Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na ha Satane a ne a re ho Eva a ke ke a shoa ha a ka ja tholoana ea sefate sa tsebo ea botle le bobe, o ne a mo fa maikutlo a tloaelehileng a kajeno a hore moea ha o shoe?

Che ha ho joalo! Satane ha a ka a re haeba Eva a ka ja tholoana e thibetsoeng ke Molimo, o tla shoa ebe moea oa hae oa tsoa ho ea phela kae-kae. A sebelisa noha, Satane o ile a re haeba Eva a ne a ka ja tholoana eo o ne a ke ke a shoa ho hang. O ile a fana ka maikutlo a hore Eva a ke ke a shoa, ho e-na le hoo o ne a tla phela ka ho sa feleng a bile a se tlas’a taolo ea Molimo.​—Gen. 2:​17; 3:​3-5.

Haeba leshano leo batho ba le rutoang kajeno la hore moea ha o shoe ha lea qala Edene, le simolohile hokae? Ha re tsebe hantle empa ntho eo re e tsebang ke hore borapeli ba bohata bo ile ba felisoa ka moroallo mehleng ea Noe. Kaha Noe le lelapa la hae ke bona feela ba ileng ba pholoha moroallo ebile e le bona feela barapeli ba Jehova, ho ne ho ke ke ha etsahala hore ebe ho ne ho e-na le motho ea neng a ruta mashano ka nako eo.

Kahoo, ho ka etsahala hore ebe thuto ea hore moea ha o shoe e ile ea qala ho ba teng ka mor’a moroallo. Ha Molimo a ne a ferekanya puo ea batho Babele ’me “a ba hasanya lefatšeng lohle,” ha ho potang hore ba ne ba se ntse ba lumela thuto ea hore moea ha o shoe. (Gen. 11:​8, 9) Ho sa tsotellehe hore na leshano lena le qalile hokae, re ka kholiseha hore “ntate oa leshano” e leng Satane Diabolose ke eena mong’a nyaka-nyaka ena ’me o ile a thaba ha a e bona e tlala lefatše lohle.​—Joh. 8:44.