Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsoelang Pele ho Rata Barab’abo Lōna!

Tsoelang Pele ho Rata Barab’abo Lōna!

“Lerato la lōna la bara ba motho le ke le tsoele pele.”—BAHEBERU 13:1.

LIPINA: 72, 119

1, 2. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngolla Bakreste ba Baheberu lengolo?

KA SELEMO sa 61, ho ne ho rena khotso Iseraele. Moapostola Pauluse o ne a le chankaneng Roma, ’me a e-na le tšepo ea hore o tla lokolloa haufinyane. Timothea eo a neng a tšoeroe le eena o ne a sa tsoa lokolloa ’me ba rerile hore ha Pauluse a lokolloa ba tla etela barab’abo bona ba Judea. (Baheberu 13:23) Empa ka mor’a lilemo tse hlano, Bakreste ba Judea, haholo-holo ba lulang Jerusalema, ba ne ba tla lokela ho nka bohato ka potlako. Hobane’ng? Jesu o ne a boleletse balateli ba hae hore hang ha ba bona masole a pota-potile motse oa Jerusalema, ba balehe.—Luka 21:20-24.

2 Ho ne ho se ho fetile lilemo tse 28 Jesu a buile mantsoe ao. Bakreste ba Iseraele ba ile ba lula ba tšepahala nakong eo, le hoja ba ne ba hlorisoa ba bile ba tobana le liteko tse sa tšoaneng. (Baheberu 10:32-34) Empa Pauluse o ne a batla ho ba thusa ho itokiselletsa se larileng ka pele. Tumelo ea bona e ne e le haufi le ho lekoa. (Matheu 24:20, 21; Baheberu 12:4) E le hore ba mamele temoso ea Jesu ’me ba pholohe, ho ne ho hlokahala hore ba be le mamello le tumelo e matla. (Bala Baheberu 10:36-39.) Kahoo Jehova o ile a bululela Pauluse hore a ngolle bara le barali bao babo rōna. Ka Bibeleng lengolo leo le bitsoa buka ea Baheberu, ’me le ne le reretsoe ho ba matlafalletsa lintho tse haufi le ho etsahala.

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella buka ea Baheberu?

3 Le rōna kajeno re lokela ho thahasella buka ea Baheberu. Hobane’ng? Hobane re boemong bo kang ba Bakreste bao ba Judea. Re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ ’me ba bangata ba tobana le liteko tse matla kapa baa hlorisoa. (2 Timothea 3:1, 12) Ke ’nete hore boholo ba rōna re phela libakeng tse renang khotso ’me ha re hlorisoe. Empa le rōna re lokela ho itokisa joaloka Bakreste ba mehleng ea Pauluse. Hobane’ng? Haufinyane tumelo ea rōna e tla lekoa ho feta leha e le neng pele!—Bala Luka 21:34-36.

4. Temana ea selemo ea 2016 ke efe, hona ke hobane’ng ha e loketse?

4 Ke’ng e ka re thusang hore re itokiselletse se larileng ka pele? Bukeng ea Baheberu, Pauluse o boletse lintho tse ’maloa tse ka re thusang ho matlafatsa tumelo ea rōna. O boletse e ’ngoe ea tsona ho Baheberu 13:1. Moo o re: “Lerato la lōna la bara ba motho le ke le tsoele pele.” Temana ena, ke eona temana ea rōna ea selemo ea 2016.

Temana ea selemo ea 2016 e re: “Lerato la lōna la bara ba motho le ke le tsoele pele.” Baheberu 13:1

LERATO LA BARA BA MOTHO KE ENG?

5. Lerato la bara ba motho ke eng?

5 Lerato la bara ba motho ke eng? Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng qalong le bolela “ho rata mor’eno.” Lerato lena ke boikutlo bo matla bo bang teng pakeng tsa litho tsa lelapa le metsoalle. (Johanne 11:36) Ha re etse eka re bana ba motho. Re fela re le bona. (Matheu 23:8) Pauluse o ile a re: “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” (Baroma 12:10) Mantsoe ao a bontša kamoo re ratang barab’abo rōna kateng. Lerato lena le tataisoang ke melao-motheo ea Bokreste, le thusa batho ba Molimo hore e be metsoalle e haufi le hore ba momahane.

6. Bakreste ba ’nete ba utloisisa hore ho rata barab’abo bona ho bolela’ng?

6 Poleloana “lerato la bara ba motho” e hlaha khafetsa libukeng tsa Bakreste. Bajuda ba mehleng ea boholo-holo, ba ne ba sebelisa lentsoe “mor’abo rōna” ho motho eo ba amanang le eena ’me ka linako tse ling ba le sebelisa ho motho eo ba sa amaneng le eena. Empa ho ne ho se mohla ba le sebelisang ho motho eo e seng Mojuda. Leha ho le joalo, rea tseba hore “mor’abo rōna” ke Mokreste e mong le e mong oa ’nete, ho sa tsotellehe hore na o hlaha naheng efe. (Baroma 10:12) Jehova o re rutile hore re lokela ho ratana, kaha re bana ba motho. (1 Bathesalonika 4:9) Empa ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re rata barab’abo rōna?

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO TSOELA PELE RE RATA BARAB’ABO RŌNA?

7. (a) Lebaka le ka sehloohong leo re ratang barab’abo rōna ka lona ke lefe? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho tiisa maqhama a rōna a lerato?

7 Lebaka le ka sehloohong leo re ratang barab’abo rōna ka lona, ke hobane Jehova o re laela hore re ba rate. Re ke ke ra rata Jehova haeba re sa rate barab’abo rōna. (1 Johanne 4:7, 20, 21) Lebaka le leng ke hore rea hlokana, haholo-holo linakong tse thata. Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Baheberu, o ne a tseba hore haufinyane ba bang ba bona ba tla lokela ho siea mahae a bona. Jesu o ile a bolela esale pele hore nako eo e ne e sa tl’o ba bonolo. (Mareka 13:14-18; Luka 21:21-23) Kahoo, Bakreste bao ba ne ba lokela ho tiisa maqhama a bona a lerato pele nako eo e fihla.—Baroma 12:9.

Re lokela ho tiisa maqhama a lerato hona joale, kaha seo se tla re thusa ho mamella liteko tseo re ka ’nang ra tobana le tsona nakong e tlang

8. Re lokela ho etsa’ng hona joale pele matšoenyeho a maholo a qala?

8 Matšoenyeho a maholo a ntse a atamela ka potlako. (Mareka 13:19; Tšenolo 7:1-3) Re tla tlameha ho mamela taelo ena e reng: “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, ’me u koale mamati ka mor’a hao. Ipate ka motsotsoana ho fihlela nyatso e feta.” (Esaia 26:20) E ka ’na eaba ‘likamore tseo tse ka hare’ li bolela liphutheho tsa habo rōna, e leng hona moo re rapelang Jehova teng hammoho le bara le barali babo rōna. Empa na re lokela ho khotsofalla feela ho bokana hammoho kamehla? Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Baheberu hore ba lokela ho khothatsana le ho bontšana lerato esita le ho thusana. (Baheberu 10:24, 25) Re lokela ho tiisa maqhama a rōna a lerato hona joale, kaha seo se tla re thusa ho mamella liteko leha e le life tseo re ka ’nang ra tobana le tsona nakong e tlang.

9. (a) Re na le menyetla efe ea ho bontša barab’abo rōna hore rea ba rata? (b) Fana ka mehlala e bontšang hore batho ba Jehova baa ratana.

9 Le rōna kajeno, pele matšoenyeho a maholo a qala, re ntse re e-na le menyetla e mengata ea ho bontša hore re rata barab’abo rōna. Barab’abo rōna ba bangata ba angoa ke litšisinyeho tsa lefatše, likhohola, maholiotsoana, litsunami esita le likoluoa tse ling tsa tlhaho. Ba bang bona baa hlorisoa. (Matheu 24:6-9) Ha ba bang bona ba hula ka thata moruong ka lebaka la bobolu bo jeleng setsi. (Tšenolo 6:5, 6) Leha ho le joalo, mathata ao barab’abo rōna ba tobanang le ’ona a re fa monyetla oa ho ba bontša hore rea ba rata. Le hoja lefatšeng batho ba se na lerato, re lokela ho tsoela pele ho bontša barab’abo rōna hore rea ba rata. (Matheu 24:12) [1] —Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.

RE KA BONTŠA JOANG HORE RE RATA BARAB’ABO RŌNA?

10. Re tlil’o hlahloba eng hona joale?

10 Re ka etsa’ng ho netefatsa hore re tsoela pele ho rata barab’abo rōna, le hoja re tobana le mathata? Re ka bontša joang hore re hlile rea ba rata? Ka mor’a hore moapostola Pauluse a khothaletse Bakreste ba Baheberu hore ba tsoele pele ho rata barab’abo bona, o ile a thathamisa litsela tse ’maloa tseo ba ka etsang sena ka tsona. A re ke re hlahlobeng tse tšeletseng tsa tsona.

11, 12. Ho amohela baeti ho bolela’ng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

11 “Le se ke la lebala ho amohela baeti.” (Bala Baheberu 13:2.) “Ho amohela baeti” ho bolela’ng? Lentsoe leo Pauluse a le sebelisitseng, ha e le hantle le bolela “ho bontša mosa ho batho bao re sa ba tsebeng.” Mohlomong poleloana ena e re hopotsa Abrahama le Lota. Ka bobeli ba ile ba amohela ka mosa batho bao ba sa ba tsebeng. Hamorao, Abrahama le Lota ba ile ba hlokomela hore ba amohetse mangeloi. (Genese 18:2-5; 19:1-3) Mohlala oa bona o ile oa khothalletsa Bakreste ba Baheberu hore ba bontše hore ba rata barab’abo bona ka ho amohela baeti.

12 Re ka bontša joang hore re rata ho amohela baeti? Re ka memela bara le barali babo rōna lijong kapa hore ba re etele re tl’o khothatsana. Le haeba re sa tsebe molebeli oa potoloho le mosali oa hae hantle, re ka ba mema ha ba etetse phuthehong ea habo rōna. (3 Johanne 5-8) Ha ho hlokahale hore re phehe lijo tse ngata kapa re sebelise chelete e ngata. Sepheo sa rōna ke ho khothatsa barab’abo rōna, eseng ho etsa mponeng ka seo re nang le sona. Hape, ha rea lokela ho mema feela batho bao re ka fumanang molemo o itseng ho bona. (Luka 10:42; 14:12-14) Seo e leng sa bohlokoa ke hore re se ke ra phathahana haholo hoo re sitoang ho amohela baeti!

13, 14. Re ka etsa’ng e le hore re ‘lule re hopola ba litlamong tsa chankana’?

13 “Lulang le hopotse ba litlamong tsa chankana.” (Bala Baheberu 13:3.) Ha Pauluse a ne a ngola mantsoe ana, o ne a bua ka barab’abo rōna ba tšoeroeng ka lebaka la tumelo ea bona. Pauluse o ile a babatsa barab’abo rōna ba phuthehong eo kaha ba ne ba bontšitse hore ba na le “kutloelo-bohloko ho ba chankaneng.” (Baheberu 10:34) Barab’abo rōna ba bang ba ile ba thusa Pauluse ka lilemo tse ’nè tseo a li qetileng a le chankaneng, empa ba bang ba ne ba lula hōle. Ba lulang hōle ba ne ba ka mo thusa joang? Ba ne ba ka tsoela pele ho mo rapella ka tieo.—Bafilipi 1:12-14; Baheberu 13:18, 19.

Re ka rapella bara le barali babo rōna, esita le bana ba chankaneng naheng ea Eritrea

14 Kajeno ho na le bara le barali babo rōna ba bangata ba chankaneng ka lebaka la tumelo ea bona. Lipaki tse lulang haufi le lichankana tseo li ka ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Empa boholo ba rōna re lula hōle le bona. Re ka etsa’ng ho lula re ba hopola le ho ba thusa? Lerato le tla re susumelletsa hore re ba rapelle ka tieo. Ka mohlala, re ka rapella bara le barali babo rōna, esita le bana ba chankaneng naheng ea Eritrea, ho akarelletsa le Mor’abo rōna Paulos Eyassu, Isaac Mogos le Negede Teklemariam, ba seng ba qetile lilemo tse 20 ba le chankaneng.

15. Re ka bontša joang hore re hlompha lenyalo?

15 “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle.” (Bala Baheberu 13:4.) Re ka boela ra bontša hore re rata barab’abo rōna ka ho itšoara hantle. (1 Timothea 5:1, 2) Ka mohlala, haeba re etsa bohlola le mora kapa morali oabo rōna, re tla be re mo siteloa re bile re siteloa le lelapa la hae. Barab’abo rōna le bona ha ba sa tla re tšepa. (1 Bathesalonika 4:3-8) Hape, nahana hore na morali’abo rōna a ka ikutloa joang ha a hlokomela hore monna oa hae o shebella litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. Na a ka nka hore monna oa hae o oa mo rata le hore o hlompha lenyalo la bona?—Matheu 5:28.

16. Ha re khotsofalla seo re nang le sona re tla nolofalloa ho etsa’ng?

16 ‘Khotsofalla lintho tse teng.’ (Bala Baheberu 13:5.) Ha re tšepa Jehova re tla khotsofalla seo re nang le sona. See se tla re nolofalletsa joang ho bontša hore re rata barab’abo rōna? Ha re khotsofaletse seo re nang le sona, re tla nka bara le barali babo rōna e le ba bohlokoa ho feta chelete kapa lintho tse ling. (1 Timothea 6:6-8) Ha re na ho tletleba ka bona kapa ka lintho tse re hlahelang bophelong. Hape ha re na ho ba shoela mōna kapa ra ba meharo. Ho e-na le hoo, re tla ba seatla se bulehileng.—1 Timothea 6:17-19.

17. Ho “ba sebete” ho re thusa joang hore re rate barab’abo rōna?

17 ‘E-bang sebete.’ (Bala Baheberu 13:6.) Ha re tšepa Jehova re tla ba le sebete sa ho mamella liteko tse re hlahelang. Seo se tla boela se re thuse ho ba le boikutlo bo nepahetseng. ’Me ha re e-na le boikutlo bo nepahetseng, re tla bontša barab’abo rōna hore rea ba rata ka hore re ba khothatse le ho ba tšelisa. (1 Bathesalonika 5:14, 15) Esita le nakong ea matšoenyeho a maholo re tla lokela ho ba sebete, kaha re tla be re tseba hore topollo ea rōna e atametse.—Luka 21:25-28.

Re lokela ho ba sebete, kaha rea tseba hore topollo ea rōna e atametse

18. Re ka etsa’ng hore re rate baholo ba liphuthehong tsa habo rōna haholoanyane?

18 “Hopolang ba etellang pele har’a lōna.” (Bala Baheberu 13:7, 17.) Baholo ba liphuthehong tsa habo rōna ba sebetsa ka thata molemong oa rōna. Ha re nahana ka sohle seo ba re etsetsang sona, seo se etsa hore re ba rate le ho ba ananela le ho feta. Ha re batle ho etsa ntho leha e le efe e ka ba utloisang bohloko kapa ea ba ferekanya. Ho e-na le hoo, re batla ho ba mamela ka ho rata. Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore re ‘ba ela hloko ho feta kamoo ho tloaelehileng ka lebaka la mosebetsi oa bona.’—1 Bathesalonika 5:13.

Na u ananela mosebetsi oo baholo ba re etsetsang oona? (Sheba serapa sa 18)

TSOELANG PELE HO BA RATA

19, 20. Re ka etsa’ng e le hore re tsoele pele ho bontša hore re rata barab’abo rōna?

19 Batho ba Jehova ba tsebahala ka ho ratana. Le mehleng ea Pauluse ho ne ho le joalo. Empa Pauluse o ile a khothalletsa barab’abo hore ba ratane haholoanyane. O ile a re: ‘Le tsoele pele ho ratana ka tekanyo e tletseng haholo.’ (1 Bathesalonika 4:9, 10) Ho hlakile hore re ka ntlafatsa litsela tseo re bonahatsang lerato ka tsona!

20 Kahoo, ha re ntse re sheba temana ea rōna ea selemong sena Holong ea ’Muso, re ka ipotsa lipotso tsena: Nka ntlafatsa joang tabeng ea ho amohela baeti? Nka thusa barab’abo rōna ba chankaneng joang? Na ke hlompha tokisetso ea Molimo ea lenyalo? Ke’ng e ka nthusang hore ke khotsofalle seo ke nang le sona? Nka etsa’ng hore ke tšepe Jehova haholoanyane? Nka bontša joang hore ke hlompha ba etellang pele? Haeba re ikitlaelletsa ho ntlafatsa lintlheng tsena tse tšeletseng, temana ea selemo ha e-na ho ba mokhabiso feela o leboteng, empa e tla re thusa ho mamela mantsoe a Pauluse a reng: “Lerato la lōna la bara ba motho le ke le tsoele pele.”—Baheberu 13:1.

^ [1] (serapeng sa 9) Ho fumana mehlala ea kamoo Lipaki Tsa Jehova li ’nileng tsa bontšana lerato kateng ha ho e-na le likoluoa, sheba Molula-Qhooa oa July 15, 2002, leqepheng la 8-9, le buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba Muso oa Molimo, khaolo ea 19.