Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na ho loketse hore Mokreste a be le sethunya bakeng sa ho itšireletsa khahlanong le batho ba bang?

Bakreste ba ka etsa lintho tse itseng hore ba itšireletse. Empa ba tlameha ho etsa seo ba ipapisitse le likeletso tsa Bibele. Bibele ha e re khothalletse ho sebelisa lithunya ho itšireletsa. Lintlha tse latelang li tla re thusa ho etsa qeto e nepahetseng:

Bophelo ba motho boa halalela ho Jehova. Mopesaleme Davida o ile a re Jehova ke “mohloli oa bophelo.” (Pes. 36:9) Kahoo, haeba Mokreste a khetha ho itšireletsa le ho sireletsa thepa ea hae, o tla etsa joalo ka tsela eo a tla qoba ho bolaea motho e mong le hore a be molato oa mali.—Deut. 22:8; Pes. 51:14.    

Ke ’nete hore motho a ka bolaea e mong ka ntho efe kapa efe. Empa sethunya se etsa hore ho be bonolo ho bolaea motho, ebang o ikemiselitse kapa che. * Ho feta moo, senokoane ka bosona se tla se tšohile. Empa ha se hlokomela hore lehlatsipa le na le sethunya, boemo bo ka mpefala hoo e mong a ka bolaoang.

Le hoja Jesu Kreste a ile a re balateli ba hae ba nke lisabole bosiung ba ho qetela a le lefatšeng, o ne a sa bolele hore ba itšireletse. (Luka 22:36, 38) Kahoo, Jesu o ile a re ba tlise sabole hobane a batla ho ba ruta hore ba se ke ba iphetetsa leha ba se ba hlasetsoe. (Luka 22:52) Ka mor’a hore Petrose a khaole tsebe ea mohlanka oa moprista e moholo ka sabole, Jesu Kreste o ile a mo laela a re: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona.” Ka mor’a moo, o ile a bua mantsoe ana ho Petrose ao le mehleng ena balateli ba Jesu ba a mamelang: “Bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.”—Mat. 26:51, 52.

Barapeli ba Molimo ba etsa lintho tumellanong le Mikea 4:3. Ba “tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela.Mantsoe ana a lumellana le keletso ena eo moapostola Pauluse a faneng ka eona e reng: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.” (Bar. 12:17, 18) Pauluse o ile a fela a phelela mantsoe ao. Le hoja a ile a kopana le mathata a mangata, a akarelletsang ‘likotsi tsa masholu a litseleng,’ ha aa ka a nka hore ho itšireletsa ho molemo ho feta ho mamela likeletso tsa Bibele. (2 Bakor. 11:26) Ho e-na le hoo, o ile a tšepa Molimo le likeletso tse ka Bibeleng tse mo thusitseng hore a be le bohlale “bo molemo ho feta lisebelisoa tsa ntoa.”—Moek. 9:18.

Bakreste ba nka bophelo bo le bohlokoa ho feta lintho tseo ba nang le tsona. “Bophelo . . . ha bo hlahe linthong tseo [motho] a nang le tsona.” (Luka 12:15) Kahoo, haeba senokoane se na le sethunya ’me se hana ho u mamela leha u se buisa hantle, ke bohlale ho mamela keletso ea Jesu e reng: “Ea u amohang seaparo sa hao sa ka ntle, u se ke ua mo hanela esita le ka seaparo sa ka tlaase,” ke hore u ka mo fa ntho leha e le efe eo a batlang ho e nka. (Luka 6:29; Mat. 5:39, 40) * Ntho e molemo le ho feta eo re ka e etsang ke hore re qobe “pontšo ea mponeng ea mokhoa oa [rona] oa boipheliso” ’me re be le khotso le baahisani bohle ba rona. Ha re etsa joalo, menyetla ea hore re hlaseloe ke masholu e tla fokola haholo.—1 Joh. 2:16; Liprov. 18:10.

Bakreste ba nahanela matsoalo a batho ba bang. (Bar. 14:21) Haeba Bakreste-’moho le rona ba ka tseba hore re itšireletsa khahlanong le batho ka sethunya, ba ka haroha matsoalo kapa ba khopeha. Ha re rata Bakreste-’moho le rona, re tla ba nahanela ho e-na le hore re inahane borona feela, esita le haeba molao o re lumella ho ba le sethunya.—1 Bakor. 10:32, 33; 13:4, 5.

Bakreste ba lokela ho beha mohlala o motle. (2 Bakor. 4:2; 1 Pet. 5:2, 3) Haeba Mokreste a fuoe keletso e tsoang ka Bibeleng mabapi le ho sebelisa sethunya empa a khetha ho tsoela pele ho se sebelisetsa ho itšireletsa khahlanong le batho, ha a nkoe a beha mohlala o motle. Kahoo, Mokreste eo, hammoho le ea sebelisang sethunya hobane a le mosebetsing, ba ke ke ba tšoaneleha ho fumana boikarabelo leha e le bofe ka phuthehong. Ho ka ba molemo hore a batle mosebetsi o mong ntle le oo. *

Ke ’nete hore Mokreste o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na o itšireletsa joang, o sireletsa ba lelapa la hae le thepa ea hae joang le hore na o khetha mosebetsi ofe. Empa likeletso tseo Jehova a re fileng tsona ka Bibeleng lia bontša hore oa re rata le hore o bohlale. Kahoo, Bakreste ba nang le kamano e ntle le Jehova ha ba sebelise sethunya ho itšireletsa khahlanong le batho hobane ba mamela likeletso tse tsoang ka Bibeleng. Baa tseba hore Jehova o tla ba sireletsa hafeela ba mo tšepa ’me ba etsa lintho tumellanong le lintho tseo ba ithutang tsona Bibeleng.—Pes. 97:10; Liprov. 1:33; 2:6, 7.

Nakong ea matšoenyeho a maholo, Bakreste ba tla tšepa Jehova ho e-na le hore ba leke ho itšireletsa

^ ser. 3 Mokreste a ka etsa qeto ea ho ba le sethunya e le hore a tsome kapa a itšireletse khahlanong le liphoofolo tse hlaha. Empa haeba a sa se sebelise, o lokela ho se beha ka thata moo ho sireletsehileng se bile se se na likulo. Libakeng tseo ho ba le lithunya ho seng molaong kapa ho thibetsoeng, Bakreste ba lokela ho mamela melao eo.—Bar. 13:1.

^ ser. 2 Ho bona hore na u ka itšireletsa joang hore u se ke oa betoa, sheba sehlooho se reng “Kamoo Peto e ka Thibeloang” se hlahang ho Tsoha! ea March 8, 1993.

^ ser. 4 E le ho bona hore na u lokela ho amohela mosebetsi oo ho oona ho sebelisoang sethunya, u ka sheba Molula-Qhooa oa November 1, 2005, leq. 31.