Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u ka khona ho araba lipotso tse latelang tse hlahang khatisong ea Molula-Qhooa oa 2019?

Tšepiso ea Molimo e reng: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha” e bolela’ng? (Esa. 54:17)

Re ka tšepa hore Jehova o tla re sireletsa ha lira tsa rona li re hatella. (Esa. 25:​4, 5) Lira tsa rona li ke ke tsa re utloisa bohloko ka ho sa feleng.​—w19.01, maq. 6-7.

Tsela eo Jehova a ileng a sebelisana le Bakanana le Baiseraele ba sa laoleheng e bontša joang hore ke Molimo ea nang le toka?

Jehova o ile a otla batho ba etsang boitšoaro bobe ba ho kopanela liphate le ba tšoarang basali le bana hampe. Eaba o hlohonolofatsa batho ba mo tšepahallang le ba tšoarang batho ba bang ka toka.​—w19.02, maq. 22-23.

Re tla etsa’ng haeba motho eo e seng Mokreste a rapela re le teng?

Re ka thola empa e le ka tsela e hlomphang hape re ke ke ra re “amen” kapa hona ho tšoarana ka matsoho. Re ka ’na ra khetha ho iketsetsa thapelo ka pelong.​—w19.03, leq. 31.

Tlhekefetso ea bana ka motabo e tebile hakae?

Ho hlekefetsa bana ka motabo ke sebe se siteloang motho ea hlekefelitsoeng, se siteloa phutheho, melao ea naha le Molimo. Baholo ba linaheng tseo molao o reng ba lokela ho tlaleha liqoso tse joalo, ba ikobela melao eo.​—w19.05, maq. 9-10.

U ka fetola kapa oa ntlafatsa tsela eo u nahanang ka eona joang?

Lintho tsa bohlokoa tse ka u thusang: Bua le Jehova ka thapelo. Thuisa u be u itlhahlobe. Khetha metsoalle e nepahetseng.​—w19.06, leq. 11.

Re ka etsa’ng e le hore re itokisetse mahloriso esale hona joale?

Re lokela ho matlafatsa kamano ea rona le Jehova. Kholiseha hore oa re rata ebile a ke ke a re lahla. Bala Bibele letsatsi le letsatsi ’me u lule u rapela. Kholiseha hore litšepiso tsohle tsa ’Muso oa Molimo li tla phethahala. Tšoara Mangolo ao u a ratang le lipina tsa ’Muso ka hlooho.​—w19.07, maq. 2-4.

Re ka thusa beng ka rona joang hore ba pholohe?

Ke habohlokoa hore re nahanele maikutlo a bona, re ba behele mohlala o motle o ka ba pakelang hape re be le mamello empa re se ke ra ba lumella hore ba fetole maikutlo a rona.​—w19.08, maq. 15-17.

Joalokaha Jesu a tšepisitse ho Matheu 11:​28, re khatholoha joang?

Re na le benghali ba molemo ka ho fetisisa, metsoalle ea bohlokoa, le mosebetsi o re khotsofatsang.​—w19.09, leq. 23.

Jehova a ka re fa matla a hore re mo sebeletse joang? (Bafil. 2:13)

Ha re bala Lentsoe la Molimo hape re nahanisisa ka lona, Molimo a ka re matlafatsa, a re fa matla a hore re batle ho etsa thato ea hae le ho mo sebeletsa. Moea o halalelang o ka ntlafatsa bokhoni ba rona.​—w19.10, leq. 21.

Ke’ng e ka re thusang ho etsa liqeto tse nepahetseng?

Mehato e mehlano: Iphe nako ea ho etsa lipatlisiso. Rapella bohlale. E-ba le mabaka a utloahalang. Tseba hore na u batla ho etsa’ng. Leka-lekanyetsa lintho.​—w19.11, maq. 27-29.

Na maikutlo a hore moea ha o shoe a qalile khale koa ha Satane a ne a bua le Eva?

Che ha ho joalo! Satane ha a ka a re haeba Eva a ka ja tholoana e thibetsoeng ke Molimo, o tla shoa ebe moea oa hae o tsoela pele o phela kae-kae. Borapeli ba bohata bo ile ba felisoa ka moroallo. Kahoo, ho ka etsahala hore ebe thuto ea hore moea ha o shoe e ile ea qala ho ba teng ka mor’a moroallo pele Molimo a hasanya batho ba neng ba haha tora ea Babele.​—w19.12, leq. 15.