Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 9

Mehleng ea Baiseraele Jehova o Ile a Bontša Hore ke Molimo ea Lerato le ea Nang le Toka

Mehleng ea Baiseraele Jehova o Ile a Bontša Hore ke Molimo ea Lerato le ea Nang le Toka

“O rata ho loka le toka. Lefatše le tletse mosa o lerato oa Jehova.”​—PES. 33:5.

PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo

SELELEKELA *

1-2. (a) Ke ntho efe eo kaofela re e batla’ng? (b) Kaofela re ka kholiseha ka’ng?

KAOFELA re batla ho ratoa. Ebile re batla hore litaba tsa rona li sebetsoe ka toka. Haeba ho se na motho ea re ratang ebile re sa tšoaroe ka toka, re ka ’na ra ikutloa re se na thuso.

2 Jehova oa tseba hore re labalabela ho ratoa le ho tšoaroa ka toka. (Pes. 33:5) Re ka kholiseha hore Molimo o re rata haholo ebile o batla hore re tšoaroe ka toka. Re bona bopaki ba taba ena ha re sheba Melao eo Jehova a ileng a e fa sechaba sa Iseraele mehleng ea Moshe. Haeba u ikutloa u nyahame hobane batho ba sa u rate kapa ba sa u tšoare ka toka, re kopa u hlahlobe Molao oa Moshe * ’me u bone kamoo o bontšang hore Jehova o amehile ka uena kateng.

3. (a) Ho ea ka Baroma 13:​8-10, re ithuta’ng Molaong oa Moshe? (b) Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

3 Ha re ntse re ithuta Molao oa Moshe re tla bona kamoo Jehova Molimo oa rona a leng lerato kateng. (Bala Baroma 13:​8-10.) Sehloohong sena, re tl’o ithuta e meng ea melao eo Jehova a ileng a e fa Baiseraele, re be re arabe lipotso tse latelang: Ke hobane’ng ha re ka re lerato ke motheo oa Molao oa Moshe? Na Molao o ne o susumetsa batho hore ba be le toka? Batho ba neng ba etella pele ba ne ba lokela ho sebelisa Molao joang? Hape, Molao o ne o sireletsa batho bafe ka ho khetheha? Likarabo tsa lipotso tsena li ka re khothatsa, tsa re fa tšepo, tsa ba tsa etsa hore kamano ea rona le Molimo e tiee le ho feta.​—Lik. 17:​27; Bar. 15:4.

LERATO KE MOTHEO OA MOLAO OA MOSHE

4. (a) Ke hobane’ng ha re lumela hore lerato ke motheo oa Molao oa Moshe? (b) Ke litaelo life tseo Jesu a buileng ka tsona ho Matheu 22:​36-40?

4 Re lumela hore lerato ke motheo oa Molao oa Moshe hobane ke lona le susumetsang lintho tsohle tseo Jehova a li etsang. (1 Joh. 4:8) Jehova o ile a theha melao eohle e Molaong oa Moshe litaelong tse peli, e leng ea ho rata Molimo le ho rata moahelani. (Lev. 19:​18; Deut. 6:5; bala Matheu 22:​36-40.) Kahoo, re ka lebella ho ithuta ntho e itseng ka lerato la Jehova melaong eohle e ka holimo ho 600 eo a ileng a e fa Moshe. A re ke re hlahlobeng mehlala e seng mekae.

5-6. Jehova o batla hore banyalani ba etse’ng, hona ke’ng eo a e elang hloko? Fana ka mohlala.

5 Tšepahalla molekane oa hao u be u hlokomele bana ba hao. Jehova o batla hore banyalani ba ratane bophelo bohle ba bona. (Gen. 2:​24; Mat. 19:​3-6) Sebe se seng se sa bontšeng lerato ka ho fetisisa seo motho a ka se etsang ke bofebe. Ke kahoo Melaong e Leshome, oa bosupa o nyatsang bofebe. (Deut. 5:​18) Ke sebe se ‘siteloang Molimo’ le se utloisang molekane e mong bohloko bo tebileng. (Gen. 39:​7-9) Ho molekane ea sitetsoeng e ka ba bohloko bo lulang bo le teng ka lilemo-lemo.

6 Jehova o ela hloko hore na banyalani ba tšoarana joang. Ka ho khetheha, o ne a batla hore banna ba Baiseraele ba tšoare balekane ba bona hantle. Monna ea hlomphang Molao o ne a lokela ho rata molekane oa hae ’me a se ke a mo hlala ka mabaka a sa utloahaleng. (Deut. 24:​1-4; Mat. 19:​3, 8) Empa haeba ho ne ho ka hlaha bothata bo tebileng ebe qetellong baa hlalana, o ne a lokela ho mo fa lengolo la tlhalo. Lengolo lena le ne le tla sireletsa mosali haeba a ne a ka qosoa ka bohlola. Empa pele monna a ka fa mosali oa hae lengolo la tlhalo, o ne a lokela ho kopana le ba boholong bao hape ba neng ba e-na le boikarabelo ba ho leka ho thusa banyalani bao hore ba se ke ba hlalana. Ha se kamehla Jehova a neng a kenella ha ntate oa Moiseraele a hlala molekane oa hae ka mabaka a sa utloahaleng. Ho ntse ho le joalo, o ne a utloela molekane ea hlaloang bohloko.​—Mal. 2:​13-16.

(Sheba serapa sa 7-8) *

7-8. (a) Jehova o ile a laela batsoali hore ba etse’ng? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.) (b) Re ithuta’ng?

7 Molao o boetse o paka hore Jehova o batla hore bana ba thabe ba be ba sireletsoe. Jehova o ile a laela batsoali hore ba lokela ho fa bana ba bona lintho tseo ba li hlokang le ho ba ruta ka eena. Batsoali ba ne ba lokela ho lula ba ruta bana ba bona Molao oa Moshe le ho rata Jehova. (Deut. 6:​6-9; 7:​13) Le leng la mabaka a ileng a etsa hore Jehova a otle Baiseraele ke hobane ba ne ba hlokofatsa bana ba bona. (Jer. 7:​31, 33) Batsoali ba ne ba lokela ho lula ba hopola hore bana ke mpho ea bohlokoa eo ba e filoeng ke Jehova ’me ba lokela ho ba hlokomela, e seng ho ba lahla kapa ho ba utloisa bohloko.​—Pes. 127:3.

8 Re ithuta’ng? Jehova o ela hloko hore na banyalani ba tšoarana joang. O batla hore batsoali ba rate bana ba bona ’me o tla ahlola batsoali ba sa tšoareng bana ba bona hantle.

9-11. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a fana ka molao o neng o nyatsa ho ba mohono?

9 U se ke oa e-ba mohono. Molao oa ho qetela Melaong e Leshome o ne o nyatsa mohono, kapa ho lakatsa ntho ea oa heno. (Deut. 5:​21; Bar. 7:7) Jehova o ile a fana ka molao ona e le ho thusa batho ba hae hore ba lokela ho lebela lipelo tsa bona, e leng menahano le maikutlo a bona. Oa tseba hore motho o qetella a entse lintho tse mpe hobane a ile a nahana ka tsona pele. (Liprov. 4:​23) Haeba Moiseraele a ne a ka lula a etsa lintho tse mpe, o ne a tla tšoara batho ka tsela e se nang lerato. Mohlala, Morena Davida o ile a oela lerabeng leo. Ka kakaretso, e ne e le monna ea lokileng. Empa ka lekhetlo le leng o ile a honohela molekane oa monna e mong. Takatso ea hae e ile ea etsa hore a qetelle a entse sebe. (Jak. 1:​14, 15) Davida o ile a etsa bofebe, a leka ho qhekanyetsa monna oa mosali eo, eaba qetellong o etsa hore monna eo a bolaoe.​—2 Sam. 11:​2-4; 12:​7-11.

10 Jehova o ne a tseba ha Moiseraele a ne a honohela ntho ea motho e mong, kaha oa tseba hore na re nahana’ng. (1 Likron. 28:9) Molao o neng o nyatsa ho ba mohono o ne o ruta batho hore ba lokela ho qoba ho nahana ka lintho tse ka etsang hore qetellong ba etse sebe. Ruri Jehova ke Ntate ea bohlale le ea lerato!

11 Re ithuta’ng? Jehova o khona ho bona lintho tseo re li nahanang le tsela eo re ikutloang ka eona. O khona ho bala lipelo tsa rona. (1 Sam. 16:7) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e nahanang le eo re e etsang e lula e le pooaneng ho Jehova. O sheba lintho tse ntle tseo re li etsang ’me o re khothalletsa ho tsoela pele re li etsa. Empa o batla hore re ele hloko lintho tse mpe tseo re li nahanang ebe re leka ho li qoba pele re ka qetella re li entse.​—2 Likron. 16:9; Mat. 5:​27-30.

MOLAO OA MOSHE O NE O KHOTHALETSA TOKA

12. Molao oa Moshe o re ruta’ng?

12 Molao oa Moshe o boetse o re ruta hore Jehova o rata toka. (Pes. 37:​28; Esa. 61:8) Jehova ke mohlala o motle haholo oa motho ea nang le toka. Ha Baiseraele ba ne ba mo mamela, o ne a ba hlohonolofatsa. Ha ba ne ba sa mo mamele lintho li ne li ba tsamaela hampe. A re ke re hlahlobeng melao e ’meli e tsoang Melaong e Leshome.

13-14. Melao e ’meli e qalang Melaong e Leshome e ne e laela Baiseraele hore ba etse’ng, hona ho e mamela ho ne ho tla ba tsoela molemo joang?

13 Rapela Jehova feela. Melao e ’meli e qalang Melaong e Leshome e ne e laela Baiseraele hore ba lokela ho rapela Jehova a le mong feela, ebile e re ba lokela ho qoba ho rapela melimo ea litšoantšo. (Ex. 20:​3-6) Litaelo tsena li ne li le molemong oa bona, eseng oa Jehova. Ha Baiseraele ba lula ba tšepahala, lintho li ne li ba tsamaela hantle. Empa ha ba ne ba rapela melimo ea lichaba tse ling, ba ne ba khola litholoana tse bosula.

14 A re ke re etse mohlala ka Bakanana. Ba ne ba rapela melimo e se nang thuso ho e-na le ho rapela Jehova. Ka lebaka leo, lintho li ile tsa ba tsamaela hampe. (Pes. 115:​4-8) Ba ne ba rapela melimo eo, ka hore ba etse boitšoaro bo bobe le ho etsa mahlabelo ka bana ba bona. Ka tsela e tšoanang, ha Baiseraele ba khetha ho rapela melimo ea litšoantšo lintho li ile tsa ba tsamaela hampe ’me ba beha bophelo ba malapa a bona kotsing. (2 Likron. 28:​1-4) Ba boholong ba ile ba nyahlatsa melao ea Jehova e lokileng. Ba ile ba sebelisa matla a bona hampe eaba ba hatella batho ba tlaase. (Ezek. 34:​1-4) Jehova o ile a lemosa Baiseraele hore o tla otla batho ba tšoarang basali le bana hampe. (Deut. 10:​17, 18; 27:​19) Ka lehlakoreng le leng, Jehova o ne a hlohonolofatsa batho ba mo tšepahallang le ba tšoarang batho ba bang ka toka.​—1 Mar. 10:​4-9.

Jehova oa re rata ebile oa bona ha re tšoaroa ka ho hloka toka (Sheba serapa sa 15)

15. Re ithuta’ng ka Jehova?

15 Re ithuta’ng? Ha rea lokela ho beha Jehova molato ha batho ba khetha ho se mamele melao ea hae ’me ba hlokofatsa batho ba bang. Rea tseba hore Jehova oa re rata, ebile oa bona ha re tšoaroa ka tsela e se nang toka. O re utloela bohloko haholo ho feta kamoo ’mè a ka utloelang ngoana oa hae bohloko kateng. (Esa. 49:​15) Le hoja a ke ke a re lopolla hang-hang, haufinyane o tla ahlola baetsalibe bohle ba sa bakeng ka lebaka la tsela eo ba tšoereng batho ba hae ka eona.

MOLAO O NE O LOKELA HO LATELOA JOANG?

16-18. Molao oa Moshe o ne o pharaletse hakae, hona re ithuta’ng?

16 Molao oa Moshe o ne o akaretsa likarolo tse ngata tsa bophelo ba Baiseraele, kahoo e ne e le habohlokoa hore banna ba holileng ba ahlole sechaba ka toka. Boikarabelo ba bona e ne e le ho ahlola litaba tse amanang le borapeli ba Jehova, liqhoebeshano le litlolo tsa molao. A re ke re hlahlobeng mehlala e latelang.

17 Haeba Moiseraele a ne a ka bolaea motho, o ne a sa bolaoe hang-hang. Ba boholong motseng oa habo ba ne ba tla batlisisa hore na ho etsahetse’ng pele ba etsa qeto ea hore na motho eo a bolaoe kapa che. (Deut. 19:​2-7, 11-13) Ba ne ba ahlola linyeoe tse fapaneng tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi, tse kang litsekisano tsa thepa le mathata a malapa. (Ex. 21:​35; Deut. 22:​13-19) Ha ba boholong ba ahlola litaba ka toka le Baiseraele ba mamela Molao, kaofela ba ne ba rua molemo ba bile ba tlotlisa Jehova.​—Lev. 20:​7, 8; Esa. 48:​17, 18.

18 Re ithuta’ng? Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang ke ea bohlokoa ho Jehova. O batla hore re tšoare batho ba bang ka toka, re be re ba rate. Hape, o ela hloko ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang, esita le moo re leng bang.​—Baheb. 4:13.

19-21. (a) Ba boholong le baahloli ba ne ba lokela ho tšoara batho ba Molimo joang? (b) Molao oa Moshe o ne o sireletsa batho joang, hona re ithuta’ng?

19 Jehova o ne a batla ho sireletsa Baiseraele hore ba se ke ba hahlameloa ke moea o mobe oa lichaba tse neng li ba pota-potile. Kahoo, o ile a laela ba boholong le baahloli hore ba ahlole ka tsela e se nang leeme. Leha ho le joalo, baahloli ba ne ba sa lokela ho tšoara batho ka thata kapa ho ba halefela. Ho e-na le hoo, ba ne ba lokela ho rata toka.​—Deut. 1:​13-17; 16:​18-20.

20 Kaha Jehova o rata batho ba hae, o behile melao e ba thusang hore ho se ke ha e-ba le motho ea ba tšoarang ka tsela e hlokang toka. Mohlala, Molao o ne o entse hore ho be thata hore motho a qosoe ka bohata. Moqosuoa o ne a e-na le tokelo ea ho tseba hore na o qosoa ke mang. (Deut. 19:​16-19; 25:1) Hape, pele ho ka thoe motho ea itseng o molato, ho ne ho lokela hore bonyane ho be le lipaki tse peli. (Deut. 17:6; 19:​15) Joale, ho ne ho etsoa’ng haeba Moiseraele a tlotse molao ’me ho e-na le paki e le ’ngoe feela? O ne a ntse a lokela ho ahloloa. Jehova o ne a tseba hore na o entse’ng. Ka malapeng bo-ntate ke bona ba neng ba filoe boikarabelo ba ho laola, empa boikarabelo boo bo ne bo e-na le meeli. Liqhoebeshanong tse ling tsa malapa, ba boholong motseng ba ne ba e-na le boikarabelo ba ho kenella ebe ke bona ba etsang qeto.​—Deut. 21:​18-21.

21 Re ithuta’ng? Jehova o re behetse mohlala o motle, kaha o etsa lintho tse lokileng kamehla. (Pes. 9:7) O hlohonolofatsa batho bohle ba ikobelang melao ea hae, empa o otla bohle ba sebelisang matla a bona hampe. (2 Sam. 22:​21-23; Ezek. 9:​9, 10) Batho ba bang ba ka ’na ba etsa lintho tse tsoileng tseleng eaba ho bonahala eka ha ba hlaheloe ke letho, empa ka nako ea Jehova e nepahetseng o tla etsa bonnete ba hore baa ahloloa. (Liprov. 28:​13) Ho feta moo, haeba ba sa bake, haufinyane ba tla ithuta hore “ke ntho e tšabehang ho oela matsohong a Molimo ea phelang.”​—Baheb. 10:​30, 31.

MOLAO O NE O SIRELETSA BO-MANG KA HO KHETHEHA?

Ba boholong motseng ba ne ba lokela ho etsisa toka le lerato tseo Jehova a nang le tsona ha ba rarolla liqhoebeshano tsa sechaba (Sheba serapa sa 22) *

22-24. (a) Molao o ne o sireletsa bo-mang ka ho khetheha, hona re ithuta’ng ka Jehova? (b) Ke temoso efe e hlahang ho Exoda 22:​22-24?

22 Ka ho khetheha Molao o ne o sireletsa batho ba sa khoneng ho itšireletsa, ba kang, likhutsana, bahlolohali le bajaki. Baahloli ba mehleng ea Baiseraele ba ile ba fuoa taelo e reng: “U se ke oa khopamisa kahlolo ea mojaki kapa ea moshanyana ea se nang ntate, ’me u se ke oa nka seaparo sa mohlolohali hore e be tebeletso.” (Deut. 24:​17) Jehova o ne a amehile ka ho khetheha ka batho ba sa khoneng ho itšireletsa. O ne a ahlola batho ba ba tšoarang hampe.​—Bala Exoda 22:​22-24.

23 Molao o ne o boetse o sireletsa litho tsa malapa ka hore o hanele thobalano e pakeng tsa batho ba amanang. (Lev. 18:​6-30) Ho fapana le batho ba lichaba tse ling ba neng ba lumella mokhoa ona o mobe, Baiseraele ba ne ba lokela ho o hloea feela joalokaha Jehova a o hloile.

24 Re ithuta’ng? Jehova o batla hore batho bao a ba fileng boikarabelo ba ho etella pele batho ba bang ba rate batho bao. O hloile thobalano e etsoang ke batho ba amanang ’me o batla hore batho bohle, haholo-holo ba sa khoneng ho itšireletsa ba sireletsoe ba be ba ahloleloe ka toka.

MOLAO KE “SERITI SA LINTHO TSE MOLEMO TSE TLANG HO TLA”

25-26. (a) Ke hobane’ng ha re hloka lerato le toka li le peli? (b) Re tl’o tšohla’ng sehloohong sa bobeli?

25 Lerato le toka li ka tšoantšoa le moea le bophelo kaha re li hloka li le peli. Ha re kholisehile hore Jehova o re tšoere ka tsela e nang le toka, re tla mo rata le ho feta. Hape ha re rata Molimo le melao ea hae, re tla susumelletseha ho rata batho le ho ba tšoara ka tsela e nang le toka.

26 Selekane sa Molao oa Moshe se ile sa thusa Baiseraele hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Jesu a phethahatse Molao, batho ba Molimo ha ba sa le tlas’a Molao oo, empa ba tlas’a ntho e ’ngoe e molemo le ho feta. (Bar. 10:4) Moapostola Pauluse o ile a hlalosa Molao e le “seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla.” (Baheb. 10:1) Sehloohong sa bobeli re tl’o tšohla tse ling tsa lintho tseo tse molemo le bohlokoa ba hore ho be le lerato le toka ka phuthehong ea Bokreste.

PINA EA 109 Ratanang ka Pelo Eohle

^ ser. 5 Sehlooho sena ke sa pele ho tse ’nè tse tl’o re thusa ho bona hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova oa re tsotella. Lihlooho tse tharo tse latelang li tla hlaha khatisong ea May 2019 ea Molula-Qhooa. Sehloohong sa pele, re tl’o tšohla hore na ke joang Jehova e leng Molimo ea lerato le ea nang le toka ka phuthehong, ho sa bobeli re tla tšohla kamoo Jehova a bontšang hore ke Molimo ea lerato le ea nang le toka ha batho ba tšoaroa ka leeme ebe sehloohong sa boraro re tšohla hore na re ka tšelisa le ho khothatsa batho ba hlekefelitsoeng joang.

^ ser. 2 TLHALOSO: Melao e ka holimo ho 600 eo Jehova a e fileng Baiseraele ka Moshe e bitsoa, “Molao,” “Molao oa Moshe” le “litaelo.” Ho phaella moo, libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele (e leng Genese ho ea ho Deuteronoma) hangata li bitsoa tsa Molao. Ka linako tse ling ho sebelisoa lentsoe lena ha ho buuoa ka Mangolo ’ohle a Seheberu.

^ ser. 60 SETŠOANTŠO SE SEKOAHELONG: Jehova o batla hore batsoali ba rute bana ba bona ka eena, ba ba sireletse le ho ba holisa ka tsela eo ba tla utloa hore baa ratoa

TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: ’Mè oa Moiseraele o thabela ho qoqa le barali ba hae ha ba ntse ba lokisa lijo. Morao mane sakeng, ntate o ntse a ruta mora oa hae hore na linku li hlokomeloa joang.

^ ser. 64 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mohoebi o hlokela mohlolohali le ngoana oa hae toka ’me ba boholong motseng ba bontša ho ba lerato ha ba ba thusa.