Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 8

U ka Lula U E-⁠na le Khotso Joang ha U Mameletse Mathata?

U ka Lula U E-⁠na le Khotso Joang ha U Mameletse Mathata?

“Ho nkeng e le thabo feela, barab’eso, ha le thulana le liteko tse sa tšoaneng.”​—JAK. 1:2.

PINA EA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba

SELELEKELA *

1-2. Matheu 5:​11 e re re lokela ho nka liteko joang?

JESU o ile a tšepisa balateli ba hae hore ba tla thaba e le kannete. O ile a boela a lemosa batho ba mo ratang hore ba tla tobana le liteko. (Mat. 10:​22, 23; Luka 6:​20-23) Rea thaba hore ebe re barutuoa ba Kreste. Empa re ka ikutloa joang haeba re hanyetsoa ke litho tsa malapa a rona, re hlorisoa ke ’muso kapa re hatelloa hore re etse ntho e fosahetseng ke basebetsi-’moho kapa bana bao re kenang sekolo le bona? Ka tsela e itseng, lintho tseo li ka etsa hore re tšoenyehe haholo.

2 Ka tloaelo, batho ha ba nke mahloriso e le lebaka la bona la hore ba thabe. Empa eo ke eona ntho eo Lentsoe la Molimo le reng re e etse. Mohlala, morutuoa Jakobo o ile a ngola hore ho e-na le hore re tšoenyehe, re tlameha ho thaba ha re thulana le liteko. (Jak. 1:​2, 12) Jesu eena o ile a re re tlameha ho thaba esita le haeba re hlorisoa. (Bala Matheu 5:​11.) Re ka lula re thabile joang le ha re thulana le liteko? Ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ha re hlahloba lengolo leo Jakobo a ileng a le ngolla Bakreste ba mehleng ea hae. Hajoale, a re ke re boneng hore na ke liphephetso life tseo Bakreste bao ba ileng ba thulana le tsona.

BAKRETSE BA MEHLENG EA PELE BA ILE BA THULANA LE LITEKO LIFE?

3. Ho ile ha etsahala’ng nakoana ka mor’a hore Jakobo e be morutuoa oa Jesu?

3 Nakoana ka mor’a hore Jakobo ngoan’abo Jesu e be morutuoa, ho ile ha tsoha mahloriso khahlanong le Bakreste ba Jerusalema. (Lik. 1:​14; 5:​17, 18) Ha morutuoa Setefane a ne a bolaoa, Bakreste ba bangata ba ile ba baleha motseng, “ba hasana ho pholletsa le libaka tsa Judea le Samaria” eaba qetellong ba fihla le libakeng tse hole tse kang Cyprase le Antioke. (Lik. 7:​58–8:1; 11:​19) U se u ka inahanela feela hore na barutuoa bao ba ile ba tlameha ho mamella mathata a mangata hakae. Empa ba ile ba ’na ba tsoela pele ho bua ka Jesu ka cheseho moo ba neng ba le hona teng ’me liphutheho li ile tsa thehoa ’musong oo oa Roma. (1 Pet. 1:1) Empa tseo e ne e sa le linyane feela bakeng sa Bakreste bao.

4. Bakreste ba pele ba ile ba tlameha ho mamella mathata afe a mang?

4 Bakreste ba mehleng eo ba ile ba tlameha ho mamella liteko tse fapa-fapaneng. Mohlala, hoo e ka bang ka selemo sa 50 mehleng eo, Claudiase ’Musisi oa Roma o ile a laela Bajuda bohle hore ba tlohe Roma. Kahoo, Bajuda bao e neng e se e le Bakreste ba ile ba qobelloa hore ba tlohe mahaeng a bona ’me ba il’o lula libakeng tse ling. (Lik. 18:​1-3) Hoo e ka bang ka selemo sa 61, moapostola Pauluse o ile a bontša hore Bakreste-’moho le eena ba bang ba ile ba rohakoa, ba lahleloa ntloana-tšoana ba ba ba nkeloa thepa ea bona ka mahahapa. (Baheb. 10:​32-34) Hape joaloka batho ba bang, Bakreste ba ile ba tlameha ho mamella mathata a tlala ea sekoboto le ho kula.​—Bar. 15:​26; Bafil. 2:​25-27.

5. Re tl’o araba lipotso life?

5 Ha Jakobo a ne a ngola Lengolo la hae pelenyana ho selemo sa 62, o ne a tseba hantle hore na Bakreste-’moho le eena ba thulana le liteko tsa mofuta ofe. Jehova o ile a bululela Jakobo hore a ngolle Bakreste bao e le ho ba fa keletso e ka ba thusang hore ba lule ba thabile leha ba e-na le mathata. A re ke re hlahlobeng Lengolo la Jakobo ’me re lekeng ho araba lipotso tsena: Ke thabo ea mofuta ofe eo Jakobo a ileng a bua ka eona? Mokreste a ka sitisoa ke eng hore a se ke a ba le thabo eo? Hape bohlale, tumelo le sebete li ka re thusa joang hore re lule re e-na le khotso ho sa tsotellehe liteko tseo re nang le tsona?

MOKRESTE O THABISOA KE ENG?

Joaloka lelakabe le lulang le tuka ka har’a khalase, thabo ea ’nete eo Jehova a e fang Mokreste e lula e tuka ka pelong ea hae (Shepa serapa sa 6)

6. Ho ea ka Luka 6:​22, 23, Mokreste a ka fumana thabo joang ha a e-na le mathata?

Batho ba ka nahana hore ba ka thaba haeba feela ba phetse hantle, ba e-na le chelete e ngata hape ba e-na le malapa a thabileng a phelang ka khotso. Empa thabo eo Jakobo a ileng a ngola ka eona ke karolo ea litholoana tsa moea ’me ha ea itšetleha ka hore na motho o etsahalloa ke eng bophelong. (Bagal. 5:​22) Mokreste o ba le thabo kapa re ka re boikutlo bo tebileng ba ho thaba ka hore ebe oa tseba hore o thabisa Jehova le hore o latela mohlala oa Jesu. (Bala Luka 6:​22, 23; Bakol. 1:​10, 11) Joaloka lelakabe la lebone le tsoelang pele ho tuka ha le sirelelitsoe ke khalase, thabo eo Mokreste enoa a bang le eona e tuka ka hare ho eena joaloka lelakabe leo. Ha e paitse ha a kula kapa ha chelete e ba sieo. Hape thabo ena ha e tingoe ke ho hanyetsoa ke litho tsa lelapa kapa batho ba bang. Ho e-na le hore time, e tuka le ho feta ha bahanyetsi ba leka ho e tima. Liteko tseo re thulang le tsona ka lebaka la tumelo ea rona li bontša ka ho hlaka hore re balateli ba Kreste. (Mat. 10:​22; 24:9; Joh. 15:​20) Ke kahoo ka maikutlo a matle Jakobo a neng a ka re: “Ho nkeng e le thabo feela barab’eso ha le thulana le liteko tse sa tšoaneng.”​—Jak. 1:2.

Ke hobane’ng ha liteko li tšoantšoa le mollo o sebelisoang ho betla tšepe? (Sheba serapa sa 7) *

7-8. Ho etsahala’ng ka tumelo ea rona ha re thulana le liteko?

7 Jakobo o boetse o hlalosa lebaka leo ka lona Bakreste ba ikemiselitseng ho mamella le liteko tse boima haholo. O re: “Tšobotsi ena e lekiloeng ea tumelo ea lona e hlahisa mamello.” (Jak. 1:3) Liteko li ka tšoantšoa le mollo o thusang ho betla tšepe hore e be bohale haholo. Ha tšepe eo e se e chesitsoe ’me e fola, e ba bohale le ho feta. Ka tsela e tšoanang, ha re mamella liteko tumelo ea rona ea matlafala. Ke kahoo Jakobo a ileng a re: “Mamello mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng, e le hore le ka ba ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle.” (Jak. 1:4) Ha re hlokomela hore liteko li etsa hore tumelo ea rona e be matla, re tla li mamella ka thabo.

8 Lengolong la hae, Jakobo o boetse o bua ka tse ling tsa lintho tse ka etsang hore re se ke ra thaba. Ke life lintho tseo, hona re ka li qoba joang?

HO HLOLA LITEKO TSE KA RE AMOHANG THABO

9. Ke hobane’ng ha re hloka ho ba bohlale?

9 Teko: Ha u selebaletsoe. Ha re sesa ka har’a mathata, re lokela ho loanela ho kopa hore Jehova a re thuse ho etsa liqeto tse tla mo thabisa le tse tla tsoela bara le barali ba bo rona molemo li be li re thuse hore re lule re tšepahala. (Jer. 10:​23) Re hloka ho ba le bohlale e le hore re tsebe hore na re lokela ho etsa’ng le hore na re lokela ho re’ng ho batho ba re hanyetsang. Haeba re sa tsebe hore na re ka etsa’ng re ka iphumana re le mahlatsipa a se nang thuso ’me re ka felloa ke thabo kapele.

10. E le hore re be le bohlale, Jakobo 1:5 e re re lokela ho etsa’ng?

10 Tharollo: Kopa Jehova hore a u fe bohlale. Haeba re batla ho mamella liteko tsa rona ka thabo, re lokela hore re kope Jehova ka thapelo pele hore a re fe bohlale e le hore re tle re etse liqeto tse nepahetseng. (Bala Jakobo 1:5.) Re lokela ho itšoara joang haeba re bona eka Jehova ha a arabele thapelo ea rona hang-hang? Jakobo o itse re ’ne re kope Molimo. Jehova ha aa tenehe ha re lula re kopa hore a re fe bohlale. A ke ke a re halefela. Jehova o re fa bohlale “ka seatla se bulehileng” ha re mo kopa bona e le hore re mamelle liteko. (Pes. 25:​12, 13) O bona mathata a rona, o re utloela bohloko hape o ikemiselitse hore re thusa. Kannete ntho eo e re thabisa haholo. Empa Jehova o re fa bohlale joang?

11. Re boetse re lokela ho etsa’ng e le hore re be le bohlale?

11 Jehova o re fa bohlale a sebelisa Lentsoe la hae. (Liprov. 2:6) E le hore re be le bohlale boo, re lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tse thehiloeng ho lona. Empa ha rea lokela ho ipokeletsa ka tsebo feela. Re lokela ho sebelisa bohlale boo Molimo a re fang bona bophelong ba rona ka hore re mamele keletso ea hae. Jakobo o ile a re: “Le be baphethi ba Lentsoe eseng bautloi feela.” (Jak. 1:​22) Ha re sebelisa keletso ea Molimo, re ba le khotso, re ba mohau hape re ba le kahlolo e molemo. (Jak. 3:​17) Makhabane ao a re thusa hore re mamelle teko leha e le efe kantle le hore re felloe ke thabo.

12. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re tsebe Bibele hantle?

12 Lentsoe la Molimo le tšoana le seipone se re thusang ho bona phoso le ho tseba hore na re lokela ho etsa’ng ka eona. (Jak. 1:​23-25) Mohlala, ka mor’a ho ithuta Bibele re ka ’na ra hlokomela hore re lokela ho laola maikutlo a rona. Jehova o re thusa hore re be bonolo ha re sebetsana le batho kapa mathata a ka etsang hore re halefe. Ha re le bonolo, re khona ho mamella mathata a rona ka tsela e atlehang. Re khona ho nahana ka likelello tse pholileng e le hore re etse liqeto tse nepahetseng. (Jak. 3:​13) Kannete ke ntho ea bohlokoa hore ebe re tseba Bibele hantle.

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta ka mehlala ea batho ba ka Bibeleng?

13 Ka linako tse ling, re hlokomela hore re lokela ho qoba ntho e itseng ka mor’a hore re etse phoso. Empa oo ke mokhoa o bohloko oa ho ithuta. Tsela e molemo ea ho fumana bohlale ke ka ho ithuta ka lintho tseo batho ba bang ba li entseng hantle le ka liphoso tsa bona. Ke kahoo Jakobo a re khothalletsang hore re shebe mehlala ea batho ba ka Bibeleng ba kang Abrahama, Rahaba, Jobo le Elia. (Jak. 2:​21-26; 5:​10, 11, 17, 18) Bahlanka bao ba tšepahalang ba Jehova ba ile ba khona ho mamella liteko tse neng li ka etsa hore ba se ke ba thaba. Mohlala oa bona oa mamello oa bontša hore ha Jehova a re thusa le rona re ka khona ho mamella.

14-15. Ke hobane’g ha re sa lokela ho iphapanyetsa lipelaelo tseo re nang le tsona?

14 Teko: Ha re sa kholiseha ka lintho tseo re li lumelang. Nako le nako ho ka etsahala hore re thatafalloe ke ho utloisisa ntho e itseng ka Bibeleng. Kapa ho ka ’na ha etsahala hore Jehova a se ke a araba lithapelo tsa rona ka tsela eo re neng re e nahanne. Ntho ena e ka etsa hore re be le lipelaelo. Haeba re iphapanyetsa lipelaelo tsa rona, li ka fokolisa tumelo ea rona tsa ba tsa senya setsoalle sa rona le Jehova. (Jak. 1:​7, 8) Li ka ba tsa etsa hore re felloe ke tšepo ea rona ka bokamoso.

15 Moapostola Pauluse o ile a tšoantša tšepo ea rona ka bokamoso le ankora. (Baheb. 6:​19) Ankora e thusa sekepe hore se eme nģa e le ’ngoe nakong eo sefefo se bang teng e le hore se se ke sa hoholehela majoeng. Empa ankora e ba le molemo haeba ketane e e kopanyang le sekepe e sa khaoha. Joalokaha mafome a senya ketane ea ankora, hoa tšoana le ka lipelaelo, li ka senya tumelo ea rona. Ha motho ea nang le lipelaelo a thulana le likhanyetso, a ka felloa ke tumelo ea hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. Haeba re felloa ke tumelo, re boetse re felloa ke tšepo. Joalokaha Jakobo a bontša, motho ea belaelang o tšoana le “leqhubu la leoatle le khannoang ke moea le le fefoleloang koana le koana.” (Jak. 1:6) Ekaba ka mohlolo motho ea boemong boo a ka fumanang thabo.

16. Re tlameha ho etsa’ng haeba re e-na le lipelaelo?

16 Tharollo: Rarolla lipelaelo tsa hao; matlafatsa tumelo ea hao. Nka bohato kapele. Mehleng ea moprofeta Elia, bahlanka ba Jehova ba ne ba sa kholiseha ka tumelo ea bona. Elia o ile a re ho bona: “Le tla ’ne le qeaqee halelele hakae pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng? Haeba Jehova ke Molimo oa ’nete mo lateleng; empa haeba Baale ke eena, mo lateleng!” (1 Mar. 18:​21) Taba eo ke ’nete le mehleng ena. Re tlameha ho etsa lipatlisiso e le hore re ikholise hore Jehova ke Molimo, Bibele ke Lentsoe la hae le hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba hae. (1 Bathes. 5:​21) Ho etsa joalo ho tla nyametsa lipelaelo tseo re nang le tsona ho be ho matlafatse tumelo ea rona. Haeba re hloka thuso tabeng ea ho sebetsana le lipelaelo tsa rona, re ka kopa thuso ho baholo. Re tlameha ho etsa qeto kapele haeba re batla ho lula re e-na le thabo ea ho sebeletsa Jehova.

17. Ho tla etsahala’ng haeba re se sebete?

17 Teko: Ho nyahama. Lentsoe la Molimo le re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” (Liprov. 24:​10) Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “u nyahame” le ka bolela “ho hloka sebete.” Haeba u se na sebete, kapele feela u tla felloa ke thabo.

18. Ho mamella ho bolela’ng?

18 Tharollo: Itšetlehe ka Jehova hore a u fe sebete u khone ho mamella. Re hloka ho ba le sebete e le hore re khone ho mamella liteko. (Jak. 5:​11) Lentsoe leo Jakobo a le sebelisitseng e le “mamello” le fana ka maikutlo a motho ea lulang a tsitsitse sebakeng sa hae. Re ka ’na ra nahana ka lesole leo ka sebete le loanang khahlanong le sera ebile le sa balehe ho sa tsotellehe hore na le hlaseloa hakae.

19. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa moapostola Pauluse?

19 Moapostola Pauluse e bile mohlala o motle haholo oa motho ea sebete le ea nang le mamello. Ka linako tse ling o ne a hloka matla. Empa o ile khona ho mamella hobane o ne a itšetlehile ka Jehova hore a mo fe matla ao a a hlokang. (2 Bakor. 12:​8-10; Bafil. 4:​13) Re ka khona ho ba le matla le sebete seo haeba ka boikokobetso re hlokomela hore re hloka hore Jehova a re thuse.​—Jak. 4:10.

ATAMELA HAUFI LE MOLIMO ’ME U LULE U E-NA LE KHOTSO

20-21. Re ka kholiseha ka eng?

20 Re ka kholiseha hore liteko tseo re thulanang le tsona ha se likotlo tse tsoang ho Jehova. Jakobo o re tiisetsa ka ho re: “Ha a le tlas’a teko ho se ke haeba le ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’ Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” (Jak. 1:​13) Ha re kholisehile ka ’nete eo, re tla khona ho atamela haufi haholo le ntate oa rona ea lerato.​—Jak. 4:8.

21 Jehova ha aa fetohe. (Jak. 1:​17) O ile a tšehetsa Bakreste ba mehleng ea pele ha ba ne ba mamella liteko ’me le rona o tla re thusa. Etsa thapelo e tsoang botebong ba pelo ’me u kope Jehova hore a u fe bohlale, tumelo le sebete. A ke ke a u soetsa. Kahoo, u ka kholiseha hore u tla u thusa hore u lule u thabile ha u ntse u mamelletse liteko.

PINA EA 128 Mamellang ho Fihlela Qetellong

^ ser. 5 Buka ea Jakobo e na le likeletso tsa bohlokoa tse ka re thusang ha re e-na le mathata. Sehlooho sena se tl’o bua ka likeletso tse ling tseo Jakobo a re fileng tsona. Likeletso tseo li tl’o re thusa hore re se ke ra felloa ke thabo ea ho sebeletsa Jehova ha re ntse re mamelletse liteko.

^ ser. 59 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o tšoaroa a le ha hae. Mosali oa hae le morali oa hae ba mo shebile ha mapolesa a tsamaea le eena. Ha monna oa hae a ntse a le teronkong, balumeli-’moho le bona ba ba le mosali oa hae le ngoana oa hae borapeling ba lelapa. ’Mè le morali oa hae ba kopa Jehova nako le nako hore a ba fe matla a ho mamella teko ena. Jehova o ba fa khotso le sebete. Ka lebaka leo, tumelo ea bona e ba matla ’me e ba thusa hore ba mamelle ka thabo.