Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ithute Mohlaleng oa Bahlanka ba Jehova ba Tšepahalang

Ithute Mohlaleng oa Bahlanka ba Jehova ba Tšepahalang

“Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?”—MIKEA 6:8.

LIPINA: 63, 43

1, 2. Davida o ile a bontša joang hore o tšepahala ho Molimo? (Sheba setšoantšo se qalong.)

SAULE le masole a hae a 3 000 ba ne ba tsoma Davida lefeelleng la Juda ba batla ho mo bolaea. Empa ka bosiu bo bong, Davida le banna ba hae ba ile ba fihla kampong ea Saule le masole a hae. Ba fumana ba khalehile, eaba Davida le Abishai baa nanya ba feta masole ao ’me ba ea moo Saule a robetseng teng. Abishai o ile a hoeshetsa a re ho Davida: “E-re ke mo hlabelle fatše ka lerumo hanngoe feela, ’me nke ke ka mo etsa joalo habeli.” Empa Davida ha aa ka a mo lumella hore a bolaee Saule. O ile a re: “U se ke ua mo felisa, etsoe ke mang ea otlolotseng letsoho la hae khahlanong le motlotsuoa oa Jehova ’me a lula a hloka molato?” Eaba Davida o re: “Ke ho sa utloahaleng, ponong ea Jehova, hore ke otlolle letsoho khahlanong le motlotsuoa oa Jehova!”—1 Samuele 26:8-12.

2 Davida o ne a tseba hore na o lokela ho etsa’ng e le hore a tšepahale ho Jehova. O ne a tseba hore o lokela ho hlompha Saule, ’me a se ke a nahana ka ho mo utloisa bohloko. Hobane’ng? Hobane Molimo o ne a khethile Saule hore e be morena oa Iseraele. Le kajeno Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba tšepahale ho eena ’me ba hlomphe batho bao a ba fileng boikarabelo.—Bala Mikea 6:8.

3. Abishai o ile a bontša joang hore o tšepahalla Davida?

3 Abishai o ne a hlompha Davida hobane a tseba hore Molimo o mo khethile hore e be morena. Empa ka mor’a hore Davida e be morena o ile a etsa libe tse tebileng. O ile a robala le mosali oa Uria eaba o laela Joabe hore a etse hore Uria a bolaoe ntoeng. (2 Samuele 11:2-4, 14, 15; 1 Likronike 2:16) Joabe o ne a amana le Abishai, kahoo e ka ’na eaba Abishai o ne a tseba seo Davida a se entseng, leha ho le joalo, a tsoela pele ho mo hlompha. Hape, Abishai e ne e le molaoli oa masole ’me o ne a ka ’na a ipeha boreneng, empa ha aa ka a etsa joalo. Ho e-na le hoo, o ile a sebeletsa Davida a ba a mo sireletsa lireng tsa hae.—2 Samuele 10:10; 20:6; 21:15-17.

4. (a) Davida o ile a re behela mohlala oa ho tšepahala ho Molimo joang? (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong see?

4 Davida o ile a tšepahala ho Jehova bophelo bohle ba hae. Ha e sa le mohlankana, o ile a bolaea Goliathe ea neng a rohaka Jehova le Baiseraele. (1 Samuele 17:23, 26, 48-51) Ha Davida e ntse e le morena Jehova o ile a romela moprofeta Nathane ho ea mo khalemella libe tseo a li entseng. Hang-hang, Davida o ile a lumela hore o entse sebe ’me a baka. (2 Samuele 12:1-5, 13) Hamorao, ha Davida a se a tsofetse, o ile a fana ka thepa e ngata e neng e tla sebelisetsoa ho haha tempele ea Jehova. (1 Likronike 29:1-5) Ho hlakile hore le hoja Davida a ile a etsa libe tse tebileng, ha aa ka khaotsa ho tšepahala ho Molimo. (Pesaleme ea 51:4, 10; 86:2) Sehloohong sena, re tla tšohla mohlala oa Davida le oa batho ba bang ba phetseng mehleng ea hae ’me re ithute hore na re ka etsa’ng e le hore re lule re tšepahala ho Jehova. Re tla boela re tšohle lintho tse ling tse ka re thusang ho lula re tšepahala.

NA U TLA LULA U TŠEPAHALA HO JEHOVA?

5. Phoso ea Abishai e re ruta ntlha efe ea bohlokoa?

5 Ha Abishai a ne a batla ho bolaea Saule, o ne a leka ho tšepahalla Davida. Empa kaha Davida o ne a tseba hore ke phoso ho bolaea “motlotsuoa oa Jehova,” ha aa ka a lumellana le eena. (1 Samuele 26:8-11) Re ithuta ntlha ea bohlokoa ho sena: E leng hore ha re hloka ho etsa qeto ea hore na re tšepahalla mang pele, re lokela ho nahana ka melao-motheo ea Bibele e buang ka boemo boo re tobaneng le bona.

Ke habohlokoa ho tšepahalla Jehova ho feta mang kapa mang

6. Le hoja re rata ho tšepahalla beng ka rōna le metsoalle, ke hobane’ng ha re lokela ho ba seli?

6 Ka tloaelo re tšepahalla batho bao re ba ratang, ba kang metsoalle kapa beng ka rōna. Empa kaha ha rea phethahala, maikutlo a rōna a ka ’na a re khelosa. (Jeremia 17:9) Kahoo haeba motho eo re mo ratang a etsa sebe ’me a tlohela phutheho, re lokela ho hopola hore ke habohlokoa ho tšepahalla Jehova ho feta mang kapa mang.—Bala Matheu 22:37.

7. Morali’abo rōna e mong o ile a lula a tšepahala ho Molimo joang ha a tobane le boemo bo thata?

7 Haeba mong ka uena a khaoloa ka phuthehong, u ka bontša hore u tšepahala ho Jehova. Ka mohlala, ’mè oa Anne ea khaotsoeng, o ile a mo letsetsa a mo bolella hore o batla ho mo etela. [1] (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.) ’Mè eo o ile a re pelo ea hae e bohloko kaha ba lelapa la hae ha ba mo buise. Sena se ile sa utloisa Anne bohloko, ’me a mo tšepisa hore o tla mo araba ka lengolo. Pele Anne a mo ngolla o ile a thuisa ka melao-motheo ea Bibele. (1 Bakorinthe 5:11; 2 Johanne 9-11) Lengolong leo, ka mosa o ile a hlalosetsa ’mè oa hae hore ke eena ea ikarotseng ho ba lelapa ha a etsa sebe ’me a hana ho baka. Anne o ile a mo bolella hore tsela feela ea hore a boele a thabe ke haeba a ka khutlela ho Jehova.—Jakobo 4:8.

8. Ke eng e ka re thusang hore re lule re tšepahala ho Molimo?

8 Bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba mehleng ea Davida ba ne ba ikokobelitse, ba le mosa ba bile ba le sebete. A re ke re hlahlobeng hore na ke joang makhabane ana a ka re thusang hore re lule re tšepahala ho Jehova.

RE LOKELA HO IKOKOBETSA

9. Ke hobane’ng ha Abnere a ile a leka ho bolaea Davida?

9 Jonathane mora oa Saule le molaoli oa lebotho la Iseraele, e leng Abnere, ba ne ba le teng ha Davida a tlisa hlooho ea Goliathe ho Morena Saule. Jonathane e ile ea e-ba motsoalle oa Davida, ’me a lula a tšepahala ho eena. (1 Samuele 17:57–18:3) Empa Abnere ha aa ka a etsa joalo. Ho e-na le hoo, hamorao o ile a thusa Saule ha a ne a batla ho bolaea Davida. (1 Samuele 26:1-5; Pesaleme ea 54:3) Ka bobeli Jonathane le Abnere ba ne ba tseba hore Molimo o batla hore Davida e be eena mohlahlami boreneng ba Iseraele. Empa ka mor’a lefu la Saule, Abnere ha aa ka a tšehetsa Davida. Ho e-na le hoo, o ile a leka ho beha mora oa Saule ea bitsoang Ishboshethe boreneng. E ka ’na eaba ha nako e ntse e ea Abnere o ile a batla hore e be eena morena, ke kahoo a ileng a robala le e mong oa basali ba Morena Saule. (2 Samuele 2:8-10; 3:6-11) Ke hobane’ng ha Jonathane le Abnere ba ile ba tšoara Davida ka litsela tse fapaneng hakaale? Ke hobane Jonathane o ne a tšepahalla Jehova a bile a ikokobelitse, empa Abnere eena o ne a se joalo.

10. Ke hobane’ng ha Absalome a sa ka a tšepahalla Molimo?

10 Mora oa Morena Davida ea bitsoang Absalome ha aa ka a tšepahalla Molimo, kaha o ne a sa ikokobetsa. O ne a batla ho ba morena, kahoo a batla “koloi, e nang le lipere le e nang le banna ba mashome a mahlano ba mathang ka pel’a hae.” (2 Samuele 15:1) O ile a boela a hapa lipelo tsa Baiseraele ba bangata. Ho phaella moo, o ile a leka ho bolaea ntate oa hae, le hoja a ne a tseba hore o behiloe ke Jehova hore e be morena oa Iseraele.—2 Samuele 15:13, 14; 17:1-4.

11. Re ithuta’ng mohlaleng oa Abnere, Absalome le Baruke?

11 Ho thata hore motho a lule a tšepahala ho Molimo haeba a sa ikokobetsa a bile a batla ho hlahella. Empa kaha re rata Jehova, ha re batle ho ikhohomosa le ho ba khopo joaloka Abnere le Absalome. Re lokela ho itebela hore re se ke ra lelekisa chelete kapa mesebetsi ea maemo a phahameng. Sena se tla thefula kamano ea rōna le Jehova. Ka nakoana mongoli oa Jeremia, Baruke o ne a se a sa thabele ho sebeletsa Molimo, kaha o ne a ipatlela lintho tse khōlō. Kahoo Jehova a re eena: “Bona! Ke qhaqha seo ke se hahileng, ’me ke fothola seo ke se lemileng, esita le naha eohle. Empa ha e le uena, u ntse u ipatlela lintho tse khōlō. U se ke ua ’na ua li batla.” (Jeremia 45:4, 5) Baruke o ile a mamela Jehova. Le rōna re lokela ho mo mamela, hobane haufinyane o tla felisa lefatše lena le khopo.

Ha u bolella mor’eno hore a kōpe thuso ho baholo, u mo bontša mosa ’me u tšepahala ho Jehova

12. Re ithuta’ng mohlaleng oa Daniel?

12 Mor’abo rōna e mong oa Mexico ea bitsoang Daniel, o ne a lokela ho khetha hore na o tla tšepahalla mang. O ne a batla ho nyala moroetsana ea neng a sa sebeletse Jehova. Daniel o re: “Ke ile ka tsoela pele ho mo ngolla le ha ke se ke le pula-maliboho oa kamehla.” Empa o ile a hlokomela hore o etsa ntho e fosahetseng. O ne a sa tšepahale ho Jehova, ’me kahoo a lokela ho ikokobetsa. O ile a bolella moholo e mong ka ngoanana eo. Daniel o re: “O ile a nkeletsa hore ke khaotse ho mo ngolla, e le hore ke bontše hore ke tšepahala ho Molimo. Ka mor’a ho rapela ka makhetlo le ho lla, ke ile ka khaotsa ho mo ngolla. Ho e-s’o ee kae, ke ile ka thaba haholoanyane tšebeletsong.” Hona joale Daniel ke molebeli oa potoloho, ’me o nyetse mosali ea ratang Jehova.

HO TŠEPAHALA HO MOLIMO HO RE THUSA HO BA MOSA

Haeba u tseba hore motsoalle oa hao o entse sebe se tebileng, na u tla bua le eena ’me u etse bonnete ba hore o kōpa thuso ho baholo? (Sheba serapa sa 14)

13. Nathane o ile a bontša joang hore o tšepahala ho Molimo le ho Davida ha Davida a entse sebe?

13 Ha re tšepahala ho Jehova re ka boela ra tšepahala ho batho ba bang ’me ra atleha ho ba thusa. Moprofeta Nathane o ile a lula tšepahala ho Jehova le ho Davida. Ka mor’a hore Davida a robale le mosali oa monna e mong a be a bolaee monna eo, Jehova o ile a roma Nathane hore a il’o mo khalemela. Nathane o ile a ba sebete ’me a mamela Jehova. Empa o ile a boela a ba bohlale ’me a bua le Davida ka mosa. O ne a batla ho thusa Davida hore a utloisise botebo ba sebe seo a se entseng. Kahoo a mo phetela pale ea morui ea ileng a utsoa konyana ea phetho ea mofutsana. Ha Davida a utloa taba ena, o ile a halefisoa ke seo morui eo a se entseng. Eaba Nathane o re ho eena: “Monna eo ke uena!” Davida o ile a hlokomela hore o sitetsoe Jehova.—2 Samuele 12:1-7, 13.

14. U ka bontša joang hore u tšepahala ho Jehova le ho batho bao u ba ratang?

14 Le uena u ka qala ka ho tšepahala ho Jehova ’me ua ntan’o tšepahala ho batho ba bang ka ho ba mosa. Ka mohlala, a re nke hore u na le bopaki ba hore mor’abo rōna ea itseng o entse sebe se tebileng. U ka ’na ua batla ho lula u tšepahala ho eena, haholo-holo haeba e le motsoalle oa hao ea haufi-ufi kapa mong ka uena. Empa u boetse ua tseba hore ke habohlokoa le ho feta ho tšepahala ho Jehova. Kahoo etsisa Nathane ’me u mamele Jehova empa u be mosa ho mor’eno. Mo bolelle hore o lokela ho kōpa thuso ho baholo ’me a etse joalo kapele. Haeba a sa bue le bona, u lokela ho ba joetsa. Ha u etsa joalo, u bontša hore u tšepahala ho Jehova. Hape u bontša mor’eno mosa, kaha baholo ba ka mo thusa hore a boele a be le kamano e ntle le Jehova. Ba tla mo thusa ka tsela e loketseng.—Bala Levitike 5:1; Bagalata 6:1.

RE HLOKA SEBETE E LE HORE RE LULE RE TŠEPAHALA HO MOLIMO

15, 16. Ke hobane’ng ha Hushai a ne a lokela ho iteta sebete e le hore a tšepahale ho Molimo?

15 Hushai e ne e le motsoalle ea tšepahalang oa Morena Davida. Empa o ile a lokela ho iteta sebete e le hore a lule a tšepahala ho Davida le ho Molimo, ha batho ba ne ba batla ho etsa Absalome morena. O ne a tseba hore Absalome o tlile Jerusalema le masole a hae le hore Davida o balehile. (2 Samuele 15:13; 16:15) Hushai o ile a etsa’ng? Na o ile a tlohela Davida ’me a tšehetsa Absalome? Che. Hushai o ile a lula a tšepahala ho Davida kaha o ne a tseba hore Jehova o mo khethile hore e be morena, le hoja Davida a ne a se a tsofetse ebile ho e-na le batho ba bangata ba batlang ho mo bolaea. Kahoo Hushai o ile a ea Thabeng ea Mehloaare ho ea kopana le Davida.—2 Samuele 15:30, 32.

16 Davida o ile a re Hushai a khutlele Jerusalema ’me a iketse motsoalle oa Absalome e le hore Absalome a ka mamela keletso ea hae eseng ea Akitofele. Hushai o ile a iteta sebete ’me a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a mamele Davida le hore a lule a tšepahala ho Jehova. Davida o ile a rapela Jehova hore a thuse Hushai, ’me a fela a mo thusa. Absalome o ile a mamela Hushai ho e-na le Akitofele.—2 Samuele 15:31; 17:14.

17. Ke hobane’ng ha re hloka sebete e le hore re tšepahale?

17 Re lokela ho ba sebete e le hore re lule re tšepahala ho Jehova le ho mo mamela, ho e-na le ho etsa se batloang ke beng ka rōna, basebetsi-’moho, kapa ba boholong pusong. Ka mohlala, haesale ho tloha ha Taro oa Japane a sa le monyenyane, a leka ka hohle ho thabisa batsoali ba hae. Kaha o ne a ba rata, o ne a ba mamela a bile a ba hlompha. Empa ha a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, batsoali ba hae ba ile ba re a khaotse. Sena se ile sa mo utloisa bohloko, ’me ho ne ho le thata ho ba bolella hore o batla ho ea libokeng. Taro o re: “Ba ile ba halefa haholo hoo ho ileng ha feta nako e telele ba sa ntumelle ho ba etela. Ke ile ka rapela Molimo hore a mphe sebete sa hore ke se ke ka koenehela qeto eo ke e entseng. Hona joale ha ho sa tšoana le pele, kaha ke khona ho ba etela khafetsa.”—Bala Liproverbia 29:25.

18. Sehlooho see se u thusitse joang?

18 E se eka le rōna re ka tšepahala ho Jehova, joaloka Davida, Jonathane, Nathane le Hushai. Ha re batle ho tšoana le Abnere le Absalome, ba neng ba sa tšepahale. Ke ’nete hore ha rea phethahala ’me re etsa liphoso. Empa a re bontšeng Jehova hore ho tšepahala ho eena ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rōna.

^ [1] (serapeng sa 7) Mabitso a mang a fetotsoe.