Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 1

“U se ke oa Talima Koana le Koana, Etsoe ke ’Na Molimo oa Hao”

“U se ke oa Talima Koana le Koana, Etsoe ke ’Na Molimo oa Hao”

“U se ke oa tšoha, kaha ke na le uena. U se ke oa talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao.”​—⁠ESA. 41:⁠10.

PINA EA 7 Jehova ke Matla a Rona

SELELEKELA *

1-2. (a) Esaia 41:​10 e ile ea thusa morali’abo rona Yoshiko joang? (b) Na temana ee e ne e tla thusa Bajuda feela?

MORALI’ABO RONA YOSHIKO o ile a utloa bohloko haholo ha ngaka e mo bolella hore ho setse likhoeli tse seng kae pele a hlokahala. Ka eona nako eo, o ile a hopola Lengolo leo a le ratang haholo e leng Esaia 41:​10. (E bale.) O ile a bolella ngaka eo hore ha aa tšoha kaha Jehova o tla mo thusa. * Temana ena e khothatsang e ile ea thusa morali’abo rona hore a tšepe Jehova haholo. Le rona e ka re thusa hore re lule re khobile matšoafo le ha re e-⁠na le mathata. E le hore re tle re utloisise hore na joang, a re qaleng ka ho bona hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a bua mantsoe ana.

2 Ha e le hantle, Jehova o ne a batla ho tšelisa Bajuda ka molaetsa ona kaha ba ne ba tl’o ea botlamuoeng Babylona. Jehova o entse hore o be teng ka Bibeleng e le hore le rona a re tšelise. (Esa. 40:⁠8; Bar. 15:⁠4) Mehleng ena re o hloka le ho feta kaha re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’​—⁠2 Tim. 3:⁠1.

3. (a) Re tl’o ithuta lintho life ho Esaia 41:​10? (b) Temana ee e tl’o re thusa joang?

3 Sehloohong sena re tl’o ithuta lintho tse tharo tse hlahang ho Esaia 41:​10 tse tla re thusa ho lula re e-⁠na le tumelo e matla ho Jehova e leng hore (1) o tla ba le rona, (2) ke Molimo oa rona le hore (3) o tla re thusa. Le rona re lokela ho kholiseha * hore temana ena e tla re thusa ha ho etsahala lintho tse bohloko lefatšeng le ha re hlaheloa ke mathata joalokaha e ile ea thusa morali’abo rona Yoshiko. A mang a mathata a re hlahelang ke ho hlorisoa ke babusi. A re hlahlobeng lintho tse tharo tseo re buileng ka tsona.

“KE NA LE UENA”

4. (a) Khothatso ea pele e hlahang ho Esaia 41:​10 ke efe? (Sheba le naletsana.) (b) Jehova o bontša joang hore oa re rata? (c) U ikutloa joang ka tsela eo Jehova a u ratang ka eona?

4 Jehova o qala ka ho re khothatsa ka mantsoe a reng: “U se ke oa tšoha, kaha ke na le uena.” * Oa re rata ebile oa re tsotella, kahoo o lula a e-⁠na le rona. Jehova o re: “U bile bohlokoa mahlong a ka, u talimiloe u hlompheha, ’me ke u ratile.” (Esa. 43:⁠4) Ha ho letho le ka sitisang Jehova hore a re rate. (Esa. 54:​10) Tsela eo a re ratang ka eona e etsa hore re be sebete. O tla re sireletsa joalokaha a ile a sireletsa motsoalle oa hae Abrame (Abrahama). Jehova o ile a re ho eena: “U se ke oa tšaba. Ke ’na thebe ea hao.”​—⁠Gen. 15:⁠1.

Ha Jehova a re thusa re ka khona ho hlola mathata a tšoanang le linoka le mollo (Sheba serapa sa 5 le sa 6) *

5-6. (a) Re tseba joang hore Jehova o ikemiselitse ho oa a tsoha le rona? (b) Re ithuta’ng mohlaleng oa morali’abo rona Yoshiko?

5 Rea tseba hore Jehova o ikemiselitse ho re thusa mathateng ’ohle a re hlahelang kaha o re: ‘Haeba u ka feta metsing ke tla ba le uena le linoka li ke ke tsa u hohola. Haeba u ka tsamaea mollong, u ke ke oa tlaboha, kapa hona hore lelakabe le u tlabole.’ (Esa. 43:⁠2) O ne a bolela’ng ha a cho joalo?

6 Jehova o tšepisa hore a ke ke a lumella lira tsa rona hore li re sitise ho fumana bophelo bo sa feleng. O re tiisetsa hore o tla ba le rona a be a re thuse ho “feta” mathateng. O tla re thusa hore re lule re khobile matšoafo re bile re mo tšepile le haeba re ka tlameha ho shoa. (Esa. 41:​13) Morali’abo rona Yoshiko eo re buileng ka eena o ne a lumela taba ena. Morali oa hae o re: “Re ne re hlolletsoe ha re bona hore ’Mè o ne a sa tšoenyeha. Jehova o ile a mo thusa hore a be le khotso. Le pele a ka iphomolela, o ne a tloaetse ho bua le manese le bakuli ba bang ka lintho tseo Jehova a li tšepisang batho.” Re ithuta’ng mohlaleng oa hae? Le rona re ka ba le matla le sebete haeba re tšepa Jehova ha a re: “Ke na le uena.”

“KE ’NA MOLIMO OA HAO”

7-8. (a) Tsela ea bobeli eo Jehova a ileng a tiisa Bajuda ka eona ke efe, hona mantsoe ao a ne a bolela’ng? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bolella Bajuda hore ba se ke ba “talima koana le koana”? (c) Ke mantsoe afe a hlahang ho Esaia 46:​3, 4 a ileng a ba khothatsa?

7 Tsela ea bobeli eo Jehova a re khothatsang ka eona ke ka ho re: “U se ke oa talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao.” Mantsoe aa a bolela’ng? Ho ea ka puo e neng e sebelisoa ha temana ena e ne e ngoloa, a ne a hlalosa motho ea qamakang hobane a tšohile hore ho na le ntho e ka mo hlahelang.

Joale ke hobane’ng ha Jehova a ile a bolella Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babylona hore ba se ke ba “talima koana le koana”? Ke hobane o ne a tseba hore ba tla tšoha kaha qetellong ea lilemo tse 70 ba le botlamuoeng, masole a Bamede le a Bapersia a ne a tla hlasela Babylona. Jehova o ne a tla lokolla bahlanka ba hae ka hore masole ana a hlasele Babylona. (Esa. 41:​2-⁠4) Kaha sechaba sa Babylona le lichaba tse ling tse neng li phela teng li ne li tšohile, li ile tsa khothatsana hore li be matla. Li ile tsa boela tsa iketsetsa melimo ea litšoantšo kaha li ne li lumela hore e tla li pholosa. (Esa. 41:​5-⁠7) Ka nako eo, Jehova o ile a khothatsa Bajuda ba neng ba le Babylona ka ho re: “Uena Iseraele, u mohlanka oa ka, [ho fapana le batho ba u potolohileng] . . . U se ke oa talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao.” (Esa. 41:​8-10) Ha Jehova a re ho bona: “Ke ’na Molimo oa hao,” o ne a batla hore ba se ke ba tšoha a bile a ba kholisa hore a ke ke a ba lahla. O ile a boela a re ho bona: “Ke tla nka bohato, . . . ’me ke pholose.” Mantsoe ana a ile a khothatsa Bajuda haholo a ba a ba tiisa moko.​—⁠Bala Esaia 46:​3, 4.

9-10. Etsa mohlala o bontšang hore ha ho hlokahale hore re tšohe.

9 Mehleng ena, batho ba tšohile haholo kaha maemo a ntse a e-⁠ba mabe le ho feta. Le rona lintho tse etsahalang lefatšeng lia re ama empa ha ho hlokahale hore re tšohe kaha Jehova o re ho rona: “Ke ’na Molimo oa hao.” Ke joang mantsoe aa a re thobang maikutlo?

10 Nahana ka mohlala ke ona, Moeketsi le Thabiso ba palame sefofane, joale ha se le tseleng se qala ho tsukutloa ke moea. Hang-hang mokhanni oa sona o re: “Re tl’o tsukutloa ke moea o matla ka nakoana, kahoo ke kopa le fase mabanta a lona a pholoho. Le se ke la tšoha.” Thabiso o le fasa a tšohile a bile a ntse a re: “O bolela’ng ha a re re se ke ra tšoha?” Ha a sheba Moeketsi o bona eka ha ho na letho le etsahalang ebile oa mo botsa hore molato ke’ng ha a sa tšoha. Joale Moeketsi o mo araba a kholisehile o re: “Ke hobane kea mo tseba moqhobi enoa, ke ntate oa ka. E re ke u phetele ka eena u tle u utloisise hore na ke hobane’ng ha ke sa tšoha.”

11. Re ithuta’ng mohlaleng oa Moeketsi le Thabiso?

11 Re ithuta’ng mohlaleng oo? Joalokaha Moeketsi a ne a sa tšoha, le rona ha rea tšoha hobane re tseba Jehova hantle. Rea tseba hore Jehova o tla re tataisa a be a re thuse ho mamella esita le mathata a boima matsatsing ana a ho qetela. (Esa. 35:⁠4) Kaha rea mo tšepa, ha re tšosoe ke mathata a re hlahelang joalokaha batho ba sa mo tšepeng ba tšoha. (Esa. 30:​15) Ho e-⁠na le hoo, re etsisa Moeketsi ka hore re bolelle batho mabaka a etsang hore re mo tšepe e le hore le bona ba ka mo tšepa.

‘KE TLA U MATLAFATSA KE BE KE U THUSE’

12. (a) Jehova o boetse o re khothatsa joang? (b) Mantsoe a reng “letsoho la hae le tla busa” a re hopotsa’ng?

12 Jehova o boetse o re khothatsa ka ho re: “Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa.” Moprofeta Esaia o ne a se a ile a re: “Jehova o tla tla joaloka ea matla, ’me letsoho la hae le tla busa bakeng sa hae.” (Esa. 40:​10) Hangata ha Bibele e bua ka matla e sebelisa lentsoe “letsoho.” Kahoo, ha e re “letsoho la hae le tla busa,” e re hopotsa hore Jehova ke Morena ea matla haholo. O ile a sebelisa matla ana ho sireletsa bahlanka ba hae nakong e fetileng, le mehleng ena o ntse a tsoela pele ho etsa joalo.​—⁠Deut. 1:​30, 31; Esa. 43:⁠10.

Jehova o re sirelelitse khahlanong le sebetsa le ha e le sefe (Sheba serapa sa 12 ho ea ho sa 16) *

13. (a) Jehova o ikemiselitse ho re matlafatsa ha ho etsahala’ng? (b) Ke hobane’ng ha lira tsa rona li ke ke tsa re liha moea?

13 Jehova o lula a ikemiselitse ho re matlafatsa nakong eo lira tsa rona li batlang ho re tšosa. Libakeng tse ling li leka ka matla ho thibela mosebetsi oa rona. Leha ho le joalo, ha li re lihe moea hobane Jehova o re matlafatsa ka ho re: “Sebetsa le ha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.” (Esa. 54:​17) Mantsoe ana a bua ka lintho tse tharo tsa bohlokoa tseo re tl’o ithuta tsona.

14. Ke lintho life tse peli tseo re ithuta’ng tsona boprofeteng ba Esaia?

14 Ea pele, kaha re balateli ba Jesu, re ke ke ra lebella hore batho ba re rate. (Mat. 10:​22) Jesu o ile a bontša hore batho ba tla re hloea matsatsing ana a ho qetela. (Mat. 24:⁠9; Joh. 15:​20) Ea bobeli, boprofeta bona bo ile ba bolela hore lira tsa rona li tla re hloea li be li re loantše ka libetsa. Libetsa tsena li akarelletsa ho re khelosa, ho re etselletsa le ho re hlorisa ka sehloho. (Mat. 5:​11) Jehova ha a thibele lira tsa rona ho re hlasela. (Baef. 6:​12; Tšen. 12:​17) Joale ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoha?

15-16. (a) Ke ntho efe eo re lokelang ho e hopola, hona Esaia 25:​4, 5 e re tiisetsa eng? (b) Esaia 41:​11, 12 e re ho tla etsahala’ng ka lira tsa rona?

15 A re bueng ka ntho ea boraro eo re lokelang ho e hopola. Jehova o re: “Sebetsa le ha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.” Joalokaha ntlo e re sireletsa lifefong tse matla, Jehova le eena oa re sireletsa ha lira tsa rona li re hatella. (Bala Esaia 25:​4, 5.) Lira tsa rona li ke ke tsa re utloisa bohloko ka ho sa feleng.​—⁠Esa. 65:⁠17.

16 Jehova o boetse o re thusa hore re mo tšepe ka ho re bolella hore na ho tla etsahala’ng ka ‘bohle ba re halefelang.’ (Bala Esaia 41:​11, 12.) Ho sa tsotellehe hore na ba re loantša joang kapa hore na ba matla hakae, ba ke ke tsa atleha hobane ‘ba tla fetoha lefeela.’

TŠEPA JEHOVA HAHOLOANYANE

Ha u bala Bibele letsatsi le letsatsi u tla tšepa Jehova (Sheba serapa sa 17 le sa 18) *

17-18. (a) Ha re bala Bibele re tla fumana’ng? Fana ka mohlala. (b) Ho nahanisisa ka mantsoe a temana ea selemo ea 2019 ho ka re thusa joang?

17 Re tla tšepa Jehova haeba re ikitlaelletsa ho mo tseba. Tsela feela ea hore re mo tsebe, ke ha re ithuta Bibele ebile re nahanisisa ka eona. Ha re e bala, re tla fumana lipale tsa kamoo a ileng a sireletsa batho ba hae kateng. Li tla etsa hore re be sebete re be re tšepe hore Jehova o tla re hlokomela. 

18 A re hlahlobeng mohlala oo Esaia a ileng a o sebelisa ha a bontša hore Jehova o tla re sireletsa. O ile a tšoantša Jehova le molisa, eaba o tšoantša barapeli ba hae le likonyana. O ile a re ka Jehova: “O tla bokella likonyana ka letsoho la hae; o tla li beha sefubeng.” (Esa. 40:​11) Ha re hlokomela hore Jehova oa re tsotella re ikutloa re sireletsehile. Lekhoba le tšepahalang le le masene le khethile Esaia 41:​10 e le temana ea selemo ea 2019. E re thusa hore re se ke ra tšoha kaha e re, “U se ke oa tšoha, etsoe ke ’na Molimo oa hao.” [NWT] Ha u ka lula u nahana ka mantsoe ana a khothatsang u ka khona ho mamella mathata a ka u hlahelang.

PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa

^ ser. 5 Temana ea selemo ea 2019 e fana ka mabaka a mararo a ho lula re khobile matšoafo le ha re hlaheloa ke mathata. Sehlooho sena se tl’o bua ka mabaka ao, hape re tla boela re ithute hore na ke’ng e ka re thusang hore re se ke ra tšoha le hore re tšepe Jehova haholoanyane. Nahanisisa ka temana ena u be u e tšoare ka hlooho. Ha u etsa joalo e tla u khothatsa ha u e-⁠na le mathata.

^ ser. 3 TLHALOSO: Ha motho a kholisehile ke ha a e-⁠na le bonnete ba hore ntho e tla etsahala ho bata kapa ho chesa. Rea tšeliseha ha re le har’a mathata hobane re kholisehile hore Jehova o tla phetha lintho tseo a re tšepisang tsona.

^ ser. 4 Mantsoe a reng “U se ke oa tšoha” a hlaha ka makhetlo a mararo ho Esaia 41:​10, 13 le 14. Litemana tsena li hlahisa mantsoe a buuoang ke Jehova kaha li re “Ke”. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re Esaia a sebelise lentsoe leo ka makhetlo a mangata tjee? Litemana tsena li tiisa hore ha re tšepa Jehova re tla ba sebete.

^ ser. 52 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Litho tsa lelapa li thulana le mathata mosebetsing, sekolong, tšimong hape li na le mokuli.

^ ser. 54 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mapolesa a itšohlometsa lelapeng leo Lipaki Tsa Jehova li kopaneng ho lona empa ha lia tšoha.

^ ser. 56 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Borapeli ba lelapa bo re thusa ho mamella.