Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bontša Hore U Ananela Mpho ea Molimo e Ikhethang

Bontša Hore U Ananela Mpho ea Molimo e Ikhethang

“Ho ke ho lebohuoe Molimo bakeng sa mpho ea hae e ke keng ea hlalosoa e sa lefelloeng.”—2 BAKORINTHE 9:15.

LIPINA: 121, 63

1, 2. (a) ‘Mpho ea Molimo e ke keng ea hlalosoa le e sa lefelloeng’ e akarelletsa eng? (b) Re tlil’o hlahloba lipotso life?

JEHOVA o re file mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa, ka ho romela Mora oa hae eo a mo ratang, e leng Jesu, hore a tle lefatšeng! (Johanne 3:16; 1 Johanne 4:9, 10) Moapostola Pauluse o hlalosa mpho ena e le ‘e ke keng ea hlalosoa le e sa lefelloeng.’ (2 Bakorinthe 9:15) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a sebelisa poleloana eo?

2 Pauluse o ne a tseba hore sehlabelo sa Jesu ke tiiso ea hore litšepiso tsohle tsa Molimo li tla phethahala. (Bala 2 Bakorinthe 1:20.) Sena se bolela hore ‘mpho ea Molimo e ke keng ea hlalosoa le e sa lefelloeng’ e akarelletsa sehlabelo sa Jesu le lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a re etsetsang tsona ho bontša hore o oa re rata. Ha re na mantsoe a lekaneng ho hlalosa mpho ena ea bohlokoa ea Molimo. Re lokela ho ikutloa joang ka mpho ee? Ho nahanisisa ka mpho ee ho tla re thusa joang ha re ntse re itokiselletsa Sehopotso sa lefu la Kreste se tla ba ka Laboraro la la 23 March, 2016?

MPHO EA MOLIMO E IKHETHANG

3, 4. (a) U ikutloa joang ha u fuoa mpho? (b) Limpho tse ling li ka ’na tsa fetola bophelo ba rōna joang?

3 Rea thaba ha re fuoa mpho. Limpho tse ling ke tsa bohlokoa hoo li ka fetolang bophelo ba rōna. Ka mohlala, nka hore u entse tlōlo ea molao. Kahoo, u ahloletsoe lefu. Empa joale ho hlaha motho e mong eo u sa mo tsebeng, ’me o ithaopela ho jara molato oo. O ikemiselitse ho shoa bakeng sa hao! U ne u tla ikutloa joang ka mpho ee?

4 Mpho ena e ikhethang e ne e tla etsa hore u fetole tsela eo u phelang ka eona. Mohlomong e ne e tla u susumelletsa hore u be seatla se bulehileng, u rate batho ba bang ’me u tšoarele ba u sitetsoeng. U ne u tla batla ho lula u bontša hore u ananela seo motho eo a u etselitseng sona.

5. Ke hobane’ng ha mpho ea Molimo ea thekollo e le ea bohlokoa ho feta limpho tse ling?

5 Mpho eo Molimo a re fileng eona ea thekollo, ke ea bohlokoa ho feta eo re sa tsoa bua ka eona. (1 Petrose 3:18) Nahana ka sena: Kaofela ha rōna re futsitse sebe ho Adama, ’me kotlo ea sebe seo ke lefu. (Baroma 5:12) Jehova o ile a susumetsoa ke lerato hore a romele Jesu lefatšeng ho tla re shoela, e le hore “a ka latsoa lefu bakeng sa motho e mong le e mong.” (Baheberu 2:9) Sehlabelo sa Jesu se tla finyella eng? Se tla felisa lefu ka ho sa feleng. (Esaia 25:7, 8; 1 Bakorinthe 15:22, 26) Bohle ba lumelang ho Jesu ba tla phela ka ho sa feleng ka khotso ba bile ba thabile, ba bang e tla ba marena le Kreste leholimong ha ba bang e tla ba bafo ba ’Muso oa Molimo lefatšeng. (Baroma 6:23; Tšenolo 5:9, 10) Mpho eo Jehova a re fileng eona e akarelletsa litlhohonolofatso life tse ling?

6. (a) Mpho ea Jehova e tla re tlisetsa litlhohonolofatso life? (b) Mpho ee e lokela ho re susumelletsa ho etsa’ng?

6 Ka lebaka la mpho eo Molimo a re fileng eona, lefatše e tla ba paradeise, ba kulang ba tla phekoloa ’me bafu ba tsosoe. (Esaia 33:24; 35:5, 6; Johanne 5:28, 29) Re leboha Jehova le Mora oa hae ka ho re fa ‘mpho ena e ke keng ea hlalosoa le e sa lefelloeng.’ Mpho ee e lokela ho re susumelletsa ho etsa’ng? Hore (1) re etsise Jesu Kreste, (2) re rate barab’abo rōna le hore (3) re tšoarele ba bang ka pelo eohle.

“LERATO LEO KRESTE A NANG LE LONA LEA RE QOBELLA”

7, 8. Taba ea hore Kreste o oa re rata e lokela ho re ama joang, hona e tla re susumelletsa ho etsa’ng?

7 Ntlha ea pele, re lokela ho phela ka tsela e bontšang hore re hlompha Jesu. Moapostola Pauluse o ile a re: “Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella.” (Bala 2 Bakorinthe 5:14, 15.) Pauluse o ne a tseba hore haeba re lemoha hore Jesu o re rata haholo, seo se tla re qobella kapa se re susumelletse hore re mo rate re be re mo hlomphe. Ka sebele, haeba re hlile re ananela seo Jehova a re etselitseng sona, re bile re lemoha hore o oa re rata, re tla susumelletseha ho phela ka tsela e bontšang hore re hlompha Jesu. Re ka etsa seo joang?

8 Ha re rata Jehova, re tla susumelletseha ho etsisa mohlala oa Jesu le ho o latela haufi-ufi. (1 Petrose 2:21; 1 Johanne 2:6) Re bontša hore re rata Molimo le Kreste ha re ba mamela. Jesu o ile a re: “Ea nang le litaelo tsa ka ’me a li boloka, eo ke eena ea nthatang. Ea nthatang le eena o tla ratoa ke Ntate, ’me ke tla mo rata ’me ke tla ipontša eena ka ho hlaka.”—Johanne 14:21; 1 Johanne 5:3.

9. Ho ka ’na ha etsahala’ng haeba re se hlokolosi?

9 Likhoeling tsena tsa Sehopotso, e ka ba hantle hore re nahane ka tsela eo re phelang ka eona. Kahoo, ipotse: ‘Ke likarolong life tsa bophelo tseo ke seng ke ntse ke etsisa Jesu ho tsona? Nka ntlafatsa likarolong life?’ Ke habohlokoa hore re ipotse lipotso tsena, kaha batho ba bangata lefatšeng lena ba re susumelletsa hore re phele ka tsela eo ba phelang ka eona. (Baroma 12:2) Haeba re se hlokolosi, re ka ’na ra batla ho tšoana le matichere, libapali le batho ba tummeng. (Bakolose 2:8; 1 Johanne 2:15-17) Re ka etsa’ng ho hanela see?

10. Re ka ipotsa lipotso life likhoeling tsee tsa Sehopotso, hona likarabo tsa tsona li ka re susumelletsa ho etsa’ng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

10 E ka ba hantle hore likhoeling tsena tsa Sehopotso, re hlahlobe liaparo tsa rōna, lifilimi tseo re li shebellang, ’mino oo re o mamelang le lintho tseo re li bolokileng lik’homphieutheng, liselefounong le ho li-tablet tsa rōna. Ipotse: ‘Haeba Jesu a ka mphumana ke apere ka tsela ee, na ke tla hlajoa ke lihlong?’ (Bala 1 Timothea 2:9, 10.) ‘Na tsela eo ke aparang ka eona e bontša hore ke molateli oa Kreste? Na Jesu a ka thabela ho shebella lifilimi tseo ke li shebellang? Na a ka mamela ’mino oo ke o mamelang? Ha Jesu a ne a ka re ke mo alime selefouno kapa tablet, na ke ne ke tla soabisoa ke seo a tla se bona moo? Na nka nolofalloa ho hlalosetsa Jesu hore na ke hobane’ng ha ke rata lipapali tse itseng tsa video?’ Lerato la rōna ho Jehova le lokela ho re susumelletsa hore re lahle ntho leha e le efe e sa lokelang Mokreste, ho sa tsotellehe hore na e tura hakae. (Liketso 19:19, 20) Ha re inehela ho Jehova, re ile ra mo tšepisa hore re tla phela ka tsela e bontšang hore re hlompha Kreste. Kahoo, re lokela ho lahla ntho leha e le efe e tla re sitisa hore re etsise Jesu.—Matheu 5:29, 30; Bafilipi 4:8.

11. (a) Lerato leo re ratang Jehova le Jesu ka lona le re susumelletsa ho etsa’ng? (b) Re ka etsa’ng ho thusa balumeli-’moho le rōna?

11 Lerato leo re ratang Jesu ka lona le re susumelletsa hore re bolele ka cheseho. (Matheu 28:19, 20; Luka 4:43) Na u ka hlophisa maemo a hao hore likhoeling tsee tsa Sehopotso u be pula-maliboho ea thusang, ’me u qete lihora tse 30 kapa tse 50 mosebetsing oa boboleli? Ntate-moholo e mong ea lilemo li 84 o ne a nahana hore a ke ke a khona ho ba pula-maliboho, hobane a se a hōlile a bile a kula. Empa bo-pula-maliboho ba sebakeng sa habo ba ile ba ithaopela ho mo thusa. Ba ile ba mo lata ka koloi, ’me ba khetha tšimo e haufi eo ba ka e sebetsang le eena. Seo se ile sa etsa hore a atlehe ho finyella lihora tse 30. Na u ka thusa motho e mong phuthehong ea heno hore e be pula-maliboho ea thusang ka March kapa April? Ke ’nete hore hase kaofela re ka khonang ho ba bo-pula-maliboho, empa re ka sebelisa nako le matla a rōna ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. Ha re etsa joalo, le rōna re tla bontša hore re susumetsoa ke lerato leo Jesu a re ratang ka lona, joalokaha le ile la susumetsa Pauluse. Lerato leo Molimo a re ratang ka lona le tla boela le re susumelletse ho etsa’ng?

RE TLAMEHILE HO RATANA

12. Lerato leo Molimo a re ratang ka lona le re susumelletsa ho etsa’ng?

12 Ntlha ea bobeli, lerato leo Molimo a re ratang ka lona le re susumelletsa hore re rate barab’abo rōna. Moapostola Johanne o ile a re: “Baratuoa, haeba ona ke mokhoa oo Molimo a ileng a re rata ka oona, joale re tlamehile ho ratana.” (1 Johanne 4:7-11) Kahoo, haeba re lumela hore Molimo o oa re rata, re tla rata barab’abo rōna. (1 Johanne 3:16) Re ka bontša joang hore rea ba rata?

13. Jesu o re behetse mohlala ofe?

13 Jesu o re behetse mohlala oa hore na re ka rata ba bang joang. Ha a le lefatšeng o ile a thusa batho, haholo-holo ba tlaase. O ile a folisa ba kulang, ba holofetseng, ba sa boneng, ba sa utloeng le ba sa khoneng ho bua. (Matheu 11:4, 5) Jesu o ne a sa tšoane le baeta-pele ba bolumeli, kaha o ne a thabela ho ruta batho ba batlang ho tseba Molimo. (Johanne 7:49) O ne a rata batho ba ikokobelitseng ’me a batla ho ba thusa.—Matheu 20:28.

Na u ka thusa mora kapa morali oabo rōna ea hōlileng? (Sheba serapa sa 14)

14. Re ka etsa’ng ho bontša hore re rata bara le barali babo rōna?

14 Likhoeling tsena tsa Sehopotso, u ka boela ua nahana hore na u ka etsa’ng ho thusa bara le barali beno ka phuthehong, haholo-holo ba hōlileng. Mohlomong u ka ba etela. Kapa u ka ba isetsa lijo, ua ba thusa ka mesebetsi ea lapeng, ua ea le bona libokeng esita le ho sebetsa le bona tšimong. (Bala Luka 14:12-14.) E se eka lerato leo Molimo a re ratang ka lona le ka re susumelletsa ho rata bara le barali babo rōna!

BONTŠA BALUMELI-’MOHO LE UENA MOSA

15. Ke’ng eo re lokelang ho e hopola?

15 Ntlha ea boraro, lerato leo Jehova a re ratang ka lona le re susumelletsa ho tšoarela bara le barali babo rōna. Kaofela ha rōna re futsitse sebe le lefu ho Adama, ’me ha ho ea ka reng ha a hloke thekollo. Esita le morapeli ea tšepahalang ka ho fetisisa oa Molimo o hloka thekollo. Jehova o re tšoaretsoe molato o moholo! Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hopole seo? E le hore re fumane karabo, a re hlahlobeng e ’ngoe ea lipapiso tsa Jesu.

16, 17. (a) Re ithuta’ng papisong ea Jesu ea morena le makhoba? (b) Ka mor’a ho thuisa ka papiso ee ea Jesu, u ikemiselitse ho etsa’ng?

16 Jesu o ile a etsa papiso ea morena ea ileng a tšoarela lekhoba la hae le neng le mo kolota chelete e etsang lidenari tse limilione tse 60. Empa hamorao, lekhoba leo ha lea ka la tšoarela lekhoba le leng le neng le le kolota lidenari tse 100 feela. E ne e lokela hore ebe mosa oo morena a o bontšitseng lekhoba leo, o le susumelelitse hore le tšoarele le leng. Morena o ile a tuka ke bohale ha a utloa hore lekhoba leo le hanne ho tšoarela lekhoba le leng le le kolotang chelete e nyenyane. O ile a re: “Lekhoba le khopo, ke u hlakoletse molato oo kaofela, ha u ne u nkōpa ka tieo. Na le uena u ne u sa tšoanela hore ebe u hauhetse lekhoba-’moho le uena, joalokaha le ’na ke u hauhetse?” (Matheu 18:23-35) Ho tšoana le morena eo, Jehova o re tšoaretse molato o moholo. Lerato le mosa oa Jehova li lokela ho re susumelletsa hore re etse’ng?

17 Ha re ntse re itokiselletsa Sehopotso, re lokela ho ipotsa: ‘Na ho na le molumeli-’moho le ’na ea nkhopisitseng? Na ke thatafalloa ho mo tšoarela?’ Haeba ho joalo, ena ke nako ea hore u etsise Jehova, ea ‘itokiselitseng ho tšoarela.’ (Nehemia 9:17; Pesaleme ea 86:5) Haeba re ananela mosa o moholo oa Jehova, re tla hauhela ba bang ’me re ba tšoarele ho tsoa pelong. Haeba re sa rate barab’abo rōna re bile re sa ba tšoarele, re ke ke ra lebella hore Jehova a re rate le ho re tšoarela. (Matheu 6:14, 15) Ha re ba tšoarela, seo ha se bolele hore ha baa re utloisa bohloko, empa se tla re thusa hore re thabe.

18. Lerato leo Molimo a re ratang ka lona le ile la thusa Lily joang hore a mamelle mefokolo ea Carol?

18 Ho ka ba thata ho mamella mefokolo ea bara le barali babo rōna. (Bala Baefese 4:32; Bakolose 3:13, 14.) Morali’abo rōna e mong ea ileng a mamella ke Lily. [1] (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.) O ile a thusa mohlolohali e mong ea bitsoang Carol. Ka mohlala, o ne a mo isa hohle moo a batlang ho ea teng, a mo ela mabenkeleng le ho mo thusa ka lintho tse ling tse ngata. Empa Carol o ne a lula a mo tšoaea-tšoaea liphoso, ’me seo se thatafalletsa Lily ho mo thusa ka linako tse ling. Lily o ile a lula a nahana ka botho bo botle ba Carol, ’me a tsoela pele ho mo thusa ho fihlela Carol a kula haholo a ba a hlokahala. Le hoja ho ne ho se bonolo hore Lily a hlokomele Carol, o re: “Ke lebeletse ka tjantjello ho bona Carol tsohong ea bafu. Ke tla thabela ho kopana le eena a se a phethahetse.” Ho hlakile hore lerato leo Molimo a re ratang ka lona le ka re susumelletsa hore re mamelle mefokolo ea bara le barali babo rōna, le ho re thusa hore re lebelle ka tjantjello ho ba bona ba se ba phethahetse.

19. ‘Mpho ea Molimo e ke keng ea hlalosoa le e sa lefelloeng’ e u susumelletsa ho etsa’ng?

19 Ka sebele Jehova o re file ‘mpho e ke keng ea hlalosoa le e sa lefelloeng.’ E se eka kamehla re ka e ananela! Likhoeling tsena tsa Sehopotso, e ka ba hantle hore re nahane ka sohle seo Jehova le Jesu ba re etselitseng sona. E se eka lerato leo ba re ratang ka lona le ka re susumelletsa ho latela mohlala oa Jesu haufi-ufi, ho rata barab’abo rōna le ho ba tšoarela ho tsoa pelong.

^ [1] (serapeng sa 18) Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.