Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 6

“Hlooho ea Mosali ke Monna”

“Hlooho ea Mosali ke Monna”

“Hlooho ea mosali ke monna.”​—1 BAKOR. 11:3.

PINA EA 13 A re Etsiseng Kreste

SELELEKELA *

1. Ha morali’abo rona a batla ho nyaloa, ke lipotso life tseo a ka ipotsang tsona?

BAKRESTE bohle ba ikarabella tlas’a bohlooho bo phethahetseng ba Kreste. Leha ho le joalo, ha mosali oa Mokreste a nyaloa, o ba tlas’a bohlooho ba monna ea sa phethahalang. Taba eo e ka hlahisa bothata. Kahoo, nakong eo a batlang molekane ea loketseng, o tla be a etsa hantle ha a ka ipotsa lipotso tsena: ‘Ke eng e mpontšang hore eo mor’abo rona e tla ba hlooho ea lelapa e molemo? Na ho sebeletsa Jehova ke ntho e tlang pele bophelong ba hae? Haeba ha ho joalo, ke kholisoa ke eng hore e tla ba hlooho e tla nthusa ho lula ke rata Molimo le ka mor’a hore re nyalane?’ Empa e boetse hape ekaba ntho e ntle ha morali’abo rona a ka itlhahloba ka ho ipotsa lipotso tsena: ‘Ke makhabane afe ao ke nang le ’ona a tla etsa hore lenyalo la rona le atlehe? Na ke motho ea mamellang le ea seatla se bulehileng? Na ke na le kamano e matla le Jehova?’ (Moek. 4:​9, 12) Ho isa boholeng bo itseng, thabo eo mosali a tla ba le eona lenyalong la hae e itšetlehile ka liqeto tseo a tla li etsa pele a nyaloa.

2. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

2 Baralib’abo rona ba limilione ba beha mohlala o motle ntlheng ea ho hlompha bohlooho ba banna ba bona. Kannete ba hloka ho babatsoa! Lipelo tsa rona lia tlola-tlola ke thabo ha re sebeletsa Jehova mahetla a bapile le basali bana ba tšepahalang. Sehloohong sena re tl’o araba lipotso tsena tse tharo: (1) Ke mathata afe ao basali ba tobanang le ’ona? (2) Ke hobane’ng ha mosali a khetha ho hlompha bohlooho ba monna oa hae? (3) Banna le basali ba Bakreste ba ka ithuta’ng ka ho hlompha bohlooho mohlaleng oa Jesu, Abigaile le Maria mosali oa Josefa eo e neng e le ’mè oa Jesu?

BASALI BA BAKRESTE BA TOBANA LE MATHATA AFE?

3. Ke hobane’ng ha ho se na lenyalo le ha e le lefe le phethahetseng?

3 Lenyalo ke mpho e phethahetseng e tsoang ho Molimo empa batho bona ha baa phethahala. (1 Joh. 1:8) Ke kahoo Lentsoe la Molimo le lemosang banyalani hore ba tla tobana le liphephetso tseo e reng ke “matšoenyeho nameng” ea bona. (1 Bakor. 7:​28) Re tl’o bua ho se hokae ka tse ling tsa liphephetso tseo basali ba thulanang le tsona.

4. Ke hobane’ng ha mosali a ka ’na a utloa eka o theoloa seriti ha a hlompha bohlooho ba monna oa hae?

4 Mohlomong ka lebaka la moo a tsoang teng, mosali a ka utloa eka ho hlompha bohlooho ba monna oa hae ho mo theola seriti. ’Mè Marisol ea lulang Amerika o re: “Moo ke holetseng teng, hangata bo-’mè ba bolelloa hore ba tlameha ho lekana le banna ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Kea tseba hore Jehova o fane ka tokisetso ea bohlooho le hore o file basali boikarabelo bo hlomphehang. Empa ha se ntho e bonolo hore ke lule ke e-na le maikutlo a nepahetseng ka bohlooho.”

5. Banna ba bang ba na le maikutlo afe a fosahetseng ka basali?

5 Boemong bo bong, mosali a ka ’na a nyaloa ke monna ea nahanang hore basali ha ba bohlokoa hakaalo. Morali’abo rona Ivon ea lulang Amerika Boroa o re: “Sebakeng seo ke phelang ho sona, banna ba ja pele ebe basali ba ja ka mor’a bona. Banana ba lebeletsoe ho pheha le ho hloekisa matlo, ha bashanyana bona ba etsetsoa lintho ke bo-’mè ba bona le bo-ausi ba bona hape ba bolelloa hore ke ‘linkokonono.’ ” Morali’abo rona Yingling ea lulang Asia o re: “Puong ea rona ho na le maele a fanang ka maikutlo a hore basali ha baa lokela ho ruteha kapa hona ho ba le bokhoni bo itseng. Mosebetsi oa bona ke ho etsa mesebetsi eohle ea lapeng ebile ha baa lumelloa ho fana ka maikutlo a bona ho banna ba bona.” Monna ea susumetsoang ke mokhoa ona o mobe o se nang lerato le o sa lumellaneng le Bibele, o sulafatsa bophelo ba mosali oa hae, o hloleha ho etsisa Jesu hape o koatisa Jehova.​—Baef. 5:​28, 29; 1 Pet. 3:7.

6. Basali ba lokela ho etsa’ng e le hore ba matlafatse setsoalle sa bona le Jehova?

6 Sehloohong se fetileng, re bone hore Jehova o lebeletse hore banna ba Bakreste ba thuse malapa a bona hore a be le kamano e ntle le eena, ba a rate le ho a nahanela le ho a hlokomela ka litlhoko tsa ’ona tsa mantlha. (1 Tim. 5:8) Leha ho le joalo, le haeba basali ba nyetsoeng ba phathahane haholo, ba lokela ho ipehela nako ea hore letsatsi le letsatsi ba bale Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona ba be ba rapele Jehova ho tsoa botebong ba lipelo tsa bona. Taba ena ekaba phephetso. Bo-’mè ke batho ba phathahaneng, kahoo ba ka utloa eka ha ba na matla le nako ea hore ba etse lintho tseo empa ke habohlokoa hore ba be le nako ea ho ithuta. Hobane’ng? Hobane Jehova o batla hore motho e mong le e mong a hahe a be a matlafatse setsoalle sa hae le eena.​—Lik. 17:​27.

7. Mosali o tla nolofalletsoa ke eng hore a phethe boikarabelo boo a bo filoeng?

7 Ke ntho e utloahalang hore mosali a ka ’na a lokela ho sebetsa ka thata e le hore a hlomphe bohlooho ba monna oa hae ea sa phethahalang. Leha ho le joalo, o tla nolofalloa ke hore a phethe boikarabelo boo Jehova a mo fileng bona haeba a utloisisa a bile a lumela mabaka a Mangolo a hore na ke hobane’ng ha a lokela ho hlompha bohlooho ba monna oa hae.

KE HOBANE’NG HA BA KHETHA HO HLOMPHA BOHLOOHO?

8. Ho ea ka Baefese 5:​22-24, ke hobane’ng ha mosali oa Mokreste a khetha ho hlompha monna oa hae?

8 Mosali oa Mokreste o khetha ho mamela monna oa hae hobane ke Jehova ea reng a etse joalo. (Bala Baefese 5:​22-24.) Kaha oa tseba hore Jehova o susumetsoa ke lerato nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang, oa mo tšepa ha a re a etse ntho e itseng hobane e tl’o tsoela eena molemo.​—Deut. 6:​24; 1 Joh. 5:3.

9. Ho etsahala’ng ha morali’abo rona a hlompha bohlooho ba monna oa hae?

9 Lefatše le khothalletsa basali ho se natse melao ea Jehova le ho nka ho hlompha bohlooho e le ntho e ba theolang seriti. Batho ba fanang ka maikutlo ao ha ba tsebe Molimo oa rona ea lerato ho hang feela. Jehova a ke ke a fa barali ba hae ba ratehang taelo e tla ba etsa hore ba ikutloe ba theotsoe seriti. Morali’abo rona ea sebetsang ka thata hore a phethe boikarabelo boo Jehova a mo fileng bona, o etsa hore ho be le khotso ka lapeng la hae. (Pes. 119:​165) Eena, monna oa hae le bana ba bona kaofela ba rua molemo.

10. Re ka ithuta’ng ho Morali’abo rona Carol?

10 Mosali ea mamelang monna oa hae ea sa phethahalang o bontša hore o rata Jehova le ho mo hlompha, e leng eena ea faneng ka tokisetso ea bohlooho. ’Mè Carol ea lulang Amerika Boroa o re: “Kea tseba hore monna oa ka o tla etsa liphoso. Ke boetse kea tseba hore tsela eo ke itšoarang ka eona ha a entse liphoso ea bontša hore na ke nka setsoalle sa ka le Jehova se le bohlokoa hakae. Ka hona, ke leka ho lula ke mamela monna oa ka hobane ke batla ho thabisa Jehova.”

11. Morali’abo rona Aneese o thusoa ke eng hore a khone ho tšoarela, hona re ka ithuta’ng ho eena?

11 ’Mè a ka thulana le phephetso ea hore a mamele le ho hlompha monna oa hae haeba a utloa eka monna oa hae ha a tsotelle maikutlo a hae kapa hona ho ela hloko lintho tse mo tšoenyang. Empa ela hloko hore na Morali’abo rona Aneese ea nyetsoeng o re’ng ka taba ena. O re: “Ke leka hore ke se ke ka koata. Kea hopola hore kaofela ha rona re etsa liphoso. Sepheo sa ka ke ho ba motho ea tšoarelang ka bolokolohi joaloka Jehova. Ha ke tšoarela batho ba bang, ke ba le khotso.” (Pes. 86:5) ’Mè ea nang le moea o motle oa ho tšoarela, o tla nolofalloa ke hore a hlomphe bohlooho.

RE KA ITHUTA’NG MEHLALENG E TLALEHILOENG KA BIBELENG?

12. Bibele e na le mehlala efe?

12 Batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore motho ea hlomphang oa fokola. Empa taba eo ha se ’nete ho hang. Bibele e na le mehlala ea batho ba bangata ba neng ba le sebete empa ba hlompha. Ela hloko hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu, Abigaile le Maria.

13. Hlalosa hore na ke hobane’g ha Jesu a hlompha Jehova.

13 Jesu o hlompha bohlooho ba Jehova, eseng hobane a haelloa ke bohlale kapa tsebo e itseng. Tsela e bonolo le e hlakileng eo a rutang ka eona e bontša hore ke motho ea bohlale ka ho fetisisa. (Joh 7:​45, 46) Jehova o ile a ananela bokhoni ba Jesu haholo hoo a ileng a lumella Jesu hore a sebetse le eena ha a ne a bopa leholimo le lefatše. (Liprov. 8:​30; Baheb. 1:​2-4) Hape ka mor’a hore Jesu a tsosoe, Jehova o ile a mo fa “matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” (Mat. 28:​18) Le hoja Jesu a e-na le bokhoni bo bongata hakaalo, o ntse a kopa tataiso ho Jehova. Hobane’ng? Hobane o rata Ntate oa hae.​—Joh. 14:31.

14. Banna ba ka ithuta’ng (a) tseleng eo Jehova a nkang basali ka eona? (b) ho Liproverbia 31?

14 Banna ba ka ithuta’ng? Jehova ha aa etsa hore mosali a mamele monna oa hae hobane a nka basali ba fokola ha ba bapisoa le banna. Jehova o hlakisitse taba eo ka hore eena ka boeena a khethe basali hammoho le banna hore ba il’o busa le Jesu. (Bagal. 3:​26-29) Jehova o bontšitse hore o tšepa Mora oa hae ka hore a mo fe matla. Ka tsela e tšoanang, monna ea bohlale o tla fa mosali oa hae matla a itseng. Ha Bibele e hlalosa mosali ea nang le bokhoni, e re o khona ho hlokomela lelapa la hae, a reke le ho hlokomela thepa ea hae a be a etse mesebetsi ea khoebo. (Bala Liproverbia 31:​15, 16, 18.) Ha se lekhoba le se nang tokelo ea ho ntša maikutlo a lona. Ho e-na le hoo, monna oa hae oa mo tšepa ebile o mamela maikutlo a hae. (Bala Liproverbia 31:​11, 26, 27.) Ha monna a tšoara mosali oa hae ka tsela e mosa le e nang le tlhompho, mosali oa hae o tla thabela ho mo mamela.

Basali ba nang le bokhoni ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu oa ho mamela bohlooho ba Jehova? (Sheba serapa sa 15)

15. Basali ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu?

15 Basali ba ka ithuta’ng? Le hoja Jesu a entse lintho tse ngata, ha aa utloe eka o itheola seriti ha a hlompha bohlooho ba Jehova. (1 Bakor. 15:​28; Bafil. 2:​5, 6) Ka tsela e tšoanang, mosali ea nang le bokhoni ea latelang mohlala oa Jesu, a ke ke a utloa a khelloa fatše ha a hlompha monna oa hae. O tla tšehetsa monna oa hae, eseng hobane feela a mo rata empa ntho ea mantlha e le hore o rata Jehova ebile oa mo hlompha.

Ka mor’a hore a fe Davida le banna ba hae lijo, Abigaile o ea ho Davida. Ha a fihla pel’a hae, oa inama ’me o mo kopa hore a se ke etsa phoso e tebileng ka ho iphetetsa (Sheba serapa sa  16)

16. Ho ea ka 1 Samuele 25:​3, 23-28, ke liphephetso life tseo Abigaile a ileng a thulana le tsona? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

16 Abigaile o ne a e-na le monna ea bitsoang Nabale. Nabale e ne e le moikhohomosi, a ipatla a bile a se na teboho. Ho ntse ho le joalo, Abigaile ha aa ka a leka hore a qhale lenyalo la hae. A ka be a ile a sunya molomo kobong eaba o tlohela Davida le banna ba hae hore ba bolaee monna oa hae. Ho e-na le hoo, o ile a nka mehato e loketseng hore a sireletse Nabale hammoho le lelapa lohle la hae. U nahana hore Abigaile o ile a hloka ho ba le sebete ho le hokae hore a ee ho banna ba 400 ba hlometseng ’me ka tlhompho a behelane mabaka le Davida? O ne a bile a ikemiselitse ho jara phoso ea monna oa hae. (Bala 1 Samuele 25:​3, 23-28.) Davida o ile a lumela hore Jehova o sebelisitse mosali eo ea sebete hore a mo fe keletso e loketseng ho mo thusa hore a se ke be a etsa phoso e tebileng.

17. Banna ba ka ithuta’ng tlalehong ea Davida le Abigaile?

17 Banna ba ka ithuta’ng? Abigaile e ne e le mosali ea bohlale. Davida o ile a mamela keletso ea hae. Ka lebaka leo, o ile a qoba ho etsa phoso e neng e tla etsa hore a be le molato oa mali. Ka tsela e tšoanang, monna ea bohlale o mamela maikutlo a mosali oa hae ka hloko ha ho e-na le liqeto tsa bohlokoa tse lokelang ho etsoa. Mohlomong ho utloa maikutlo a mosali oa hae ho tla mo thusa hore a qobe ho etsa liqeto tse fosahetseng.

18. Basali ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Abigaile?

18 Basali ba ka ithuta’ng? Mosali ea hlomphang Jehova a bile a mo rata a ka ba le tšusumetso e ntle haholo ho lelapa la hae le haeba molekane oa hae a sa sebeletse Jehova kapa hona ho phela ka melao ea hae. A ke ke a qhala lenyalo la hae kantle ho mabaka a Mangolo. Ho e-na le hoo, ka tlhompho le boikokobetso o tla leka ho susumelletsa monna oa hae hore a ithute ka Jehova. (1 Pet. 3:​1, 2) Empa le haeba monna oa hae a sa khahloe ke boitšoaro ba hae bo botle, Jehova o tla thaba ha a bona hore mosali o mamela monna oa hae le hore o tšepahalla Jehova.

19. Ke maemong afe ao ho ’ona mosali a ke keng a mamela monna oa hae?

19 Ho ntse ho le joalo, mosali oa Mokreste ea hlomphang bohlooho ba monna oa hae a ke ke a tšehetsa monna oa hae haeba a re a tsoe melao ea Bibele kapa melao-motheo ea eona tlaase. Mohlala, a re re monna oa morali’abo rona eo e seng Paki o mo bolella hore a bue leshano, a utsoe kapa a etse ntho le ha e le efe e sa thabiseng Jehova. Bakreste bohle ho akarelletsa le baralib’abo rona ba nyetsoeng ba lokela ho hlompha Jehova pele ho eng kapa eng. Haeba monna a re morali’abo rona a tsoe melao ea Molimo tlaase, o lokela ho hana ’me a hlalose ka tsela e mosa a sa hlathe koana le koana hore na ke hobane’ng ha a ke ke a etsa joalo.​—Lik. 5:29.

Sheba serapa sa 20 *

20. Re tseba joang hore Maria o ne a e-na le kamano e haufi-ufi le Jehova?

20 Maria o ne a e-na le kamano e haufi-ufi le Jehova. Ha ho potang hore o ne a tseba Mangolo hantle. Ha a ntse a bua le Elizabetha ’mè oa Johanne Mokolobetsi, o ile a qotsa Mangolo a Seheberu ka makhetlo a fetang 20. (Luka 1:​46-55) Na u kile oa nahana ka taba ea hore le hoja Maria a ne a behelelitsoe ke Josefa, lengeloi la Jehova ha lea ka la hlaha ho Josefa pele? Ka ho toba lengeloi le ile la bua le Maria la mo joetsa hore o tla tsoala Mora oa Molimo. (Luka 1:​26-33) Jehova o ne a tseba Maria hantle ’me o ne a kholisehile hore o tla rata Mora oa hae le ho mo tsotella. Ha ho tika-tiko hore Maria o ile a tsoela pele a e-na le kamano e haufi le Jehova esita le ka mor’a hore Jesu a shoe a be a ee leholimong.​—Lik. 1:14.

21. Tabeng ea hore na Bibele e re’ng ka Maria, banna ba ka ithuta’ng?

21 Banna ba ka ithuta’ng? Monna ea bohlale oa thaba ha mosali oa hae a tseba Mangolo hantle. Ha aa koate kapa hona ho tšosoa ke mosali oa hae. Oa elelloa hore morali’abo rona ea nang le tsebo e hlakileng ea Bibele le melao-motheo ea eona, e tla ba motho oa bohlokoa haholo ka lapeng. ’Nete ke hore esita le ha haeba mosali a rutehile ho feta monna oa hae, ke boikarabello ba monna hore a etelle lelapa pele borapeling ba lelapa le ho le thusa hore le sebeletse Jehova.​—Baef. 6:4.

Basali ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Maria ’mè oa Jesu, ka ho ithuta le ho thuisa? (Sheba serapa sa 22) *

22. Basali ba ka ithuta’ng ho Maria?

22 Basali ba ka ithuta’ng? Mosali o lokela ho hlompha bohlooho ba monna oa hae empa e boetse ke boikarabello ba hae hore a lule a e-na le kamano e matla le Molimo. (Bagal. 6:5) Kahoo, o lokela hore a iphe nako ea ho ithuta le ho thuisa. Ho etsa joalo ho tla mo thusa hore a lule a rata Jehova le ho mo hlompha le hore a thabele ho hlompha bohlooho ba monna oa hae.

23. Basali ba hlomphang bohlooho ba tsoela malapa a bona, phutheho hammoho le bona molemo joang?

23 Basali ba lulang ba hlompha bohlooho ba balekane ba bona hobane ba rata Jehova, ba tla thaba ba be ba khotsofale ho feta batho ba sa natseng tokisetso ea Molimo ea bohlooho. Ba beha mohlala o motle haholo bakeng sa banna ba bacha le basali ba bacha. Hape ba etsa hore ho be le khotso le khutso malapeng a bona le ka phuthehong. (Tite 2:​3-5) Mehleng ena basali ba etsa karolo e kholo haholo ea batho ba tšepahalang ba sebeletsang Jehova. (Pes. 68:​11) Kaofela ha rona ebang re banna kapa re basali, re na le boikarabelo ba bohlokoa haholo ka phuthehong. Sehlooho se latelang se tla hlalosa hore na re ka khona ho phetha boikarabelo boo joang.

PINA EA 131 “Seo Molimo a se Kopantseng”

^ ser. 5 Jehova o entse tokisetso ea hore mosali ea nyetsoeng a ipehe tlas’a monna oa hae. Empa ha e le hantle taba eo e bolela’ng? Ka ho ithuta mohlaleng oa Jesu le basali ba bang bao lipale tsa bona li tlalehiloeng ka Bibeleng, banna ba Bakreste le basali ba ka ithuta lintho tse ngata ka ho ipeha tlaase.

^ ser. 68 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ha Maria a ntse a bua le Elizabetha ’mè oa Johanne Mokolobetsi, o ile a khona ho bua litemana tsa Mangolo a Seheberu ka hlooho.

^ ser. 70 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mosali oa Mokreste o behella nako ka thoko ea hore a ithute Bibele e le ho etsa hore a lule a e-na le tumelo e matla.