Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Re Tla Tsamaea le Lōna”

“Re Tla Tsamaea le Lōna”

“Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.”—ZAKARIA 8:23.

LIPINA: 65, 122

1, 2. (a) Jehova o ile a re ho tla etsahala’ng mehleng ee? (b) Re tla araba lipotso life sehloohong see? (Sheba setšoantšo se qalong.)

JEHOVA o ile a re mehleng ena, “banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara, e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.’” (Zakaria 8:23) “Monna oa Mojuda” o emela batho bao Molimo a ba tlotsitseng ka moea o halalelang. O boetse o bitsoa “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:16) “Banna ba leshome” ba emela batho ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Baa tseba hore Jehova o hlohonolofalitse batlotsuoa ’me ba nka e le tlotla ho sebeletsa Molimo hammoho le bona.

2 Ho tšoana le moprofeta Zakaria, Jesu le eena o ile a re batho ba Molimo ba tla momahana. O ile a re ba nang le tšepo ea ho phela leholimong ke “mohlatsoana,” ’me ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ke “linku tse ling.” Leha ho le joalo, Jesu o ile a re e tla ba “mohlape o le mong” ’me eena e be “molisa” oa bona. (Luka 12:32; Johanne 10:16) Kaha ho na le lihlopha tse peli, mohlomong re ka ’na ra ipotsa: (1) Na linku tse ling li lokela ho tseba mabitso a batlotsuoa bohle kajeno? (2) Batlotsuoa ba lokela ho itšoara joang? (3) Haeba motho e mong phuthehong ea heso a qala ho ja bohobe le ho noa veine Sehopotsong, ke lokela ho mo tšoara joang? (4) Na ke lokela ho tšoenyeha ha ke bona palo ea batho ba jang bohobe le ho noa veine Sehopotsong e ntse e nyoloha? Re tlil’o araba lipotso tsena sehloohong sena.

NA RE LOKELA HO TSEBA MABITSO A BATLOTSUOA BOHLE KAJENO?

3. Ke hobane’ng ha re ke ke ra tseba hantle hore na ke bo-mang bao e tla ba karolo ea ba 144 000?

3 Na linku tse ling li lokela ho tseba mabitso a batlotsuoa bohle ba ntseng ba le lefatšeng? Che. Lebaka ke hobane ha ho motho ea tsebang hantle hore na ba tla fumana moputso oa bona kapa che. [1] (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.) Le hoja Molimo a ba tšepisitse ho ea phela leholimong, ba tla fumana moputso hafeela ba lula ba tšepahala. Satane o tseba taba ena, ke kahoo a sebelisang “baprofeta ba bohata” ho leka ho ba ‘khelosa.’ (Matheu 24:24) Batlotsuoa ba ke ke ba tseba hantle hore na ba tla fumana moputso oa bona kapa che, ho fihlela ha Jehova a ba tiisetsa hore ba tšepahetse. Jehova o ba tiisetsa sena kapa o ba fa tiiso ea ho qetela nakoana pele ba shoa kapa nakoana pele ‘matšoenyeho a maholo’ a qala.—Tšenolo 2:10; 7:3, 14.

Jesu ke Moeta-pele oa rōna, ’me re lokela ho latela eena feela

4. Kaha re ke ke ra khona ho tseba mabitso a batlotsuoa bohle ba ntseng ba le lefatšeng kajeno, re ka “tsamaea” le bona joang?

4 Linku tse ling li ka “tsamaea” le batlotsuoa joang haeba ho sa khonehe ho tseba mabitso a batlotsuoa bohle ba ntseng ba le lefatšeng kajeno? Bibele e re “banna ba leshome . . . ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.’” Le hoja temana ena e bua ka “monna oa Mojuda,” ha e bolele motho a le mong. Ho e-na le hoo, monna oa Mojuda o emela batlotsuoa bohle e le sehlopha. Kaha linku tse ling li utloisisa sena, li ikopantse le sehlopha seo ho sebeletsa Jehova. Ha ho hlokahale hore li tsebe mabitso a batlotsuoa bohle kapa hona hore li latele e mong le e mong oa bona. Jesu ke eena Moeta-pele oa rōna, ’me Bibele e re re lokela ho latela eena feela.—Matheu 23:10.

BATLOTSUOA BA LOKELA HO ITŠOARA JOANG?

5. Ke temoso efe eo batlotsuoa ba lokelang ho nahanisisa ka eona, hona hobane’ng?

5 Batlotsuoa ba lokela ho nahanisisa ka temoso e tlalehiloeng ho 1 Bakorinthe 11:27-29. (E bale.) Motlotsuoa a ka ’na a ja bohobe le ho noa veine “ka ho sa tšoaneleheng” joang Sehopotsong? Haeba a se na kamano e ntle le Jehova ’me a sa tšepahale, o bontša ho se hlomphe ha a ja bohobe le ho noa veine. (Baheberu 6:4-6; 10:26-29) Temoso ena e hopotsa batlotsuoa hore ba lokela ho lula ba tšepahala haeba ba batla ho fumana “moputso oa pitso ea holimo ea Molimo ka Kreste Jesu.”—Bafilipi 3:13-16.

6. Batlotsuoa ba lokela ho inka joang?

6 Pauluse o ile a re ho batlotsuoa: “’Na, motšoaruoa Moreneng, ke le kōpa ka tieo hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang pitso eo le ileng la bitsoa ka eona.” Ba ka etsa see joang? Pauluse o ile a hlalosa a re: “Ka ho ikokobetsa ho feletseng kelellong le bonolo, ka tiisetso, le mamellane ka lerato, le leke ka tieo ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.” (Baefese 4:1-3) Moea o halalelang oa Jehova o thusa bahlanka ba hae hore ba ikokobetse, eseng ba ikhohomose. (Bakolose 3:12) Kahoo, batlotsuoa ha ba nke hore ba phahametse batho ba bang. Baa tseba hore Jehova ha a ba fe moea o halalelang o mongata ho feta oo a o fang bahlanka ba hae ba bang. Ebile ha ba nke hore ba utloisisa Bibele hantle ho feta batho ba bang. Ho feta moo, batlotsuoa ba ke ke ba bolella motho hore o tlotsitsoe le hore o lokela ho qala ho ja bohobe le ho noa veine Sehopotsong. Ho e-na le hoo, ba ikokobelitse ’me baa tseba hore ke Jehova feela ea ka memelang batho ho ea phela leholimong.

7, 8. Batlotsuoa ha baa lebella eng, hona hobane’ng?

7 Le hoja batlotsuoa ba tseba hore ke tlotla ho memeloa ho ea phela leholimong, ha baa lebella hore ba bang ba ba tšoare ka tsela e khethehileng. (Baefese 1:18, 19; bala Bafilipi 2:2, 3.) Ba boetse baa tseba hore ha Jehova a ba tlotsa, ha aa ka a phatlalatsa taba eo ho mang kapa mang. Kahoo, motlotsuoa ha a makale ha batho ba bang ba sa lumele hore o tlotsitsoe. O oa tseba hore Bibele e re ha rea lokela ho nkeha habonolo ha motho a re Molimo o mo file boikarabelo bo khethehileng. (Tšenolo 2:2) Kaha motlotsuoa ha aa lebella hore ba bang ba mo nkele holimo, ha a tsamaee a bolella batho hore ke motlotsuoa. Ha e le hantle, a ka ’na a se ke a bolella leha e le mang taba ena. Ebile a ke ke a ikotla sefuba ka lintho tseo a tla li etsa leholimong.—1 Bakorinthe 1:28, 29; bala 1 Bakorinthe 4:6-8.

8 Batlotsuoa ha ba nke hore ba lokela ho qeta nako e ngata ba e-na le batlotsuoa ba bang joalokaha eka ke litho tsa mokhatlo o itseng. Ha ba leke ho ikopanya le batlotsuoa ba bang e le hore ba bue ka litaba tsa batlotsuoa kapa hore ba ithute Bibele hammoho. (Bagalata 1:15-17) Sena se ne se tla etsa hore phutheho e se ke ea momahana. Ha ba etsa joalo, ba ne ba tla be ba le khahlanong le moea o halalelang, o thusang bahlanka ba Molimo hore ba momahane ’me ba be le khotso.—Bala Baroma 16:17, 18.

RE LOKELA HO BA TŠOARA JOANG?

9. Re lokela ho tšoara ba jang bohobe le ho noa veine Sehopotsong joang? (Sheba lebokose le reng, “ Lerato ‘ha le Itšoare ka Mokhoa o sa Hlompheheng.’”)

9 Re lokela ho tšoara bara le barali babo rōna ba batlotsuoa joang? Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore kaofela ha bona ke “bara ba motho.” A phaella ka ho re: “Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ’me mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.” (Matheu 23:8-12) Kahoo, ha rea lokela ho nkela motho ea itseng holimo, esita le haeba e le motlotsuoa. Le hoja Bibele e re khothalletsa hore re etsise tumelo ea baholo, e re ha rea lokela ho etsa motho leha e le ofe moeta-pele oa rōna. (Baheberu 13:7) Ke ’nete hore Bibele e re batho ba bang “ba tšoaneloa ke tlhompho e habeli.” Empa e ba tšoanela hobane ‘ba okamela ka tsela e ntle’ ba bile ‘ba sebetsa ka thata ho bueng le ho ruteng,’ eseng hobane e le batlotsuoa. (1 Timothea 5:17) Haeba re nkela batlotsuoa holimo, re bile re ba tlotla ho feta tekano, seo se tla ba soabisa. Kapa se etse hore ba ikhohomose. (Baroma 12:3) Ha re batle ho etsa lintho tse ka etsang hore e mong oa barab’abo Kreste a etse phoso eo!—Luka 17:2.

U lokela ho tšoara motho ea jang bohobe le ho noa veine Sehopotsong joang? (Sheba serapa sa 9-11)

10. Re ka bontša joang hore re hlompha batlotsuoa?

10 Re ka bontša joang hore re hlompha batlotsuoa? Ka ho se ba botse hore na ho etsahetse’ng ha ba tlotsoa. Ena ke taba ea motho ka mong, ’me rōna ha e re ame. (1 Bathesalonika 4:11; 2 Bathesalonika 3:11) Ho feta moo, ha rea lokela ho nahana hore litho tse ling tsa malapa a bona kapa beng ka bona le bona ke batlotsuoa. Motho ha e be motlotsuoa ka tsoalo. (1 Bathesalonika 2:12) Re boetse re lokela ho qoba ho botsa lipotso tse ka utloisang ba bang bohloko. Ka mohlala, ha rea lokela ho botsa mosali ea nyetsoeng ke motlotsuoa hore na o ikutloa joang ka ho phela paradeiseng monna oa hae a le sieo. Etsoe re kholisehile hore lefatšeng le lecha, Jehova o tla “khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.”—Pesaleme ea 145:16.

11. Ho se nkele batho ba itseng holimo ho re sireletsa joang?

11 Haeba re sa nkele batlotsuoa holimo ho feta batho ba bang, seo sea re sireletsa. Ka tsela efe? Bibele e re ka phuthehong ho ka ’na ha e-ba le “barab’abo rōna ba bohata” ba ipolelang hore ke batlotsuoa. (Bagalata 2:4, 5; 1 Johanne 2:19) Ho feta moo, batlotsuoa ba bang ba ka ’na ba se ke ba tšepahala. (Matheu 25:10-12; 2 Petrose 2:20, 21) Empa haeba re qoba ho nkela batho ba itseng holimo, sena se tla re thusa hore re se ke ra latela batho, ebang ke batlotsuoa, batho ba tsebahalang kapa bao e leng khale ba sebeletsa Jehova. Kahoo, haeba ba sa tšepahale ’me ba lahla phutheho, re ke ke ra furalla Jehova kapa ra khaotsa ho mo sebeletsa.—Juda 16.

NA RE LOKELA HO TŠOENYEHA KA PALO EA BATLOTSUOA?

12, 13. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoenyeha ka palo ea batho ba jang bohobe le ho noa veine Sehopotsong?

12 Ka lilemo tse ngata, palo ea ba jang bohobe le ho noa veine Sehopotsong e ’nile ea theoha. Empa morao tjena, palo eo e ntse e nyoloha selemo le selemo. Na see se lokela ho re tšoenya? Che. A re boneng lebaka.

13 “Jehova o tseba ba hae.” (2 Timothea 2:19) Barab’abo rōna ba balang batho ba jang bohobe le ho noa veine Sehopotsong ha ba tsebe hore na bao e hlileng e leng batlotsuoa ke bafe, empa Jehova eena o oa tseba. Kahoo, palo eo e akarelletsa le ba nahanang hore ke batlotsuoa, empa e se bona. Ka mohlala, batho ba bang ba neng ba ja bohobe le ho noa veine ba ile ba khaotsa hamorao. Ba bang e ka ’na eaba ba na le mathata a kelello kapa a maikutlo, ’me ba nahana hore ba tla busa le Kreste leholimong. Kahoo, ho hlakile hore re ke ke ra tseba hore na ke batlotsuoa ba bakae ba ntseng ba le lefatšeng.

14. Bibele e re’ng ka palo ea batlotsuoa ba tla beng ba ntse ba le lefatšeng ha matšoenyeho a maholo a qala?

14 Ha Jesu a tla ho tla nkela batlotsuoa leholimong, ba tla be ba le likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše. Bibele e re Jesu “o tla romela mangeloi a hae ka molumo o moholo oa terompeta, ’me a tla bokella bakhethoa ba hae ho tsoa meeeng e mene, ho tloha pheletsong e ’ngoe ea maholimo ho isa pheletsong e ’ngoe ea ’ona.” (Matheu 24:31) Bibele e boetse e bontša hore matsatsing a ho qetela, palo ea batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng e tla be e theohile haholo. (Tšenolo 12:17) Empa ha e bolele hore na ba tla be ba le bakae ha matšoenyeho a maholo a qala.

15, 16. Ke’ng eo re lokelang ho e utloisisa ka ba 144 000 ba khethiloeng ke Jehova?

15 Ke Jehova ea etsang qeto ea hore na o khetha batlotsuoa neng. (Baroma 8:28-30) Jehova o ile a qala ho khetha batlotsuoa ka mor’a hore a tsose Jesu. Ho bonahala eka mehleng ea baapostola, Bakreste bohle ba ’nete e ne e le batlotsuoa. Empa ha nako e ntse e ea, batho ba bangata ba neng ba ipitsa Bakreste ba ne ba hlile ba sa latele Kreste. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ’na a khetha Bakreste ba ’nete ba seng bakae hore e be batlotsuoa. Ba ne ba tšoana le koro eo Jesu a ileng a re e ne e tla hōla har’a mofoka. (Matheu 13:24-30) Matsatsing ana a ho qetela, Jehova o ’nile a tsoela pele ho khetha batho bao e tla ba karolo ea ba 144 000. [2] (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.) Kahoo, haeba Molimo a khetha ba bang nakoana pele ho bofelo, ha rea lokela ho belaela hore o etsa se nepahetseng. (Esaia 45:9; Daniele 4:35; bala Baroma 9:11, 16.) [3] (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.) Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra tšoana le basebetsi ba ileng ba korotlela mong’a bona, ha a ba lefa chelete e lekanang le ea mosebetsi ea qalileng ka hora ea ho qetela.—Bala Matheu 20:8-15.

16 Hase batho bohle ba nang le tšepo ea ho phela leholimong bao e leng karolo ea “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) Kajeno, Jehova le Jesu ba sebelisa batho ba seng bakae ho fepa le ho ruta batho ba bangata, feela joalokaha ba ile ba etsa mehleng ea baapostola. Ba ile ba sebelisa batlotsuoa ba seng bakae ho ngola Mangolo a Segerike a Bakreste. ’Me kajeno, ke batlotsuoa ba seng bakae ba filoeng boikarabelo ba ho fa batho ba Molimo ‘lijo ka nako e tšoanetseng.’

17. U ithutile’ng sehloohong see?

17 Re ithutile’ng sehloohong see? Hore Jehova o khethile ho fa batho ba bangata monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, le ho fa ba tla busa le Jesu monyetla oa ho phela leholimong. Jehova o putsa bahlanka bohle ba hae, e leng “monna oa Mojuda” le “banna ba leshome,” ’me o lebeletse hore ba mamele melao ea hae le hore ba lule ba tšepahala. Kaofela ba lokela ho lula ba ikokobelitse. Ba lokela ho mo sebeletsa ba momahane. ’Me bohle ba lokela ho sebeletsa hore ho be le khotso ka phuthehong. Ha bofelo bo ntse bo atamela, a re tsoeleng pele ho sebeletsa Jehova, ’me re latele Kreste re le mohlape o le mong.

^ [1] (serapeng sa 3) Ho ea ka Pesaleme ea 87:5, 6, nakong e tlang Molimo a ka ’na a bolela mabitso a bohle ba tla beng ba busa le Jesu leholimong.—Baroma 8:19.

^ [2] (serapeng sa 15) Le hoja Liketso 2:33 e bontša hore Jehova o sebelisa Jesu, ke Jehova ea khethang batlotsuoa.

^ [3] (serapeng sa 15) Hore u fumane lintlha tse eketsehileng, sheba “Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooeng oa May 1, 2007, leqepheng la 30-31.