Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 3

“U Sireletse Pelo ea Hao”

“U Sireletse Pelo ea Hao”

“Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao.”​—⁠LIPROV. 4:⁠23.

PINA EA 36 Re Lebela Lipelo Tsa Rona

SELELEKELA *

1-3. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ne a rata Morena Solomone, hona o ile a mo hlohonolofatsa joang? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

MORENA SOLOMONE o qalile ho busa Iseraele a sa le monyane haholo. Ha a sa tsoa qala ho busa, Jehova o ile a bua le eena torong a re: “Kopa seo ke lokelang ho u fa sona.” Eaba Morena Solomone o re: “Ke sa le moshanyana. . . . U fe mohlanka oa hao pelo e mamelang hore a ahlole sechaba sa hao.” (1 Mar. 3:​5-10) Taba ea hore ebe o ile a kopa “pelo e mamelang” ke bopaki ba hore o ne a ikokobelitse. Ha se feela Jehova a neng a mo rata. (2 Sam. 12:​24) Kaha o ne a ikokobelitse, Jehova o ile a thaba haholo eaba o mo fa “pelo e bohlale le e nang le kutloisiso.”​—⁠1 Mar. 3:⁠12.

2 Jehova o ile a hlohonolofatsa Morena Solomone haholo ha a sa ntse a tšepahala. O ile a fa Solomone monyetla oa ho haha tempele bakeng sa “lebitso la [hae].” (1 Mar. 8:​20) Bohlale bona boo Molimo a neng a mo file bona bo ile ba etsa hore a tume haholo. Jehova o ile a mo bululela hore a ngole Mangolo a mararo a Bibele a akarelletsang la Liproverbia.

3 Lengolong la Liproverbia ho buuoa ka pelo hangata. Mohlala, Liproverbia 4:​23 e re: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao.” Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na temana ena e bolela’ng ha e bua ka “pelo.” Re boele re ithute hore na Satane a ka e silafatsa joang le hore na re ka e sireletsa joang. E le hore re lule re tšepahala, re hloka ho utloisisa lintlha tsena hantle.

“PELO” E EMELA’NG?

4-5. (a) Pesaleme ea 51:⁠6 e re thusa joang ho utloisisa hore na “pelo” e emela’ng? (b) Hlalosa hore na pelo e ka tšoantšoa le bophelo joang.

4 Ho Liproverbia 4:​23 “pelo” e emela “botho bo ka sephiring” kapa sebopeho sa motho. (Bala Pesaleme ea 51:⁠6.) E akarelletsa lintho tseo u li nahanang, tsela eo u ikutloang ka eona, sepheo sa hao le lintho tseo u li ratang.

5 Re ka bapisa pelo le bophelo ba rona. E le hore re lule re phetse hantle, re lokela ho ja lijo tse nang le phepo re be re lule re ikoetlisa. Ka tsela e tšoanang, e le hore re be le pelo e ratang Jehova, re lokela ho lula re ithuta Lentsoe la hae, re be re bontše hore re na le tumelo. Re etsa joalo ka ho phetha thato ea hae re be re bolelle batho ba bang ka eena. (Bar. 10:​8-10; Jak. 2:​26) Ho ka etsahala hore motho a bonahale eka o phela hantle le hoja a kula. Ka tsela e tšoanang, ho ka bonahala eka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ea hantle le hoja re nahana re bile re ikutloa ka tsela e fosahetseng. (1 Bakor. 10:​12; Jak. 1:​14, 15) Re lokela ho lula re hopola hore Satane o batla hore re nahane joaloka eena. Empa o etsa seo joang? Hona re ka itšireletsa joang?

SATANE A KA SILAFATSA LIPELO TSA RONA JOANG?

6. Satane o batla’ng, hona o etsa’ng hore a e fumane?

Satane o batla hore re tšoane le eena ’me re se ke ra mamela Jehova re be baithati. Ke ’nete hore ha a re qobelle ho nahana joaloka eena empa o re chehela maraba a fapaneng. Mohlala, o sebelisa batho bao re phelang le bona ba sa rateng Molimo. (1 Joh. 5:​19) O tšepa hore re tla ba etsa metsoalle ea rona le hoja re tseba hore ho etsa joalo ho tla “senya” kamano ea rona le Molimo. (1 Bakor. 15:​33) O ile a atleha ho pitla Morena Solomone ka leraba leo. Kaha morena enoa o ile a nyala basali ba sa rapeleng Jehova, ‘butle-butle ba ile ba khelosa pelo ea hae.’​—⁠1 Mar. 11:⁠3.

U ka sireletsa pelo ea hao joang e le hore Satane a se ke a e silafatsa? (Sheba serapa sa 7) *

7. (a) Satane o boetse o sebelisa’ng? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemela?

Satane o sebelisa lifilimi le mananeo a thelevishene ho susumetsa batho hore ba nahane joaloka eena. Oa tseba hore lipale tseo lia re thabisa li bile li re ruta hore na re nahane’ng, re ikutloe joang le hore na re etse’ng. Jesu oa tseba hore lipale li molemo, kahoo o ne a li sebelisa hangata ha a ruta. Mohlala, o ile etsa papiso ea Mosamaria ea molemo le ea mora ea lehlasoa. (Mat. 13:​34; Luka 10:​29-37; 15:​11-32) Leha ho le joalo, batho ba susumetsoang ke Satane ba ka sebelisa lipale hore ba senye kamano ea rona le Molimo empa re lokela ho ikemela. Ke ’nete hore lifilimi le mananeo a mang a thelevishene a ka re ruta a ba a re natefela a sa silafatse tsela eo re nahanang ka eona. Empa re lokela ho ba hlokolosi. Mohlala, re ka ipotsa hore na lintho tseo re li mamelang le ho li shebella li etsa hore re ikutloe joang. (Bagal. 5:​19-21; Baef. 2:​1-⁠3) U lokela ho qoba lenaneo le tla etsa hore u nahane joaloka Satane joalokaha u ne u tla qoba ntho e ka u kulisang.

8. Etsa mohlala o bontšang hore na batsoali ba ka sireletsa bana ba bona joang hore ba se ke ba hlaseloa ke Satane.

8 Batsoali, le na le boikarabelo ba ho sireletsa bana ba lona hore Satane a se ke a ba hlasela. Mohlala, le sebetsa ka thata e le hore le lule le phetse hantle le bana ba lona ka hore le hloekise mahae a lona. Ka tsela e tšoanang, le tlameha ho ba thusa ho qoba ho ithabisa ka lintho tse ka senyang kamano ea bona le Molimo. Le ba thuse ho ba hlokolosi ha ba khetha lifilimi, mananeo a thelevishene, liwebsaete le lipapali. Le lokela ho sebetsa ka thata ho ba thusa hore e be metsoalle ea Molimo. (Liprov. 1:⁠8; Baef. 6:​1, 4) Kahoo, le behe melao e lumellanang le hore na Jehova o rata’ng, le be le ba hlalosetse hore na ke hobane’ng ha le e beha. (Mat. 5:​37) Ha bana ba lona ba ntse ba thuthuha le ka ba thusa hore ba iketsetse liqeto tse thabisang Jehova. (Baheb. 5:​14) Le lokela ho hopola hore ba ithuta haholo ka lintho tseo le li etsang ho feta tseo le li buang.​—⁠Deut. 6:​6, 7; Bar. 2:⁠21.

9. (a) Satane o boetse o re khelosa joang? (b) Ke hobane’ng ha tsela eo Satane a susumetsang batho ka eona e le kotsi?

Satane o boetse o re khelosa ka hore re itšepe ho e-⁠na le ho tšepa Jehova. (Bakol. 2:⁠8) O susumetsa batho hore ba utloe eka ha ba ruile ba tla phela hamonate. Ho sa tsotellehe hore na baa rua kapa che, ba tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho akarelletsa setsoalle sa bona le Molimo hore feela ba rue. (1 Tim. 6:​10) Empa rona rea thaba kaha Jehova o re thusa ho tseba hore na ntho ea bohlokoa ke efe.​—⁠Moek. 7:​12; Luka 12:⁠15.

ITŠIRELETSE

U etsise balebeli ba mehleng ea Morena Solomone ha u sireletsa pelo ea hao (Sheba serapa sa 10 le 11) *

10-11. (a) Re lokela ho etsa’ng e le hore re itšireletse? (b) Mosebetsi oa balebeli e ne e le ofe mehleng ea Morena Solomone? (c) Ha re ithuta Bibele re tla qoba’ng?

10 E le hore re itšireletse, re lokela ho tseba maqiti a Satane re be re tlohe sebakeng se kotsi nako e sa le teng. Ho ‘sireletsa’ ho hlahang ho Liproverbia 4:​23 ho ka bapisoa le mosebetsi o neng o etsoa ke balebeli. Mehleng ea Morena Solomone, balebeli ba ne ba lula qhooeng e le hore ha ba lireng ba ba hlasela ba ka lemosa sechaba. Mosebetsi ona oa bona o re thusa ho utloisisa hore na re lokela ho etsa’ng e le hore Satane a se ke a re sitisa ho sebeletsa Molimo.

11 Mehleng eo, balebeli ba ne ba ema lerakong le keiting. (2 Sam. 18:​24-26) Ba ne ba etsa bonnete ba hore keiti ea koaloa hang feela ha sera se atamela. (Neh. 7:​1-⁠3) Ka tsela e tšoanang ha re ithuta Bibele, re tla qoba maraba a Satane a ka etsang hore re nahane le ho ikutloa ka tsela e sa khahliseng Jehova. Hang ha letsoalo * la rona le re tšetšetha re lokela ho nka bohato.

12-13. (a) Ke eng eo u ka ’nang oa khalla ho e etsa? (b) U tlameha ho etsa’ng?

12 Re ka itšireletsa joang e le hore Satane a se ke a re sitisa ho sebeletsa Jehova? Bibele e re: “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong . . . le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a [rona].” (Baef. 5:⁠3) Joale u tla etsa’ng haeba bana bao u kenang sekolo le bona kapa basebetsi-’moho ba bua ka thobalano? U lokela “ho hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše.” (Tite 2:​12) Molebeli oa rona e leng letsoalo, a ka ’na a re lemosa hore taba eo e kotsi. (Bar. 2:​15) Na u tla mo mamela? U ka ’na oa khalla ho mamela batho ba lekang ho u khelosa kapa ho sheba litšoantšo tseo ba batlang ho u bontša tsona. Empa u tla be u etsa hantle ha u ka bua ka taba e ’ngoe kapa oa itsamaela.

13 Ha u le sebete u ke ke oa lumella lithaka tsa hao hore li u susumelletse ho etsa lintho tse fosahetseng. U lule u hopola hore Jehova oa bona ha u iteka, kahoo o tla u fa sebete le bohlale e le hore u nahane joaloka eena. (2 Likron. 16:⁠9; Esa. 40:​29; Jak. 1:⁠5) Ebe ke eng e ’ngoe hape eo u ka e etsang e le hore u sireletse kamano ea hao le Jehova?

LULA U ITEBETSE

14-15. (a) Re lokela ho fa Jehova monyetla oa ho etsa’ng, hona re ka mo fa oona joang? (b) Liproverbia 4:​20-22 e ka thusa joang hore re rue molemo ha re ithuta Bibele? (Bala lebokose le reng “ Lintho Tseo U ka Nahanang ka Tsona ha U Ithuta Bibele.”)

14 E le hore re sireletse lipelo tsa rona, ha se hore feela re lokela ho hanela Satane empa re boetse re lokela ho fa Jehova monyetla oa hore a re thuse. Mohlala o motle e ka ba oa motse oo Morena Solomone a neng a lula ho oona. Haeba balebeli ba ne ba lula ba koetse likeiti, lira li ne li ke ke tsa kena. Le teng ba ne ba ke ke ba fumana lijo le lintho tse ling tseo ba li hlokang, kahoo batho ba ne ba tla shoa ke tlala. Ka tsela e tšoanang, le rona re lokela ho lumella Jehova hore a fetole tsela eo re nahanang ka eona, eo re itšoarang ka eona le eo re ikutloang ka eona.

15 Ntho e ka re thusang hore re fetole tsela eo re nahanang ka eona ke ho ithuta Bibele kaha ea re bolella hore na Jehova o nahana joang. Re ka thusoa ke eng hore re rue molemo ha re ithuta Bibele? Taba e ’ngoe ke ho rapela. Morali’abo rona e mong o re: “Pele ke ithuta Bibele ke kopa Jehova hore a nthuse ho bona ‘lintho tse hlollang’ tse ka hare ho Lentsoe la hae.” (Pes. 119:​18) Ntho e ’ngoe hape e ka re thusang ke ho nahana ka lintho tseo re ithutang tsona. Haeba re rapela, re ithuta ebile re nahanisisa ka lintho tseo re ithutang tsona Lentsoeng la Molimo, li tla fihla “ka har’a pelo [tsa rona]” ebe re rata tsela eo Jehova a nahanang ka eona.​—⁠Bala Liproverbia 4:​20-22; Pes 119:⁠97.

16. Livideo tse hlahang Khasong ea JW li thusitse batho ba bang joang?

16 Ha re shebella livideo tse hlahang Khasong ea JW (tv.pr418.com/st) re tla be re lumella Jehova hore a re rute. Banyalani ba bang ba re: “Jehova o arabela lithapelo tsa rona a sebelisa mananeo a khoeli le khoeli. Aa re khothatsa le ho re matlafatsa ha re nyahame kapa re utloile bohloko. Athe lipina tsa teng tsona ke lijo tsa letsatsi. Re li mamela ha re pheha, re hloekisa kapa re inoella tee feela.” Kaofela ha rona mananeo ana a re thusa hore re sireletse lipelo tsa rona. A re thusa ho nahana joaloka Jehova le hore re se ke ra lumella Satane hore a re laole.

17-18. (a) Ho ea ka 1 Marena 8:​61, ho hlokomela melemo ea ho etsa lintho tse nepahetseng ho re thusa joang? (b) Re ithuta’ng mohlaleng oa Morena Ezekiase? (c) Pesaleme ea 139:​23, 24 e re re lokela ho rapella eng?

17 Nako le nako ha re hlokomela melemo ea ho etsa lintho tse nepahetseng, tumelo ea rona ea matlafala. (Jak. 1:​2, 3) Rea thaba hore ebe Jehova o ikotla sefuba ka rona, kahoo re mo thabisa le ho feta. (Liprov. 27:​11) Mathata a re fa monyetla oa ho bontša hore rea mo tšepa le hore re batla ho mo sebeletsa ka pelo eohle. (Pes. 119:​113) Hape a re thusa ho bontša hore rea mo rata le hore re batla ho etsa thato ea hae.​—⁠Bala 1 Marena 8:⁠61.

18 Na ho bolela hore re ke ke ra etsa liphoso? Che! Hobane ha rea phethahala. Ha re etsa liphoso re ka hopola mohlala oa Morena Ezekiase. O ile a etsa liphoso empa a baka eaba o tsoela pele ho sebeletsa Jehova “ka pelo e feletseng.” (Esa. 38:​3-⁠6; 2 Likron. 29:​1, 2; 32:​25, 26) Kahoo, ha rea lokela ho lumella Satane hore a silafatse lipelo tsa rona. Re lokela ho kopa Jehova hore a re fe “pelo e mamelang.” (1 Mar. 3:⁠9: bala Pesaleme ea 139:​23, 24.) Re ka lula re tšepahalla Jehova ho sa tsotellehe maemo a ka hlahang haeba feela re sireletsa lipelo tsa rona.

PINA EA 54 “Tsela ke Eona Ena”

^ ser. 5 Na re tla lula re tšepahalla Jehova kapa re tla lumella Satane hore a re sitise? Karabo ea potso ena ha ea itšetleha ka hore na re hlaheloa ke mathata a boima hakae, empa e itšetlehile ka hore na re sireletsa lipelo tsa rona joang. Empa ha re bua ka “pelo” re bolela’ng? Hona Satane o leka ho silafatsa lipelo tsa rona joang? Rona re ka etsa’ng e le hore re li sireletse? Sehloohong sena re tl’o fumana likarabo tsa lipotso tsena.

^ ser. 11 TLHALOSO: Jehova o re bopile re e-⁠na le bokhoni ba ho hlahloba menahano ea rona, maikutlo le liketso tsa rona. Bibele e re bokhoni boo ke letsoalo. (Bar. 2:​15; 9:⁠1) Ha re ithuta Bibele, letsoalo la rona le tla khona ho ahlola hore na lintho tseo re li nahanang, re li buang kapa re li etsang li nepahetse kapa li fosahetse.

^ ser. 56 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ha mor’abo rona a ntse a shebelletse thelevishene, ka tšohanyetso ho se ho hlaha lintho tse sa lokang. O tlameha ho etsa qeto ea hore na o tla etsa’ng.

^ ser. 58 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Molebeli ea lerakong o bona kotsi e sa le hole. O lemosa ba keiting hore ba e koale kapele.