Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u ile oa bala limakasine tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, na u ka araba lipotso tse latelang?

Ho Matheu 18:15-17, Jesu o ne a bua ka sebe sefe?

O ne a bua ka qabang e pakeng tsa batho ba babeli feela. Empa sebe seo e ka ba se tebileng hoo motho a ka khaoloang haeba qabang eo e sa rarolloa. Mohlala, sebe seo e ka ba ho etseletsa ka sepheo sa ho senya motho lebitso kapa ho qhekella.—w16.05, leqepheng la 7.

U ka etsa’ng hore ho bala Bibele ho u tsoele molemo?

U ka etsa lintho tse latelang: Bala ka kelello e bulehileng u batla lintho tseo u ka li sebelisang. Ipotse lipotso tse kang, ‘Nka thusa batho ba bang joang ke seo ke ithutileng sona? Sebelisa lingoliloeng le websaete ea rōna ho etsa lipatlisiso.—w16.05, leqepheng la 24-26

Na ke phoso hore Bakreste ba siame ha ba shoetsoe le hoja ba e-na le tšepo ea tsoho?

Ho ba le tšepo ea tsoho ha ho tlose bohloko ba ho shoeloa. Abrahama o ile a lla ha Sara mosali oa hae a shoele. (Gen. 23:2) Ka mor’a nako bohloko boo boa kokobela.—wp16.3, leqepheng la 4.

Monna ea tšoereng lenaka la mongoli le banna ba tšeletseng ba hlometseng ba hlahang ho Ezekiele khaolo ea 9, ba tšoantšetsa eng?

Re utloisisa hore ba tšoantšetsa mabotho a leholimo a ileng a nka karolo ha ho timetsoa Jerusalema, ’me ba tla nka karolo ntoeng ea Armagedone. Mehleng ena, monna ea tšoereng lenaka la mongoli o tšoantšetsa Jesu ea ntseng a tšoaea ba tla pholoha bofelo.—w16.06, leqepheng la 31-32.

Bibele e pholohile mathata afe?

E pholohile (1) ho bola le hoja e ne ngotsoe holim’a matlalo a ho ngolla le maqephe a loli. (2) Bo-ralipolotiki le baeta-pele ba bolumeli ba neng ba leka ho e felisa. (3) boiteko ba ho leka ho fetola molaetsa oa eona.—wp16.4, leqepheng la 4-7.

Mokreste a ka nolofatsa bophelo ba hae joang?

Hlahloba hore na ke lintho life tseo e leng tsa bohlokoa ebe u fokotsa tse sa hlokahaleng. Sebelisa chelete ka bohlale. Lahla lintho tse sa hlokahaleng ’me u patale likoloto. Nolofatsa mosebetsi oa hao e le hore u sebeletse Jehova haholoanyane.—w16.07, leqepheng la 10.

Bibele e re ke eng eo e leng ea bohlokoa ho feta silevera kapa khauta?

Jobo 28:12, 15 e re bohlale bo tsoang ho Jehova bo molemo ho feta khauta kapa silevera. Ha u ntse u bo batla, ikokobetse ’me u be le tumelo.—w16.08, leqepheng la 18-19.

Na ho loketse hore barab’abo rōna ba hōlise litelu?

Litsong tse ling, ke ntho e amohelehang le e hlomphehang hore mor’abo rōna a be le litelu tse kutiloeng hantle ’me seo ha se sitise batho ho mamela molaetsa oa ’Muso. Empa barab’abo rōna ba bang ba ka ’na ba khetha ho se li hōlise. (1 Bakor. 8:9) Litsong tse ling le libakeng tse ling, ha se tloaelo ebile ke ntho e sa amoheleheng hore mor’abo rōna a siee litelu.—w16.09, leqepheng la 21.

Na Tlaleho ea Davida le Goliathe ke ’Nete?

Goliathe o ne a feta motho eo ho ka thoeng o molelele ka ho fetisisa ka lisenthimithara tse 15. Davida e ne e le motho oa sebele kaha baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana lejoe le ngotsoeng “Ntlo ea Davida” ’me le Jesu o ile a bua ka eena. Le libaka tseo a kileng a ba ho tsona li ntse li le teng.—wp16.5 leqepheng la 13.

Tsebo, kutloisiso le bohlale li fapana joang?

Motho ea nang le tsebo o na le boitsebiso, kapa lintlha. Motho ea nang le kutloisiso o khona ho lemoha hore na ntho e itseng e amana joang le e ’ngoe. Empa motho ea bohlale eena o khona ho kopanya tsebo le kutloisiso ’me a li sebelise hantle.—w16.10, leqepheng la 18.