Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tšepahala ho Jehova

Tšepahala ho Jehova

“E se eka Jehova a ka ba pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa bana ba ka le bana ba hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—1 SAMUELE 20:42.

LIPINA: 125, 62

1, 2. Ke hobane’ng ha setsoalle sa Davida le Jonathane e le mohlala o ikhethang oa botšepehi?

E TLAMEHA ebe Jonathane o ile a hlolloa ke kamoo mohlankana Davida a bileng sebete kateng. Davida o ne a bolaile Goliathe oa senatla ’me a isa “hlooho ea Mofilista” eo ho Morena Saule oa Iseraele, e leng ntate oa Jonathane. (1 Samuele 17:57) Jonathane o ne a kholisehile hore Molimo o tšehetsa Davida, ’me ho tloha ka nako eo, ea e-ba metsoalle e meholo. Jonathane le Davida ba ile ba ikana hore ba tla lula ba tšepahallana. (1 Samuele 18:1-3) Jonathane o ile a tšepahala ho Davida bophelo bohle ba hae.

2 Jonathane o ile a tsoela pele a tšepahala ho Davida le hoja Jehova a ne a khethile Davida hore ebe morena ea hlahlamang oa Iseraele, eseng eena. Ho feta moo, Jonathane o ile a tšoenyeha ha Saule a leka ho bolaea Davida. O ne a tseba hore Davida o ipatile lefeelleng le Horeshe, kahoo a ea moo ho ea mo khothatsa hore a tšepe Jehova. O ile a re ho Davida: “U se ke ua tšoha; etsoe letsoho la Ntate Saule le ke ke la u fumana, ’me u tla ba morena oa Iseraele, ’me ke tla ba oa bobeli ho uena.”—1 Samuele 23:16, 17.

3. Ke’ng eo Jonathane a neng a e nka e le ea bohlokoa ho feta ho tšepahala ho Davida, hona re tseba see joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

3 Re rata batho ba tšepahalang. Empa na ntho feela e etsang hore re rate Jonathane ke hobane a ne a tšepahala ho Davida? Che, lebaka ke hore o ne a nka ho tšepahala ho Molimo e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae. Ha e le hantle, leo ke lona lebaka le neng le etsa hore a tšepahalle Davida ho e-na le ho mo shoela mōna, le hoja Davida e ne e tl’o ba morena eseng eena. Jonathane o ile a ba a khothalletsa Davida hore a itšetlehe ka Jehova. Banna bao ka bobeli ba ile ba lula ba tšepahala ho Jehova ba bile ba tšepahallana. Ba ile ba tšepahalla kano ea bona, e reng: “E se eka Jehova a ka ba pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa bana ba ka le bana ba hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—1 Samuele 20:42.

4. (a) Ke’ng e tla etsa hore re thabe re be re khotsofale e le kannete? (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong see?

4 Le rōna re lokela ho tšepahala ho ba malapa a rōna, metsoalle le ho bara le barali babo rōna ka phuthehong. (1 Bathesalonika 2:10, 11) Empa habohlokoa le ho feta, re lokela ho tšepahala ho Jehova. Ke eena ea re fileng bophelo! (Tšenolo 4:11) Rea thaba ebile rea khotsofala ha re tšepahala ho eena. Rea tseba hore re lokela ho lula re tšepahala ho Molimo le linakong tse thata. Sehloohong sena re tlil’o tšohla kamoo mohlala oa Jonathane o ka re thusang kateng ho lula re tšepahala ho Jehova maemong ana a latelang: (1) ha re nka hore motho ea itseng ea boholong ha a tšoaneloe ke tlhompho ea rōna, (2) ha re lokela ho khetha hore na re tšepahala ho mang, (3) ha mor’abo rōna ea etellang pele a sa re utloisise kapa a re tšoara ka tsela e leeme, le (4) ha re thatafalloa ho phetha seo re se tšepisitseng.

HA RE NKA HORE MOTHO EA ITSENG EA BOHOLONG HA A TŠOANELOE KE TLHOMPHO EA RŌNA

5. Ke’ng e neng e thatafalletsa Baiseraele hore ba tšepahale ho Molimo pusong ea Saule?

5 Jonathane le Baiseraele ba ne ba tobane le boemo bo thata. Morena Saule, e leng ntate oa Jonathane, o ne a se a sa mamele, ’me Jehova a mo lahlile. (1 Samuele 15:17-23) Leha ho le joalo, Molimo o ile a lumella Saule hore a tsoele pele ho busa ka lilemo tse ngata. Kahoo, ho ne ho le thata hore sechaba se tšepahale ho Molimo, kaha morena ea khethiloeng hore a lule “teroneng ea Jehova” o ne a etsa lintho tse fosahetseng.—1 Likronike 29:23.

6. Re tseba joang hore Jonathane o ile a lula a tšepahala ho Jehova?

6 Jonathane o ile a lula a tšepahala ho Jehova. Nahana ka seo Jonathane a ileng a se etsa nakoana ka mor’a hore Saule a qale ho furalla Molimo. (1 Samuele 13:13, 14) Ka nako eo, lebothohali la Bafilista le ile la tla ka likoloi tsa ntoa tse 30 000 ho tla hlasela Baiseraele. Saule o ne a e-na le masole a 600 feela, ’me e le eena le Jonathane feela ba hlometseng. Empa Jonathane ha aa ka a tšoha. O ile a hopola mantsoe a moprofeta Samuele a reng: “Jehova a ke ke a tlohela sechaba sa hae ka lebaka la lebitso la hae le leholo.” (1 Samuele 12:22) Jonathane o ile a re ho lesole le leng: “Ha ho se ka sitisang Jehova ho pholosa ka ba bangata kapa ka ba seng bakae.” Kahoo Jonathane le lesole leo ba hlasela Bafilista ’me ba bolaea ba 20. Jonathane o ne a tšepile Jehova, ’me Jehova a mo hlohonolofatsa. Jehova o ile a etsa hore ho be le tšisinyeho ea lefatše ’me Bafilista ba tšoha. Ba ntan’o loantšana ka bobona ’me ba bolaeana, kahoo Baiseraele ba hlōla ntoeng eo.—1 Samuele 13:5, 15, 22; 14:1, 2, 6, 14, 15, 20.

7. Jonathane o ile a tšoara ntate oa hae joang?

7 Le hoja Saule a ile a tsoela pele a sa mamele Jehova, Jonathane o ile a ’na a mo hlompha ha ho khoneha. Ka mohlala, o ile a ea le eena ntoeng ho ea sireletsa sechaba sa Jehova.—1 Samuele 31:1, 2.

8, 9. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha ba fuoeng matla a ho laola?

8 Le rōna joaloka Jonathane, re ka tšepahala ho Jehova ka hore re ikokobeletse babusi ba linaha tseo re lulang ho tsona ha ho khoneha. Jehova o lumeletse “balaoli ba phahameng” hore ba re buse, ’me o batla hore re ba hlomphe. (Bala Baroma 13:1, 2.) Ke kahoo re lokelang ho hlompha ba boholong pusong le haeba ba sa tšepahale ’me re nka hore ha ba tšoaneloe ke tlhompho ea rōna. Ha e le hantle, re lokela ho hlompha bohle bao Jehova a ba fileng matla a ho laola.—1 Bakorinthe 11:3; Baheberu 13:17.

Tsela e ’ngoe eo re bontšang ka eona hore re tšepahala ho Jehova, ke ka ho tšoara balekane ba rōna ka tlhompho le haeba ba sa sebeletse Jehova (Sheba serapa sa 9)

9 Morali’abo rōna e mong ea bitsoang Olga oa Amerika Boroa, o ile a bontša hore o tšepahala ho Jehova ka hore a hlomphe monna oa hae, le hoja a ne a mo tšoere hampe. [1] (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.) Ka linako tse ling o ne a sa batle ho mo buisa kapa a mo buela mantsoe a hlabang, hobane feela e le Paki ea Jehova. O ile a ba a mo tšosa ka hore o tla mo hlala ’me a nke bana. Empa Olga ha aa ka ‘a busetsa bobe ka bobe.’ Ho e-na le hoo, o ile a etsa sohle se matleng a hae ho ba mosali ea khabane. O ne a mo phehela, a mo hlatsoetsa a bile a hlokomela ba habo monna. (Baroma 12:17) ’Me ha ho khoneha, o ne a tsamaea le eena ha monna a chakela ba habo le metsoalle. Ka mohlala, ha ntate oa monna a hlokahetse ’me a il’o pateloa motseng o mong, Olga o ile a hlophisa lintho tseo ba neng ba tla li hloka leetong leo. Kaha tšebeletso ea lepato e ne e tšoaretsoe kerekeng, o ile a emela monna ka ntle. Ka mor’a lilemo tse ngata, monna oa Olga o ile a qala ho mo tšoara ka mosa, kaha Olga ha aa ka a mo fella pelo empa o ile a lula a mo hlompha. Hona joale monna o mo khothalletsa ho ea libokeng ebile o oa mo felehetsa. Ka linako tse ling, o chakela libokeng.—1 Petrose 3:1.

HA RE LOKELA HO KHETHA HORE NA RE TŠEPAHALA HO MANG

10. Ke’ng e thusitseng Jonathane ho khetha hore na o tšepahala ho mang?

10 Ha Saule a re o tlil’o bolaea Davida, Jonathane o ile a lokela ho etsa qeto e boima. O ne a batla ho tšepahala ho ntate oa hae, empa a boetse a batla ho tšepahalla Davida. Jonathane o ne a tseba hore Molimo o tšehetsa Davida eseng Saule, kahoo o ile a khetha ho tšepahala ho Davida. O ile a lemosa Davida hore a ipate ’me ka mor’a moo a hlalosetsa Saule hore na ke hobane’ng ha a sa lokela ho bolaea Davida.—Bala 1 Samuele 19:1-6.

11, 12. Lerato leo re ratang Molimo ka lona le re thusa joang hore re tšepahale ho eena?

11 Morali’abo rōna e mong ea bitsoang Alice oa Australia, le eena o ile a lokela ho khetha hore na o tla tšepahala ho mang. Ha a ntse a ithuta Bibele, o ne a bolella ba lelapa labo lintho tseo a ithutang tsona. O ile a ba bolella hore ha a sa tla hlola a keteka Keresemese ’me a ba hlalosetsa lebaka. Qalong ba ile ba soetseha, ’me ha nako e ntse e ea ba tlala bohale. Ba ne ba nka hore Alice ha a sa ba tsotella. ’Mè oa hae o ile a re ha a sa batla le ho bona moo a hatileng teng. Alice o re: “Ke ile ka ferekana ’me ka utloa bohloko haholo, kaha ke rata ba lelapa leso. Leha ho le joalo, ke ile ka etsa qeto ea hore Jehova le Mora oa hae ba lokela ho tla pele bophelong ka, kahoo ka kolobetsoa kopanong e latelang.”—Matheu 10:37.

12 Ha rea lokela ho nka ho tšepahalla lintho tse kang lithimi tsa lipapali, likolo kapa linaha tseo re lulang ho tsona e le habohlokoa ho feta ho tšepahala ho Jehova. Ka mohlala, Henry o ne a bapala papali ea chess thiming ea sekolo ’me a batla ho ba mampoli. Empa kaha o ne a e bapala mafelo-beke a mang le a mang, o ne a se na nako ea ho ea tšimong le libokeng. Henry o re o ne a se a nka ho tšepahalla thimi ea sekolo e le habohlokoa ho feta ho tšepahala ho Molimo. Kahoo, o ile a etsa qeto ea ho khaotsa ho e bapala.—Matheu 6:33.

13. Ho tšepahala ho Molimo ho ka re thusa joang ha re e-na le mathata ka lapeng?

13 Ka linako tse ling, ho ka ’na ha e-ba thata ho khotsofatsa litho tsa malapa abo rōna ka nako e le ’ngoe. Ka mohlala, Ken o re: “Ke ne ke batla ho lula ke chakela ’mè oa ka ea seng a hōlile le hore ka linako tse ling a re chakele. Empa ’Mè le mosali oa ka ba ne ba sa utloane.” O phaella ka ho re: “Ha ke leka ho khotsofatsa e mong, ke ne ke khopisa e mong.” Ken o ile a nahanisisa ka seo Bibele e se buang ’me a hlokomela hore boemong bona, o lokela ho khahlisa mosali oa hae le ho tšepahala ho eena. Kahoo, o ile a fumana tharollo eo mosali a lumellanang le eona. A ntan’o mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha a lokela ho tšoara ’mè oa hae ka mosa. A boela a hlalosetsa ’mè oa hae hore na ke hobane’ng ha a lokela ho hlompha mosali oa hae.—Bala Genese 2:24; 1 Bakorinthe 13:4, 5.

HA MOR’ABO RŌNA A SA RE UTLOISISE KAPA A RE TŠOARA KA TSELA E LEEME

14. Saule o ile a tšoara Jonathane joang?

14 Re ka boetse ra bontša hore re tšepahala ho Jehova haeba mor’abo rōna ea etellang pele a re tšoara ka leeme. Morena Saule o ne a khethiloe ke Molimo, leha ho le joalo o ile a tšoara mora oa hae hampe. O ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Jonathane a rata Davida. Kahoo, ha Jonathane a leka ho thusa Davida, Saule o ile a mo halefela ’me a mo tlotlolla ka pel’a batho ba bangata. Empa Jonathane o ile a mo hlompha ho ntse ho le joalo. Ka nako e tšoanang, o ile a lula a tšepahala ho Jehova le ho Davida, eo Molimo a neng a mo khethile hore e be morena ea latelang oa Iseraele.—1 Samuele 20:30-41.

15. Re lokela ho etsa’ng haeba mor’abo rōna a re tšoara ka leeme?

15 Barab’abo rōna ba etellang pele ka phuthehong ba leka ho tšoara bohle ka tsela e se nang leeme. Empa ha baa phethahala. Kahoo, ba ka ’na ba se ke ba utloisisa hore na ke hobane’ng ha re etsa lintho ka tsela e itseng. (1 Samuele 1:13-17) Ka hona, haeba ba sa re utloisise kapa ba re nahanela hampe, a re luleng re tšepahala ho Jehova.

HA RE THATAFALLOA HO PHETHA SEO RE SE TŠEPISITSENG

16. Ke maemong afe a mang ao re lokelang ho bontša hore re tšepahala ho Molimo le hore ha re baithati?

16 Saule o ne a batla hore Jonathane a mo hlahlame boreneng, eseng Davida. (1 Samuele 20:31) Empa Jonathane o ne a rata Jehova ’me a tšepahala ho eena. Kahoo, ho e-na le hore Jonathane a ichebe boeena, e ile ea e-ba motsoalle oa Davida ’me a phethahatsa seo a mo tšepisitseng sona. Ha e le hantle, motho ea ratang Jehova ’me a tšepahala ho eena, a ke ke a koenehela likano tseo a li entseng. (Pesaleme ea 15:4) Kaha re tšepahala ho Molimo, re tla phetha likano tsa rōna. Ka mohlala, haeba re entse tumellano ea khoebo, re lokela etsa seo re se tšepisitseng esita le ha ho le thata. ’Me haeba re e-na le mathata lenyalong, re lokela ho bontša hore re rata Jehova ka hore re tšepahalle balekane ba rōna.—Bala Malakia 2:13-16.

Haeba re entse tumellano ea khoebo, re tla phetha seo re se tšepisitseng kaha re tšepahala ho Molimo (Sheba serapa sa 16)

17. Sehlooho see se u thusitse joang?

17 Re batla ho etsisa Jonathane ka hore re tšepahale ho Molimo esita le ha ho le thata. A re tsoeleng pele ho tšepahalla bara le barali babo rōna, le haeba ba re utloisitse bohloko. Ka tsela eo re tla thabisa pelo ea Jehova, ’me le rōna re tla thaba e le kannete. (Liproverbia 27:11) Re ka kholiseha hore o tla lula a re etsetsa se molemo le ho re hlokomela. Sehloohong se latelang, re tla tšohla mehlala ea batho ba bang ba mehleng ea Davida ba ileng ba tšepahala le ba sa kang ba tšepahala.

^ [1] (serapeng sa 9) Mabitso a mang a fetotsoe.