Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha, Jehova o Batla Hore le Thabe

Bacha, Jehova o Batla Hore le Thabe

“Ea khotsofatsang nako ea hao ea bophelo ka se molemo.”​—PES. 103:5.

LIPINA: 135, 39

1, 2. Ke hobane’ng ha u lokela ho mamela Jehova ha u etsa liqeto? (Sheba litšoantšo tse qalong.)

HAEBA u mocha ha ho potang hore ho na le batho ba bangata ba u eletsang hore na u etse’ng ka bophelo ba hao. Mohlomong matichere a hao le batho ba bang ba u eletsa hore u rutehe e le hore u tsebe ho fumana mosebetsi o patalang hantle. Jehova eena o bua taba e fapaneng. Ke ’nete hore o batla hore u ithute e le hore u tle u tsebe ho iphelisa ha u se u le moholo. (Bakol. 3:​23) Empa o u khothalletsa hore ha u etsa liqeto u nahane ka melao-motheo ea hae e akarelletsang ho etsa thato ea hae.​—Mat. 24:14.

2 U lule u hopola hore Jehova o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe, oa tseba hore na bofelo bo tla neng le hore na bo hole hakae. (Esa. 46:​10; Mat. 24:​3, 36) Oa u tseba, u tseba hantle hore na u thabisoa ke eng, u khotsofatsoa ke eng le hore na ke eng e sa u thabiseng. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na keletso eo motho a u fang eona e utloahala hakae, hafeela e sa lumellane le Lentsoe la Molimo ha se eona.​—Liprov. 19:21.

HA HO MOTHO EA BOHLALE JOALOKA JEHOVA

3, 4. Ho se mamele ha Adama le Eva ho bile le litholoana life?

3 Motho oa pele oa ho fana ka keletso e fosahetseng ke Satane. Moeletsi enoa ea fosahetseng o ile a joetsa Eva hore eena le Adama ba tla thaba ha ba ka ikhethela hore na ba batla ho phela joang. (Gen. 3:​1-6) Ha e le hantle, Satane o ne a buisoa ke boithati hobane a batla hore Adama, Eva le bana ba bona ba sebeletse eena eseng Jehova le hoja a ne a sa ba etsetsa letho. Empa Jehova eena o ne a ba file ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba nang le eona. O ne a ba file lehae le letle, lelapa, ’mele e phethahetseng le monyetla oa ho phela ba sa shoe.

4 Ka bomalimabe banyalani bana ba ile ba iqabanya le Jehova ka hore ba mamele Satane. Eaba ba ikenya tloara! ka har’a mathata, ba pona joaloka lekhasi le tlositsoeng sefateng. Bana ba bona ba ne ba se na monyetla oa ho tlola. (Bar. 5:​12) Le hona joale batho ba ntse ba sa mamele Molimo, ba iketsetsa borata. (Baef. 2:​1-3) Joale rea hlokomela hore ha ho motho ea bohlale joaloka Molimo.​—Liprov. 21:30.

5. Jehova o ne a tseba eng, hona na o ile a soetseha?

5 Jehova o ne a tseba hore ho na le batho ba tla batla ho ithuta ka eena le ho mo sebeletsa ho akarelletsa le bacha. (Pes. 103:​17, 18; 110:3) O rata batho bana haholo. Na u teng har’a bona? Haeba ho joalo, u se u ntse u thabela lintho tse ngata tse “molemo” tseo Jehova a re fang tsona hore re thabe. (Bala Pesaleme ea 103:5; Liprov. 10:​22) Tse ling tsa lintho tsena tse “molemo” ke Lentsoe la hae, metsoalle ea sebele, merero le bolokolohi.

JEHOVA O U THUSA HORE U MO SEBELETSE

6. (a) Re ka fumana’ng haeba re ikemisetsa ho sebeletsa Molimo? (b) Jehova a ka re thusa joang tabeng ee?

6 Ha re tšoane le liphoofolo kaha re bopiloe re e-na le boikutlo ba ho batla ho sebeletsa Molimo. (Mat. 4:4) Haeba u ikemiselitse ho mo sebeletsa u tla thaba, u be bohlale hape u be le temoho. Jesu o itse: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Mat. 5:3) Jehova o sebelisa Lentsoe la hae le “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho re thusa hore re mo tsebe re be re mo sebeletse. (Mat. 24:​45) O fana ka mekhoa e mengata e ka re thusang.​—Esa. 65:​13, 14.

7. Ha u tsoela pele ho ithuta ka Molimo u tla fumana eng?

7 Litaba tse hlahang ka Bibeleng le tseo “lekhoba” le li ngolang li ka u thusa ho ba bohlale le ho nahana, tsa ba tsa u sireletsa. (Bala Liproverbia 2:​10-14.) Ka mohlala, li u thusa ho tseba hore Molimo ke eena ea bopileng lintho. Hape li u thusa ho hlokomela hore ha se ’nete hore u ka thaba feela ha u e-na le chelete e ngata. Li boetse li u thusa ho itšoara ka tsela e tla u tsoela molemo. Ka lebaka leo, tsoela pele ho ithuta ka Molimo le ho nka lintho tsena tseo a u rutang tsona e le letlotlo. Ha u ntse u tsoela pele ho ithuta u tla hlokomela hore Jehova oa u rata ebile o batla u be le bokamoso bo chabileng.​—Pes. 34:8; Esa. 48:​17, 18.

8. (a) Ke hobane’ng ha u hloka ho atamela ho Jehova esale hona joale? (b) Ha u etsa joalo u tla rua molemo ofe?

8 Haufinyane ho tla nkha ho sa bola, ka nako eo, ke Jehova feela ea ka re thusang. Re tla be re tsielehile hoo re sa tsebeng le hore na re ka ja’ng, e le Jehova feela eo re ka llelang ho eena. (Hab. 3:​2, 12-19) Kahoo, re lokela ho atamela ho eena re be re mo tšepe esale hona joale. (2 Pet. 2:9) Ha u etsa joalo u tla ikutloa joaloka Morena Davida ho sa tsotellehe hore na u hlaheloa ke eng. O ile a re: “Ke behile Jehova ka pel’a ka kamehla. Kahobane o letsohong la ka le letona, nke ke ka therekelisoa.”​—Pes. 16:8.

JEHOVA O U FA METSOALLE EA SEBELE

9. (a) Johanne 6:​44 e re Jehova o etsa’ng? (b) Phapano ke efe pakeng tsa mohlanka oa Jehova eo u sa mo tsebeng le motho e mong feela?

9 Jehova ke eena ea hulang batho ba lipelo li ntle hore e be bahlanka ba hae. (Bala Johanne 6:​44.) Ha u qala ho kopana le motho ea sa sebeletseng Jehova ha ho na letho leo u le tsebang ka eena ntle le hore na o shebahala joang. Empa ha u kopana le motho eo u sa mo tsebeng ea sebeletsang Jehova, ho na le lintho tse ngata tseo u seng u ntse u li tseba ka eena, le eena ho na le tseo a li tsebang ka uena. Le ha ekaba u tsoa naheng e ’ngoe, ke oa morabe o mong kapa setso se seng.

Jehova o batla hore re be le metsoalle e molemo re be re etse lintho tse tla re thusa ho lula re mo sebeletsa (Sheba serapa sa 9 ho ea ho 12)

10, 11. Bahlanka ba Jehova ba tsebana ka eng, hona taba ee e ba thusa joang?

10 Mohlala, oa tseba hore na o ikutloa joang ka ho etsa thato ea Jehova. (Sof. 3:9) Hape oa tseba hore na o lumela’ng, o ikutloa joang ka litaba tsa boitšoaro, ka bokamoso, le ka lintho tse ling tse ngata. Lintho tsena ke tsa bohlokoa hobane li etsa hore u tšepe motho eo. Ke tsona tse ka u thusang hore u mo etse motsoalle oa hao.

11 Ha u le mohlanka oa Jehova u na le metsoalle hohle lefatšeng empa e le hore e meng ha u e-s’o kopane le eona. Lefatšeng ke rona feela ba nang le mpho ena.

JEHOVA O U THUSA HO TSEBA HORE NA U PHELELA’NG

12. Ke eng eo u ka ikemisetsang ho e etsa e tla u thusa ho lula u rata Jehova?

12 Bala Moeklesia 11:9–12:1. Na ho na le lintho tseo u ikemiselitseng ho li etsa tse tla u thusa ho lula u rata Jehova? Mohlomong u leka ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. Kapa u ithuta mokhoa o motle oa ho bua le batho le oa ho ruta Bibele. Ho sa tsotellehe hore na ke efe, ha u atleha kapa batho ba bang ba u babatsa u ba motlotlo hape oa thaba. Kaha u etsa thato ea Jehova ebile u etsisa Jesu, e tlameha ebe u thabile haholo.​—Pes. 40:8; Liprov. 27:11.

13. Ho sebeletsa Jehova ho fapana joang le ho sebeletsa maruo?

13 Ha u lula u ikemisetsa ho sebeletsa Jehova u tla lula u khotsofetse kaha u etsa lintho tse molemo. Moapostola Pauluse o ile a re: “Le be ba tiileng, ba sa sutheng, kamehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena, le tseba hore mosebetsi oa lona hase oa lefeela mabapi le Morena.” (1 Bakor. 15:​58) Le haeba re ka atleha hona joale ha re sebeletsa ho rua, qetellong re tla be re sebelelitse lefeela. (Luka 9:​25) Morena Solomone o ile a e bona taba ena a ba a e paka.​—Bar. 15:4.

14. Mohlala oa Morena Solomone o re ruta’ng?

14 Kaha Morena Solomone o ne a ruile a bile a le matla o ile a re: “E-re ke u leke ka thabo [ke bone hore na ho tla etsahala’ng].” (Moek. 2:​1-10) O ile a haha matlo, a etsa lirapa, liphaka le lintho tse ling tseo a neng a nahana hore li tla mo thabisa. Na ka mor’a ho li etsa o ile a utloa a khotsofetse? O ile a re: “Ka retelehela mesebetsing eohle ea ka eo matsoho a ka a neng a e entse . . . ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela . . .  ho ne ho se letho le molemo.” (Moek. 2:​11) Thuto ena e bohlokoa ebile re lokela ho nahanisisa ka eona ka thata.

15. Ke hobane’ng ha u lokela ho sebeletsa ho ba le tumelo, hona Pesaleme ea 32:8 e re u tla ba le’ng?

15 Jehova o batla ho u thusa hore u utloe ka tsebe eseng ka letlalo. Empa u tlameha ho ba le tumelo hore u mo mamele u be u phelele ho etsa thato ea hae. Tumelo eo e bohlokoa haholo, ebile u ke ke oa soetseha ha u e-na le eona. Jehova a ke ke a lebala ‘lerato leo u le bontšang bakeng sa lebitso la hae.’ (Baheb. 6:​10) Kahoo, u sebeletse ho ba le tumelo u tle u tsebe ho bona hore Jehova oa u rata.​—Bala Pesaleme ea 32:8.

MOLIMO O BATLA HORE U LOKOLOHE

16. Re lokela ho ikutloa joang ka ho lokoloha?

16 Bibele e re: “Moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.” (2 Bakor. 3:​17) Jehova o rata ha batho ba lokoloha ebile o entse hore le rona re batle ho lokoloha. Empa o batla hore re itšireletse ka ho sebelisa bolokolohi ba rona hantle. Mohlomong ho na le bacha ba bang bao u ba tsebang ba etsang thobalano, ba ratang ho sheba lintho tse etsang hore ba batle ho e etsa, ba bapalang lipapali tse kotsi, ba sebelisang lithethefatsi kapa ba tahoang. Le ha e ka ba lintho tseo lia ba thabisa hona joale, li na le liphello tse bohloko tse kang ho kula, ho li lemalla kapa lefu. (Bagal. 6:​7, 8) Ho hlakile hore “tokoloho” ea bona e ba ntša kotsi.​—Tite 3:3.

17, 18. (a) Ho mamela Jehova ho ka u thusa joang? (b) Melao ea Jehova e fapane joang le melao eo batho ba e etsang?

17 Empa na ho na le batho bao u ba tsebang ba kileng ba kulisoa ke hore ba mamela Molimo? Ho hlakile hore ho mamela Jehova ho tla u thusa hore u lokolohe u be u phele hantle. (Pes. 19:​7-11) Hape ha u mamela melao ea Molimo u etsa hore eena le batsoali ba hao ba u tšepe ba be ba u fe bolokolohi bo eketsehileng. Ha e le hantle, morero oa Molimo ke hore batho ba lokolohe, ba be le bolokolohi boo Bibele e reng ke “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”​—Bar. 8:​21.

18 Adama le Eva ba ne ba e-na le eona tokoloho ena. Molimo o ne a ba thibetse ka ntho e le ’ngoe feela ha ba le Edene. O ne a itse ba se ke ba ja litholoana tsa sefate se le seng. (Gen. 2:​9, 17) Na Molimo o ne a ba hatella ha a cho joalo? Ak’u bapise molao oo le melao ea batho e teng hona joale eo re tlamehang ho ithuta eona ka nkane re be re e latele.

19. Re tl’o thusoa joang hore re lokolohe?

19 Jehova o bohlale kaha ha a re fe letoto la melao empa o re thusa hore re mamele molao oa lerato. O batla hore re mamele melao-motheo ea hae re be re hloee lintho tse fosahetseng. (Bar. 12:9) Litaba tseo Jesu a li buileng ho Matheu 5-7 ke mohlala oa taba ena kaha li re thusa ho qoba lintho tse ka etsang hore re etse liphoso. (Mat. 5:​27, 28) Kaha ke eena ea tla busa ’Musong oa Molimo, o tla re thusa hore re nahane joaloka eena. (Baheb. 1:9) O tla boela a etse hore re phethahale. Nahana feela u se u phela u se na sebe, u se u e-na le “tokoloho” eo Jehova a e tšepisitseng.

20. (a) Jehova o etsa’ng le hoja a e-na le bolokolohi? (b) Ho tla etsahala’ng ka rona haeba re rata Molimo le batho?

20 Bolokolohi ba rona bo tla tataisoa ke ho rata Molimo le batho ba bang. Jehova o na le bolokolohi ba ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang empa o khetha ho nahanela batho hobane a ba rata. O batla hore re mo etsise. (1 Joh. 4:​7, 8) Le rona re tla lokoloha haeba re rata Molimo le batho.

21. (a) Pesaleme ea 16:​11 e re’ng? (b) Re tl’o bua ka eng sehloohong se latelang?

21 Na u ananela lintho tse “molemo” tseo Jehova a u fileng tsona tse akarelletsang ho mo tseba le ho mo sebeletsa, metsoalle ea sebele, morero le monyetla oa ho lokoloha? (Pes. 103:5) Haeba ho joalo, e se eka u ka ba le maikutlo a hlahang ho Pesaleme ea 16:​11 a reng: “U tla etsa hore ke tsebe tsela ea bophelo. Ho thaba ka khotsofalo ho sefahlehong sa hao, ho na le thabo letsohong la hao le letona ka ho sa feleng.” Sehlooho se latelang se tla bua ka matlotlo a mang a hlahang ho Pesaleme ea 16. Se tla re thusa ho bona hore na re ka etsa’ng e le hore re lule re thabile re bile re khotsofetse.