Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsoela Pele ho Sebeletsa Jehova ka Thabo

Tsoela Pele ho Sebeletsa Jehova ka Thabo

KE KETSAHALO efe e kileng ea u thabisa ka ho fetisisa bophelong? Na ke ha u ne u chata kapa ha u ba le ngoana oa letsibolo? Kapa ke mohla u neng u kolobetsoa? Mohlomong letsatsi la ha u kolobetsoa, e bile la bohlokoa le le thabisang ka ho fetisisa bophelong ba hao. Letsatsing leo, e tlameha ebe bara le barali beno ba ile ba thaba hakaakang ha ba bona u bontša hore u rata Molimo ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao oohle le ka matla a hao ’ohle!—Mareka 12:30.

Mohlomong u ile ua thabela ho sebeletsa Jehova haholoanyane ka mor’a hore u kolobetsoe. Empa bahoeletsi ba bang ha ba sa thabile joaloka pele. See se bakoa ke eng? Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re sebeletsa Jehova ka thabo?

KE HOBANE’NG HA BA BANG BA SE BA SA THABA?

Molaetsa oa ’Muso oa Molimo o re thabisa haholo. Hobane’ng? Hobane Jehova o tšepisa hore haufinyane ’Muso oo o tla felisa lefatše lena le khopo, ’me o tlise lefatše le lecha. Sofonia 1:14 e re: “Letsatsi le leholo la Jehova le haufi. Le haufi, ’me le potlakile haholo.” Empa haeba re nka hore lea lieha, re ka ’na ra felloa ke thabo. Sena se ka etsa hore re khoehlise tšebeletsong ea rōna ho Molimo.—Liproverbia 13:12.

Ho qeta nako re e-na le bara le barali babo rōna hoa re khothatsa, ’me ho re thusa hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova re thabile. Mohlomong u tlile ka phuthehong hobane u khahliloe ke boitšoaro bo botle ba bahlanka ba Jehova, ’me seo sa etsa hore u qale ho sebeletsa Molimo u thabile. (1 Petrose 2:12) Empa ho ka ’na ha etsahala’ng haeba mora kapa morali oabo rōna a khalemeloa hobane a tlōtse molao oa Molimo? Sena se ka ’na sa nyahamisa ba bang ka phuthehong ’me ba felloa ke thabo.

Ho rata maruo le hona ho ka re amoha thabo. Ka tsela efe? Lefatše la Satane le leka ho re kholisa hore re lokela ho reka lintho tse ngata tseo re sa li hlokeng. Kahoo, e ka ba hantle hore re hopole mantsoe a Jesu a reng: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” (Matheu 6:24) Re ke ke ra sebeletsa Jehova re thabile ha ka nako e tšoanang re leka ho ipokellela lintho tsohle tse fumanehang lefatšeng lena.

RE KA SEBELETSA JEHOVA RE THABILE

Batho ba ratang Jehova ha ba nke e le moroalo ho mo sebeletsa. (1 Johanne 5:3) Jesu o ile a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Matheu 11:28-30) Ho ba Mokreste oa ’nete hoa khatholla ebile hoa thabisa. Ka sebele re na le mabaka a utloahalang a ho sebeletsa Jehova re thabile. A re hlahlobeng a mararo a ’ona.—Habakuke 3:18.

Re sebeletsa ’Mōpi oa rōna ea thabileng. (Liketso 17:28; 1 Timothea 1:11) Rea hlokomela hore ’Mōpi ke eena ea re fileng bophelo. Kahoo, a re tsoeleng pele ho mo sebeletsa re thabile, ho sa tsotellehe hore na ho se ho fetile lilemo tse kae re kolobelitsoe.

Héctor o thabile, kaha o phathahane tšebeletsong ’me o lula a nahana ka litšepiso tsa Molimo

Nahana ka Héctor, ea sebelelitseng Jehova e le molebeli ea tsamaeang ka lilemo tse 40. O ntse a thabela ho sebeletsa Jehova, le hoja a se a tsofetse. (Pesaleme ea 92:12-14) Ke ’nete hore ha a sa khona ho mo sebeletsa joaloka pele, kaha mosali oa hae o oa kula, empa o ntse a thabile. O re: “Ho nkutloisa bohloko ho bona boemo ba mosali oa ka bo ntse bo mpefala ’me ha ho bonolo ho mo hlokomela, leha ho le joalo, ha ke lumelle seo hore se nkamohe thabo tšebeletsong ea Molimo. Ho tseba hore Jehova ke eena ea mphileng bophelo le hore o bōpile batho hobane a e-na le morero, ho etsa hore ke mo rate ’me ke mo sebeletse ka pelo eohle. Ke lula ke phathahane mosebetsing oa boboleli ’me ke leka ho lula ke nahana ka lintho tseo ’Muso oa Molimo o tla re etsetsa tsona, e le hore ke se ke ka felloa ke thabo.”

Jehova o fane ka sehlabelo sa thekollo, se re fang monyetla oa hore re phele re thabile. Ha e le hantle, “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Ka sebele re ka tšoareloa libe ’me ra ba le bophelo bo sa feleng haeba re bontša tumelo sehlabelong sa thekollo, e leng mpho eo Molimo a re fileng eona ka lerato. Ruri re lokela ho e ananela! Seo se tla etsa hore re sebeletse Jehova re thabile.

Jesús o ile a tlohela mosebetsi, ’me ho se ho fetile lilemo a sebeletsa Jehova a thabile

Mor’abo rōna e mong oa Mexico ea bitsoang Jesús, o re: “Ke ne ke lula ke le mosebetsing, ka linako tse ling ke sebetsa lichifi tse hlano tse latellanang, le hoja ho se letho le ntlamang ho etsa joalo. Ke ne ke batla ho ba le chelete e eketsehileng. Eaba ke ithuta ka Jehova le hore o fane ka Mora oa hae eo a mo ratang molemong oa rōna. Kahoo, ka labalabela ho mo sebeletsa. Ka ntan’o inehela ho eena, ’me ka etsa qeto ea ho tlohela mosebetsi k’hamphaning eo ke e sebelelitseng ka lilemo tse 28, eaba ke kenela tšebeletso ea nako e tletseng.” Eo ke tsela eo Jesús a ileng a qala ho sebeletsa Jehova ka eona a thabile.

Boitšoaro ba rōna bo hloekile, ’me seo sea re thabisa. Na u sa hopola lintho tseo u neng u li etsa pele u ithuta ka Jehova? Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Roma hore e ne e le “makhoba a sebe,” empa joale e se e le “makhoba a ho loka.” Kaha ba ne ba le boitšoaro bo botle, ba ne ba lebeletse ho fumana bophelo bo sa feleng. (Baroma 6:17-22) Le rōna re phela ka melao ea Jehova, kahoo ha re utloe bohloko boo batho ba boitšoaro bo bobe le ba mabifi ba bo utloang. Seo se re thabisa e le kannete!

“Ho sebeletsa Jehova ho entse hore ke thabe ho feta le ha e le neng pele.”—Jaime

Nahana ka Jaime, ea neng a lumela thutong ea ho iphetola ha lintho ebile e le ralitebele. O ile a qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova ’me a khahloa ke lerato leo a ileng a le bona moo. E le hore Jaime a tlohele tsela eo a phelang ka eona, o ile a tlameha ho kōpa Jehova hore a mo thuse ho lumela ho eena. O re: “Ha nako e ntse e ea, ke ile ka hlokomela hore Molimo ke Ntate ea lerato le ea mohau. Ho tataisoa ke melao ea Jehova bophelong ho ’nile ha ntšireletsa. Hoja ebe ha kea ka ka fetoha, mohlomong nkabe ke shoele joaloka metsoalle ea ka eo ke neng ke bapala litebele le eona. Ho sebeletsa Jehova ho entse hore ke thabe ho feta le ha e le neng pele.”

U SE KE UA TELA!

Re lokela ho ikutloa joang ha re ntse re emetse hore lefatše lee le khopo le fele? Re lokela ho hopola hore re etsa thato ea Molimo le hore re letetse ka tjantjello ho fumana bophelo bo sa feleng. “Kahoo a re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.” (Bagalata 6:8, 9) Jehova o tla re thusa hore re mamelle le hore re sebetse ka thata ho ba le boitšoaro bo botle, bo tla re thusa ho pholoha ‘matšoenyeho a maholo,’ ’me re tsoele pele ho mo sebeletsa ka thabo.—Tšenolo 7:9, 13, 14; Jakobo 1:2-4.

Re ka kholiseha hore Jehova o tla re putsa ha re mamella, kaha o tseba mosebetsi oo re o etsang le lerato leo re mo ratang ka lona le leo re le bontšang bakeng sa lebitso la hae. Ha re tsoela pele ho sebeletsa Molimo re thabile, re tla ikutloa joaloka mopesaleme Davida, ea ileng a re: “Ke behile Jehova ka pel’a ka kamehla. Kahobane o letsohong la ka le letona, nke ke ka therekelisoa. Ka hona pelo ea ka ea thaba, le khanya ea ka e sekametse ho thabeng. Hape, nama ea ka e tla lula e sireletsehile.”—Pesaleme ea 16:8, 9.