Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 4

Ketsahalo ea Bohlokoa e re Rutang ho Hoholo ka Morena oa Rona

Ketsahalo ea Bohlokoa e re Rutang ho Hoholo ka Morena oa Rona

“Sena se bolela ’mele oa ka. . . . Sena se bolela ‘mali a selekane’ a ka.”​—⁠MAT. 26:​26-⁠28.

PINA EA 16 Rorisang Jah ka Lebaka la Mora oa Hae

SELELEKELA *

NA U ka hlalosa hore ho etsahala’ng sebokeng sa selemo le selemo sa Sehopotso sa lefu la Jesu? Ntle ho tika-tiko, boholo ba rona rea hopola hore na ho etsahala’ng sebokeng seo. Lebaka ke hobane ke seboka se sa rarahanang, se sa hlokeng lintho tse ngata. Le hoja seboka sena e le sa bohlokoa, re ka ’na ra ipotsa hore na ke hobane’ng ha se sa hloke lintho tse ngata.

2 Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ne a tsebahala ka ho ruta Lentsoe la Molimo ka tsela e bonolo, e hlakileng le e utloahalang. (Mat. 7:​28, 29) O ile a boela a ruta hore na re ka ikhopotsa lefu la hae joang re sa sebelise lintho tse ngata. Kahoo, a re nahaneng ka hloko ka lintho tseo Jesu a ileng a li etsa le ho li bua ha a ne a hlophisa Sehopotso. Ha re etsa joalo, re tla ithuta kamoo Jesu a ikokobelitseng, a leng sebete ebile a nang le lerato kateng ’me re tla boela re bone hore na re ka mo etsisa joang.

JESU O IKOKOBELITSE

Bohobe le veine tse sebelisoang Sehopotsong li re hopotsa hore Jesu o ile a tela bophelo ba hae molemong oa rona le hore ke Morena leholimong (Sheba serapa sa 3-⁠5)

3. (a) Ho ne ho le bonolo hakae hore Jesu a thehe Sehopotso, ho ea ka Matheu 26:​26-28? (b) Lintho tse peli tse fumanehang habonolo tseo a ileng a li sebelisa li emela’ng?

3 Jesu o ne a e-⁠na le baapostola ba hae ba 11 feela ha a ne a theha Sehopotso sa lefu la hae. O ile a sebelisa lijo tse neng li setse moketeng oa Paseka ha a theha Sehopotso sena. (Bala Matheu 26:​26-28.) O ile a sebelisa lintho tse peli tse seng li ntse li le teng, bohobe bo sa lomosoang le veine tse setseng. Jesu o ile a bolella baapostola ba hae hore bohobe boo bo ne bo emela ’mele oa hae o phethahetseng, ha veine eona e emela mali a hae a neng a tla tšolloa molemong oa bona. Mohlomong baapostola ha baa ka ba makala hore ebe ketsahalo ena ea bohlokoa e ne e sa rarahana. Ebe ke hobane’ng?

4. Keletso eo Jesu a ileng a e fa Maretha e re thusa joang ho utloisisa seo Jesu a ileng a se etsa ka Sehopotso?

4 Nahana hore na ho ile ha etsahala’ng mathoasong a selemo sa boraro sa tšebeletso ea Jesu ha a chaketse Lazaro, Maretha le Maria. Ha Jesu a ntse a robile monakeli le metsoalle eo ea hae, o ile a qala ho e ruta. Maretha o ne a le teng empa a phathahane ka ho pheha lijo tse ngata bakeng sa moeti oa bona. Ha Jesu a hlokomela se etsahalang, o ile a bua le Maretha ’me a mo thusa ho bona hore ka linako tse ling ha ho hlokehe hore a phehe lijo tse ngata. (Luka 10:​40-42) Bosiung ba ho qetela pele Jesu a bolaoa, o ile a sebelisa keletso eo a ileng a e fa Maretha. O ile a sebelisa lintho tse fumanehang habonolo hore a thehe Sehopotso. Taba ee e re ruta’ng ka Jesu?

5. Tsela eo Jesu a ileng a re re tšoare Sehopotso ka eona, e re ruta’ng ka eena, hona e lumellana joang le Bafilipi 2:​5-⁠8?

5 Jesu o ne a ikokobelitse nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e etsa le ho e bua. Ha ho makatse hore ebe bosiung ba pele Jesu a e-⁠shoa o ile a bontša boikokobetso ka tsela e ikhethang. (Mat. 11:​29) O ne a tseba hore o lokela ho shoa molemong oa batho le hore Jehova o ne a tl’o mo tsosetsa hore ebe Morena leholimong. Ho ntse ho le joalo, ha aa ka a batla hore Sehopotso sa lefu la hae e be mokete oa semetletsahali. Empa o ile a bolella baleteli ba hae hore selemo le selemo ha ba ikhopotsa lefu la hae, ba se ke ba sebelisa lintho tse ngata le tse rarahaneng. (Joh. 13:​15; 1 Bakor. 11:​23-25) Tsela ena eo Jesu a ileng a re balateli ba hae ba etse lintho ka eona e ne e bontša hore ke motho ea ikokobelitseng. Rea thaba hore ebe Morena oa rona Jesu o ikokobelitse.​—⁠Bala Bafilipi 2:​5-⁠8.

6. Re ka etsa’ng hore re be le boikokobetso joaloka Jesu?

6 Re ka etsa’ng hore re be le boikokobetso joaloka Jesu? Ka hore re se ke ra inahana borona feela. (Bafil. 2:​3, 4) Nahana ka lintho tse ileng tsa etsahala bosiung ba ha Jesu a tla shoa. Jesu o ne a tseba hore o tl’o shoa lefu le sehloho, leha ho le joalo, o ne a amehile ka baapostola ba hae ba neng ba tl’o ba mahlomoleng ka lebaka la lefu la hae. Kahoo o ile qeta bosiu boo a ba ruta le ho ba khothatsa. (Joh. 14:​25-31) Ka ho etsa joalo, Jesu o ne a bontša hore o nahanela batho. Jesu ke mohlala o motle oo re ka o etsisang!

JESU O SEBETE

7. Jesu o ile a bontša joang hore o sebete?

7 Ka mor’a hore Jesu a thehe Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, o ile a bontša hore o sebete. O ile a bontša joang? Jesu o ile a lumela ho etsa thato ea Ntate oa hae le hoja a ne a tseba hore ho etsa joalo ho tl’o etsa hore a bolaoe joaloka lesholu. (Matt. 26:​65, 66; Luka 22:​41, 42) O ile a sireletsa lebitso la Jehova le bobusi ba hae ka hore a lule a tšepahala le ho fa batho ba sa phethahalang monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Jesu o ile a boela a thusa balateli ba hae hore ba lule ba le malala-a-laotsoe bakeng sa lintho tseo li neng li le haufi le ho etsahala.

8. (a) Ke lintho life tseo Jesu a ileng a li bolella baapostola ba hae? (b) Lilemo hamorao baapostola ba ile ba etsisa Jesu joang?

8 Jesu o ile a bontša hore o sebete ka hore a se ke a tšoenyeha ka mathata a hae, ho e-⁠na le hoo, o ile a ameha ka litlhoko tsa baapostola ba hae. Ka mor’a hore a leleke Judase, o ile a theha Sehopotso se neng se tla hopotsa batlotsuoa molemo oa lefu la hae le ho ba etsa karolo ea selekane se secha. (1 Bakor. 10:​16, 17) E le ho thusa baapostola ba hae hore ba lule ba tšepahala le hore ba tle ba buse le eena leholimong, Jesu o ile a ba bolella hore na eena le Jehova ba lebelletse hore ba etse’ng. (Joh. 15:​12-15) O ile a boela a ba bolella ka liqholotso tse larileng ka pele ho bona. Eaba o ba khothalletsa ho latela mohlala oa hae ’me a re: “Le be sebete!” (Joh. 16:​1-4a, 33) Lilemo hamorao, baapostola ba Jesu ba ne ba ntse ba etsisa mohlala oa hae ka ho itella batho ba bang ba bile ba le sebete. Ba ile ba lula ba tšehetsana kamehla litekong tsohle tse neng li ba hlahela.​—⁠Baheb. 10:​33, 34.

9. Re ka etsisa mohlala oa Jesu joang ka ho ba sebete?

9 Le mehleng ena re ntse re etsisa Jesu ka hore re be sebete. Mohlala, re hloka ho ba sebete e le hore re thuse Bakreste-’moho le rona ba hlorisoang ka lebaka la tumelo ea bona. Ka linako tse ling, le ha ba sa etsa letho le phoso ba isoa literonkong. Ha ba hlaheloa ke lintho tse kang tsena, re lokela ho itella bona re be re ba buelle. (Bafil. 1:​14; Baheb. 13:​19) Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang hore re sebete ka eona, ke ka hore re bolele molaetsa oa Bibele “ka sebete.” (Lik. 14:⁠3) Joaloka Jesu, re ikemiselitse ho ruta batho ka Molimo ho sa tsotellehe hore na re hlorisoa le ho hanyetsoa hakae. Ka linako tse ling re ka ’na ra hlokomela hore re hloka ho ba sebete. Kahoo, re ka etsa’ng hore re lule re le sebete? 

10. Re lokela ho etsa’ng libeke pele ho Sehopotso, hona hobane’ng?

10 Re ka lula re le sebete ka hore re lule re nahana ka tšepo eo re nang le eona ka lebaka la sehlabelo sa Kreste. (Joh. 3:​16; Baef. 1:⁠7) Libeke pele ho Sehopotso, re ba le monyetla oa ho bontša hore re ananela sehlabelo sa Jesu. Ka nako eo, re lokela ho bala ’Malo oa Bibele oa Sehopotso, re rapele re be re nahane le ka lintho tse ileng tsa etsahalla Jesu pele a e-⁠shoa. Joale, ha re ea Sehopotsong re tla be re utloisisa hantle hore na bohobe le veine tse sebelisoang moo li emela’ng le hore na li bohlokoa hakae. Ha re utloisisa hantle hore na Jehova le Jesu ba re etselitse’ng le hore na sehlabelo seo se re tsoela molemo joang, tšepo ea rona ea matlafala ebile re tla ikemisetsa ho mamella ka sebete ho fihlela qetellong.​—⁠Baheb. 12:⁠3.

11-12. Re ithuta’ng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena?

11 Re se re ithutile hore Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena li re thusa ho hopola bohlokoa ba sehlabelo sa Jesu le ho utloisisa makhabane a hae a kang, boikokobetso le sebete. Rea thaba hore ebe Jesu o ntse a tsoela pele ho bontša makhabane ana joaloka Moprista ea Phahameng ea fetisetsang lithapelo tsa rona ho Jehova. (Baheb. 7:​24, 25) E le ho bontša hore re ananela sehlabelo sa Jesu, re lokela hore ka botšepehi re ikhopotse lefu la hae joalokaha a re laetse. (Luka 22:​19, 20) Re ikhopotsa lefu la hae ka letsatsi le lumellanang hantle le la 14 Nisane, e leng letsatsi la bohlokoa ka ho fetisisa.

12 Ketsahalo ena ea Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena e sa hlokeng lintho tse ngata e re thusa ho hlokomela lebaka le leng le ileng la susumelletsa Jesu hore a re shoele. Ebe ke lefe?

JESU O LERATO

13. Johanne 15:⁠9 le 1 Johanne 4:​8-10 li hlalosa tsela eo Jehova le mora oa hae ba bontšitseng hore baa re rata ka eona joang?

13 Jesu o ile a bontša hore o lerato nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e etsa. (Bala Johanne 15:⁠9; 1 Johanne 4:​8-10.) Habohlokoa le ho feta, lerato le ile la susumelletsa Jesu ho tela bophelo ba hae molemong oa rona. Ebang re batlotsuoa kapa re “linku tse ling,” kaofela ha rona re rua molemo tseleng eo Jehova le Mora oa hae ba bontšitseng hore baa re rata ka eona ka hore Jesu a re shoele. (Joh. 10:​16; 1 Joh. 2:⁠2) Lintho tse sebelisoang Sehopotsong le tsona li re thusa ho bona hore Jesu o rata barutuoa ba hae ebile oa ba nahanela. Ka tsela efe?

Jesu o ile a bontša hore o lerato ha a ne a theha Sehopotso ka hore ebe o ile a etsa hore se se ke sa rarahana ’me taba eo e entse hore ho theosa le lilemo batho ba khone ho se tšoara esita le tlas’a maemo a sa tšoaneng (Sheba serapa sa 14-⁠16) *

14. Jesu o ile a bontša joang hore o rata baapostola ba hae?

14 Jesu o ile a bontša hore o rata baapostola ka hore ha a theha Sehopotso, ha aa ka a etsa lintho tse ngata tse rarahaneng. Selemo le selemo baapostola ba ne ba lokela ho ikhopotsa lefu la Jesu esita le tlas’a maemo a sa tšoaneng a akarelletsang le ho ba literonkong. (Tšen. 2:​10) Na ba ile ba mamela Jesu? E! Ho joalo.

15-16. Fana ka mehlala e bontšang hore na Bakreste ba bang ba ile ba tšoara Sehopotso joang le tlas’a maemo a boima.

15 Ho theosa le lilemo haesale Bakreste ba ntse ba ikhopotsa lefu la Jesu. Ba leka ka hohle ho latela tsela eo Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena li lokelang ho tšoaroa ka eona esita le maemong a thata. A re ke re eleng hloko mehlala e latelang. Ha mor’abo rona Harold King a koalletsoe a le mong teronkong Chaena, o ile a leka matsapa ’ohle e le hore a ka tšoara Sehopotso. O ile a hlophisa Sehopotso ka lenyele ’me a sebelisa lintho tseo a neng a e-⁠na le tsona. O ile a leka ho bala matsatsi hantle e le hore a tle a tsebe hore na letsatsi la Sehopotso le tla ba neng. O ile a tšoara Sehopotso a le mong eaba oa bina, a rapela a ba a fana ka puo.

16 A re hlahlobeng mohlala o mong. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, baralib’abo rona ba bang ba neng ba le kampong ea mahloriso ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ka hore ba tšoare Sehopotso. Kaha ho tšoara Sehopotso ha ho hloke lintho tse rarahaneng, baralib’abo rona ba ile ba khona ho se tšoara ba patile mohoasa. Ba re: “Re ile ra etsa sakana la nkope, bohareng e le tafole eo re neng re e koahetse ka lesela le lesoeu re behile bohobe le veine holim’a eona. Eaba re laeta kerese kaha motlakase o ne o tla phetlela mohatl’a nku masholu. Kaofela ha rona re ile ra pheta likano tseo re ileng ra li etsetsa Jehova ’me ra mo tšepisa hore re tla halaletsa Lebitso la hae ka hohle kamoo re ka khonang kateng.” Kannete barali bana babo rona ba ne ba e-⁠na le tumelo ho Jehova. Rea hlokomela hore Jesu oa re rata kaha o entse hore Sehopotso se se ke sa rarahana, kahoo re khona ho se tšoara le tlas’a maemo a boima.

17. Re lokela ho ipotsa lipotso life?

17 Ha Sehopotso se ntse se atamela, ekaba hantle hore re ipotse lipotso tse latelang: ‘Nka etsisa Jesu joang ka hore ke be lerato? Na ke nahanela Bakreste-’moho le ’na kapa ke inahana bonna feela? Na ke lebeletse hore Bakreste-’moho le ’na ba etse ho hongata ho feta kamoo ba ka khonang?’ Kahoo, e se eka kaofela ha rona re ka etsisa Jesu ka hore re ‘utloelane bohloko.’​—⁠1 Pet. 3:⁠8.

LULA U HOPOLA LINTHO TSENA

18-19. (a) Re tla lula re hopola eng le ha re se re sa tšoare Sehopotso? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng?

18 Ka le leng ha re sa tla hlola re tšoara Sehopotso. Ha Jesu “a fihla” nakong ea matšoenyeho a maholo, o tla bokella “bakhethoa ba hae,” ka mor’a moo ha re sa tla hlola re tšoara Sehopotso.​—⁠1 Bakor. 11:​26; Mat. 24:⁠31.

19 Tsela eo Sehopotso se neng se sa rarahana ka eona e tla lula e re hopotsa makhabane a Jesu a kang, boikokobetso, sebete le lerato. Batho ba kileng ba e-⁠ba Sehopotsong ba tla bolella ba sa se tsebeng hore na se ka ba ruisa molemo joang. E le hore re tle re rue molemo Sehopotsong, re lokela ho ikemisetsa ho ba le makhabane ao Jesu a neng a e-⁠na le ’ona e leng boikokobetso, sebete le lerato. Haeba re etsa joalo, re tla kholiseha hore Jehova o tla re putsa.​—⁠2 Pet. 1:​10, 11.

PINA EA 13 A re Etsiseng Kreste

^ ser. 5 Haufinyane re tla tšoara seboka sa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, e le ho ikhopotsa lefu la Jesu Kreste. Lijo tsena tse seng kae li re ruta ho hongata ka makhabane a Jesu, a kang boikokobetso, sebete le lerato. Sehloohong sena re tl’o bona hore na re ka etsa’ng hore re be le makhabane ao Jesu a nang le ’ona.

^ ser. 55 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Bahlanka ba Jehova ba tšoara Sehopotso mehleng ea baapostola; lilemong tsa bo-1800; kampong ea mahloriso ea Manazi; Holong ea ’Muso e Amerika Boroa.