Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lahlelang Matšoenyeho ’Ohle a Lōna ho Jehova

Lahlelang Matšoenyeho ’Ohle a Lōna ho Jehova

‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho [Jehova], hobane oa le tsotella.’—1 PET. 5:7.

LIPINA: 60, 23

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala ha re hlaheloa ke matšoenyeho? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

RE PHELA mehleng e thata. Satane Diabolose o halefile haholo ’me “o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Pet. 5:8; Tšen. 12:17) Kahoo, ha ho makatse hore le hoja re le bahlanka ba Molimo, ka linako tse ling re ka tšoenyeha. Esita le bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba nakong e fetileng ba ile ba tšoenyeha. Mohlala, ka lekhetlo le leng Davida o ile a tšoenyeha. (Pes. 13:2) Hopola hape hore le moapostola Pauluse, o ile a “tšoenyeha ka liphutheho.” (2 Bakor. 11:28) Empa re lokela ho etsa’ng haeba re tšoenyehile?

2 Ntate oa rōna ea lerato ea leholimong, o ile a thusa bahlanka ba hae nakong e fetileng ha ba tšoenyehile, ’me seo se etsa hore le rōna re tšepe hore o tla re thusa. Bibele e re khothalletsa hore re ‘lahlele matšoenyeho ’ohle a rōna ho eena, hobane oa re tsotella.’ (1 Pet. 5:7) Empa re ka etsa seo joang? Re ka etsa sena ka litsela tse ’nè e leng ho rapela ho tsoa pelong, ho bala lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona, ho rapella moea o halalelang oa Jehova hammoho le ho bua le motho eo re mo tšepang. Ha re ntse re hlahloba litsela tsena tse ’nè, hlokomela hore na ke mehato efe eo u lokelang ho e latela.

“LAHLELA MOROALO OA HAO HO JEHOVA”

3. Ho bolela’ng ho “lahlela moroalo oa hao ho Jehova” ka thapelo?

3 Mohato oa pele oo re lokelang ho o nka, ke ho rapela Jehova ho tsoa pelong. Haeba u ka tobana le boemo bo ka etsang hore u tšoenyehe, bolella Ntate oa hao ea lerato ea leholimong bothata ba hao. Mopesaleme Davida o ile a kōpa Jehova ka tieo a re: “U mamele thapelo ea ka, Molimo.” A tsoela pele ka ho re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, O tla u tšehetsa.” (Pes. 55:1, 22) Ha u se u lekile sohle ho rarolla bothata ba hao, thapelo e ka etsa hore u khaotse ho tšoenyeha. Empa ke joang thapelo e ka etsang hore u qobe ho tšoenyeha haholo le ho sithabela?—Pes. 94:18, 19.

4. Thapelo e ka re thusa joang ha re tšoenyehile?

4 Bala Bafilipi 4:6, 7Jehova o arabela lithapelo tsa rōna tse tsoang pelong tseo re li etsang re sa khaotse. Ka tsela efe? Ka hore a etse hore re be le khotso e ka etsang hore re imolohe le hoja re na le mathata. Batho ba bangata ba ile ba bona bopaki ba sena. Ho e-na le hore ba nyahame haholo kapa ba be le maikutlo a fosahetseng, Molimo o ile a ba thusa hore ba khobe matšoafo ’me ba be le khotso eo ho seng mohla ba kileng ba e-ba le eona. Le uena u ka ikutloa ka tsela ena. Kahoo “khotso ea Molimo” e ka hlōla matšoenyeho ’ohle ao u ka tobanang le ’ona. U ka tšepa ka ho feletseng tšepiso e lerato ea Jehova e reng: “U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa.”—Esa. 41:10.

KHOTSO E TLISOANG KE LENTSOE LA MOLIMO

5. Lentsoe la Molimo le ka re thusa joang hore re be le khotso?

5 Tsela e ’ngoe eo re ka bang le khotso ka eona ke haeba re bala Bibele le ho thuisa ka seo re se balileng. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Bibele e na le litemoso tse nakong tse ka re thusang hore re qobe kapa re fokotse ho tšoenyeha esita le hore thusa ho sebetsana le matšoenyeho. U se ke oa lebala hore Bibele e molemo ’me ea khatholla kaha e na le mantsoe a tsoang ho Molimo ea bohlale. Ha u ntse u thuisa ka Lentsoe la Molimo bosiu le motšehare u tla hlokomela hore na ke joang u ka sebelisang litemoso tse tsoang ka Bibeleng ’me ka ho etsa sena u tla matlafala. Jehova o re tšepisa hore ha re bala Lentsoe la hae re tla ba sebete re be matla ’me re ke ke ‘ra haroha letsoalo kapa ra tšoha.’—Josh. 1:7-9.

6. Mantsoe a Jesu a ka u khothatsa joang?

6 Ka Bibeleng re fumana mantsoe a Jesu a khothatsang. Lintho tseo a neng a li bua le ho li ruta li ne li khatholla bamameli ba hae. Batho ba bangata ba ne ba mo rata kaha o ne a thoba lipelo tse utloileng bohloko, a matlafatsa ba fokolang a bile a khothatsa ba nyahameng. (Bala Matheu 11:28-30.) O ne a amehile ka tsela eo batho ba bang ba ikutloang ka eona, ka kamano ea bona le Molimo le ka lintho tseo ba li hlokang. (Mar. 6:30-32) Tšepiso eo Jesu a e entseng ea hore o tla re tšehetsa e ntse e sebetsa le kajeno. E ka ba ea sebele ho uena joalokaha e ile ea e-ba ea sebele ho Baapostola ba hae. Ha ho hlokahale hore u bone Jesu ka seqo e le hore sena se etsahale ho uena. Kaha Jesu ke Morena leholimong, o ntse a re utloela bohloko. Kahoo, ha u tšoenyehile a ka u bontša mohau ka hore a u fe “thuso ka nako e nepahetseng.” Jesu a ka u thusa hore u sebetsane ka katleho le matšoenyeho ’me a etsa hore u thabe ’me u be sebete.—Baheb. 2:17, 18; 4:16.

SE FINYELLOANG KE MOEA O HALALELANG OA MOLIMO

7. Molimo o tla u thusa joang ha u kōpa moea oa hae o halalelang?

7 Jesu o ile a re tšepisa hore Ntate oa rōna ea leholimong o fana ka moea oa hae o halalelang ho ba o kōpang. (Luka 11:10-13) Sena se re tlisa tseleng ea boraro eo re ka fokotsang ho tšoenyeha ka eona e leng ho ba le litholoana tsa moea. Makhabane ana a hlahisoang ke moea o halalelang a bontša hore na Molimo o joang. (Bala Bagalata 5:22, 23; Bakol. 3:10) Ha u ntse u sebetsa ka thata ho ba le litholoana tsena tsa moea, kamano ea hao le batho ba bang e tla ntlafala. Kahoo, u tla hlokomela hore lintho tse ngata tse neng li etsa hore u tšoenyehe ha li sa u khathatsa. A re hlahlobeng hore na ho ba le litholoana tsa moea ho ka re thusa joang.

8-12. Ho ba le litholoana tsa moea ho ka u thusa joang hore u qobe matšoenyeho kapa u sebetsane le ’ona ka katleho?

8 “Lerato, thabo, khotso.” Haeba u leka ho sebelisana hantle le batho ba bang u ke ke oa ba fella pelo. Ha u ntse u tsoela pele ho rata le ho hlompha Bakreste-’moho le uena, u tla qoba maemo a ka etsang hore ho hlahe liqabang.—Bar. 12:10.

9 “Tiisetso, mosa, molemo.” U tla ba le kamano e ntle le batho ba bang haeba u mamela keletso ena e reng: “Le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi.” (Baef. 4:32) Ha u etsa joalo, u tla qoba maemo a ka bakang liqabang, ’me u qobe ho tšoenyeha. U ka boela oa sebetsana ka katleho le liqabang tse ka bakoang ke ho se phethahale.

10 “Tumelo.” Mehleng ena, lintho tseo hangata re tšoenyehang ka tsona ke chelete le maruo. (Liprov. 18:11) Kahoo, ho ba le tumelo e matla ea hore Jehova o tla u hlokomela ho tla u thusa hore u qobe ho tšoenyeha kapa u sebetsane ka katleho le ho tšoenyeha. Joang? U ka qoba ho tšoenyeha ka hore u mamele keletso eo Moapostola Pauluse a ileng a fana ka eona ea hore re ‘khotsofalle lintho tse teng.’ O ile a boela a re: “Etsoe Molimo o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’ E le hore re ka ba sebete ’me ra re: ‘Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?’”—Baheb. 13:5, 6.

11 “Bonolo, boitšoaro.” Hlokomela hore na melemo ea ho ba le makhabane ana ke efe. U ka qoba ho tšoenyeha ’me oa rua molemo ka hore u qobe ho ba le “lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang.”—Baef. 4:31.

12 Ho hlokahala hore u ikokobetse tlas’a “letsoho le matla la Molimo” ’me u ‘lahlele matšoenyeho ’ohle a hao ho eena.’ (1 Pet. 5:6, 7) Ha u ntse u sebetsa ka thata ho ba le boikokobetso, Molimo o tla u rata le ho feta a be a u tšehetse. (Mik. 6:8) Haeba u na le boikutlo bo nepahetseng ka lintho tseo u khonang ho li etsa, u tla qoba ho tšoenyeha haholo ka lintho tse ling kaha u tla be u itšetlehile ka Molimo.

“LE KA MOHLA LE SE KE LA TŠOENYEHA”

13. Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha”?

13 Ho Matheu 6:34 (e bale), re fumana keletso e matla ea Jesu e reng: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha.” Empa ho ka ’na ha e-ba thata ho sebelisa keletso eo. Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha”? O ne a sa bolele hore bahlanka ba Molimo ba ke ke ba tšoenyeha kaha re hlokometse hore Davida le Pauluse le bona ba ile ba tšoenyeha. Jesu o ne a hlokomelisa barutuoa ba hae hore ho tšoenyeha ho feteletseng ha ho rarolle mathata. Letsatsi ka leng le na le matšoenyeho a lona, kahoo ha rea lokela ho tšoenyeha ka lintho tse ileng tsa etsahala nakong e fetileng kapa ka bokamoso. Keletso ee ea Jesu e ka u thusa joang hore u khaotse ho tšoenyeha?

14. U ka sebetsana joang le ho tšoenngoa ke liphoso tseo u ileng oa li etsa nakong e fetileng?

14 Ka linako tse ling, motho a ka tšoenngoa ke liphoso tseo a ileng a li etsa nakong e fetileng. Le haeba ho se ho fetile lilemo tse ngata, letsoalo la hae le ka ’na la tsoela pele ho mo khathatsa. Ka linako tse ling Morena Davida o ne a nyahamisoa ke liphoso tsa hae. O ile a re: “Ke lumaetse ka lebaka la ho bobola ha pelo ea ka.” (Pes. 38:3, 4, 8, 18) Davida o ile a etsa’ng boemong boo? O ne a tšepa hore Jehova o mosa ebile oa tšoarela. O ile a bua a kholisehile a re: “Ho thaba eo bofetoheli ba hae bo tšoaretsoeng.”—Bala Pesaleme ea 32:1-3, 5.

15. (a) Re ka ithuta’ng ho Davida? (b) Ke mehato efe eo u ka e nkang e le hore u fokotse ho tšoenyeha? (Sheba lebokose le reng “ Mehato eo u ka e Nkang Hore u Fokotse ho Tšoenyeha.”)

15 Ka linako tse ling, u ka tšoenngoa ke lintho tse etsahalang hona joale. Mohlala, ha Davida a ngola Pesaleme ea 55, o ne a khathatsehile ka bophelo ba hae. (Pes. 55:2-5) Empa o ne a sa lumelle hore ho khathatseha ha hae ho etse hore a se ke a hlola a tšepa Jehova. Davida o ne a lula a rapela ka mathata a hae empa o ne a boetse a tseba hore o lokela ho etsa ho hong e le hore a sebetsane ka katleho le lintho tse mo tšoenyang. (2 Sam. 15:30-34) U ka ithuta ho itseng ho Davida. Ho e-na le hore u nyahamisoe ke ho tšoenyeha, leka ho sebetsana le mathata a hao ’me u siee litaba matsohong a Jehova.

16. Se boleloang ke lebitso la Molimo se ka matlafatsa tumelo ea hao joang?

16 Haeba Mokreste a nahana ho feta tekano ka mathata a ka ’nang a mo hlahela, a ka tšoenyeha ho sa hlokahale. Leha ho le joalo, ha oa lokela ho tšoenyeha ka lintho tseo u se nang bonnete ba tsona. Hobane’ng? Hobane ka linako tse ling boemo bo ka ’na ba se ke ba e-ba bobe joalokaha re ne re nahanne. Hape, ha ho boemo bo ka hlōlang Molimo eo re lahlelang matšoenyeho a rōna ho eena. Lebitso la hae le bolela “KE TLA BA SEO KE TLA BA SONA.” (Ex. 3:14) Se boleloang ke lebitso la Molimo se re tiisetsa hore merero eohle eo a nang le eona ka bahlanka ba hae e tla phethahala. U ka kholiseha hore Molimo o tla putsa bahlanka ba hae le hore a ka ba thusa ho sebetsana le matšoenyeho a bona a nakong e fetileng, a hona joale esita le a nakong e tlang.

BUISANA LE MOTHO EO U MO TŠEPANG

17, 18. Ho buisana le batho ba bang ho ka u thusa joang hore u sebetsane le matšoenyeho?

17 Tsela ea bone e ka u thusang ho sebetsana le ho tšoenyeha ke ho buisana ka mathata a hao le motho eo u mo tšepang. Ho buisana u phutholohile le molekane, metsoalle e haufi kapa moholo ho ka u thusa hore u sebetsane le mathata a hao. “Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.” (Liprov. 12:25) Bibele e re: “Merero ea senyeha moo ho se nang lekunutu, empa ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.”—Liprov. 15:22.

18 Jehova o sebelisa liboka ho thusa Bakreste ho sebetsana le ho tšoenyeha. Ha re le libokeng, re kopana le balumeli-’moho le rōna ba re ratang ’me baa re khothatsa. (Baheb. 10:24, 25) “Ho khothatsana” hoo ho ka re thusa hore re be matla moeeng ’me re sebetsane ka katleho le matšoenyeho a rōna.—Bar. 1:12.

HO BA LE KAMANO E NTLE LE JEHOVA HO TLA U MATLAFATSA

19. Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore ho ba le kamano e ntle le Jehova ho ka u thusa?

19 Moholo e mong oa Canada o ile a ithuta bohlokoa ba ho lahlela matšoenyeho ho Jehova. Ke tichere ebile ke mohlabolli ’me o lokela ho sebetsana le bothata ba ho tšoenyeha ho feta tekano. Ke’ng e mo thusitseng ho sebetsana le matšoenyeho a hae? O re: “Ntho e ka sehloohong eo ke ithutileng eona ke hore ho sebetsa ka thata hore ke be le kamano e ntle le Jehova ho nthusa ho khoba matšoafo, kahoo ke fokotsa ho tšoenyeha. Thuso eo re e fumanang ho metsoalle le balumeli-’moho le rōna ke ea bohlokoa linakong tsa mathata. Ke bolella mosali oa ka maikutlo a ka ka bolokolohi. Baholo-’moho le ’na le molebeli oa potoloho ba ile ba nthusa ho sheba lintho ka tsela e nepahetseng. Ke ile ka ea ngakeng, ka fetola tsela eo ke etsang lintho ka eona hore ke be le nako ea ho phomola le ho ikoetlisa. Butle-butle lintho li ile tsa ntlafala. Haeba boemo bo se taolong ea ka, ke siea lintho matsohong a Jehova.”

20. (a) Re ka lahlela matšoenyeho a rōna ho Molimo joang? (b) Re tla ithuta’ng sehloohong se latelang?

20 Ka kakaretso, re ithutile molemo oa ho lahlela matšoenyeho a rōna ho Jehova ka thapelo le ka ho bala Bibele le ho thuisa ka eona. Re boetse re bone molemo oa ho sebetsa ka thata hore re be le litholoana tsa moea, ho buisana le motho eo re mo tšepang ka mathata a rōna le ho kopana le Bakreste-’moho le rōna. Sehloohong se latelang re tla ithuta kamoo Jehova a re putsang kateng.—Baheb. 11:6.