Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 52

Batsoali, Rutang Bana ba Lona ho Rata Jehova

Batsoali, Rutang Bana ba Lona ho Rata Jehova

“[Bana] ke lefa le tsoang ho Jehova.”​—PES. 127:3.

PINA EA 134 Bana ke Letlotlo

SELELEKELA *

1. Jehova o fa batsoali boikarabelo bofe?

JEHOVA o ile a bopa Adama le Eva ba e-na le takatso ea ho ba le bana. Bibele e re: “[Bana] ke lefa le tsoang ho Jehova.” (Pes. 127:3) See se bolela’ng? Nka hore motsoalle oa hao o u kopa hore u mo tšoarele chelete ea hae e ngata. U ne u tla ikutloa joang? Mohlomong u ne u tla utloa u thabile hore ebe oa u tšepa. Empa u ne u ka ’na oa tšoenyeha ka hore na u tla boloka chelete eo e bolokehile joang. Motsoalle oa rona e moholo Jehova, o fa batsoali letlotlo la bohlokoa haholo ho feta chelete hore ba le hlokomele. O fa batsoali boikarabelo ba ho etsa bonnete ba hore bana ba bona ba thabile ebile ba hlokomelehile.

2. Re tl’o hlahloba lipotso life?

2 Ke mang ea lokelang ho etsetsa banyalani qeto ea hore na ba ba le bana le hore na ba ba le bona neng? Hona batsoali ba ka etsa’ng ho thusa bana ba bona hore ba thabe bophelong? A re bueng ka melao-motheo e meng e fumanehang ka Lentsoeng la Molimo e ka thusang batsoali hore ba be bohlale ha ba etsa liqeto.

HLOMPHA QETO EA BONA

3. (a) Ke mang ea lokelang ho etsetsa banyalani qeto ea ho ba le bana? (b) Ke molao-motheo ofe oa Bibele oo beng ka banyalani le metsoalle ba lokelang ho o hopola?

3 Litsong tse ling, hang ha batho ba qeta ho nyalana, ho lebeletsoe hore ba be le bana. Ka linako tse ling, beng ka bona kapa batho ba bang ba ka ’na ba ba hatella hore ba be le bana kapele. Mor’abo rona Jethro ea lulang Asia o re: “Batho ba bang ba nang le bana ka phuthehong, ba hatella ba se nang bana hore ba be le bana.” Mor’abo rona Jeffrey eo le eena a tsoang Asia o re: “Batho ba bang ba bolella banyalani ba se nang bana hore ha ho na motho ea tla ba hlokomela ha ba se ba tsofetse.” Leha ho le joalo, banyalani ke bona ba lokelang ho iketsetsa qeto ea hore na ba tla ba le bana kapa che. Ke qeto ea bona kaha ke bona ba tla jara boikarabelo. (Bagal. 6:5) Ke ’nete hore beng ka banyalani le metsoalle ba batla hore ba thabe empa ba lokela ho utloisisa hore banyalani ke bona ba lokelang ho etsa qeto.​—1 Bathes. 4:11.

4-5. Ke lintlha life tse peli tseo ho hlokahalang hore ho buisanoe ka tsona, hona neng? Hlalosa.

4 Ha banyalani ba se ba entse qeto ea ho ba le bana, ba lokela ho buisana ka lintlha tsena tse peli tsa bohlokoa. Ea pele, hore na ba tla ba le bana neng. Ea bobeli, hore na ba tla ba le bana ba bakae. Empa lintlha tsee, li lokela ho hlahlojoa neng? Hona ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho bua ka tsona?

5 Maemong a mangata, batho ba babeli ba lokela hore ba bue ka taba ea hore na ba tla ba le bana kapa che pele ba nyalana. Hobane’ng ka nako eo? Hobane ke habohlokoa hore ba be le maikutlo a tšoanang ka taba ena. Hape ba lokela ho nahanisisa ka hore na ba ka khona ho jara boikarabelo boo. Banyalani ba bang ba entse qeto ea ho ema selemo kapa tse peli ka mor’a lechato pele ba e-ba le bana hobane ba tla hloka nako e ngata le matla a hore ba ba hlokomele. Ba re ho etsa joalo, ho ba fa nako ea hore ba tloaelane le bophelo ba lenyalo le ho ba le monyetla oa hore ba atamelane.​—Baef. 5:33.

6. Kaha re phela linakong tse thata, banyalani ba bang ba entse qeto efe?

6 Bakreste ba bang ba khethile ho etsisa bara ba Noe le basali ba bona. Bara ba Noe ha baa ka ba ba le bana hang-hang. (Gen. 6:​18; 9:​18, 19; 10:1; 2 Pet. 2:5) Jesu o ile a bapisa mehla eo re phelang ho eona le “matsatsi a Noe,” ’me ho hlakile hore re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (Mat. 24:​37; 2 Tim. 3:1) Ka lebaka leo, banyalani ba bang ba entse qeto ea ho se be le bana hona joale e le hore ba ka qeta nako e ngata ba sebeletsa Jehova haholoanyane.

Ke hantle hore banyalani ba “bale litšenyehelo” pele ba etsa qeto ea hore ba tla ba le bana le hore na ba tla ba le bana ba bakae (Sheba serapa sa 7) *

7. Melao-motheo e hlahang ho Luka 14:​28, 29 le ho Liproverbia 21:5 e ka thusa batho ba batlang ho ba le bana joang?

7 Ke hantle hore banyalani ba “bale litšenyehelo” pele ba etsa qeto ea hore ba tla ba le bana le hore na ba tla ba le bana ba bakae. (Bala Luka 14:​28, 29.) Batho ba holisitseng bana baa tseba hore ho holisa bana ho hloka chelete e ngata. Ho boetse ho hloka nako le matla. Kahoo, ke habohlokoa ho nahana ka lipotso tse kang tsena: ‘Na re hloka ho sebetsa re le babeli e le hore re fumane lintho tseo re li hlokang? Na rea lumellana ka hore na ke lintho life tseo lelapa la rona le hlileng le li hlokang? Haeba re tlameha ho sebetsa re le babeli, ke mang ea tla sala le bana ba rona? Ke bo-mang bao re batlang hore ba susumetse tsela ea bana ba rona ea ho nahana le ea ho etsa lintho?’ Ha batho ba batlang ho ba le bana ba buisana ka lipotso tse kang tsena, ba tla be ba mamela keletso e hlahang ho Liproverbia 21:5.​E bale.

Monna ea ratang mosali oa hae o tla etsa sohle hore a thuse molekane oa hae (Sheba serapa sa 8)

8. (a) Banyalani ba Bakreste ba lokela ho lebella mathata afe? (b) Banna ba ratang basali ba bona ba lokela ho etsa’ng?

8 Ngoana o hloka hore motsoali ka mong a mo tsotelle, a mo fe nako le matla. Kahoo, ha banyalani ba hlahlamisa bana kapele, ho tla ba thata hore ba fe ngoana e mong le e mong nako eo a e hlokang. Banyalani ba bang ba neng ba e-na le bana ba bangata ba banyane, ba re ho ne ho le boima ho ba holisa. ’Mè a ka ’na a lula a khathetse ’me a imetsoe kelellong. A ka ’na a khathala hoo a se nang matla a ho ithuta, ho rapela le ho ea tšimong kamehla. A ka boela a thatafalloa ke ho mamela libokeng le ho rua molemo ho tsona. Monna ea ratang mosali oa hae, o tla etsa sohle ho mo thusa ho hlokomela bana ha ba le libokeng le ha ba le hae. Mohlala, a ka thusa mosali oa hae ka mesebetsi ea lapeng. O tla sebetsa ka thata ho etsa bonnete ba hore lelapa lohle le rua molemo Borapeling ba Lelapa. Hape o tla ea tšimong le lelapa kamehla.

RUTA BANA BA HAO HO RATA JEHOVA

9-10. Batsoali ba tlameha ho etsa’ng ho thusa bana ba bona?

9 Batsoali ba ka etsa’ng ho thusa bana ba bona ho rata Jehova? Ba ka sireletsa bana ba bona joang linthong tse kotsi tsa lefatše lee? Nahana ka mehato e latelang eo batsoali ba ka e nkang.

10 Rapella thuso ho Jehova. Nahana ka mohlala oa Manooa le mosali oa hae e leng batsoali ba Samsone. Ha Manooa a fumana hore ba tl’o ba le mora, o ile a kopa Jehova ka tieo hore a ba tataise hore na ba holise ngoana oa bona joang.

11. Joalokaha ho bontšitsoe ho Baahloli 13:​8, batsoali ba ka etsisa mohlala oa Manooa joang?

11 Banyalani ba bang e leng Nihad le mosali oa hae Alma ba Bosnia and Herzegovina, ba ile ba ithuta mohlaleng oa Manooa. Ba re: “Joaloka Manooa, re ile ra kopa Jehova hore a re thuse ho holisa ngoana oa rona hantle. ’Me Jehova o ile a fela a arabela lithapelo tsa rona a sebelisa Bibele, lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, liboka le likopano.”​—Bala Baahloli 13:8.

12. Josefa le Maria ba ile ba behela bana ba bona mohlala ofe?

12 Beha mohlala o motle. Ke ’nete hore lintho tseo u li buang li susumetsa ngoana oa hao empa lintho tseo u li etsang li ka mo susumetsa le ho feta. E tlameha ebe Josefa le Maria ba ile ba behela Jesu le banab’abo mohlala o motle. Josefa o ne a sebetsa ka thata ho hlokomela lelapa la hae. Hape o ile a le khothalletsa ho rata ho sebeletsa Jehova. (Deut. 4:​9, 10) Le hoja Molao o ne o sa tlame Josefa ho ea le lelapa la hae Jerusalema “selemo le selemo” ho ea keteka Paseka, o ne a ea le lona. (Luka 2:​41, 42) Mohlomong bo-ntate ba bang ba ne ba nahana hore ho tsamaea le lelapa lohle ho boima, ho nka nako e telele ebile ho hloka chelete e ngata. Empa ho hlakile hore Josefa eena o ne a nka e le habohlokoa ho ba le kamano e ntle le Jehova ’me o ile a ruta bana ba hae ho etsa se tšoanang. Hape, Maria o ne a tseba Mangolo hantle. E tlameha ebe o ne a ruta bana ba hae ho rata Lentsoe la Molimo ka lintho tseo a neng a li bua le tseo a neng a li etsa.

13. Banyalani ba bang ba ile ba latela mohlala oa Josefa le Maria joang?

13 Mor’abo rona Nihad le mosali oa hae Alma bao re buileng ka bona pejana, ba ne ba batla ho etsisa mohlala oa Josefa le Maria. Ho etsa joalo ho ile ha ba thusa joang ho ruta mora oa bona ho rata Jehova le ho mo sebeletsa? Ba re: “Ka tsela eo re neng re phela ka eona, re ile ra bontša mora oa rona hore ho molemo ho phela ka melao-motheo ea Jehova.” Mor’abo rona Nihad o phaella ka ho re: “E-ba seo u batlang hore ngoana oa hao a be sona.”

14. Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho tseba metsoalle ea bana ba bona?

14 Thusa bana ba hao ho khetha metsoalle. Batsoali ka bobeli ba lokela ho tseba hore na metsoalle ea bana ba bona ke bo-mang le hore na ba etsa’ng le bona. Sena se bolela hore batsoali ba lokela ho tseba hore na bana ba bona ba buisana le bo-mang mecheng ea puisano le lifonong tsa bona. Metsoalle eo e ka susumetsa tsela eo bana ba nahanang le ho etsa lintho ka eona.​—1 Bakor. 15:33.

15. Batsoali ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Mor’abo rona Jessie?

15 Batsoali ba ka etsa’ng haeba ba sa tsebe letho ka lifono le ka lik’homphieutha? Mor’abo rona Jessie ea lulang Philippines o re: “Re ne re sa tsebe hakaalo ka theknoloji. Empa seo ha sea ka sa re thibela ho ba ruta ka likotsi tse ka ba hlahelang ha ba sebelisa lisebelisoa tsa elektronike.” Mor’abo rona Jessie ha a ka a hanela bana ba hae ho li sebelisa hobane feela eena a sa tsebe ho li sebelisa. O re: “Ke ile ka khothalletsa bana ba ka ho li sebelisa ho ithuta puo e ncha, ho lokisetsa liboka le ho bala Bibele letsatsi le letsatsi.” Haeba u motsoali, na u kile oa bala le ho bua le bana ba hao ka likeletso tse hlahang websaeteng ea rona tlas’a karolo ea “Bacha,” tse buang ka ho ngollana melaetsa le ho beha lifoto Inthaneteng? Na u kile oa shebella le bona livideo tse kang Na Lisebelisoa Tsa Hao Tsa Elektronike Lia U Laola? le ea E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng? * Livideo tseo li ka u thusa haholo ha u ruta bana ba hao ho sebelisa lisebelisoa tsa elektronike ka bohlale.​—Liprov. 13:20.

16. Batsoali ba bangata ba entse’ng hona phello e ile ea e-ba efe?

16 Batsoali ba bangata ba etsa boiteko ba hore bana ba bona ba qete nako le batho ba behang mohlala o motle tabeng ea ho sebeletsa Molimo. Mohlala, hangata Mor’abo rona N’Déni le mohats’ae Bomine ba lulang Ivory Coast, ba atisa ho mema mopotolohi ha bona. Mor’abo rona N’Déni o re: “Ho etsa joalo ho ile ha thusa mora oa rona haholo. O ile a nkela bopula-maliboho ’me hona joale o sebeletsa e le mopotolohi ea tšoereng molepo.” Mohlomong le uena u ka etsisa mohlala oa batsoali bana.

17-18. Batsoali ba lokela ho qala ho ruta bana ba bona neng?

17 Qala ho ruta bana ba hao kapele kamoo u ka khonang. Ho molemo haholo ho ruta bana ba sa le banyenyane. (Liprov. 22:6) Nahana ka Timothea eo ha a se a holile a ileng a tsamaea le moapostola Pauluse. ’Mè oa Timothea e leng Eunise le nkhono oa hae Loise ba ile ba mo ruta “ho tloha boseeng.”​—2 Tim. 1:5; 3:15.

18 Banyalani ba bang e leng Jean-Claude le mosali oa hae Peace ba lulang Ivory Coast, ba ile ba khona ho thusa bana ba bona ba tšeletseng ho rata Jehova le ho mo sebeletsa. Ba ile ba thusoa ke’ng hore ba atlehe? Ba ile ba etsisa mohlala oa Eunise le Loise. Ba re: “Re ile ra ruta bana ba rona Lentsoe la Molimo ka ho pheta-pheta hang feela ka mor’a hore ba hlahe.”​—Deut. 6:​6, 7.

19. Ho ruta bana ba hao ka ho pheta-pheta ho akareletsa’ng?

19 Ho ruta bana ba hao Lentsoe la Jehova ka ho “pheta-pheta” ho akareletsa’ng? “Ho pheta-pheta” ho akareletsa ho “ruta le ho hopotsa ka makhetlo-khetlo.” E le hore batsoali ba tle ba atlehe ho etsa joalo, ba lokela ho qeta nako e ngata le bana ba bona. Ka linako tse ling, batsoali ba ka ’na ba nyahama hobane ba lokela ho pheta-pheta litaelo tse tšoanang ho bana ba bona. Empa batsoali ba lokela ho nka taba ena e le monyetla oa ho ruta bana ba bona hore ba utloisise Lentsoe la Molimo le hore ba le phethe.

Batsoali ba lokela ho tseba hantle hore na ba tla koetlisa ngoana e mong le e mong joang (Sheba serapa sa 20) *

20. Pesaleme ea 127:4 e amana joang le ho holisoa ha bana?

20 Tseba bana ba hao hantle. Pesaleme ea 127 e tšoantša bana le metsu. (Bala Pesaleme ea 127:4.) Joalokaha metsu e etsoa ka lintho tse sa tšoaneng e bile e fapana ka boholo, le bana ha ba tšoane. Kahoo, batsoali ba lokela ho tseba hore na ba koetlisa ngoana ka mong joang. Banyalani ba lulang naheng ea Iseraele ba ileng ba atleha ho holisa bana ba bona ba babeli hore ba sebeletse Jehova, baa re bolella hore na ba ile ba thusoa ke’ng. Ba re: “Re ne re ruta ngoana a le mong Bibele ka nako.” Ke ’nete hore hlooho ea lelapa ke eona e lokelang ho etsa qeto ea hore na ho ithuta le bana ka tsela ena ho molemo le hore na hoa khoneha.

JEHOVA O TLA LE THUSA

21. Batsoali ba ka lebella hore Jehova a ba thuse ka’ng?

21 Ka linako tse ling batsoali ba ka utloa ba imetsoe ke mathata ao ba tobanang le ’ona ha ba ntse ba holisa bana, empa bana ke mpho e tsoang ho Jehova. Jehova o lula a le malala-a-laotsoe ho le thusa. O rata ho le mamela ha le bua le eena. O arabela lithapelo tsa lona ka Bibele, ka lingoliloeng le ka mehlala le likeletso tsa batsoali ba nang le boiphihlelo tabeng ea ho holisa bana.

22. Ke lintho life tsa bohlokoa tseo batsoali ba ka li fang bana ba bona?

22 Batho ba bangata ba re ho holisa ngoana ke mosebetsi oa lilemo tse 20 empa ’nete ke hore motsoali e tla lula e le motsoali. Har’a lintho tsa bohlokoa tseo batsoali ba ka li fang bana ba bona ke hore ba ba rate, ba be le nako le bona le ho ba tataisa ka melao-motheo ea Bibele. Ke ’nete hore bana ba ke ke ba utloa ka ho tšoana. Leha ho le joalo, ba bangata ba ileng ba holisoa ke batsoali ba ratang Jehova ba ikutloa joaloka Morali’abo rona Joanna Mae oa Asia ea ileng a re: “Ha ke hetla morao ke sheba tsela eo batsoali ba ka ba ileng ba nkholisa ka eona, kea thaba hore ebe ba ile ba nthusa hore ke rate Jehova. Ha baa nketsa motho feela tjee! empa ba nkentse motho ea nang le boikarabelo.” (Liprov. 23:​24, 25) Bakreste-’moho le rona ba limilione le bona ba ikutloa joalo.

PINA EA 59 A re Roriseng Jehova

^ ser. 5 Na banyalani ba lokela ho ba le bana? Haeba ba khetha ho ba le bana, ba lokela ho ba le ba bakae? Hona ba ka ruta bana ba bona ho rata Jehova joang le ho sebeletsa? Sehloohong sena re tl’o bua ka mehlala ea batsoali ba mehleng ena le ka melao-motheo ea Bibele e ka re thusang ho araba lipotso tsena.

^ ser. 15 Sheba le Lipotso​—Bacha Baa Botsa​—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1,khao. 36, le Buka ea 2,khao. 11.

^ ser. 60 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Bakreste ba rerileng ho nyalana ba buisana ka hore na ba tla ba le bana. Ba nahana ka thabo eo ba tla ba le eona le boikarabelo boo ba tla ba le bona ha ba e-ba le bana.

^ ser. 64 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Banyalani ba ithuta le bana ba bona ba ba arotse hobane ba sa lekane ka lilemo hape le bokhoni ba bona bo sa tšoane.