Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moea o Paka le Moea oa Rōna

Moea o Paka le Moea oa Rōna

“Moea o paka le moea oa rōna hore re bana ba Molimo.” —BAROMA 8:16.

LIPINA: 109, 108

1-3. Ke’ng e ikhethang eo moprista a neng a e etsa ka Pentekonta, hona seo se ile sa phethahatsa mantsoe a moprofeta Joele joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

E NE e le Sontaha hoseng Jerusalema. Lena e ne e le letsatsi le khethehileng le le thabisang. E ne e le letsatsi la mokete oa Pentekonta, e leng mokete o halalelang o neng o tšoaroa maqalong a ha ho kotuloa koro. Hoseng hoo, moprista ea phahameng o ile a nyehela mahlabelo tempeleng, joaloka kamehla. Eaba hoo e ka bang ka hora ea borobong, o nyehela mahobe a mabeli a sa lomosoang, a entsoeng ka koro ea pele, kapa litholoana tsa pele tse kotutsoeng. Moprista ea phahameng o ne a tsoka mahobe ha a a nyehela ho Jehova. E ne e le ka Pentekonta ea selemo sa 33, mehleng ea baapostola.—Levitike 23:15-20.

2 Ho theosa le lilemo, ena ke eona tsela eo baprista ba ’nileng ba etsa nyehelo e tsokoang ka eona. Nyehelo eo e ne e amana haufi le ntho e ’ngoe ea bohlokoa e ileng ea etsahala ka Pentekonta, selemong sa 33. E ile ea etsahala ho barutuoa ba Jesu ba 120 ba neng ba le Jerusalema, ba bokane kamoreng e ka holimo ’me ba rapela. (Liketso 1:13-15) Moprofeta Joele o ne a ile a profeta ketsahalo ena lilemong tse makholo a robeli pele ho moo. (Joele 2:28-32; Liketso 2:16-21) Ke ntho efe ea bohlokoa e ileng ea etsahala?

3 Bala Liketso 2:2-4. Ka Pentekonta ea selemo sa 33, Molimo o ile a fa Bakreste bao moea o halalelang, ’me ea e-ba batlotsuoa. (Liketso 1:8) Joale letšoele le ile la ba bokanela, ’me Bakreste bao ba qala ho bua ka lintho tse hlollang tseo ba sa tsoa li bona le ho li utloa. Moapostola Petrose o ile a hlalosa se sa tsoa etsahala le hore na ke hobane’ng ha e le sa bohlokoa. O ile a re ho letšoele: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a ke a kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste hore le tšoareloe libe, ’me le tla amohela mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang.” Ho ile ha kolobetsoa batho ba ka bang 3 000 letsatsing leo, ’me le bona ba fuoa moea o halalelang.—Liketso 2:37, 38, 41.

4. (a) Ke hobane’ng ha se ileng sa etsahala ka Pentekonta e le sa bohlokoa ho rōna? (b) Ke ntho efe hape ea bohlokoa eo mohlomong e ileng ea etsahala lilemong tse fetileng ka letsatsi la Pentekonta? (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.)

4 Moprista ea phahameng o ne a emela mang, hona nyehelo eo a neng a e etsa ka Pentekonta e ne e emela eng? Moprista ea phahameng o ne a emela Jesu. Mahobe ’ona a emela barutuoa ba Jesu ba tlotsitsoeng. Ba khethiloe har’a batho ba baetsalibe, ’me ba bitsoa ‘litholoana tsa pele.’ (Jakobo 1:18) Molimo o ba amohetse hore e be bara ba hae le hore e il’o ba marena le Jesu ’Musong oa Molimo o leholimong. (1 Petrose 2:9) ’Musong oo, Jehova o tla hlohonolofatsa batho bohle ba mamelang. Kahoo, ebang re tla busa le Jesu leholimong kapa re tla phela paradeiseng lefatšeng, Pentekonta ea selemo sa 33 e bohlokoa haholo ho rōna. [1] —Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.

MOTHO O TLOTSOA KA TSELA EFE?

5. Re tseba joang hore batlotsuoa ha ba tlotsoe ka tsela e tšoanang?

5 Ketsahalo eo e ile ea e-ba ea bohlokoa haholo ho barutuoa ba neng ba bokane kamoreng e ka holimo. Kaofela ba ile ba luloa ke ntho e kang lelakabe hloohong. Jehova o ile a etsa hore ba khone ho bua lipuo tse fapaneng. Ba ne ba kholisehile hore ba tlotsitsoe ka moea o halalelang. (Liketso 2:6-12) Sena ha se etsahale ho Bakreste bohle ha ba tlotsoa. Ka mohlala, Bibele ha e re ho ile ha ba le ntho e kang malakabe lihloohong tsa ba likete ba ileng ba tlotsoa Jerusalema hamorao letsatsing leo. Ba ile ba tlotsoa ha ba kolobetsoa. (Liketso 2:38) Empa hase Bakreste bohle bao e bang batlotsuoa ha ba kolobetsoa. Basamaria e ile ea e-ba batlotsuoa nakoana ka mor’a hore ba kolobetsoe. (Liketso 8:14-17) Korneliase le ba lelapa la hae bona ba ile ba tlotsoa pele ba kolobetsoa, e leng ntho e sa tloaelehang.—Liketso 10:44-48.

6. Bakreste ba kholisoa joang hore ke batlotsuoa, hona seo se ba thusa joang?

6 Ho hlakile hore Bakreste ba hlokomela ka litsela tse fapaneng hore ke batlotusoa. Ba bang ba ka ’na ba hlokomela hang-hang hore Jehova o ba tlotsitse. Ha ba bang bona ba hlokomela ka mor’a nako. Empa moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore na kaofela ba khethoa joang. O ile a re: “Ka mor’a hore le lumele, le ile la tiisoa ka moea o halalelang o tšepisitsoeng, oo e leng pontšo esale pele ea lefa la rōna.” (Baefese 1:13, 14) Kahoo, Jehova o sebelisa moea o halalelang ho kholisa Bakreste bao a ba khethileng hore ba ea leholimong. Ka tsela ena, moea o halelang o ba fa ‘pontšo esale pele,’ kapa bopaki ba hore nakong e tlang ba tla tloha lefatšeng mona ba il’o phela leholimong.—Bala 2 Bakorinthe 1:21, 22; 5:5.

Motlotsuoa e mong le e mong ha aa lokela ho lumella letho hore le mo sitise ho sebeletsa Jehova

7. Motlotsuoa e mong le e mong o lokela ho etsa’ng e le hore a fumane moputso oa hae?

7 Ha Mokreste e e-ba motlotsuoa, na seo se tiisa hore o tla fumana moputso oa hae? Che. O kholisehile hore o memetsoe ho ea phela leholimong. Empa o tla fumana moputso oo hafeela a lula a tšepahala ho Jehova. Petrose o ile a re: “Ka lebaka lena, barab’eso, le etse haholoanyane sohle se matleng a lōna ho itiisetsa ho bitsoa le ho khethoa ha lōna; etsoe haeba le tsoela pele ho etsa lintho tsena ho hang le ke ke la hlōleha le ka mohla. Ha e le hantle, ka tsela ena le tla ekeletsoa ka ho enneng ho kena ’musong o sa feleng oa Morena le Mopholosi oa rōna Jesu Kreste.” (2 Petrose 1:10, 11) Kahoo, motlotsuoa e mong le e mong ha aa lokela ho lumella letho hore le mo sitise ho sebeletsa Jehova. Le hoja a memetsoe kapa a bitselitsoe ho ea phela leholimong, a ke ke a ea haeba a sa lule a tšepahala.—Baheberu 3:1; Tšenolo 2:10.

MOTHO O TSEBA JOANG HORE KE MOTLOTSUOA?

8, 9. (a) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba thatafalloa ho utloisisa hore na Molimo khetha batlotsuoa joang? (b) Motho o tseba joang hore o memetsoe ho ea phela leholimong?

8 Bakreste ba bangata kajeno ba ka ’na ba thatafalloa ho utloisisa hore na Molimo o khetha batlotsuoa joang. Sena hase makatse hobane bona ha baa khethoa. Molimo o bōpetse batho hore ba tl’o phela ka ho sa feleng lefatšeng, eseng leholimong. (Genese 1:28; Pesaleme ea 37:29) Empa o ile a khetha ba bang hore e il’o ba marena le baprista leholimong. Kahoo, ha a ba khetha, tšepo ea bona e ea fetoha le tsela eo ba nahanang ka eona e ea fetoha, ’me ba labalabela ho ea phela leholimong.—Bala Baefese 1:18.

9 Empa motho o tseba joang hore o memetsoe ho ea phela leholimong? Hlokomela seo Pauluse a ileng a se bua ho batlotsuoa ba Roma, ba neng ‘ba bitselitsoe ho ea ba bahalaleli.’ O ile a re: “Ha lea ka la amohela moea oa bokhoba o bakang tšabo hape, empa le ile la amohela moea oa ho nkeloa ka lapeng le le bara, e leng moea oo ka oona re hoeletsang: ‘Abba, Ntate!’ Moea o paka le moea oa rōna hore re bana ba Molimo.” (Baroma 1:7; 8:15, 16) Molimo o sebelisa moea o halalelang hore a tiisetse batho bao a ba khethileng hore e il’o ba marena le Jesu leholimong.—1 Bathesalonika 2:12.

10. Johanne oa pele 2:27 e bolela’ng ha e re batlotsuoa ha ba hloke motho leha e le ofe hore a ba tiisetse hore ba tlotsitsoe?

10 Batho bao Molimo a ba khethileng ha ba hloke hore ba bolelloe ke motho e mong hore ke batlotsuoa. Jehova o ba kholisa ka ho feletseng. Moapostola Johanne o ile a re ho batlotsuoa: “Ho tlotsoa ha lōna ho tsoa ho mohalaleli; kaofela ha lōna le na le tsebo.” O ile a boela a re: “Ha e le lōna, ho tlotsoa hoo le ho amohetseng ho eena ho lula ho lōna, ’me ha ho hlokahale hore leha e le mang a le rute; empa, joalokaha ho tlotsoa ho tsoang ho eena ho le ruta ka lintho tsohle, ’me e le ’nete hape e se leshano, ’me feela joalokaha ho le rutile, le lule bonngoeng le eena.” (1 Johanne 2:20, 27) Batlotsuoa ba hloka ho rutoa ke Jehova, joaloka ka rōna bohle. Empa ha ba hloke hore motho leha e le ofe a ba tiisetse hore ke batlotsuoa. Jehova o sebelisitse moea oa hae o halalelang ho ba tiisetsa hore ke bona!

BA ‘TSOETSOE HAPE’

11, 12. Motlotsuoa a ka ’na a ipotsa lintho life, empa ke eng seo le ka mohla a sa se belaelleng?

11 Ha Bakreste ba tlotsoa ka moea o halalelang ba fetoha haholo. Ha e le hantle, Jesu o ile a re ‘ba tsoaloa hape.’ (Johanne 3:3, 5) Ha a hlalosa sena o ile a re: “U se ke ua hlolloa hobane ke u boleletse, le tsoaloe hape. Moea o fokela moo o batlang, ’me u utloa molumo oa oona, empa ha u tsebe hore na o tsoa hokae le hore na o ea hokae. Ho joalo ka e mong le e mong ea tsoetsoeng ka moea.” (Johanne 3:7, 8) Ho totobetse hore motho eo e seng motlotsuoa a ke ke a utloisisa ka ho feletseng hore na batlotsuoa ba khethoa joang. [2]—Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.

Motho eo Jehova a mo khethileng ha a qeaqee hore o khethiloe

12 Motlotsuoa a ka ’na a re, ‘Kea ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova khethile ’na?’ Ebile a ka ’na a ipotsa hore na o tla khona ho jara boikarabelo bona. Empa ha a na pelaelo ea hore Jehova o mo khethile. Ho e-na le hoo, o thabela mpho ena haholo. Batlotsuoa bohle ba lumellana le mantsoe a Petrose, a reng: “Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, kaha ho ea ka mohau oa hae o moholo o ile a re fa tsoalo e ncha ho tla tšepong e phelang ka tsoho ea Jesu Kreste bafung, ho tla lefeng le ke keng la bola le le sa silafalang le le sa senyeheng. Le bolokiloe maholimong bakeng sa lōna.” (1 Petrose 1:3, 4) Ha batlotsuoa ba bala mantsoe ana, ba tseba hantle hore Ntate oa bona o bua le bona ka ho toba.

13. Tsela eo motho a nahanang ka eona e fetoha joang ha e e-ba motlotsuoa, hona e fetoloa ke mang?

13 Pele Jehova a khetha Bakreste bana hore ba ee leholimong, ba ne ba e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ba ne ba letetse ka tjantjello hore Jehova a etse lefatše paradeise ’me a felise bokhopo bohle. Mohlomong ba ne ba ipona ba se ba amohela beng ka bona kapa metsoalle e hlokahetseng. Hape ba ne ba letetse ho ea haha matlo a bona le ho ja litholoana ka mefuta. (Esaia 65:21-23) Ke’ng e entseng hore ba nahane ka tsela e fapaneng? Na ke hobane ba ne ba nyahame kapa ba utloile bohloko nako e telele? Na ba ile ba tsoha ba se ba utloa eka ho phela lefatšeng ka ho sa feleng ho tla ba bolutu ’me ba ke ke ba thaba? Kapa ba ne ba batla ho ea utloa hore na ho phela leholimong ho joang? Che. Ho e-na le hoo, Molimo ke eena ea ba khethetseng. Ha a ba mema, o ile a sebelisa moea o halalelang hore o fetole tsela eo ba nahanang ka eona le lintho tseo ba neng ba li labalabela.

14. Batlotsuoa ba ikutloa joang ka bophelo ba bona ba lefatšeng?

14 Na see se bolela hore batlotsuoa ba thabela ho shoa? Pauluse o ile a hlalosa hore na batlotsuoa ba ikutloa joang. O ile a bapisa ’mele ea bona le ‘tente’ ’me a re: “Ha e le hantle, rōna ba leng tenteng ena rea bobola, kaha re imetsoe; hobane ha re batle ho e hlobola, empa re batla ho apara e ’ngoe, e le hore se shoang se ka metsoa ke bophelo.” (2 Bakorinthe 5:4) Batlotsuoa ha ba thabele ho shoa. Ba thabela ho phela ’me ba batla ho sebeletsa Jehova kamehla, hammoho le ba malapa a bona le metsoalle. Leha ho le joalo, ba lula ba hopola hore Molimo o ba tšepisitse bokamoso bo fapaneng.—1 Bakorinthe 15:53; 2 Petrose 1:4; 1 Johanne 3:2, 3; Tšenolo 20:6.

NA JEHOVA O U KHETHILE?

15. Ke ntho efe e bontšang hore motho ha aa khethoa?

15 Mohlomong u ua ipotsa hore na ebe Jehova o u khethile hore u ee leholimong kapa che. Haeba u utloa eka o u khethile, nahanisisa ka lipotso tsena tsa bohlokoa: Na u chesehela mosebetsi oa boboleli ka tsela e khethehileng? Na ka sebele u thabela ho bala Bibele le ho ithuta “lintho tse tebileng tsa Molimo”? (1 Bakorinthe 2:10) Na u bona eka Jehova o u hlohonolofalitse haholo mosebetsing oa boboleli? Na ho etsa thato ea Jehova ke eona ntho e tlang pele bophelong ba hao? Na u rata batho ba bang ka ho tebileng ’me u ikutloa u tlameha ho ba thusa hore ba sebeletse Jehova? Na ho na le bopaki ba hore Jehova o u thusitse ka ho khetheha maemong a itseng bophelong ba hao? Haeba u arabetse lipotso tsena kaofela ka e, na seo se bolela hore u khethetsoe ho ea leholimong? Che. Hobane’ng? Hobane bahlanka bohle ba Molimo ba ka ikutloa ka tsela ena, ho sa tsotellehe hore na ke batlotsuoa kapa che. Hape, Jehova a ka sebelisa moea o halalelang hore a fe bahlanka leha e le bafe ba hae matla ana, ho sa tsotellehe hore na ba na le tšepo efe. Ha e le hantle, haeba u ntse u ipotsa hore na u khethetsoe ho ea leholimong kapa che, seo ke bopaki ba hore ha u ua khethoa. Batho bao Jehova a ba khethileng ha ba qeaqee! Ba kholisehile!

16. Re tseba joang hore hase batho bohle ba ileng ba fuoa moea o halalelang ba memetsoeng ho ea leholimong?

16 Ka Bibeleng ho na le batho ba bangata ba tšepahalang bao Jehova a ileng a ba fa moea o halalelang, empa ha baa ea leholimong. E mong oa bona ke Johanne Mokolobetsi. Jesu o ile a re ha ho motho e moholo ho Johanne, empa o ile a boela a re a ke ke a ea busa leholimong. (Matheu 11:10, 11) Davida le eena o ne a tataisoa ke moea o halalelang. (1 Samuele 16:13) Moea o halalelang o ile oa mo thusa ho utloisisa lintho tsa Jehova tse tebileng, oa ba oa mo tataisa ha a ngola likarolo tse ling tsa Bibele. (Mareka 12:36) Leha ho le joalo, moapostola Petrose o ile a re Davida “ha aa ka a nyolohela maholimong.” (Liketso 2:34) Jehova o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang ho ba fa matla a ho etsa lintho tse hlollang, empa ha aa ka a o sebelisa ho ba memela leholimong. Seo se ne se sa bolele hore ba ne ba sa tšepahale ka ho lekaneng, kapa ba sa tšoanelehe ho ea busa leholimong. Empa Jehova o tla ba tsosa, e le hore ba tl’o phela lefatšeng la Paradeise.—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.

17, 18. (a) Bahlanka ba Molimo ba bangata kajeno ba na le tšepo ea ho phela hokae? (b) Re tlil’o araba lipotso life sehloohong se latelang?

17 Bahlanka ba Molimo ba bangata kajeno ba ke ke ba ea leholimong. Ba letetse ka tjantjello ho tla phela lefatšeng nakong eo ’Muso oa Molimo o tla beng o busa, joaloka banna le basali ba mehleng ea Bibele ba kang, Abrahama, Davida, Johanne Mokolobetsi le ba bang ba bangata. (Baheberu 11:10) Ke batho ba 144 000 feela ba tla busa le Jesu leholimong. Empa Bibele e bua ka batlotsuoa “ba setseng” ba ntseng ba le teng matsatsing ana a ho qetela. (Tšenolo 12:17) Boholo ba bona ba se ba hlokahetse ’me ba se ba le leholimong.

18 Empa ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba lokela ho ikutloa joang ha motho e mong a re ke motlotsuoa? Re lokela ho tšoara mora kapa morali’abo rōna joang haeba a qala ho ja bohobe le ho noa veine Sehopotsong? Hape re lokela ho ikutloa joang ha re bona palo ea batho ba reng ke batlotsuoa e ntse e phahama? Na re lokela ho tšoenyeha? Re tlil’o araba lipotso tsena sehloohong se latelang.

^ [1] (serapeng sa 4) Mohlomong Mokete oa Pentekonta o ne o ketekoa ka letsatsi le tšoanang le leo Moshe a ileng a fuoa Melao e Leshome ka lona Thabeng ea Sinai. (Exoda 19:1) Kahoo, mohlomong Moshe o ile a tsebahatsa selekane sa Molao ho Baiseraele ka letsatsi le tšoanang le leo Jesu a ileng a kenya batlotsuoa selekaneng se secha ka lona.

^ [2] (serapeng sa 11) E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng tsa hore na ho tsoaloa hape ho bolela’ng, sheba Molula-Qhooa, oa April 1, 2009, leqepheng la 3-11.