Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u balile lihlooho tse sa tsoa feta tsa Molula-Qhooa ka hloko? Leka ho araba lipotso tse latelang:

Bibele e bontša joang hore Molimo oa re qenehela?

Nakong eo Baiseraele e neng e le makhoba Egepeta, Molimo o ile a bona mathata a bona eaba o ba utloela bohloko. (Ex. 3:7; Esa. 63:9) Kaha re bopiloe ka setšoantšo sa Molimo re ka khona ho qenehela batho ba bang. Molimo oa re qenehela esita le haeba re ipona re se na thuso.​—wp18.3, maq. 8-9.

Lithuto tsa Jesu li re thusa joang ho hlola khethollo?

Bajuda ba bangata ba mehleng ea Jesu ba ne ba le leeme. Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba ikokobetse ba be ba qobe khethollo ea morabe. O ile a ba khothalletsa hore ba tšoarane joaloka bana ba motho.​—w18.06, maq. 9-10.

Taba ea hore ebe Jehova ha aa ka lumella Moshe ho kena Naheng e Tšepisitsoeng e re ruta’ng?

Moshe o ne a tšepile Jehova. (Deut. 34:​10) Ho elella qetellong ea lilemo tse 40 Baiseraele ba le lefelleng, ba ile ba korotlela Moshe ka lekhetlo la bobeli ka ho re ha ba na metsi. Jehova o ile a laela Moshe hore a bue le lefika. Moshe ha aa ka a mamela taelo eo, ho e-na le hoo o ile a le otla. Mohlomong Jehova o ile a halefisoa ke hore ebe Moshe ha aa ka a mamela taelo ea hae kapa ke hore ebe ha aa ka a halaletsa Jehova ha a etsa mohlolo oo. (Num. 20:​6-12) Mona re ithuta hore ho bohlokoa ho mamela Jehova le ho mo halaletsa.​—w18.07, maq. 13-14.

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho kala batho ka mahlo?

Ho na le likarolo tse tharo tseo ho tsona batho ba atisang ho ahlola ba bang ka tsona, e leng morabe, maemo a lichelete le lilemo. Ke habohlokoa hore re leke ho sheba batho ka tsela e hlokang leeme eo Jehova a ba shebang ka eona. (Lik. 10:​34, 35)​—w18.08, maq. 8-12.

Bakreste ba holileng ba ka thusa Bakreste ba bang joang?

Bakreste ba holileng ba seng ba se na boikarabelo bo bongata ka phuthehong e ntse e le ba bohlokoa ho Jehova ebile ba ntse ba ka thusa. Ba ka thusa bao balekane ba bona eseng Lipaki, ba thusa ba seng ba sa ee tšimong, ba khanna lithuto tsa Bibele ba ba ba eketsa tšebeletso ea bona.​—w18.09, maq. 8-11.

Ho na le eng ka har’a Teaching Toolbox ea rona?

Ho na le likarete tsa boitsebiso le limemo. Ho na le lipampitšana tse robeli hammoho le limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ho boetse ho na le libukana, libuka tse peli tseo re ithutang Bibele le batho ka tsona le livideo tse ’ne tse akarelletsang ea Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?​—w18.10, leq. 16.

Re ka “reka ’nete” joang joalokaha Liproverbia 23:​23 e re khothalletsa?

Ha re hloke chelete e le hore re reke ’nete. Leha ho le joalo, re hloka nako le boikitlaetso e le hore re e fumane.​—w18.11, leq. 4.

Re ithuta’ng tseleng eo Hosea a ileng a tšoara mosali oa hae Gomere ka eona?

Gomere o ile a feba ka makhetlo empa monna oa hae o ile a mo tšoarela. Haeba molekane e mong a etsa bofebe, ea sitetsoeng a ka mo tšoarela. Haeba ba ka ea sekateng, taba ea tlhalo ea fela.​—w18.12, leq. 13.