Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 50

Jehova o Etsa Hore re be le Tokoloho

Jehova o Etsa Hore re be le Tokoloho

“Le phatlalatse tokoloho naheng ho baahi bohle ba eona.”​—LEV. 25:10.

PINA EA 22 ’Muso o ke o Tle

SELELEKELA *

1-2. (a) Jubile ke’ng? (Sheba lebokose le reng, “ Jubile e ne e le Eng?”) (b) Ho Luka 4:​16-18, Jesu o ile a bua ka’ng?

LINAHENG tse ling, ho na le mekete e ikhethang e tšoaroang selemong sa bo50 sa puso ea morena kapa mofumahali ea itseng. Hangata selemo seo se bitsoa puso ea Jubile. Selemong seo ho ba le mekete e tšoaroang e nkang letsatsi, beke kapa le ho feta ’me ka mor’a moo ea fela le batho ba lebala tu! ka eona.

2 Leha ho le joalo, re tl’o bua ka Jubile e ’ngoe e molemo le ho feta eo Baiseraele ba neng ba e tšoara ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse 50. Nako eo ea Jubile e ne e fa batho bohle ba neng ba e keteka tokoloho. Kahoo, ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta ka Jubile? Hobane e re hopotsa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo Jehova a re etselitseng eona. E tla re tlisetsa bolokolohi ka ho sa feleng ’me le hona joale re se ntse re fumana melemo ho eona. Jesu o ile a bua ka tokoloho eo.​—Bala Luka 4:​16-18.

Mehleng ea Baiseraele, selemo sa Jubile e ne e le se thabisang hobane bao e neng e le makhoba ba ne ba khutlela malapeng a bona le litšeng tsa bona (Sheba serapa sa 3) *

3. Ho ea ka Levitike 25:​8-12, Jubile e ne e thusa Baiseraele joang?

3 Re tla utloisisa hore na Jesu o ne a bua ka’ng ha a bua ka tokoloho, ka hore re hlahlobe Jubile eo Jehova a neng a etselitse Baiseraele. Jehova o ile a re ho Baiseraele: “Le halaletse selemo sa mashome a mahlano ’me le phatlalatse tokoloho naheng ho baahi bohle ba eona. E tla ba Jubile bakeng sa lona, ’me e mong le e mong a khutlele setšeng sa hae ’me e mong le e mong o lokela ho khutlela lelapeng la hae.” (Bala Levitike 25:​8-12.) Sehloohong se fetileng, re bone hore na Baiseraele ba ne ba rua melemo efe ha ba keteka Sabatha beke le beke. Joale, ke melemo efe eo Baiseraele ba neng ba e fumana ka Jubile? Mohlala, a re re Moiseraele o ne a kene sekolotong seo a hlolehang ho se patala ’me a tlameha ho rekisa tšimo ea hae e le hore a se patale. Ka selemo sa Jubile, tšimo eo ea hae e ne e khutlisetsoa ho eena. Ka tsela eo, Moiseraele o ne a ‘khutlela setšeng sa hae,’ ’me bana ba hae ba ne ba tla ja lefa leo. Kapa mohlomong Moiseraele e mong o ne a e-na le sekoloto se seholo hoo a ileng a tlameha ho ithekisa hore e be lekhoba kapa a rekise e mong oa bana ba hae hore e il’o ba lekhoba ho patala sekoloto sa hae. Ka selemo sa Jubile, lekhoba le ne le ‘khutlela lelapeng la lona.’ Kahoo, ho ne ho se na motho eo e neng e e-ba lekhoba ho ea ho ile. Kannete Jubile ea bontša hore Jehova o ne a tsotella batho ba hae!

4-5. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta ka Jubile?

4 Jubile e ne e e-na le molemo ofe hape? Jehova o ne a itse: “Ho se ke ha e-ba le ea mong ea tla futsaneha har’a lona, hobane ruri Jehova o tla le hlohonolofatsa naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona e le lefa hore le e rue.” (Deut. 15:4) Taba ena e fapane hole le ntho e etsahalang lefatšeng mehleng ena, moo batho ba ruileng ebang baruihali ha ba futsanehileng bona eba bafutsana-futse!

5 Kaha re Bakreste, ha re tlas’a molao oa Moshe. Kahoo, ha re latele molao oa Jubile o neng o lokolla makhoba, o hlakola likoloto hape o khutlisetsa batho litša tsa bona. (Bar. 7:4; 10:4; Baef. 2:​15) Empa ho ntse ho le bohlokoa hore re ithute ka Jubile. Hobane’ng? Hobane re ka thabela tokoloho kapa bolokolohi bo re hopotsang ntho eo Jehova a neng a e etselitse Baiseraele.

JESU O ILE A PHATLALATSA TOKOLOHO

6. Batho ba hloka ho lokolloa ho eng?

6 Kaofela ha rona re hloka ho ba le tokoloho hobane re makhoba a sebe e leng ntho e khopo ka ho fetisisa. Kaha re baetsalibe, re makhoba a ho tsofala, ho kula le ho shoa. Batho ba bangata baa hlokomela hore taba ena ke ’nete ha ba ichebile ka seiponeng kapa ha ba ile ngakeng. Re boetse re nyahamisoa ke hore ebe re etsa libe. Moapostola Pauluse o ile a lumela hore o isoa a “holehiloe molaong oa sebe o [’meleng oa hae].” A phaella ka ho re: “Ke monna ea soto hakaakang! Ke mang ea tla mpholosa ’meleng ona o fetang lefung lee?”​—Bar. 7:​23, 24.

7. Esaia o ile a bolela eng esale pele ka tokoloho?

7 Rea thaba hore ebe ho na le tsela eo Molimo a entseng hore re lokolloe kapa re pholosoe sebeng ka eona. Jesu ke eena mokokotlo oa tokoloho eo. Lilemo tse ka bang 700 pele Jesu a tla lefatšeng, moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore batho ba ne ba tla ba le tokoloho. Tokoloho eo e ne e tla ba molemo le ho feta eo Baiseraele ba neng ba e-ba le eona ha e ne e le selemo sa Jubile. O ile a re: “Moea oa ’Musi Morena Jehova o holim’a ka, ka lebaka la hore Jehova o ntlotselitse hore ke bolelle ba bonolo litaba tse molemo. O nthometse hore ke tlamise ba robehileng lipelo, ke phatlalatse tokoloho ho ba isitsoeng kholehong.” (Esa. 61:1) Boprofeta boo ba Esaia bo ne bo bua ka mang?

8. Boprofeta ba Esaia bo buang ka tokoloho bo ne bo bua ka mang?

8 Boprofeta boo ba bohlokoa bo buang ka tokoloho bo ile ba qala ho phethahala ha Jesu a ne qala tšebeletso ea hae. Ha Jesu a ne a le synagogeng e motseng oa habo oa Nazaretha, o ile balla Bajuda ba neng ba le teng moo mantsoe ao a boprofeta ba Esaia. Jesu o ile a re mantsoe ana a bua ka eena ha a re: “Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke bolelle mafutsana litaba tse molemo, o nthometse hore ke bolelle baholehuoa tokollo le hore ba foufetseng ba boele ba bone, ho etsa hore ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile, ho bolela selemo se amohelehang sa Jehova.” (Luka 4:​16-19) Jesu o ile a phethahatsa boprofeta boo joang?

BATHO BA PELE BA HO LOKOLLOA

Jesu o phatlalatsa tokoloho ha a le synagogeng e Nazaretha (Sheba serapa sa 8 le sa 9)

9. Batho ba bangata mehleng ea Jesu ba ne ba e-na le tšepo ea hore ba tla lokolloa ho eng?

9 Mehleng ea Jesu, batho ba bangata ba ile ba qala ho ba le tokoloho kapa bolokolohi boo moprofeta Esaia a ileng a bo profeta, le boo Jesu a ileng a bala ka bona. Jesu o ile a tiisa taba ena ha a re: “Kajeno lengolo lena leo le sa tsoa le utloa le phethahetse.” (Luka 4:​21) Ho ka etsahala hore ebe batho ba bangata ba ileng ba utloa mantsoe ana ba ile ba nahana hore ho tl’o ba le liphetoho lipolotiking le hore batho ba tl’o lokolloa pusong ea Roma. Mohlomong ba ile ba ikutloa joaloka banna ba babeli ba ileng ba re: “Re ne re tšepile hore monna enoa ke eena ea reretsoeng ho lopolla Iseraele.” (Luka 24:​13, 21) Empa rea tseba hore Jesu ha a ka re balateli ba hae ba hanyetse puso ea Roma e sehloho. Ho e-na le hoo, o ile a re ba patale “Cesare lintho tsa Cesare.” (Mat. 22:​21) Kahoo, Jesu o ile a fa batho tokoloho joang ka nako eo?

10. Jesu o ile a lokolla batho ho eng?

10 Mora oa Molimo o ile a thusa batho hore ba be le tokoloho kapa bolokolohi ka litsela tse peli. Ea pele, Jesu o ile a thusa batho hore ba lokolohe lithutong tse hatellang tsa baeta-pele ba bolumeli. Mehleng eo, Bajuda ba bangata ba ne ba qobelloa hore ba etse meetlo le ho lumela lithuto tse fosahetseng. (Mat. 5:​31-37; 15:​1-11) Batho ba neng ba re ba thusa sechaba hore se sebeletse Molimo, ba ne ba sa mo sebeletse hantle ’me ka tsela e itseng ba ne ba foufetse. Kaha batho bao ba ile ba hana ho lumela ho Mesia le thutong ea hae, ba ile ba lula ba le lefifing la ho se tsebe Molimo hape libe tsa bona ha lia ka tsa tšoareloa. (Joh. 9:​1, 14-16, 35-41) Jesu o ile a bontša batho ba ikokobelitseng hore na ba ka lokolloa lithutong tse fosahetseng joang, ka mohlala oa hae le lithuto tse nepahetseng tseo a neng a ba ruta tsona.​—Mar. 1:​22; 2:​23–3:5.

11. Tsela e ’ngoe ea bobeli eo Jesu a ileng a fana ka tokoloho ka eona ke efe?

11 Tsela ea bobeli eo Jesu a ileng a fana ka tokoloho ka eona e ne e akareletsa ho ntša batho bokhobeng ba sebe seo ba se futsitseng. Kaha Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le thekollo, Jehova o ne a tla e sebelisa ho tšoarela batho ba bontšang tumelo sehlabelong sa Jesu le linthong tseo Jesu a neng a li etsa. (Baheb. 10:​12-18) Jesu o ile a re: “Haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha.” (Joh. 8:​36) Tokoloho eo e ne e le molemo ho feta eo Baiseraele ba neng ba e fumana ka selemo sa Jubile. Mohlala, Moiseraele o ne a ka lokolloa ka Jubile empa e ne ntse e ka ba lekhoba hape kapa mohlomong a shoe.

12. Ke batho bafe ba pele ba ileng ba fumana tokoloho eo Jesu a ileng a bua ka eona?

12 Ka letsatsi la Pentekonta ea selemo sa 33, Jehova o ile a tlotsa baapostola hammoho le banna le basali ba bang ba tšepahalang ka moea o halalelang. O ile a ba etsa bara ba hae e le hore nakong e tlang a tle a ba tsose hore e il’o ba marena le Jesu leholimong. (Bar. 8:​2, 15-17) Batho bao ke ba pele ba ileng ba fumana tokoloho eo Jesu a ileng a bua ka eona ha a ne a le synagogeng e Nazaretha. Ba ne ba se ba lokolotsoe bokhobeng ba lithuto tse fosahetseng le litloaelong tse sa thehoang Mangolong tsa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda. Molimo o ile a boela a ba nka ba lokolotsoe bokhobeng ba sebe. Jubile ea tšoantšetso e qalileng ka selemo sa 33 ha balateli ba Kreste ba ne ba tlotsoa ka moea o halalelang e tla fela qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. Ho tla etsahala’ng hona joale ho fihlela qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete?

TOKOLOHO HO BATHO BA LIMILIONE

13-14. Ntle le batlotsuoa, ke bo-mang hape ba fumanang tokoloho eo Jesu a ileng a bua ka eona?

13 Mehleng ena, batho ba limilione ba lipelo li ntle ba tsoang lichabeng tsohle, ke ba “linku tse ling.” (Joh. 10:​16) Molimo ha a ba khetha hore ba il’o busa le Jesu leholimong. Ho e-na le hoo, ba na le tšepo e tsoang Mangolong ea hore ba tla phela ka ho sa feleng mona lefatšeng. Na u na le eona tšepo eo?

14 U se u ntse u fumana melemo e thabeloang ke bara ba Molimo ba il’o phela leholimong. Kaha u na le tumelo sehlabelong sa Jesu, u ka kopa Jehova hore a u tšoarele libe tsa hao. Kahoo, u tla ba le kamano e ntle le Molimo le letsoalo le hloekileng. (Baef. 1:7; Tšen. 7:​14, 15) Ak’u nahane hape ka litlhohonolofatso tseo u nang le tsona tsa hore ebe u lokolotsoe lithutong tsa bohata. Jesu o ile a re: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Joh. 8:​32) Re thaba haholo hore ebe re na le tokoloho ena!

15. Re ka lebella ho ba le tokoloho le litlhohonolofatso life nakong e tlang?

15 U ka lebella ho ba le tokoloho e eketsehileng nakong e tlang. Haufinyane, Jesu o tla felisa bolumeli ba bohata le puso e khopo ea batho. Molimo o tla sireletsa “bongata bo boholo” bo mo sebeletsang ebe o bo lumella hore bo thabele litlhohonolofatso paradeiseng. (Tšen. 7:​9, 14) Ho boetse ho na le batho ba bangata ba tla tsosoa bafung ba tla fuoa monyetla oa ho lokolloa liphellong tsa sebe se tlisitsoeng ke Adama.​—Lik. 24:15.

16. Ke tokoloho efe e babatsehang eo batho ba tla ba le eona nakong e tlang?

16 Nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, Jesu hammoho le babusi-’moho le eena ba tla thusa batho hore ba phele hantle ’meleng le hore ba be le kamano e ntle le Molimo. Nako ena ea ho etsa hore lintho tsohle li be maemong a matle le ho etsa hore batho ba be le tokoloho, e tla tšoana le Jubile ea mehleng ea Baiseraele. Qetello ea batho bohle ba tla phela lefatšeng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi e tla ba hore ba phethahale le hore ba lokolloe sebeng.

Lefatšeng le lecha, re tla thabela mosebetsi o khotsofatsang le o khathollang (Sheba serapeng sa 17)

17. Esaia 65:​21-23 e re ho tla etsahala’ng ka batho ba Molimo? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

17 Boprofeta bo hlalosang hore na ho tla ba joang lefatšeng nakong e tlang bo hlaha ho Esaia 65:​21-23. (E bale.) Ka nako eo, re ke ke ra ba batho ba lutseng feela ba sa etse letho. Ho e-na le hoo, Bibele e bontša hore re tla etsa mesebetsi e khotsofatsang. Qetellong ea Lilemo Tse Sekete, re ka kholiseha hore “popo le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”​—Bar. 8:21.

18. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore re tla phela hamonate nakong e tlang?

18 Joalokaha Jehova a ile a etsa bonnete ba hore Baiseraele ba ba le nako ea ho sebetsa le ho phomola, o tla etsa ntho e tšoanang ho batho ba hae nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Ho hlakile hore ho tla ba le nako ea hore batho ba sebeletse Jehova. Ho sebeletsa Jehova ke ntho ea bohlokoa haholo e le hore re thabe mehleng ena ’me le lefatšeng le lecha re tla ba le nako eo. Kannete kaofela ha rona re tla thaba nakong ea Lilemo Tse Sekete hobane re tla be re e-na le mesebetsi e khotsofatsang hape re tla be re sebeletsa Jehova.

PINA EA 142 Re Lula re E-na le Tšepo e Matla

^ ser. 5 Jehova o ile a etsa ntho e ikhethang bakeng sa Baiseraele e le hore e ka ba batho ba lokolohileng. O ile a ba etsetsa Jubile. Le hoja Bakreste ba se tlas’a Molao oa Moshe, ho na le lintho tse ngata tseo ba ka ithutang tsona ka Jubile. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na Jubile ea mehleng ea Baiseraele e re hopotsa ntho ea bohlokoa eo Jehova a re etselitseng eona joang, le hore na re rua molemo ofe ho eona.

^ ser. 61 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Selemong sa Jubile, batho ba ne ba lokolloa bokhobeng hape ba khutlela malapeng a bona le litšeng tsa bona.