Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 6

Lula U Tšepahala!

Lula U Tšepahala!

“Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!”​—JOBO 27:5.

PINA EA 34 Re Sebeletsa Jehova ka Botšepehi

SELELEKELA *

1. Barab’abo rona le morali’abo rona ba ile ba bontša joang hore ba tšepahalla Jehova?

NAHANA ka mehlala e meraro e latelang ea barab’abo rona le morali’abo rona. (1) Ka letsatsi le leng, tichere e ile ea re morali’abo rona le baithuti-’moho le eena ba keteke letsatsi le itseng la phomolo. Morali’abo rona o ile a hana ho keteka letsatsi leo hobane a tseba hore le khahlanong le melao ea Molimo. (2) Mor’abo rona ea lihlong o ntse a bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo. Ha a e-⁠ea ntlong e ’ngoe, o ile a hopola hore ke habo moithuti-’moho le eena ea sa rateng Lipaki. Ho ntse ho le joalo, mor’abo rona o ile a kokota ntlong eo. (3)  Ka letsatsi le leng ha mor’abo rona a le mosebetsing, mohiri oa hae o ile a re a etse ntho e seng molaong. Le hoja a ne a tseba hore a ka lahleheloa ke mosebetsi, o ile a hlalosetsa mohiri oa hae hore o lokela ho tšepahala kaha Molimo o lebeletse hore bahlanka ba hae ba tšepahale.​—Bar. 13:​1-4; Baheb. 13:18.

2. Re tl’o hlahloba lipotso life?

2 Ke makhabane afe ao morali’abo rona le barab’abo rona ba a bontšitseng? A mang a ’ona ke sebete le botšepehi. Empa botšepehi ke bona bo hlaheletseng. Kaofela ha bona ba ile ba tšepahalla Jehova. Ba ile ba hana ho etsa letho le khahlanong le melao ea hae. Ba ile ba etsa joalo hobane ba rata Jehova. O ne a ikotla sefuba ka bona hobane ba ile ba mo tšepahalla. Le rona re batla hore Jehova a be motlotlo ka rona. Sehloohong sena, re tl’o thusoa ho utloisisa likarabo tsa lipotso tsena: Re ka bontša joang hore rea tšepahala? Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepahala? Re ka etsa’ng hore re lule re tšepahala le maemong a boima?

RE KA BONTŠA JOANG HORE REA TŠEPAHALA?

3. (a) Bahlanka ba Jehova ba ka bontša joang hore baa tšepahala? (b) Ke mehlala efe e bontšang hore na ho tšepahala ho bohlokoa hakae?

3 Bahlanka ba Jehova ba ka bontša joang hore baa tšepahala? Ka hore ba rate Jehova ka lipelo tsohle tsa bona le ho etsa thato ea hae. A re hlahlobeng hore na lentsoe botšepehi le sebelisitsoe joang ka Bibeleng. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “botšepehi” le bolela ho hloka sekoli. Mohlala, ha Baiseraele ba ne ba etsetsa Jehova sehlabelo, Molao o ne o re ba sebelise liphoofolo tse phetseng hantle. * (Lev. 22:​21, 22) Ba ne ba sa lokela ho etsa sehlabelo ka phoofolo e se nang leoto, tsebe, leihlo kapa e kulang. Jehova o ne a batla hore ba sebelise phoofolo e se nang sekoli. (Mal. 1:​6-9) Rea utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a batla lintho tse phetseng hantle. Mohlala, ha re reka litholoana, libuka kapa lithulusi, re batla tse hantle. Ka tsela e tšoanang, Jehova o batla hore re mo rate le ho mo tšepahalla ka lipelo tsohle tsa rona. Ebile ha rea lokela ho ikaketsa.

4.(a) Ke hobane’ng ha motho ea sa phethahalang a ntse a ka khona ho lula a tšepahala? (b) Ho ea ka Pesaleme ea 103:​12-14, na Jehova o lebeletse hore re phethahale e le hore re mo tšepahalle?

4 Na u nahana hore re lokela ho phethahala e le hore re lule re tšepahala? U ka ’na oa lumela joalo hobane u nka hore re etsa liphoso hangata. Nahana ka mehlala ena e ’meli e tl’o re thusa ho bona hore na re ka etsa’ng e le hore re lule re tšepahala le hoja re sa phethahala. Taba ea pele ke hore Jehova ha a lule a shebile liphoso tsa rona feela. Bibele e re: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema?” (Pes. 130:3) Jehova oa tseba hore ha rea phethahala, re etsa liphoso ’me o re tšoarela ka bolokolohi. (Pes. 86:5) Taba e ’ngoe ke hore Jehova o tseba mefokolo ea rona, kahoo ha a lebella hore re etse lintho tseo re ke keng ra li khona. (Bala Pesaleme ea 103:​12-14.) Joale ke ka tsela efe re ka hlokang sekoli mahlong a hae?

5. Ke hobane’ng ha lerato e le ntho e ka sehloohong e ka re thusang ho tšepahala?

5 Ntho e ka sehloohong e ka re thusang ho tšepahala ke lerato. Re lokela ho rata Jehova, re be re inehele ho eena ka ho feletseng. Haeba re etsa joalo esita le ha re e-na le mathata, re tla be re bontša hore rea mo tšepahalla. (1 Likron. 28:9; Mat. 22:​37) A re ke re khutleleng ho barab’abo rona le morali’abo rona bao re buileng ka bona qalong. Ke hobane’ng ha ba ile ba etsa lintho ka tsela eo ba li entseng ka eona? Na u ka re morali’abo rona o rata ho tšehuoa ha a le sekolong, kapa na mor’abo rona ea tšimong o rata ho hobosoa ha a kena matlong, kapa na mor’abo rona e mong o ne a batla ho felloa ke mosebetsi? Che, ha ho joalo. Empa ba ne ba tseba melao eo Jehova a e behileng, ’me ba batla ho etsa ka hohle ho mo khahlisa. Kaha ba rata Molimo, kamehla ba nahana ka eena pele ba etsa liqeto. Ka tsela ena, ba bontša hore baa tšepahala.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO TŠEPAHALA?

6. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepahala? (b) Ke’ng e ileng ea etsa hore Adama le Eva ba hlolehe ho lula ba tšepahala?

6 Ke hobane’ng ha kaofela ha rona re lokela ho tšepahala? Re lokela ho tšepahala e le hore re bontše hore Satane o ne a bua leshano. Qalong koana serapeng sa Edene, lengeloi la Molimo le ile la mo fetohela, eaba le fetoha Satane kapa “Mohanyetsi.” O ile a leka ho senya Jehova lebitso ka hore ke ’Mopi ea khopo, ea inahanang boeena feela le ea sa tšepahaleng. Ka bomali-mabe, Adama le Eva ba ile ba lumela mashano ao a Satane, eaba ba hlanohela Jehova. (Gen. 3:​1-6) Ha ba le Edene, ba ne ba e-na le menyetla e mengata ea ho matlafatsa lerato la bona ho Jehova. Empa Satane o ile a ba leka ka nako eo lerato la bona le neng le sa tiea. Hamorao potso ena e ile ea botsoa hape: Na batho ba ka lula ba tšepahala ho Jehova Molimo hobane feela ba mo rata? Ka mantsoe a mang, na batho ba ka khona ho lula ba tšepahala? Potso ena e ile ea botsoa mehleng ea Jobo.

7. Lengolo la Jobo 1:​8-11, le re Jehova le Satane ba ne ba ikutloa joang ka botšepehi ba Jobo?

Jobo o phetse nakong eo Baiseraele ba neng ba lula Egepeta. Mehleng ea hae, ho ne ho se na motho ea neng a tšepahala joaloka eena. Jobo o ne a sa phethahala a bile a etsa liphoso joaloka rona. Empa Jehova o ne a rata tsela eo Jobo a neng a tšepahala ho eena ka eona. Leha ho le joalo, Satane o ile a re batho ba ke ke ba tšepahala ho Jehova. E le ho bontša hore Satane o leshano, Jehova o ile a etsa mohlala ka Jobo. Bophelong bohle ba hae, Jobo o ile a paka hore Satane o leshano! Kahoo, Satane o ile a re a lumelloe ho leka Jobo e le hore ho tle ho bonahale hore na Jobo o tla tšepahalla Jehova kapa che. Kaha Jehova o ne a tšepa Jobo, o ile a lumella Satane hore a leke Jobo.​—Bala Jobo 1:​8-11.

8. Satane o ile a hlasela Jobo joang?

Satane o khopo ebile ke ’molai. O ile a nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jobo a neng a e-na le eona, a bolaea bahlanka ba hae a ba a senya botumo ba Jobo. O ile a hlasela lelapa la Jobo eaba o bolaea bana ba hae ba leshome. O ile a otla Jobo ka mathopa a bohloko bo chachametsang a neng a mo tsoile ho tloha hloohong ho ea tsoa bohatong ba leoto. Mosali oa Jobo o ne a utloisitsoe bohloko ke mahlomola ao ba leng ka har’a ’ona eaba o re monna oa hae a rohake Molimo e le hore a ka shoa. Jobo le eena o ne a bona ho le molemo ho shoa ho feta ho phela empa ha aa ka a tlohela ho tšepahala. Kahoo, Satane o ile a tla ka leqheka le leng hape. O ile a sebelisa metsoalle e meraro ea Jobo. Metsoalle eo ea hae e ile ea mo chakela matsatsi a seng makae empa ha e-ea ka ea mo khothatsa. Ho e-na le hoo, e ile ea mo roba pelo . E ile ea senya Molimo lebitso ka hore ke eena ea baketseng Jobo mathata le hore Molimo ha a tsotelle hore na Jobo oa mo tšepahalla kapa che. Ea boela ea re Jobo o khopo le hore lintho tse mo hlahetseng lia mo tšoanela!​—Jobo 1:​13-22; 2:​7-11; 15:​4, 5; 22:​3-6; 25:​4-6.

9. Jobo o ile a hana ho etsa’ng ha a hlaheloa ke mathata?

Jobo o ile a etsa’ng ha a hlaheloa ke mathata aa ’ohle? Kaha o ne a sa phethahala, o ile a utloa bohloko haholo eaba o leleka metsoalle eo ea hae, ’me a bua mantsoe ao hamorao a ileng a ikoahlaela ’ona. O ne a lumela hore o lokile ho feta Molimo. (Jobo 6:3; 13:​4, 5; 32:2; 34:5) Leha ho le joalo, o ile a hana ho hlanohela Jehova Molimo esita leha ho ne ho nyolosetsa haholo. O ile a hana ho lumela mashano a metsoalle eo ea hae. O ile a re: “Ke ho sa utloahaleng hore ke bolele hore le lokile! Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!” (Jobo 27:5) Mantsoe ana a paka hore Jobo o ne a ikemiselitse ho lula a tšepahala ho bata kapa ho chesa! Le rona re ka hana ho inehela joaloka Jobo.

10. Ke joang Satane a ntseng a re qosa ka tsela e tšoanang le ea Jobo?

10 Le rona Satane o ntse a re qosa ka tsela e tšoanang. O etsa seo joang? O re ha e le hantle ha re rate Jehova Molimo le hore re tla khaotsa ho mo sebeletsa ha re thulana le mathata a ka behang bophelo ba rona kotsing. (Jobo 2:​4, 5; Tšen. 12:​10) Taba ee e etsa hore u ikutloe joang? E-ea koatisa. Leha ho le joalo, hopola hore Jehova o u tšepa haholo hoo a u fileng monyetla ona o moholo. O lumeletse Satane hore a leke botšepehi ba hao. Jehova o kholisehile hore u ka khona ho lula u tšepahala le hore u ka paka hore Satane o leshano. Kahoo, o tšepisa hore o tla u thusa. (Baheb. 13:6) Ruri ke tlotla e kholo ho tšeptjoa ke Jehova Molimo ea phahameng hakana! Na u ela hloko hore na ke hobane’ng ha botšepehi e le ba bohlokoa hakaale? Bo re thusa ho hana mashano a Satane le ho phahamisa lebitso la ’Mopi oa rona, esita le ho tšehetsa tsela eo a busang ka eona. Re ka etsa’ng e le hore re lule re tšepahala?

RE KA ETSA’NG E LE HORE RE LULE RE TŠEPAHALA?

11. Ke’ng e ileng ea thusa Jobo ha a hlaheloa ke mathata?

11 Satane o ntse a e-hloa mekoalaba tseleng eo a lekang bahlanka ba Molimo ka eona “matsatsing [ana] a ho qetela.” (2 Tim. 3:1) Joale re ka etsa’ng e le hore re lule re tšepahala tlas’a maemo aa a boima? Mohlala oa Jobo o ka boela oa re thusa. Jobo o ne a se a ntse a tšepahalla Jehova le pele mathata ana a mo hlahela. A re ke re hlahlobeng lintho tse tharo tseo re ka ithutang tsona ho eena tse ka re thusang ho lula re tšepahala.

Re ka etsa’ng e le hore re lule re tšepahala? (Sheba serapa sa 12) *

12. (a) Jobo 26:​7, 8, 14 e re Jobo o ile a matlafatsa lerato leo a ratang Molimo ka lona joang? (b) Ke lintho life tse ka re thusang ho matlafatsa lerato la rona ho Jehova?

12 Jobo o ile a matlafatsa lerato leo a ratang Molimo ka lona ka ho lula a ithuta ka eena. O ile a qeta nako a shebile lintho tseo Jehova a li bopileng. (Bala Jobo 26:​7, 8, 14.) O ne a hlolloa ha a sheba lefatše, leholimo, maru le lehalima, hape a lumela hore lintho tseo a li tsebang ka popo ea Jehova ke linyane feela. O ne a boetse a rata litaelo tsa Jehova. Jobo o ile a re: “Ke bolokile lipolelo tsa molomo oa hae.” (Jobo 23:​12) Jobo o ne a rata Jehova haholo, a bile a mo hlompha. O ne a batla ho etsa lintho tse tla mo khahlisa. Ka lebaka leo, boikemisetso ba hae ba ho lula a tšepahala bo ile ba tiea le ho feta. Re lokela ho etsisa Jobo. Re tseba lintho tse ngata haholo ka popo ea Jehova ho feta batho ba mehleng ea Jobo. Hape, re na le Bibele e feletseng e ka re thusang ho ithuta ka Jehova haholoanyane. Lintho tseo re ithutang tsona li ka matlafatsa lerato leo re ratang Jehova ka lona. Ha re rata Jehova re bile re mo hlompha re tla susumelletseha hore re mo mamele re be re mo tšepahalle ka linako tsohle.​—Jobo 28:​28.

Lintho tse ka re thusang hore re lule re tšepahala ke ho se shebelle boitšoaro bo bobe (Sheba serapa sa 13) *

13-14. (a) Jobo 31:1 e bontša joang hore Jobo o ile a mamela Molimo? (b) Re ka etsisa Jobo joang?

13 Hore ebe Jobo o ne a mamela linthong tsohle, ho ile ha mo thusa hore a lule tšepahala. Jobo o ne a tseba hore e le hore a lule tšepahala o lokela ho mamela Jehova. Ha e le hantle, kamehla ha re mamela Jehova re matlafatsa boikemisetso ba rona ba ho mo tšepahalla. Jobo o ne a sebetsa ka thata hore a mamele Molimo letsatsi le letsatsi. Mohlala, o ne a le seli haholo tseleng eo a sebelisanang le batho ba bo-’mè ka eona. (Bala Jobo 31:1.) Kaha o ne a nyetse, o ne a tseba hore ho fosahetse ho bonya-bonya le basali ba bang haese mohats’ae feela. Batho ba mehleng ena ke ba boitšoaro bo hlephileng. Na joaloka Jobo re tla ikemisetsa ho se holise maikutlo a lerato ho motho eo re sa nyalanang le eena? Na re tla boela re ikemisetse ho qoba ho sheba eng kapa eng ea boitšoaro bo bobe? (Mat. 5:​28) Haeba kamehla re loanela ho itšoara re tla matlafatsa boikemisetso ba rona ba ho lula re tšepahala.

Lintho tse ka re thusang hore re lule re tšepahala ke ho se rate maruo (Sheba serapa sa 14) *

14 Jobo o ne a boetse a mamela Jehova tseleng eo a neng a talima maruo ka eona. O ne a tseba hore haeba a ka beha pelo ea hae maruong a hae, o tla be a entse sebe se seholo. (Jobo 31:​24, 25, 28) Batho ba mehleng ena ba rata ho rua haholo. Haeba re mamela likeletso tseo re li fumanang ka Bibeleng mabapi le chelete le maruo, re tla matlafatsa boikemisetso ba rona ba ho lula re tšepahala.​—Liprov. 30:​8, 9; Mat. 6:​19-21.

Lintho tse ka re thusang hore re lule re tšepahala ke ho nahanisisa ka tšepo ea Paradeise (Sheba serapa sa 15) *

15. Ntho e ’ngoe e ileng ea thusa Jobo hore a lule a tšepahala ke’ng, hona rona e ka re thusa joang?

15 Ntho e ’ngoe e ileng ea thusa Jobo hore a lule a tšepahala ke ho tseba hore Molimo o tla mo putsa. O ne a tseba hore Molimo o batla hore a tšepahale. (Jobo 31:6) Ho sa tsotellehe mathata a neng a mo hlahela, Jobo o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo hlohonolofatsa. Ho kholiseha hoo, ho ile ha thusa Jobo hore a se ke a koenehela Jehova. Kahoo, o ile a lula a tšepahala ’me Jehova o ile a thaba haholo a ba a mo putsa. (Jobo 42:​12-17; Jak. 5:​11) Le nakong e tlang, Jehova o ntse a tl’o mo hlohonolofatsa. Le uena u ka ba le tšepo ea hore Jehova o tla u putsa ha u mo tšepahalla. Molimo ha a fetoha. (Mal. 3:6) Haeba re hopola hore Jehova oa thaba ha re tšepahala, tšepo ea rona ka bokamoso e tla tiea le ho feta.​—1 Bathes. 5:​8, 9.

16. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

16 Ikemisetse ho lula u tšepahala. Le haeba ho ka bonahala eka batho ba u potolohileng ha ba tšepahale, u se ke oa tela. Ha u mong, ho na le bara le barali beno ba limilione ba tšepahalang lefatšeng ka bophara. U tla balelloa har’a Bakreste ba nakong e fetileng ba ileng ba tšepahala leha ba tšosoa ka hore ba tla bolaoa. (Baheb. 11:​36-38; 12:1) E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho lula re tšepahala joaloka Jobo ea ileng a re: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na.” ’Me re tlotlise Jehova ka ho sa feleng!

PINA EA 124 Tšepahalang Kamehla

^ ser. 5 Re ka bontša joang hore rea tšepahala? Ke hobane’ng ha Jehova a lebeletse hore re tšepahale? Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re lule re tšepahala? Sehloohong sena, re tl’o thusoa ho fumana likarabo tsa lipotso tsena ka Bibeleng. Re tl’o boela re thusoa ho bona hore na re ka etsa’ng ho lula re tšepahala letsatsi le letsatsi. Ha re mamela likeletso tse sehloohong sena, re tla rua molemo haholo.

^ ser. 3 Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “e phetseng hantle” ha ho buuoa ka liphoofolo le ka boetse la amahanngoa le lentsoe “botšepehi” le sebelisoang ha ho buuoa ka batho.

^ ser. 50 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Jobo o ruta bana ba hae ba bang ka popo ea Jehova.

^ ser. 52 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o hana ho shebella litšoantšo tsa thobalano le basebetsi-’moho le eena.

^ ser. 54 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o hana ho reka thelevishene e kholo e turang eo a sa e hlokeng.

^ ser. 56 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o ipha nako ea ho rapela le ho nahanisisa ka tšepo ea Paradeise.