Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 5

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Libokeng Kamehla?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Libokeng Kamehla?

‘Le ’ne le phatlalatse lefu la Morena, ho fihlela a fihla.’ ​—⁠1 BAKOR. 11:⁠26.

PINA EA 18 Rea U Leboha ka Mora oa Hao

SELELEKELA *

1-2. (a) Jehova o bona’ng ha a sheba batho ba limilione ba tlileng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena? (Sheba setšoantšo se ka ntle.) (b) Re tl’o araba potso efe ea bohlokoa?

AK’U nahane hore na Jehova o ikutloa joang ha a bona batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba bokane bakeng sa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. O ela hloko motho e mong le e mong ea teng moo. Mohlala, o bona batho bao ka botšepehi ba bang teng selemo le selemo. E ka ’na eaba ba bang ba bona ba ba teng le hoja ba hlorisoa. Batho ba bang ha ba be teng libokeng beke le beke, empa ba nka hore ba tlameha ho ba teng Sehopotsong kamehla. Jehova o boetse o ela hloko batho ba qalang ho ba teng Sehopotsong, bao mohlomong ba tlileng hobane ba batla ho bona hore na ho etsoa’ng.

2 Ha ho potang hore Jehova oa thaba ha a bona litila-tile tsa batho ba tlileng Sehopotsong. (Luka 22:​19) Empa ha a thabisoe hakaalo ke palo ea batho ba tlileng. O ameha haholo ka hore na ke hobane’ng ha ba tlile. Sehloohong sena, re tl’o tšohla potso ea bohlokoa haholo, e reng: Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ba teng Sehopotsong feela, empa re boetse re lokela ho ba teng libokeng tsa beke le beke tseo Jehova a li hlophisitseng ka lerato?

(Sheba serapa sa 1-2) *

BOIKOKOBETSO BO RE SUSUMETSA HO BA TENG

3-4. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ba teng libokeng? (b) Re bontša’ng ha re e-⁠ba teng libokeng kamehla? (c) Ho ea ka 1 Bakorinthe 11:​23-26, re tla be re bontša’ng ha re e-⁠ba teng Sehopotsong?

3 Lebaka le ka sehloohong leo re bang teng libokeng ka lona ke hobane ke karolo ea ho rorisa Jehova. Re boetse re ba teng hobane ke moo Jehova a re rutang teng. Batho ba ikhohomosang ha ba lumele hore ho na le ntho eo ba ka e rutoang. (3 Joh. 9) Empa rona re thabela ho rutoa ke Jehova a sebelisa mokhatlo oa hae.​—⁠Esa. 30:​20; Joh. 6:⁠45.

4 Ha re e-⁠ba teng libokeng kamehla, re bontša hore re ikokobelitse re bile re ikemiselitse ho amohela ho rutoa ke Jehova. Re ba teng Sehopotsong sa lefu la Jesu hobane re nka seboka seo e le sa bohlokoa ’me re lumela hore re tlamehla ho ba teng. Hape, re ba teng hobane re ikokobeletsa taelo ea Jesu e reng: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Bala 1 Bakorinthe 11:​23-26.) Seboka sena se matlafatsa tšepo ea rona bakeng sa bokamoso ’me se re hopotsa kamoo Jehova a re ratang kateng. Leha ho le joalo, Jehova oa tseba hore ha re hloke ho khothatsoa le ho matlafatsoa hanngoe feela selemong. Ke kahoo a hlophisitseng hore ho be le liboka beke le beke, ’me o re khothaletsa ho ba teng ho tsona. Boikokobetso bo re susumelletsa ho mo mamela. Beke le beke re ba le nako ea ho itlhophela ho ba teng libokeng le ea ho ea ho tsona.

5. Batho ba ikokobelitseng ba etsa’ng ha Jehova a ba mema?

5 Selemo le selemo, batho ba ikokobelitseng ba amohela memo ea Jehova ea ho tla rutoa ke eena. (Esa. 50:⁠4) Ba thabela ho ba teng Sehopotsong, ebe ka mor’a moo ba qala ho ba teng libokeng beke le beke. (Zak. 8:​20-23) Kaofela re thabela tataiso le likeletso tse tsoang ho Jehova, kaha ke ‘Mothusi le Mopholosi oa rona.’ (Pes. 40:​17) Ka sebele ha ho letho le ka bang la bohlokoa ho feta ho amohela memo ea ho tla rutoa ke Jehova le Mora oa hae Jesu Kreste!​—⁠Mat. 17:⁠5; 18:​20; 28:⁠20.

6. Boikokobetso bo ile ba thusa Ntate e mong joang hore a be teng Sehopotsong?

6 Selemo le selemo re ikitlaetsa ho mema batho ba bangata kamoo re ka khonang kateng hore ba tle Sehopotsong sa lefu la Morena Jesu. Batho ba bangata ba ikokobelitseng ba ruile molemo ka ho amohela memo ena. A re ke re hlahlobeng mohlala o latelang. Mengoaha e seng mekae e fetileng, ntate e mong o ile a fuoa memo ea hore a tle Sehopotsong, empa o ile a bolella morab’abo rona ea neng a mo fa eona hore a ke ke a khona. Leha ho le joalo, mantsiboeeng a Sehopotso, mor’abo rona o ile a thaba ha a bona Ntate eo a kena Holong ea ’Muso. Ntate eo o ile a khahloa haholo ke tsela e mofuthu eo bara le barali babo rona ba neng ba mo lumelisa ka eona, hoo a ile a qala ho tla libokeng kamehla. Ha e le hantle, o ile a hlohela ho ba teng libokeng hararo feela selemong seo. O ile a thusoa ke’ng hore a be teng libokeng kamehla? Boikokobetso bo ile ba mo thusa ho fetola tsela eo a neng a nahana ka eona. Hamorao mor’abo rona ea neng a mo memme o ile a re ka ntate eo, “Ke motho ea ikokobelitseng haholo.” Re kholisehile hore ke Jehova ea huletseng ntate eo ka phuthehong, ’me hona joale o se a kolobelitsoe.​—⁠2 Sam. 22:​28; Joh. 6:⁠4.

7. Lintho tseo re li rutoang libokeng le tseo re li balang ka Bibeleng li ka re thusa joang hore re be batho ba ikokobelitseng?

7 Lintho tseo re li rutoang libokeng le tseo re li balang ka Bibeleng li ka re thusa ho ba batho ba ikokobelitseng. Libekeng tse etellang Sehopotso pele, re ithuta haholo ka mohlala oa Jesu le kamoo a ileng a bontša boikokobetso kateng ha a ne a fana ka bophelo ba hae e le thekollo. Hape, matsatsi a itseng pele ho Sehopotso re khothaletsoa ho bala litlaleho tsa Bibele tse buang ka liketsahalo tsa ha Jesu a tla shoa le ka tsoho ea hae. Lintho tseo re ithutang tsona libokeng ka nako eo le tseo re li balang litlalehong tseo tsa Bibele li re susumelletsa ho ananela sehlabelo sa Jesu haholoanyane. Li boetse li etsa hore re batle ho etsisa boikokobetso ba Jesu le ho etsa thato ea Jehova, esita le ha ho le boima.​—⁠Luka 22:​41, 42.

SEBETE SE RE THUSA HO BA TENG

8. Jesu o ile a bontša joang hore o sebete?

8 Re boetse re leka ho etsisa mohlala oa Jesu oa ho ba sebete. Nahana kamoo a ileng a bontša hore o sebete kateng matsatsi pele ho lefu la hae. O ne a tseba hantle hore haufinyane lira tsa hae li tla mo tlotlolla, li mo otle li be li mo khokhothele thupeng. (Mat. 20:​17-19) Ho ntse ho le joalo, o ile a e-⁠ba sebete ho isa lefung. Ha nako e ntse e atamela, o ile a bua le baapostola ba neng ba e-⁠na le eena Gethesemane, a re: “Emang, a re eeng. Bonang! Moeki oa ka o atametse.” (Mat. 26:​36, 46) Eitse ha mokhopi oo o fihla ho tla mo tšoara o ile a ema ka pele, a ipolela hore ke eena eo ba mo batlang ’me a kopa masole hore a tlohele baapostola ba hae ba tsamaee. (Joh. 18:​3-⁠8) Kannete Jesu o ile a bontša hore o sebete! Le mehleng ena, batlotsuoa le Bakreste ba linku tse ling ba etsisa Jesu ka ho ba sebete. Ba etsa seo joang?

Re matlafatsa Bakreste-’moho le rona ha ka sebete re e-⁠ba teng libokeng kamehla (Sheba serapa sa 9) *

9. (a) Ke hobane’ng ha ka linako tse ling re ka hloka ho ba sebete e le hore re be teng libokeng kamehla? (b) Mohlala oa rona o ka thusa bara le barali babo rona ba literonkong joang?

9 Ka linako tse ling ha ho nyolosetsa re ka ’na ra hloka ho ba sebete e le hore re be teng libokeng kamehla. Bara le barali babo rona ba bang ba ba teng libokeng kamehla le hoja ba imetsoe ke matšoenyeho, ba nyahame, kapa ba kula. Ba bang ka sebete ba ba teng libokeng le hoja ba hanyetsoa ka matla ke ba malapa a bona kapa ba boholong ’musong. U ka inahanela hore na mohlala oa rona o matlafatsa bara le barali babo rona ba literonkong ka lebaka la tumelo ea bona hakaakang! (Baheb. 13:⁠3) Ha ba utloa hore re ntse re tsoela pele re sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata ao re thulanang le ’ona, tumelo ea bona ea matlafala, ba tsoha molota ebile ba lula ba tšepahala. Moapostola Pauluse o ile a e-⁠ba boemong bo tšoanang. Ha a ne a le teronkong Roma, kamehla o ne a thaba ha a utloa hore Bakreste-’moho le eena ba ntse ba sebeletsa Molimo ka botšepehi. (Bafil. 1:​3-5, 12-14) Pauluse o ile a ngolla Baheberu lengolo nakoana pele a lokolloa kapa hang ka mor’a moo. Lengolong leo, o ile a khothaletsa Bakreste ba moo hore ‘lerato la bona la bara ba motho le tsoele pele’ le hore ba se ke ba khaotsa ho bokana hammoho.​—⁠Baheb. 10:​24, 25; 13:⁠1.

10-11. (a) Re ka mema bo-mang Sehopotsong? (b) Baefese 1:⁠7 e re ke hobane’ng ha re lokela ho ba mema?

10 Re bontša hore re sebete ha re mema beng ka rona, basebetsi-’moho le baahisane hore ba tle Sehopotsong. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba mema? Re lokela ho ba memela Sehopotsong e le ho bontša hore re ananela lerato leo Jehova le Jesu ba re bontšitseng lona. Re batla hore le bona ba ithute hore na ba ka rua molemo joang moseng oo Jehova a re bontšitseng oona ka thekollo.​—⁠Bala Baefese 1:⁠7; Tšen. 22:⁠17.

11 Haeba ka sebete re e-⁠ba teng libokeng kamehla, re boetse re bonahatsa makhabane a mang ao Jehova le Mora oa hae ba a bontšitseng ka tsela e babatsehang.

LERATO LE RE TLAMA HO BA TENG

12. (a) Ho ba teng libokeng ho matlafatsa lerato leo re ratang Jehova le Jesu ka lona joang? (b) 2 Bakorinthe 5:​14, 15 e re khothaletsa hore re etse’ng haeba re batla ho etsisa Jesu?

12 Lerato leo re ratang Jehova le Jesu ka lona le re tlama ho ea libokeng. Ha re le libokeng, lintho tseo re ithutang tsona li matlafatsa lerato leo re ratang Jehova le Mora oa hae ka lona. Moo re lula re hopotsoa lintho tse ntle tseo ba re etselitseng tsona. (Bar. 5:⁠8) Ka ho khetheha Sehopotso se re hopotsa lerato la bona, esita le batho ba ntseng ba e-⁠s’o utloisise hantle bohlokoa ba thekollo. Re leka ho etsisa Jesu nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang, kaha re batla ho mo leboha. (Bala 2 Bakorinthe 5:​14, 15.) Ho phaella moo, re susumeletseha ho rorisa Jehova ka hore ebe o re file thekollo. Tsela e ’ngoe eo re ka mo rorisang ka eona ke ka ho araba ha re le libokeng.

13. Hlalosa hore na re ka bontša joang hore re rata Jehova le Mora oa hae.

13 Re ka bontša hore re rata Jehova le Mora oa hae ka hore re ikemisetse ho tela eng kapa eng bakeng sa bona. Hangata re lokela ho etsa joalo e le hore re be teng libokeng kamehla. Liphuthehong tse ngata ho tšoaroa liboka mantsiboea ha ho tsuoa mesebetsing, ka nako eo boholo ba batho bo khathetseng. Seboka se seng se tšoaroa mafelo-beke ha batho ba bang ba qhanolotse. Na Jehova oa bona hore re ba teng libokeng kamehla le hoja re khathetse? Hantle haholo! Ha e le hantle, Jehova o bona matsapa ’ohle ao re a etsang, ebile oa a ananela.​—⁠Mar. 12:​41-⁠44.

14. Ke joang Jesu e leng mohlala o motle oa ho bontša lerato?

14 Jesu ke mohlala o motle oa ho bontša lerato. O ile a ikemisetsa ho tela bophelo ba hae molemong oa balateli ba hae ’me kamehla o ne a sa iketeletse pele. Mohlala, o ne a ea ho balateli ba hae esita leha a khathetse kapa a tšoenyehile. (Luka 22:​39-46) Hape, o ne a ameha ka lintho tseo a ka li etsetsang batho, eseng tseo ba ka mo etsetsang tsona. (Mat. 20:​28) Ha lerato leo re ratang Jehova le Bakreste-’moho ka lona le tiile, re tla loanela ho ba teng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena le libokeng tsa beke le beke.

15. Re batla ho thusa bo-mang ka ho khetheha?

15 Kaofela re litho tsa phutheho ea ’nete ea Bokreste, ’me re thabela ho mema batho hore e be karolo ea rona. Leha ho le joalo, ka ho khetheha re batla ho thusa bao re “amanang le [bona] tumelong,” ba seng ba sa kopanele tšebeletsong. (Bagal. 6:​10) Re bontša hore rea ba rata ka ho ba khothalletsa ho tla libokeng, haholo-holo ho ea Sehopotsong. Joaloka Jehova le Jesu, le rona re thaba haholo ha motho ea neng a se a sa kopanele tšebeletsong a khutlela ho Ntate oa rona ea lerato Jehova.​—⁠Mat. 18:⁠14.

16. (a) Re ka etsa’ng ho khothatsana, hona liboka li ka re thusa joang? (b) Ke hobane’ng ha nako ee e le e nepahetseng bakeng sa ho hopola mantsoe a Jesu a ho Johanne 3:⁠16?

16 Libekeng tse tlang, re u khothaletsa hore u meme batho ba bangata kamoo u ka khonang hore ba tle Sehopotsong se tla tšoaroa ka Labohlano la la 19 April, 2019. (Sheba lebokose le reng, “ Na U Tla ba Mema?”) Selemong sena, e se eka re ka etsa sohle seo re ka se khonang ho khothatsana ka hore re be teng kamehla libokeng tsohle tseo Jehova a li hlophisitseng. Ha bofelo bo ntse bo atamela, liboka li tla re thusa hore re lule re ikokobelitse, re le sebete re bile re e-⁠na le lerato. (1 Bathes. 5:​8-11) A re lekeng ka hohle kamoo re ka khonang kateng ho bontša Jehova le Mora oa hae hore na re ikutloa joang ka lerato leo ba re bontšitseng lona!​—⁠Bala Johanne 3:⁠16.

PINA EA 126 Falimehang, E-⁠bang Sebete, Matlafalang

^ ser. 5 Sehopotso sa lefu la Morena Jesu Kreste se tla tšoaroa ka Labohlano la la 19 April, 2019, ’me e tla ba ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa selemong sena. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba teng? Ke hobane re batla ho thabisa Jehova. Sehloohong sena, re tl’o tšohla hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ba teng Sehopotsong le libokeng tsa rona beke le beke.

^ ser. 50 SETŠOANTŠO SE SEKOAHELONG: Batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba amoheloa Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena

^ ser. 52 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona ea teronkong o khothatsoa ke ho bala lengolo le tsoang ho ba lelapa la hae. Kaha oa tseba hore ha baa mo lebala, oa thaba ha a utloa hore ba ntse ba tiile tumelong ho sa tsotellehe maqheka a bo-ralipolotiki a ho thiba mosebetsi oa Lipaki.