba bitselitsoeng ho ba bahalaleli.” (Bar. 1:7) Kahoo, Pauluse o ne a bapisa Bakreste ba tsamaeang tumellanong le nama le Bakreste ba tsamaeang tumellanong le moea. Ba fapana ka eng?

6, 7. (a) Lentsoe “nama” le sebelisoa joang ka Bibeleng? (b) Ho Baroma 8:4-13, Pauluse o sebelisitse lentsoe “nama” joang?

6 Pauluse o ne a bolela’ng ha a bua ka “nama”? Bibele e sebelisa lentsoe “nama” ka litsela tse fapaneng. Ka linako tse ling e bua ka nama ea motho, ea khomo, ea nonyana kapa ea tlhapi. (Bar. 2:28; 1 Bakor. 15:39, 50) Le ka boela la bolela leloko. Jesu o ne a tsoa lelokong la Davida ka nama. Pauluse eena o ne a nka Bajuda e le ‘beng ka eena ho ea ka nama.’—Bar. 1:3; 9:3.

7 Khaolo ea 7 e re hlakisetsa hantle hore na Pauluse o ne a bua ka “nama” efe ho Baroma 8:4-13. O ne a nka ho phela “tumellanong le nama” e le ho phela ka “litakatso tsa boetsalibe” tse neng li sebetsa lithong kapa ’meleng ea bona. (Bar. 7:5) Sena se re hlakisetsa polelo ena ea batho ba phelang “tumellanong le nama” bao Pauluse a itseng “ba beha likelello tsa bona linthong tsa nama.” O ne a bua ka batho ba laoloang kapa ba ikemiselitseng ho khotsofatsa litakatso tsa bona tsa boetsalibe. Ba latela litakatso tsa bona tse mpe tsa ho kopanela liphate kapa litakatso leha e le life tse ling.

8. Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore le Bakreste ba tlotsitsoeng ba lemosoe ka ho tsamaea “tumellanong le nama”?

8 Empa ke hobane’ng ha Pauluse a ne a hatisa kotsi ea ho phela “tumellanong le nama” ho Bakreste ba tlotsitsoeng? Na kotsi e tšoanang e ka ama Bakreste ba mehleng ee bao Jehova a ba nkang e le metsoalle ea hae le bao a ba nkang ba lokile? Ka masoabi, Mokreste leha e le ofe a ka qala ho phela tumellanong le litakatso tsa nama. Mohlala, Pauluse o ile a ngola hore ba bang ba barab’abo rōna ba Roma e ne e le makhoba a litakatso tsa bona tse fosahetseng, e-bang ke tsa ho kopanela liphate, tsa ho ja, ho noa kapa litakatso tse ling. Ba bang ba ne ba “eka” batho ba bang. (Bar. 16:17, 18; Bafil. 3:18, 19; Juda 4, 8, 12) Ka nako e ’ngoe mor’abo rōna e mong oa Korinthe o ne a phela le “mosali oa ntat’ae.” (1 Bakor. 5:1) Ka hona, hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a sebelisa Pauluse hore a lemose Bakreste ka ho “beha likelello tsa bona linthong tsa nama.”—Bar. 8:5, 6.

9. Keletso ea Pauluse e ho Baroma 8:6 ha e bolele eng?

9 Keletso eo e sebetsa ka tsela e tšoanang le mehleng ena. Mokreste a ka qala ho beha kelello ea hae linthong tsa nama esita le ka mor’a ho sebeletsa Jehova ka lilemo tse ngata. Sena ha se bolele Mokreste eo ka linako tse ling a nahanang ka lijo, mosebetsi, boikhathollo kapa ho bontša lerato lenyalong. Ha ho letho le phoso ka lintho tsena. Jesu o ne a ja, a fepa batho ba bang a bile a ikhatholla. Pauluse le eena o ile a bua ka ho bontša lerato lenyalong.

Lintho tseo u li buang li bontša hore u behile kelello ea hao hokae? (Sheba serapa 10 le 11)

10. Ho Baroma 8:5, 6, polelo e reng ho ‘beha kelello’ nthong e itseng, e bolela’ng?

10 Pauluse o ne a bolela’ng ka ho ‘beha kelello linthong tsa nama’? Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng le bolela “ho nahanisisa ka ntho e itseng.” Batho ba phelang tumellanong le nama ba lumella hore bophelo ba bona bo laoloe ke botho ba bona bo sa phethahalang. Ha setsebi se seng se bua ka mantsoe a ho Baroma 8:5 se re: “Ba nahanisisa ka lintho tsa nama, ba lula ba bua ka tsona ebile baa li etsa.”

11. Ke lintho life tseo re ka ’nang ra li nka e le tsa bohlokoa ho feta tekano?

11 Bakreste ba Roma ba ne ba lokela ho sheba hore na ntho e tlang pele bophelong ba bona ke efe. Na ba ne ba phelela ‘lintho tsa nama’? Le rōna re lokela ho ipotsa potso e tšoanang. Ke lintho life tseo re amehileng ka tsona haholo? Ke lintho life tseo re atisang ho bua ka tsona? Re phelela’ng letsatsi le letsatsi? Batho ba bang ba amehile ka ho noa mefuta e fapaneng ea joala, ho khabisa matlo a bona, feshene, ho bokella chelete, ho ikhatholla le tse ling. Ha ho letho le phoso ka lintho tsena. Mohlala, Jesu o ile a fetola metsi veine. Pauluse le eena o ile a re Timothea a noe “veine e nyenyane.” (1 Tim. 5:23; Joh. 2:3-11) Leha ho le joalo, na Jesu le Pauluse ba ne ba atisa ho bua ka veine kapa ba lula ba e noa? Che. Ho thoe’ng ka rōna? Ntho ea bohlokoa bophelong ba rōna ke eng?

12, 13. Ke hobane’ng e le habohlokoa hore re ele hloko lintho tseo re nahanang ka tsona?

12 Ke hobane’ng ha re lokela ho itlhahloba? Pauluse o ile a re: “Ho beha kelello nameng ho bolela lefu.” (Bar. 8:6) Taba ena e tebile hobane kamano ea rōna le Jehova e ka senyeha ’me ra lahleheloa ke tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Empa Pauluse o ne a sa bolele hore ha motho a qala a “beha kelello nameng,” joang kapa joang o tla shoa. Motho ea joalo a ka fetoha. Nahana ka monna e mong oa Korinthe ea ileng a phela tumellanong le “nama” ’me a qetella a khaotsoe. Leha ho le joalo hamorao o ile a fetoha. O ile a khaotsa ho phela tumellanong le nama ’me a boela a sebeletsa Jehova ka botšepehi.—2 Bakor. 2:6-8.

13 Haeba monna eo o ile a fetoha, hoa khoneha hore le Mokreste mehleng ena a fetohe. Kahoo, ho tseba hore ho “beha kelello nameng” ho ka senya kamano ea rōna le Jehova, ho re susumelletsa hore re etse liphetoho leha e le life tse hlokahalang.

“HO BEHA KELELLO MOEENG”

14, 15. (a) Ho e-na le ho beha kelello nameng, Pauluse o ile a re khothalletsa ho etsa’ng? (b) “Ho beha kelello moeeng” ha ho bolele eng?

14 Ka mor’a hore Pauluse a fane ka keletso mabapi le ho “beha kelello nameng,” o ile a boela a re: “Ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso.” Na ho na le motho ea sa rateng ho fumana bophelo le khotso? Re ka li fumana joang?

15 “Ho beha kelello moeeng” ha ho bolele hore motho o nahana le ho bua feela ka Bibele, kamoo a ratang Molimo kateng le ka tšepo ea hae ka bokamoso. Re lokela ho hopola hore Pauluse le ba bang ba ileng ba khahlisa Molimo, ba ne ba ntse ba phela bophelo bo tloaelehileng. Ba ne ba ja, ba noa, ba nyala ’me ba hlokomela malapa a bona.—Mar. 6:3; 1 Bathes. 2:9.

16. Ntho ea bohlokoa bophelong ba Pauluse e ne e le efe?

16 Leha ho le joalo, bahlanka bao ba Molimo, ha baa ka ba lumella lintho tseo hore ebe tsona tse tlang pele bophelong ba bona. Le hoja Pauluse a ne a etsa litente, ntho e tlang pele bophelong ba hae e ne e le ho bolela le ho ruta. (Bala Liketso 18:2-4; 20:20, 21, 34, 35.) Ke eona mesebetsi eo a neng a e khothalletsa balumeli-’moho le eena ba Roma. Ho sebeletsa Molimo e ne e le eona ntho ea bohlokoa bophelong ba Pauluse. Bakreste ba Roma ba ne lokela ho mo etsisa, le rōna re lokela ho etsa se tšoanang.—Bar. 15:15, 16.

17. Haeba re ‘beha kelello moeeng,’ re tla phela bophelo ba mofuta ofe?

17 Ke melemo efe eo re ka e fumanang ka ho etsisa Pauluse? Karabo e hlaha ho Baroma 8:6, e re: “Ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso.” Sena se bolela ho lumella likelello tsa rōna hore li susumetsoe ke moea o halalelang ’me li lumellane le monahano oa Molimo. Ha re etsa joalo, re tla phela bophelo bo monate re bile re khotsofetse esita le hona joale. ’Me nakong e tlang re tla phela ka ho sa feleng, leholimong kapa lefatšeng.

18. “Ho beha kelello moeeng” ho ka re thusa joang ho ba khotso?

18 A re ke re nahaneng ka tšepiso ea hore “ho beha kelello moeeng ho bolela . . . khotso.” Le hoja batho ba bangata ba ntse ba batla khotso, rōna re na le eona. Re boetse re na le khotso le ba malapa a rōna le batho ba ka phuthehong. Rea utloisisa hore rōna le balumeli-’moho le rōna ha rea phethahala. Kahoo, ka linako tse ling mathata a ka hlaha, ’me ha a se a le teng, re latela keletso ea Jesu e reng: “Etsa khotso le mor’eno.” (Mat. 5:24) Re nolofalloa ke ho bōpa khotso hobane rea tseba hore Mokreste-’moho le rōna o sebeletsa “Molimo ea fanang ka khotso.”—Bar. 15:33; 16:20.

19. Ha re beha likelello tsa rōna moeeng, re tla ba le khotso le mang?

19 Kaha re “beha kelello moeeng,” re boetse re na le khotso le ’Mōpi oa rōna. Mantsoe a Esaia a sebetsang haholo ho rōna hona joale, a re: “Ea pelo e tiileng u tla ’moloka khotsong e fetisisang, kahobane o u tšepile.”—Esa. 26:3, Bibele ea Sesotho; bala Baroma 5:1.

20. Keletso e ho Baroma khaolo ea 8 e ka u thusa joang?

20 Kahoo, e-bang re Bakreste ba tlotsitsoeng kapa re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, keletso e ho Baroma khaolo ea 8 e ka re thusa. Re leboha keletso ea Bibele ea hore re phelele ho sebeletsa Jehova ho e-na le ho phelela litakatso tsa rōna. Rea tseba hore haeba re “beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso.” Re tla fumana bophelo bo sa feleng, kaha Baroma 6:23 e re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.”