Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha, Thabelang Bophelo

Bacha, Thabelang Bophelo

“U tla etsa hore ke tsebe tsela ea bophelo.”​—PES. 16:11.

LIPINA: 133, 89

1, 2. Mohlala oa mor’abo rona Tony o bontša joang hore motho a ka fetoha?

MOR’ABO RONA TONY ea hotseng a se na ntate, o ne a ipotsa hore na o phelela’ng le hore na hantle Molimo o teng. Ha e le mafelo-beke o ne a qeta nako a e-na le bakhotsi ba hae kapa a shebelletse lifilimi. Le hoja e ne e se motho ea ratang ntoa kapa lithethefatsi, o ne a tsoafa sekolo a bile a rerile ho se tlohela. Ka nako eona eo, o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova a bua le tsona ka lintho tsena eaba li mo fa libukana tse peli tse buang ka popo. (The Origin of Life​—Five Questions Worth Asking le ea Na Lintho Tse Phelang li Bopiloe?)

2 Ha Lipaki tseo li khutlela ho eena li ile tsa fumana e le Tony ea fetohileng, eseng oa maoba le maobane. O ne a balile libukana tsena hoo li neng li se li tsofetse. O ile a ba a re: “E tlameha ebe Molimo o teng.” Kahoo, a lumela ho ithuta Bibele a ba a fetola tsela eo a neng a nahana ka eona. A qala ho sebetsa ka thata le ho ipabola sekolong. Mosuoe-hlooho o ne a hlolletsoe ke tsela eo Tony a fetohileng ka eona ka lebaka la tumelo ea hae. O ile a re ho eena: “U nyollotse likausi mosebetsing oa hao oa sekolo ebile u se u itšoere hantle. Ebe ke hobane u se u tsamaea le Lipaki?” Tony o ile a lumela a ba a mo bolella molaetsa oa Bibele. O ile a qeta sekolo ’me hona joale ke pula-maliboho ea kamehla ebile ke mohlanka ea sebeletsang. O thabetse ho tseba hore o na le Ntate e leng Jehova.​—Pes. 68:5.

MAMELA JEHOVA HORE U ATLEHE

3. Jehova o batla hore bacha ba etse’ng?

3 Pale ea Tony e hopotsa bacha kaofela hore Jehova oa ba rata. O batla hore ba atlehe ba be ba khotsofale. Ke kahoo a reng: “U hopole ’Mopi oa hao e Moholo . . . matsatsing a [bocha] ba hao.” (Moek. 12:1) Matsatsing ana ha ho bonolo ho etsa joalo empa ha se hore ha ho khonehe. Jehova a ka u thusa hore u atlehe hona joale ha u ntse u le mocha le ha u se u holile. Ka mohlala, nahana ka pale ea ha Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng le ea Davida le Goliathe.

4, 5. Re ithuta’ng mohlaleng oa Baiseraele le oa Davida? (Sheba litšoantšo tse qalong.)

4 Ha Baiseraele ba le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, Jehova ha aa ka a re ba nke libetsa tsa bona kapa ba ithute ho loana. (Deut. 28:​1, 2) Ho e-na le hoo, o ile a re ba lokela ho mamela litaelo tsa hae le ho mo tšepa. (Josh. 1:​7-9) Ho ea ka batho ho ne ho ka bonahala eka Jehova o bua ntho e sa utloahaleng. Empa ho mamela ho ile ha ba tsoela molemo kaha ba ile ba hlola Bakanana ka makhetlo. (Josh. 24:​11-13) Ke ’nete hore ho mamela Jehova ho thata hobane ho hloka tumelo empa ha re ka mamela re tla atleha kamehla. Taba ena ke ’nete e ke keng ea fetoha, e ntse e le bohlokoa le lena le holimo.

5 Goliathe eo Davida a neng a lokela ho loana le eena e ne e le sehanyata se se lelele haholo (2.9 m) a bile a e-na le libetsa. (1 Sam. 17:​4-7) Empa Davida eena o ne a e-na le lintho tse peli feela e leng letjeketjane le tumelo ho Jehova. Batho ba neng ba se na tumelo ba ne ba bona eka Davida ha aa tlala, ba ne ba fositse hobane Goliathe ke eena ea neng a e-na le mathata.​—1 Sam. 17:​48-51.

6. Sehloohong see re tl’o hlahloba’ng?

6 Sehloohong se fetileng re ithutile lintho tse ’ne tse ka re thusang hore re thabe re be re atlehe. E leng ho tseba Jehova le ho mo sebeletsa, ho lokoloha, ho ba le metsoalle ea sebele le ho tseba hore na re phelela’ng. Sehloohong sena re tl’o hlahloba Pesaleme ea 16 kaha e tla tsoela pele ho bua ka litaba tsena.

SEBELETSA JEHOVA

7. (a) Ha motho a batla ho sebeletsa Jehova o etsa’ng? (b) “Kabelo” ea Davida e ne e le eng, hona e ile ea mo thusa joang?

7 Motho ea batlang ho sebeletsa Jehova o ba le tumelo ho eena hape o nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona. O batla tataiso ea Jehova ebile o ikemisetsa ho mo mamela. (1 Bakor. 2:​12, 13) Davida ke mohlala o motle. O ile re: “Jehova ke karolo ea kabelo eo ke e filoeng le ea senoelo sa ka.” (Pes. 16:5) “Kabelo” ena e akarelletsa setsoalle sa Davida le Jehova kaha Davida o ne a mo tšepa. (Pes. 16:1) Qetellong o ile a “thaba” kaha e ne e le motsoalle oa Jehova.​—Bala Pesaleme ea 16:​9, 11.

8. Motho a ka khotsofala ha a etsa’ng?

8 Ha motho a batla ho rua kapa ho ba le lintho tse ling tseo ho thoeng lia thabisa, a ke ke a thaba joalokaha Davida a ne a thabile. (1 Tim. 6:​9, 10) Mor’abo rona e mong ea lulang Canada o re: “Motho ha a khotsofatsoe ke lintho tseo a ka li fumanang empa o khotsofatsoa ke ho itella ho sebeletsa Jehova, e leng mofani oa mpho e ’ngoe le e ’ngoe.” (Jak. 1:​17) Ha re e-na le tumelo ho Jehova ebile re mo sebeletsa re tla tseba hore na re phelela’ng hape re tla khotsofala. Re ka ba le tumelo e matla joang? Ka hore re iphe nako ea ho bala Bibele e le hore re ithute ka Molimo, re nahane ka lintho tseo a li bopileng, makhabane a hae a akarelletsang hore oa re rata.​—Bar. 1:​20; 5:8.

9. Ho ba le maikutlo a tšoanang le a Davida ho tla u thusa joang?

9 Kaha Jehova o re rata joaloka bana ba hae, oa re khalemela. Davida o ne a sa koate ha Jehova a mo khalemela, o ile a re: “Ke tla boka Jehova, ea mphileng keletso. Ka sebele, liphio tsa ka li nkhalemetse bosiu.” (Pes. 16:7) O ne a leka ho tseba hore na Jehova o nahana joang ebe o nahana joaloka eena a be a etse thato ea hae. Haeba u ka ba le maikutlo a tšoanang le a Davida, o tla rata Jehova le ho feta ebe u susumelletseha ho mo khahlisa. Jehova e tla ba motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo. Morali’aborona e mong ea bitsoang Christin o re: “Ha ke etsa lipatlisiso ebe ke nahanisisa ka lintho tseo ke li fumaneng, ke ee ke utloe eka Jehova o ne a li ngolla ’na.”

10. Jehova o tla u thusa joang ha u e-na le kamano e ntle le eena?

10 Ha u e-na le kamano e ntle le Jehova, o tla u thusa haholo kaha u tla bona lintho ka tsela eo a li bonang ka eona. O etsa joalo hobane a batla hore u tsebe lintho tse tlang pele bophelong, u be bohlale ha u etsa liqeto hape u be le tšepo. (Bala Esaia 26:3.) Mor’abo rona Joshua ea lulang Amerika o ne a opile khomo lenaka ha a re: “Ho ba motsoalle oa Jehova ho nthusa hore ke etse lintho ka tsela e nepahetseng.”

METSOALLE EA SEBELE

11. Davida o ile a khetha metsoalle ea sebele joang?

11 Bala Pesaleme ea 16:3. Davida o ne a tseba ho khetha metsoalle ea sebele kaha o ile a ‘thabela’ ho ba le e ratang Jehova. O ile a e bitsa “bahalaleli” hobane e ne e rata ho etsa thato ea Jehova. Mongoli e mong oa Pesaleme o ikutloa ka tsela e tšoanang kaha o re: “ ’Na ke [motsoalle] oa bohle ba u tšabang, le oa ba bolokang litaelo tsa hao.” (Pes. 119:​63) Joalokaha re bone sehloohong se fetileng le uena u ka fumana metsoalle e hlomphang Jehova ho sa tsotellehe hore na e lilemo li kae.

12. Ke’ng e neng e etsa hore setsoalle sa Davida le Jonathane se tiee?

12 Metsoalle ea Davida e ne e se lithaka tsa hae feela. O ne a e-na le motsoalle ea “hlomphehang” eo lebitso la hae e leng Jonathane. E ne e le metsoalle ea hlooho ea khomo ’me setsoalle sa bona se tlalehiloe ka Bibeleng. Jonathane o ne a feta Davida ka lilemo tse ka bang 30. Ke’ng e neng e etsa hore setsoalle sa bona se tiee? Ba ne ba hlomphana, ba e-na le tumelo ho Jehova ba bile ba le sebete ha ba loantša lira tsa Molimo.​—1 Sam. 13:3; 14:​13; 17:​48-50; 18:1.

13. Fana ka mohlala o bontšang hore re ka ba le metsoalle e sa tšoaneng.

13 Le rona re ka ‘thaba’ haeba re etsisa Davida le Jonathane ka hore re khethe metsoalle e ratang Jehova le e nang le tumelo ho eena. Morali’abo rona Kiera ea sebelelitseng Jehova ka lilemo o re: “Ke na le metsoalle linaheng, litsong le merabeng e fapaneng.” Haeba re mo etsisa re tla hlokomela hore Jehova o momahantse batho ba hae ka Lentsoe la hae le ka moea oa hae.

HO TSEBA JEHOVA LE HO MO SEBELETSA

14. (a) Ke’ng e ka etsa’ng hore re khotsofale? (b) Bacha ba bang ba re’ng ka taba ee?

14 Bala Pesaleme ea 16:8. Davida o ne a amehehile ka ho sebeletsa Jehova. Le rona re ka khotsofala haeba re ikemiselitse ho mo sebeletsa ebile e le eona ntho e tlang pele bophelong ba rona. Mor’abo rona Steven o re: “Ke sebetsa ka thata hore ke finyelle ntho eo ke batlang ho e etsa ebe ka mor’a moo ke leka ho bona hore na nka ntlafatsa hokae ’me ha ke atleha kea thaba.” Mocha e mong oa Jeremane o re: “Ha ke batle hore ha ke se ke le moholo ke hetla morao ke fumane hore ke ne ke sa nahanele batho ba bang.” Na le uena u ikutloa joalo? Haeba ho joalo, e se eka u ka sebelisa lintho tseo u nang le tsona molemong oa Jehova le batho ba bang. (Bagal. 6:​10) Khetha hore na ke eng eo u batlang ho e etsetsa Jehova u be u mo kope hore a u thuse. Jehova oa thaba ha re mo kopa lintho tse joalo ebile o re fa tsona.​—1 Joh. 3:​22; 5:​14, 15.

15. Ke lintho life tseo u ka ratang ho li etsa? (Bala lebokose le reng “ Lintho Tseo U ka li Etsang.”)

15 Ke lintho life tseo u ka ratang ho li etsa? Mohlomong u ka araba ka mantsoe a hao ha u le libokeng, oa ba pula-maliboho kapa oa ea Bethele. U ka boela oa ithuta puo e ’ngoe e le hore u il’o sebetsa tšimong eo ho buuoang puo eo. Mocha e mong eo lebitso la hae e leng Barak o re: “Ha ho ntho e monate joaloka ho tsoha hoseng o tseba hore u il’o sebeletsa Jehova.”

HO LOKOLOHA

16. Davida o ne a ikutloa joang ka lintho tseo Jehova a li hloileng?

16 Bala Pesaleme ea 16:​2, 4Sehloohong se fetileng re ithutile hore melao ea Jehova e re thusa ho rata lintho tseo a li ratang le ho hloea tseo a li hloileng. (Amose 5:​15) Morena Davida o ile a re: “Molemo oa ka, ha o etsetsoe uena” ka mantsoe a mang o ne a re ha se eena ea etsetsang Jehova molemo empa ke Jehova ea mo etsetsang oona. Motho ea molemo ke ea mekhoa e metle. Davida o ile a sebetsa ka thata hore a etsise Jehova ka hore a be le mekhoa e metle. O ile a leka ho hloea lintho tseo Jehova a li hloileng tse kang borapeli ba litšoantšo bo etsang hore khanya e tlamehang ho ea ho Jehova e isoe ho ntho kapa ho motho e mong.​—Esa. 2:​8, 9; Tšen. 4:11.

17, 18. (a) Davida o ile a re liphello e tla ba life ka batho ba rapelang melimo ea bohata? (b) Batho ba itlhaba ka ‘bohloko bo boholo’ ha ba etsa’ng?

17 Mehleng ea ho ne ho ngoloa Bibele batho ba neng ba rapela melimo ea bohata ba ne ba etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. (Hos. 4:​13, 14) Batho ba bangata ba ne ba rata borapeli bona ba bohata hobane bo ne bo ba lumella hore ba iketsetse borata, ba ne ba bile ba etsa joalo hobane ba nahana hore ba tla thaba. Ba ne ba ntse ba ingola meno ka enke kaha ha baa ka ba thaba. Morena Davida o ile a re batho ba etsang joalo ba ba le ‘bohloko bo boholo.’ Ba ile ba etsa bokhopo bo boholo ka hore ba etse mahlabelo ka bana ba bona. (Esa. 57:5) Jehova o hloile liketso tsena tse khopo. (Jer. 7:​31) Haeba o ne o phela mehleng eo o ne o tla thaba haholo haeba batsoali ba hao ba ne ba e-na le tumelo ba bile ba mamela Jehova.

18 Le mehleng ena, malumeli a bohata a lumella batho hore ba etse boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate bo akarelletsang hore batho ba bong bo tšoanang ba ratane. Batho bana ba nahana hore ba lokolohile empa baa ithetsa. (1 Bakor. 6:​18, 19) Ha e le hantle ba itlhabile ka ‘bohloko bo boholo.’ Ka hona, bacha e se eka le ka mamela Jehova. Le kholisehe hore ho mamela Jehova hoa putsa. Boitšoaro bo bobe ha bo tlisetse motho thabo empa liphello tsa bona kamehla li ea baba ebile ke tsa nako e telele. (Bagal. 6:8) Mor’abo rona Joshua eo re buileng ka eena pejana o re: “Re na le bolokolohi ba ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e batlang empa haeba re bo sebelisa hampe re ke ke ra thaba.” 

19, 20. Bacha ba tla fumana melemo efe haeba ba sebelisa bolokolohi ba bona hantle?

19 Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Joh. 8:​31, 32) Jesu o ne a bolela hore re tla tseba Molimo, re lokolohe bolumeling ba bohata, litumela-khoeleng le tse ling tse ngata. Joalokaha re ithutile re tla ba le “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Bar. 8:​21) Re ka ba le eona hona joale haeba re “lula lentsoeng” la Jesu kapa re mo mamela.

20 Bacha le thabele bolokolohi boo Jehova a le fileng bona. Le bo sebelise hantle e le hore le ka ba le bokamoso bo chabileng. Mor’abo rona e mong ea mocha o ile a re: “Haeba o sebelisa bolokolohi ba hao hantle, ho tla ba bonolo hore nakong e tlang ha u etsa liqeto tse amanang le ho khetha mosebetsi, ho nyala kapa ho lula u le lesoha ka nakoana, u li etse ka bohlale.”

21. U ka etsa’ng hore u fumane bophelo ba sebele?

21 Mehleng ena, le bophelo boo ho thoeng bo monate bo tletse mathata feela ebile bo bokhutšoane. Ha re tsebe hore na letsatsi le hlahlamang le tla tla ka’ng. (Jak. 4:​13, 14) Kahoo, u ka itsoela molemo ka hore u etse lintho tse tla u thusa hore u fumane “bophelo ba sebele,” e leng bophelo bo sa feleng. (1 Tim. 6:​19) Empa Jehova ha a re qobelle hore re mo sebeletse kaha ke rona ba lokelang ho iketsetsa qeto. Etsa Jehova “kabelo” ea hao ’me o thabele lintho tse “molemo” tseo a u fileng tsona. (Pes. 103:5) E-ba le tumelo ea hore o tla u thusa hore u ‘thabe’ u be u ‘khotsofale ka ho sa feleng.’​—Pes. 16:11.