Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Mabapi le Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe le Lebohe”

“Mabapi le Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe le Lebohe”

NA U motho ea ananelang le ea lulang a leboha? Kaofela ha rona re lokela ho nahana ka potso ena. Bibele e ile ea bolela esale pele hore batho ba bangata mehleng ena e tla ba “ba se nang teboho.” (2 Tim. 3:2) Ho ka etsahala hore ebe u kile oa kopana le batho ba nahanang hore ke setlamo hore ba etsetsoe lintho kapa ba li fuoe. Ekare ba utloa eka ha baa lokela ho leboha ha ba etsetsoa lintho. Na u ee u utloe u thabela ho ba le batho ba joalo?

Jehova o itse bahlanka ba hae ba ‘iponahatse e le ba lebohang.’ Re lokela ho leboha “mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” (Bakol. 3:​15; 1 Bathes. 5:​18) Ha e le hantle, ke rona ba ruang molemo ha re leboha. Re na le mabaka a mangata a ho cho joalo.

HO BA BATHO BA LEBOHANG HO RE THUSA HORE RE IKUTLOE HANTLE

Lebaka le ka sehloohong le etsang hore re lebohe ke hobane ka mor’a ho leboha re ikutloa hantle. Ka mor’a hore motho a lebohe o utloa a khotsofetse hape le motho ea lebohuoang o thaba haholo. Ke hobane’ng ha re ikutloa hantle ka mor’a hore re lebohe ’me le batho ba lebohuoang ba thaba? Nahana ka mohlala ona. Haeba motho a batla ho u etsetsa ntho e itseng ke hobane a utloisisa hore u tšoaneloa ke hore a tele nako ea hae hore a u etsetse ntho eo. Kannete oa u tsotella. Ha u elelloa hore oa tsotelloa u tla thaba. E ka ’na eaba Ruthe le eena o ne a ikutloa joalo ha Boaze a ne a mo bontša mosa. Ha ho potang hore Ruthe o ile a thaba haholo ha a hlokomela hore ho na le motho ea mo tsotellang.​—Ruthe 2:​10-13.

Ntho ea bohlokoa le ho feta eo re lokelang ho lula re e etsa ke ho leboha Molimo. Ha ho pelaelo hore ka linako tse ling, u ee u nahane ka lintho tseo Jehova a u etsetsang tsona, ebang ke litlhoko tsa hao kapa lintho tse u thusang hore u be le kamano e ntle le eena. (Deut. 8:​17, 18; Lik. 14:​17) Kahoo, lula u nahanisisa ka lintho tseo Jehova a re hlohonolofatsang ka tsona. Ho nahanisisa ka hore na Jehova o seatla se bulehileng hakae ho tla u thusa hore u mo ananele le ho feta hape ho tla u thusa hore u bone hore na o u rata hakae le ho u ananela hakae.​—1 Joh. 4:9.

U se ke oa nahana feela ka lintho tseo Jehova a u etselitseng tsona empa u nahane hape ka hore na u ka mo leboha joang. (Pes. 100:​4, 5) Hangata batho ba bangata baa thaba ha ba lebohuoa.

BATHO BA TLA U RATA HA U LE MOTHO EA LEBOHANG

Lebaka le leng leo ka lona re lokelang ho ba batho ba lebohang ke hobane batho ba bang ba tla re rata. Kaofela ha rona re batla ho ratoa. Ha u leboha batho ho tsoa botebong ba pelo ka lintho tseo ba u etselitseng tsona, setsoalle sa lona se tla tiea haholoanyane. (Bar. 16:​3, 4) Ho feta moo, hangata batho ba nang le kananelo ba ka ’na ba rata ho thusa batho ba bang. Baa hlokomela ha batho ba bang ba le mosa ho bona ’me le bona ba batla ho ba mosa ho batho ba bang. Kannete ha re thusa batho ba bang rea thaba. Ke seo Jesu a ileng a se bua ha a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.”​—Lik. 20:35.

Robert Emmons oa University ea California ha a bua ka taba ena ea ho leboha o ile a re: “Kaofela ha rona rea hlokana hobane ka linako tse ling ke ’na ea fuoang kapa ea fanang.” Kannete matsoho aa hlatsoana. Mohlala, ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokeha hore re thusane ka lijo kapa re thusane ha re kula. (1 Bakor. 12:​21) Motho ea ananelang oa leboha ha a thusoa. Kahoo, na u lula u ananela ha batho ba bang ba u etselitse lintho?

HO ANANELA LE HO BA LE MAIKUTLO A NEPAHETSENG KA BOPHELO

Re boetse re lokela ho ba batho ba lebohang hobane ho etsa joalo ho re thusa ho tsepamisa kelello linthong tse ntle tse re hlahelang ho e-na le tse mpe. Ka tsela e itseng, kelello ea rona e ka tšoantšoa le sefe. E re thusa hore re sefe lintho tse mpe, re lule re nahana ka tse ntle tse re etsahallang. Re ka lula re bona lintle ho e-na le ho bona mathata feela. Ha e le hantle ha u le motho ea ananelang, u khona ho bona lintho tse ntle tseo batho ba bang ba u etsetsang tsona ebe u ananela le ho feta. Haeba u lula u sheba lintho tse ntle tse u etsahallang bophelong, sena se tla u thusa hore u tsoele pele u etsa seo moapostola Pauluse a ileng a se khothalletsa Bakreste ha a re: “Kamehla thabang Moreneng.”​—Bafil. 4:4.

Ho ananela ho tla u thusa hore u se ke oa lula u nahana ka lintho tse mpe tse u hlahelang bophelong. Ho ka ba thata hore u lebohe haeba u koatile kapa u le mona. Hangata batho ba ananelang ha ba rate maruo. Ba khotsofalla lintho tseo ba nang le tsona e seng hore nako le nako ba batle ho ba le tse eketsehileng.​—Bafil. 4:12.

NAHANA KA LITLHONOLOFATSO TSEO U LI FUMANENG

Bakreste baa hlokomela hore Satane o batla ho ba nyahamisa ebile o batla hore ba lule ba sa thaba ha ba hlaheloa ke mathata matsatsing ana a ho qetela. Satane o tla thaba haeba u e-ba le maikutlo a fosahetseng le ha u e-ba le lipelaelo ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Maikutlo ao a ka etsa hore u se ke oa ba mafolofolo mosebetsing oa boboleli. Ho leboha ho tsamaisana le litholoana tsa moea tse akarelletsang ho thabela lintho tseo Molimo a re etselitseng tsona le ho ba le tumelo litšepisong tsa hae.​—Bagal. 5:​22, 23.

Haeba u e mong oa bahlanka ba Jehova, ha ho pelaelo hore u lumellana le litaba tse buuoeng sehloohong sena mabapi le ho leboha. Ho ntse ho le joalo, u ka ’na oa hlokomela hore ha ho bonolo ho leboha kamehla le ho nahana ka lintho tse molemo feela. U se ke oa lumella maikutlo ao hore a u nyahamise. U ka khona ho lula u e-na le maikutlo a nepahetseng ka ho leboha. Joang? Iphe nako letsatsi le letsatsi u sheba lintho tse etsahetseng bophelong ba hao tse ka etsang hore u lebohe. Ha u itloaetsa ho etsa joalo, ho tla ba bonolo hore u lule u leboha. Hape u tla ba motho ea lulang a thabile ho feta batho ba lulang ba nahana ka mathata a bona. Lula u nahana ka lintho tse ntle tseo Molimo le batho ba bang ba u etselitseng tsona tse u khothatsang le tse u thabisang. Mohlomong u ka ba oa qala ho ngola lintho tseo fatše. U ka ngola lintho tse peli kapa tse tharo tse entseng hore u lebohe letsatsing leo.

Bafuputsi ba fumane hore ha motho a lula a leboha ho ama tsela eo boko ba hae bo sebetsang kateng ’me a ka lula a thabile. Motho ea lulang a leboha o lula a thabile. Kahoo, lula u nahana ka litlhohonolofatso tseo u bileng le tsona. Thabela lintho tse ntle tse u etsahallang bophelong hape kamehla u lule u leboha. Ho e-na le hore u be motho ea se nang kananelo, lula u ‘leboha Jehova, kaha o molemo.’ Kannete “mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe.”​—1 Likron. 16:​34; 1 Bathes. 5:18