Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sebetsa Hammoho le Molimo—Hoa re Thabisa

Ho Sebetsa Hammoho le Molimo—Hoa re Thabisa

“Ha re sebetsa hammoho le eena, re boetse re le kōpa ka tieo hore le se ke la amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me la lahleheloa ke morero oa oona.”—2 BAKORINTHE 6:1.

LIPINA: 75, 74

1. Le hoja Jehova e le Molimo ea phahameng ka ho fetisisa, o bontša batho lerato ka tsela efe?

JEHOVA ke Molimo ea phahameng ka ho fetisisa. O bōpile lintho tsohle, ebile o matla ’me o bohlale ka tsela e ke keng ea lekanngoa. Ka mor’a hore a thuse Jobo ho utloisisa ntlha ena, Jobo o ile a re: “Kea tseba hore u khona ho etsa lintho tsohle, ha ho khopolo eo u ke keng ua e fihlela.” (Jobo 42:2) Jehova a ka khona ho etsa ntho leha e le efe eo a batlang ho e etsa, a sa kōpe thuso. Empa o bontša batho lerato ka ho ba mema hore ba sebetse le eena ho finyella morero oa hae.

2. Jehova o ile a fa Jesu mosebetsi ofe oa bohlokoa?

2 Molimo o ile a bōpa Jesu pele. Eaba o mo sebelisa hore a bōpe lintho tse ling tsohle. (Johanne 1:1-3, 18) Moapostola Pauluse o ile a re ka Jesu: “Lintho tse ling tsohle tse maholimong le tse lefatšeng li ile tsa bōptjoa ho sebelisoa eena, lintho tse bonahalang le lintho tse sa bonahaleng, ho sa tsotellehe hore na ke literone kapa borena kapa mebuso kapa balaoli. Lintho tse ling tsohle li bōpiloe ka eena le bakeng sa hae.” (Bakolose 1:15-17) Kahoo, Jehova o ile a fa Mora oa hae mosebetsi oa bohlokoa, a ba a bolella ba bang ka oona. O mo file tlotla e khōlō hakaakang!

3. Jehova o ile a fa Adama mosebetsi ofe, hona hobane’ng?

3 Jehova o boetse o mema batho hore ba sebetse le eena. Ka mohlala, o ile a re Adama a rehe liphoofolo mabitso. (Genese 2:19, 20) U ka inahanela kamoo Adama a ileng a thabela ho etsa mosebetsi ona kateng! O ile a sheba liphoofolo tseo ka hloko ’me a ithuta tsela eo li phelang ka eona, a ntan’o li reha mabitso. Jehova o ne a ka ’na a li reha mabitso ka mor’a hore a li bōpe. Empa o ile a bontša hore o rata Adama ka hore a mo fe boikarabelo ba ho li reha mabitso. Molimo o ile a boela a fa Adama mosebetsi oa hore a etse lefatše lohle paradeise. (Genese 1:27, 28) Empa ha nako e ntse e ea, Adama o ile a khetha ho se hlole a sebeletsa Molimo, ’me seo sa tlisetsa eena hammoho le bana ba hae liphello tse bohloko.—Genese 3:17-19, 23.

4. Bahlanka ba bang ba Molimo ba ’nile ba etsa’ng ho phetha thato ea hae?

4 Ha nako e ntse e ea, Molimo o ile a mema batho ba bang hore ba sebetse le eena. Noe o ile a haha areka e ileng ea pholosa eena le ba lelapa la hae nakong ea Moroallo. Moshe o ile a lopolla sechaba sa Iseraele bokhobeng Egepeta. Joshua o ile a kenya Baiseraele Naheng e Tšepisitsoeng. Solomone o ile a haha tempele Jerusalema. Maria e ile ea e-ba ’mè oa Jesu. Bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova le ba bang ba bangata, ba ile ba sebetsa le eena ho phetha thato ea hao.

5. Re fuoe monyetla oa ho kopanela mosebetsing ofe, hona na Jehova o ne a hloka thuso ea rōna ho o etsa? (Sheba setšoantšo se qalong.)

5 Le rōna kajeno, Jehova o re mema hore re etse sohle se matleng a rōna ho tšehetsa ’Muso oa hae. Ho na le litsela tse ngata tseo re ka sebeletsang Molimo ka tsona. Le hoja re ke ke ra khona ho sebeletsa Molimo ka tsela e tšoanang, kaofela ha rōna re ka phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso. Jehova o ne a ka ’na a iketsetsa mosebetsi oo. O ne a ka ’na a bua le batho ba le lefatšeng a le leholimong. Jesu o ile a re Jehova o ne a ka etsa hore majoe a bolelle batho ka Morena oa ’Muso oa hae. (Luka 19:37-40) Empa Jehova o re file monyetla oa hore re be “basebetsi-’moho” le eena. (1 Bakorinthe 3:9) Moapostola Pauluse o ile a re: “Ha re sebetsa hammoho le eena, re boetse re le kōpa ka tieo hore le se ke la amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me la lahleheloa ke morero oa oona.” (2 Bakorinthe 6:1) Ke tlotla e khōlō ho sebetsa le Molimo. A re boneng hore na ke hobane’ng ha sena se re thabisa.

HO SEBETSA LE MOLIMO HOA RE THABISA

6. Mora oa Molimo oa letsibolo o ile a re o ikutloa joang ka ho sebetsa le Ntate oa hae?

6 Haesale bahlanka ba Jehova ba thabela ho sebetsa le eena. Pele Mora oa Molimo oa letsibolo a tla lefatšeng, o ile a re: “Jehova o ile a ntlhahisa ke le tšimoloho ea tsela ea hae . . . ke ile ka ba mabapa le eena ke le mosebetsi ea hloahloa, ’me ka ba eo a neng a mo rata ka ho khethehileng letsatsi le letsatsi, ke ntse ke nyakaletse ka pel’a hae ka nako eohle.” (Liproverbia 8:22, 30) Jesu o ne a thabela ho sebetsa le Ntate oa hae, kaha o ne a etsa lintho tse ngata a bile a tseba hore Jehova o oa mo rata. Empa na le rōna re thabela ho sebetsa le Molimo?

Na ho na le mosebetsi o khotsofatsang ho feta ho ruta motho Bibele? (Sheba serapa sa 7)

7. Ke hobane’ng ha re thabela ho ruta batho Bibele?

7 Jesu o ile a re rea thaba ha re fana le ha re fuoa. (Liketso 20:35) Re ile ra thaba ha re rutoa Bibele, joale ke hobane’ng ha re boetse re thaba ha re ruta batho ba bang Bibele? Hobane le bona baa thaba ha ba utloisisa seo Bibele e se rutang ’me ba qala ho ba le kamano e ntle le Molimo. Re thabisoa ke ho ba bona ba fetola tsela eo ba nahanang ka eona le eo ba phelang ka eona. Ho bolela litaba tse molemo ke mosebetsi oa bohlokoa le o khotsofatsang ka ho fetisisa oo motho a ka o etsang. O thusa batho bao e bang metsoalle ea Molimo hore ba fumane bophelo bo sa feleng.—2 Bakorinthe 5:20.

8. Barab’abo rōna ba bang ba re ke hobane’ng ha ba thabela ho sebeletsa Jehova?

8 Ha re thusa batho ba bang hore ba ithute ka Jehova, rea tseba hore seo sea mo thabisa ’me o ananela boiteko boo re bo etsang ba ho mo sebeletsa. Le rōna ka ho tšoanang rea thaba. (Bala 1 Bakorinthe 15:58.) Marco, ea lulang Italy, o re: “Ke thaba haholo ha ke hopola hore ke sebeletsa Jehova, eseng motho feela eo haufinyane a ka lebalang seo ke se entseng.” Franco, eo le eena a lulang Italy, o re: “Ho ithuta Bibele le ho ba teng kamehla libokeng ho re hopotsa kamoo Jehova a re ratang kateng le hore o ananela sohle seo re mo etsetsang sona, le hoja re ka ’na ra bona eka hase letho. Ho sebeletsa Molimo ho etsa hore bophelo ba ka bo be le morero ’me hoa nthabisa.”

HO SEBETSA LE MOLIMO HO RE ATAMETSA HAUFI LE EENA LE HO BATHO BA BANG

9. Hore ebe Jesu le Jehova ba ’nile ba sebetsa ’moho ka lilemo tse ngata, ho ile ha ba thusa joang?

9 Ha re sebetsa ’moho le batho bao re ba ratang, re atamela haufi le bona. Re ba tseba haholoanyane hore na ke batho ba joang. Re boetse re tseba merero ea bona le hore na ba batla ho e finyella joang. Jesu o ’nile a sebetsa le Jehova ka lilemo tse ka bang libilione. Seo se ile sa etsa hore lerato la bona le tiee hoo ho seng letho le ka ba arohanyang. Ha Jesu a hlalosa kamoo ba ratanang kateng, o ile a re: “’Na le Ntate re bang.” (Johanne 10:30) Ba momahane ’me ba sebetsa ’moho ka kutloano.

Mosebetsi oa boboleli o matlafatsa tumelo ea rōna, kaha o re hopotsa litšepiso tsa Molimo le melao ea hae e lerato

10. Mosebetsi oa boboleli o re atametsa ho Molimo joang le ho batho ba bang?

10 Jesu o ile a kōpa Jehova hore a sireletse barutuoa ba hae. Hobane’ng? O ile a rapela a re: “E le hore ba ka ba bang feela joalokaha re le bang.” (Johanne 17:11) Ha re mamela melao ea Molimo bophelong, ’me re etsa mosebetsi oa boboleli, re tla hlokomela makhabane a hae a ikhethang. Re tla ithuta hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho mo tšepa le ho latela litaelo tsa hae. Hape, ha re atamela haufi le Molimo, le eena o tla atamela haufi le rōna. (Bala Jakobo 4:8.) Re boetse re atamela haufi le Bakreste-’moho le rōna kaha re hlaheloa ke mathata a tšoanang, ho feta moo, re thabela lintho tse tšoanang kaha re na le morero o le mong. Re sebetsa ’moho, re thaba ’moho, ebile re mamella mathata ’moho. Octavia, ea lulang Brithani, o re: “Ho sebetsa le Jehova ho etsa hore ke atamele haufi le batho ba bang.” O re ke hobane metsoalle ea hae e phela ka melao ea Molimo ’me e na le morero o tšoanang le oa hae. Ha ho potang hore le rōna re ikutloa ka tsela ena. Ha re bona kamoo Bakreste-’moho le rōna ba ikitlaetsang kateng ho sebeletsa Jehova, seo se re atametsa haufi le bona.

11. Ke’ng e tla etsa hore re atamele ho Jehova le ho ba bang haholoanyane lefatšeng le lecha?

11 Ke ’nete hore re rata Molimo le Bakreste-’moho le rōna hona joale, empa re tla ba rata le ho feta lefatšeng le lecha. Nahana ka mesebetsi e thabisang eo re tla e etsa nakong e tlang! Re tla amohela batho bohle ba tsositsoeng bafung ’me re ba rute ka Jehova. Re tla boela re fetole lefatše paradeise. Re tla thabela ho sebetsa ’moho pusong ea Kreste, ’me hanyane ka hanyane re tla etsoa hore re phethahale. Batho ba tla atamelana le ho atamela ho Jehova haholoanyane, eo ntle ho tika-tiko a tlang ho “khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.”—Pesaleme ea 145:16.

HO SEBETSA LE MOLIMO HOA RE SIRELETSA

12. Mosebetsi oa boboleli o re sireletsa joang?

12 Re lokela ho sireletsa setsoalle sa rōna le Jehova. Kaha re phela lefatšeng la Satane, ebile ha rea phethahala, ho bonolo hore re qale ho nahana le ho etsa lintho ka tsela eo batho ka kakaretso ba li etsang ka eona. Ho tšoana le ho sesa nōkeng eo metsi a eona a phallelang lehlakoreng leo re sa batleng ho ea ho lona. Kahoo, re lokela ho sebetsa ka thata hore re ee lehlakoreng leo re le batlang. Ka ho tšoanang, re lokela ho sebetsa ka thata hore re qobe ho susumetsoa ke lefatše la Satane. Joale mosebetsi oa boboleli o re sireletsa joang? Ha re bua ka Jehova le ka Bibele, re nahana ka lintho tsa bohlokoa le tse molemo, eseng lintho tse ka thefulang tumelo ea rōna. (Bafilipi 4:8) Mosebetsi oa boboleli o matlafatsa tumelo ea rōna, kaha o re hopotsa litšepiso tsa Molimo le melao ea hae e lerato. O boetse o etsa hore re be le makhabane a tla re thusa hore re itšireletse khahlanong le Satane le lefatše la hae.—Bala Baefese 6:14-17.

Ha re phathahane mosebetsing oa Jehova ha re be le nako ea ho tšoenyeha haholo ka mathata a rōna

13. Paki e ’ngoe ea Australia e ikutloa joang ka mosebetsi oa boboleli?

13 Ha re phathahana mosebetsing oa boboleli, re ithuta re bile re thusa ba bang ka phuthehong, rea sireletseha kaha ha re be le nako ea ho tšoenyeha haholo ka mathata a rōna. Joel, ea lulang Australia, o re: “Mosebetsi oa boboleli o mpula mahlo. O etsa hore ke bone mathata ao batho ba bang ba tobanang le ’ona le ho nkhopotsa melemo eo ke e fumanang ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong. Mosebetsi oa boboleli o nthusa hore ke lule ke ikokobelitse ’me o mpha monyetla oa hore ke itšetlehe ka Jehova le ka Bakreste-’moho le ’na.”

14. Ke’ng e bontšang hore moea oa Molimo o oa re thusa mosebetsing oa boboleli?

14 Mosebetsi oa boboleli o boetse o re kholisa le ho feta hore re tšehetsoa ke moea oa Molimo. Ka mohlala: A re re mosebetsi oa hao ke ho fa batho ba motseng oa heno bohobe. Empa ha u lefuoe, ebile ha ho na motho ea u thusang ka litšenyehelo. Hape, batho ba bangata ha ba batle bohobe boo, ebile ba bang ha ba rate ha u ntse u ba isetsa bona. U ne u tla etsa mosebetsi oo nako e kae? Ho e-s’o kae u ne u tla nyahama, ebe u oa o tlohela. Empa, boholo ba rōna re ntse re tsoela pele mosebetsing oa boboleli, le hoja ho hlokahala hore re sebelise nako le chelete ea rōna, ebile batho ba re soma kapa ba re halefela. Sena ke bopaki ba hore moea oa Molimo o oa re thusa.

HO SEBETSA LE MOLIMO HO BONTŠA HORE REA MO RATA EBILE RE RATA BA BANG

15. Mosebetsi oa boboleli o amana joang le morero oa Jehova ka batho?

15 Mosebetsi oa boboleli o amana joang le morero oa Jehova ka batho? Molimo o ne a rerile hore batho ba phele ka ho sa feleng, ’me morero oo ha o oa ka oa fetoha ha Adama a etsa sebe. (Esaia 55:11) Molimo o ile a lokisetsa hore re lokolloe sebeng le lefung. O ile a etsa see joang? Ka hore Jesu a tle lefatšeng ’me a fane ka bophelo ba hae e le sehlabelo. Empa batho ba lokela ho mamela Molimo, e le hore sehlabelo sena se ba tsoele molemo. Kahoo, Jesu o ile a ruta batho seo Molimo a se hlokang ho bona, eaba o laela barutuoa ba hae hore ba etse se tšoanang. Hona joale ha re bolela litaba tse molemo, re bile re thusa ba bang hore e be metsoalle ea Molimo, re sebetsa hammoho le Molimo tokisetsong ea hae ea ho thusa batho hore ba lokolloe sebeng le lefung.

16. Ke joang re mamelang taelo e khōlō ea Molimo ha re etsa mosebetsi oa boboleli?

16 Ha re thusa ba bang hore ba fumane tsela e isang bophelong bo sa feleng, re bontša hore rea ba rata le hore re rata Jehova. Thato ea Jehova ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) Ha Mofarisi e mong a botsa Jesu hore na taelo e khōlō ke efe, Jesu o ile a re: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele. Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’” (Matheu 22:37-39) Ha re bolela litaba tse molemo, re mamela taelo ena.—Bala Liketso 10:42.

17. U ikutloa joang ka tlotla eo u e filoeng ea ho bolela litaba tse molemo?

17 Ruri re hlohonolofalitsoe ka ho enneng! Jehova o re file mosebetsi o re thabisang, o re atametsang haufi le eena le ho Bakreste-’moho le rōna le o sireletsang kamano ea rōna le eena. Mosebetsi oo o boetse o re fa monyetla oa ho bontša hore rea mo rata ebile re rata batho ba bang. Jehova o na le bahlanka ba bangata ho pota lefatše, ’me kaofela ha bona ha ba tšoane. Empa ebang re bacha kapa re hōlile, re ruile kapa re futsanehile, re na le matla kapa aa fokola, re etsa sohle se matleng a rōna ho bolella batho seo re se lumelang. Re ikutloa ka tsela e tšoanang le ea Chantel oa Fora, ea ileng a re: “Molimo ea matla ka ho fetisisa lefatšeng, ea thabileng le ea bōpileng lintho tsohle, o re ho ’na: ‘Tsamaea u il’o ruta batho! U ba rute lintho tseo u ithutileng tsona. Ke tla u fa matla, ke u fe Lentsoe la ka e leng Bibele, ke u tšehetse ka mangeloi, ke u fe basebetsi-’moho lefatšeng, ke u koetlise ka ho tsoelang pele, ke be ke u fe litaelo tse tobileng ka nako e loketseng.’ Ka sebele ke tlotla e khōlō ho etsa seo Jehova a re laelang sona le ho ba basebetsi-’moho le eena!”