Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisang Metsoalle e Haufi ea Jehova

Etsisang Metsoalle e Haufi ea Jehova

“Kamano e haufi-ufi le Jehova ke ea ba mo tšabang.” —PESALEME EA 25:14.

LIPINA: 106, 118

1-3. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore re ka ba metsoalle ea Molimo? (b) Re tlil’o bua ka bo-mang sehloohong see?

KA BIBELENG, Abrahama o bitsoa motsoalle oa Molimo. (Esaia 41:8; Jakobo 2:23) Ke eena feela eo ka ho toba Bibele e mo bitsang motsoalle oa Molimo. Na see se bolela hore Abrahama ke eena feela motho eo e ileng ea e-ba motsoalle oa Jehova? Che. Bibele e re kaofela ha rōna re ka ba metsoalle ea Molimo.

2 Ka Lentsoeng la Molimo ho na le litlaleho tse ngata tsa banna le basali ba tšepahalang, ba neng ba tšaba Jehova ba bile ba lumela ho eena, bao e ileng ea e-ba metsoalle ea hae. (Bala Pesaleme ea 25:14.) Ke karolo ea ‘leru le leholo la lipaki’ leo Pauluse a buileng ka lona. Kaofela ha bona e ne e le metsoalle ea Molimo.—Baheberu 12:1.

3 A re ke re bueng ka metsoalle e meraro ea Jehova e boletsoeng ka Bibeleng, e leng: (1) Ruthe, mohlolohali ea tšepahalang oa Momoabe, (2) Ezekiase, morena ea tšepahalang oa Juda le (3) Maria, ’mè oa Jesu ea neng a ikokobelitse. Re ka ithuta’ng ho seo ba ileng ba se etsa hore e be metsoalle ea Molimo?

O ILE A BONTŠA LERATO LE BOTŠEPEHI

4, 5. Ruthe o ne a lokela ho etsa qeto efe e boima, hona ke hobane’ng ha e ne e mo imela? (Sheba setšoantšo se qalong.)

4 Naomi le lingoetsi tsa hae tse peli, e leng Ruthe le Orpa, ba ile ba nka leeto le lelelele ba tloha Moabe ba ea Iseraele. Ha ba le tseleng, Orpa o ile a etsa qeto ea ho khutlela ha habo Moabe. Empa Naomi o ne a ikemiselitse ho ea Iseraele. Ruthe eena o ile a khetha ho etsa’ng? O ne a lokela ho etsa qeto e boima haholo. Na o ne a tla khutlela ha habo Moabe, kapa o ne a tla tsamaea le ’mè matsale oa hae, Naomi, ’me a ee le eena Bethlehema?—Ruthe 1:1-8, 14.

5 Ba habo Ruthe ba ne ba lula Moabe. O ne a ka khutlela ho bona, ’me ba ne ba ka ’na ba mo hlokomela. O ne a tseba batho ba Moabe, a bile a tseba puo le setso sa teng. Naomi o ne a tseba hore maemo a ke ke a tšoana ha ba fihla Bethlehema. Hape o ne a tšoenyehile hore Ruthe a ke ke a fumana motho ea tla mo nyala kapa ea tla mo hlokomela. Kahoo, Naomi o ile a mo kōpa hore a khutlele Moabe. Rea hopola hore Orpa o ile ‘a khutlela ho batho ba habo le ho melimo ea habo.’ (Ruthe 1:9-15) Empa Ruthe o ile a hana ho khutlela ho batho ba habo ba rapelang melimo ea bohata.

6. (a) Ruthe o ile etsa qeto efe e nepahetseng? (b) Ke hobane’ng ha Boaze a ile a re Ruthe o batlile setšabelo tlas’a mapheo a Jehova?

6 Ho bonahala eka Ruthe o ile a ithuta ka Jehova ho monna oa hae kapa ho Naomi. O ile a ithuta hore Jehova o fapane le melimo ea Moabe. O ne a rata Jehova a bile a tseba hore o lokela ho mo rapela. Kahoo, Ruthe o ile a etsa qeto e nepahetseng. O ile a re ho Naomi: “Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.” (Ruthe 1:16) Rea hlolloa ha re nahana kamoo Ruthe a neng a rata Naomi kateng. Empa ntho e hlollang le ho feta ke ho bona kamoo Ruthe a neng a rata Jehova kateng. Sena se ile sa khahla Boaze, ’me hamorao a mo babatsa ka hore ebe o ile a ‘batla setšabelo tlas’a mapheo a Jehova.’ (Bala Ruthe 2:12.) Mantsoe a Boaze a ka ’na a re hopotsa kamoo lelinyane la nonyana le itšireletsang kateng tlas’a mapheo a ’m’a lona. (Pesaleme ea 36:7; 91:1-4) Ka tsela e tšoanang, Jehova o ile a sireletsa Ruthe a ba a mo putsa ka lebaka la tumelo ea hae. Ha ho mohla Ruthe a ileng a ikoahlaela qeto eo a e entseng.

7. Batho ba qeaqeang ho inehela ho Jehova ba ka ’na ba thusoa ke eng?

7 Batho ba bangata ba ithuta ka Jehova empa ba khetha ho se batle tšireletso ea hae. Baa qeaqea ha ba lokela ho inehela ho eena le ho kolobetsoa. Haeba u boemong boo, ipotse hore na ke hobane’ng. Motho e mong le e mong o sebeletsa molimo oa hae. (Joshua 24:15) Kahoo, e ka ba bohlale ho khetha ho sebeletsa Jehova. Ha u inehela ho eena, u bontša hore u oa lumela hore o tla u sireletsa. Hape o tla u thusa hore u lule u mo sebeletsa, ho sa tsotellehe mathata ao u ka tobanang le ’ona. Mohlala oa Ruthe o re tiisetsa seo.

‘O ILE A KHOMARELA JEHOVA’

8. Hlalosa boemo boo Ezekiase a hōletseng ho bona.

8 Boemo ba Ezekiase bo ne bo fapane hōle le ba Ruthe. Sechaba sa habo se ne se inehetse ho Molimo. Empa ha se Baiseraele bohle ba ileng ba lula ba tšepahala. Ntate oa Ezekiase, e leng Morena Akaze, o ne a le khopo. O ne a sa hlomphe tempele ea Molimo, ’me a susumetsa batho hore ba rapele melimo e meng. O ile a boela a etsa bana ba hae ba bang sehlabelo ho melimo ea bohata. Ezekiase o ile a hōlela lelapeng le nang le mathata!—2 Marena 16:2-4, 10-17; 2 Likronike 28:1-3.

9, 10. (a) Ke’ng e neng e ka ’na ea etsa hore Ezekiase a halefele Jehova? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho halefela Molimo? (c) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nka hore tsela eo re hōlisitsoeng ka eona e tla etsa hore re etse lintho ka tsela e itseng?

9 Mohlala o mobe oa Akaze o ne o ka ’na oa etsa hore Ezekiase a halefele Jehova ’me a mo hloee. Kajeno, batho ba bang ba mameletseng mathata a fokolang ha a bapisoa le a Ezekiase, ba nka hore ba na le mabaka a utloahalang a ho “halefela Jehova,” kapa a ho hloea mokhatlo oa hae. (Liproverbia 19:3) Ba bang ba nka hore tsela eo ba hōlisitsoeng ka eona e ka ba bakela mathata bophelong, kapa ba nahana hore ba tla pheta liphoso tsa batsoali ba bona. (Ezekiele 18:2, 3) Empa na see ke ’nete?

10 Tsela eo Ezekiase a phetseng ka eona e bontša hore seo ha se ’nete! Ha ho mohla re ka bang le lebaka le utloahalang la ho halefela Jehova. Ha se eena ea etsang hore re hlaheloe ke lintho tse bohloko. (Jobo 34:10) Ke ’nete hore batsoali ba ka ruta bana ba bona hore ba etse lintho tse ntle kapa tse mpe. (Liproverbia 22:6; Bakolose 3:21) Empa sena ha se bolele hore batsoali ba rōna ba ka re khethela hore na re tla ba batho ba mofuta ofe. Hobane’ng? Hobane Jehova o re file bolokolohi ba ho khetha ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. (Deuteronoma 30:19) Ezekiase o ile a sebelisa mpho ee ea bohlokoa joang?

Bacha ba bangata ba ithuta ka Jehova, ho sa tsotellehe tsela eo ba hōlisitsoeng ka eona (Sheba serapa sa 9 le 10)

11. Ke’ng e ileng ea etsa hore Ezekiase e be e mong oa marena a lokileng a Juda?

11 Ezekiase e ne e le e mong oa marena a lokileng a Juda, le hoja ntate oa hae a ne a le khopo. (Bala 2 Marena 18:5, 6.) Ha aa ka a latela mohlala oa ntate oa hae o mobe. Ho e-na le hoo, o ile a khetha ho mamela ka hloko baprofeta ba Jehova ba kang Esaia, Mikea le Hosea. O ile a mamela ha ba mo eletsa le ha ba mo khalemela. Sena se ile sa mo thusa ho lokisa liphoso tse entsoeng ke ntate oa hae. O ile a hloekisa tempele, a kōpa Molimo hore a tšoarele sechaba, ’me a senya liemahale tsa melimo ea bohata naheng eo. (2 Likronike 29:1-11, 18-24; 31:1) Hamorao ha Morena Sankeribe oa Assyria a sokela ho hlasela Jerusalema, Ezekiase o ile a bontša sebete le tumelo. O ne a lumela hore Jehova o tla mo sireletsa, ’me kahoo a matlafatsa sechaba sa hae. (2 Likronike 32:7, 8) Ha nako e ntse e ea, Ezekiase o ile a ikhohomosa, empa ha Jehova a mo khalemela, a ikokobetsa. (2 Likronike 32:24-26) Ka sebele Ezekiase o re behetse mohlala o motle oo re lokelang ho o latela. Ha aa ka a lumella hore tsela eo a hōlisitsoeng ka eona e senye bophelo ba hae. Empa o ile a khetha ho ba motsoalle oa Jehova.

12. Batho ba bangata kajeno ba etsisitse Ezekiase joang?

12 Batho ba bangata kajeno ba khopo ebile ha ba na lerato, ’me bana ba bangata ba hōla ba se na batsoali ba ba ratang le ba ba hlokomelang. (2 Timothea 3:1-5) Le hoja Bakreste ba bangata kajeno ba hōletse maemong a thata, ba khethile ho ba metsoalle ea Jehova. Joaloka Ezekiase, ba bontša hore tsela eo ba hōlisitsoeng ka eona ha e susumetse liqeto tseo ba li etsang bophelong. Kaha Molimo o re file bolokolohi ba ho ikhethela, re ka khetha ho mo sebeletsa le ho mo tlotlisa, joalokaha Ezekiase a entse.

“BONA! LEKHABUNYANE LA JEHOVA!”

13, 14. Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba ho ne ho le thata hore Maria a amohele boikarabelo boo a bo fuoang, empa o ile a re’ng ho Gabriele?

13 Lilemo tse ngata ka mor’a lefu la Ezekiase, moroetsana e mong ea ikokobelitseng ea bitsoang Maria, e ile ea e-ba motsoalle oa Jehova, ’me a mo fa boikarabelo bo khethehileng. O ne a tla ima, ’me a tsoale Mora oa Molimo a be a mo hōlise! E tlameha ebe Jehova o ne a rata Maria a bile a mo tšepa, ke kahoo a ileng a mo fa boikarabelo bo boholo hakaalo. Empa o ile a etsa’ng ha a bolelloa taba ee?

“Bona! Lekhabunyane la Jehova!” (Sheba serapa sa 13 le 14)

14 Re atisa ho bolela kamoo Maria a ileng a fuoa tlotla kateng. Empa e ka ’na eaba ke lintho life tseo a ileng a tšoenyeha ka tsona? Ka mohlala, lengeloi Gabriele le ile la mo bolella hore o tla ima, le hoja a ne a e-s’o kopanele liphate le monna. Empa lengeloi leo ha lea ka la mo tšepisa hore le tla hlalosetsa ba lelapa le baahelani hore o tla ima. Ba ne ba tla mo nka joang? O ne a tla re’ng ho Josefa ho mo tiisetsa hore ha aa mo tsoa tlaase? Ho phaella moo, o ne a fuoe boikarabelo bo boholo ba ho hōlisa Mora oa Molimo! Ha re tsebe lintho tsohle tseo Maria a neng a tšoenyehile ka tsona, empa re tseba seo a ileng a se bua ha Gabriele a qeta ho mo bolella taba eo. O ile a re: “Bona! Lekhabunyane la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ea ka polelo ea hao.”—Luka 1:26-38.

15. Ke hobane’ng ha re ka re Maria o ne a e-na le tumelo e matla?

15 Ka sebele Maria o ne a e-na le tumelo e matla! O ne a ikemiselitse ho etsa ntho leha e le efe eo a e laeloang. O ne a kholisehile hore Jehova o tla mo hlokomela le ho mo sireletsa. Ke’ng e thusitseng Maria hore a be le tumelo e matla hakaalo? Ha re hlahe re se re ntse re e-na le tumelo. Empa re ka ba le tumelo haeba re e hlaolela ’me re kōpa Molimo hore a hlohonolofatse boiteko ba rōna. (Bagalata 5:22; Baefese 2:8) Maria o ile a sebetsa ka thata hore a be le tumelo e matla. Re tseba joang? A re hlahlobeng tsela eo a neng a mamela ka eona le seo a ileng a se bua.

16. Ke’ng e bontšang hore Maria o ne a mamela ka hloko?

16 Tsela eo Maria a neng a mamela ka eona. Bibele e re ‘re potlakele ho utloa, re liehe ho bua.’ (Jakobo 1:19) Maria o ne a mamela ha ba bang ba bua. Bibele e re o ne a mamela ka hloko, haholo-holo ha a rutoa ka Jehova. O ne a ipha nako ea ho thuisa ka lithuto tseo tsa bohlokoa. Ka mohlala, ha Jesu a qeta ho hlaha, balisa ba ile ba bolella Maria lintho tseo lengeloi le li buileng. Hamorao ha Jesu a le lilemo li 12, o ile a bua ntho e ’ngoe e ileng ea makatsa Maria. Liketsahalong tseo ka bobeli, Maria o ile a mamela, a beha lipolelo tseo ka hloko pelong ea hae, ’me a nahanisisa ka tsona.—Bala Luka 2:16-19, 49, 51.

17. Seo Maria a ileng a se bua se bontša eng?

17 Seo Maria a ileng a se bua. Bibele ha e re bolelle hakaalo ka seo Maria a ileng a se bua. Mantsoe a hae a tlalehiloe ho Luka 1:46-55. Mantsoe ao a bontša hore o ne a tseba Mangolo a Seheberu hantle. Ke hobane’ng ha re bua joalo? Hobane a tšoana le a thapelong ea Anna, ’mè oa Samuele. (1 Samuele 2:1-10) Ho bonahala eka Maria o ile a qotsa Mangolo ka makhetlo a ka bang 20. Ho hlakile hore o ne a rata ho bua ka lintho tseo a ithutileng tsona ho Motsoalle oa hae e moholo Jehova.

18. Re ka etsisa tumelo ea Maria ka tsela efe?

18 Ho tšoana le Maria, le rōna Jehova a ka ’na a re fa boikarabelo boo re nkang hore bo boima. A re etsiseng mohlala oa Maria ka hore ka boikokobetso re amohele mosebetsi oo re o fuoang, ’me re tšepe hore Jehova o tla re thusa. Re ka boela ra etsisa tumelo ea Maria ka hore re mamele Jehova ka hloko le ho thuisa ka seo re ithutileng sona ka eena le ka morero oa hae. Ha re etsa joalo, re tla thabela ho bolella ba bang seo re ithutileng sona.—Pesaleme ea 77:11, 12; Luka 8:18; Baroma 10:15.

19. Re tla fumana eng ha re etsisa mohlala oa batho ba ileng ba bontša tumelo ba tlalehiloeng ka Bibeleng?

19 Ho hlakile hore Ruthe, Ezekiase le Maria e ne e le metsoalle ea Jehova, feela joaloka Abrahama. Ke karolo ea ‘leru le leholo la lipaki,’ ’me le bona ba bile le tlotla ea ho ba metsoalle ea Molimo. E se eka re ka tsoela pele ho etsisa mehlala e joalo ea tumelo. (Baheberu 6:11, 12) Ha re etsa joalo, re tla fumana moputso oa ho ba metsoalle ea Jehova ka ho sa feleng!