Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 29

‘E-eang le Etse Batho Barutuoa’

‘E-eang le Etse Batho Barutuoa’

“Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.”​—MAT. 28:19.

PINA EA 60 Ba Tla Phela

SELELEKELA *

1-2. (a) Ho ea ka Matheu 28:​18-20, mosebetsi o ka sehloohong oa phutheho ea Bokreste ke ofe? (b) Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

E TLAMEHA ebe baapostola ba ne ba thabile haholo ha ba bokane mosikong oa thaba. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a hlophisa hore ba ee sebakeng seo ba il’o kopana le eena. (Mat. 28:​16) Mohlomong ke hona sebakeng seo moo a ileng “a bonahala ho barab’abo rona ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe.” (1 Bakor. 15:6) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a hlophisa hore balateli ba hae ba kopane le eena moo? O ne a batla ho ea ba fa taelo ena e reng: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.”​—Bala Matheu 28:​18-20.

2 Balateli bao e ile ea e-ba karolo ea phutheho ea pele ea Bokreste. Mosebetsi o ka sehloohong oa phutheho eo e ne e le ho etsa hore batho ba bangata e be balateli ba Kreste. * Kajeno, ho se ho e-na le liphutheho tse ngata tsa Bokreste lefatšeng lohle, ’me mosebetsi oa tsona o ka sehloohong o ntse o tšoana. Sehloohong sena, re tl’o araba lipotso tsena tse ’ne: Ke hobane’ng ha ho etsa batho barutuoa e le habohlokoa? Ho akareletsa’ng? Na Bakreste bohle ba lokela ho etsa mosebetsi oo? Hona ke hobane’ng ha re lokela ho ba le mamello ha re o etsa?

KE HOBANE’NG HA HO ETSA BATHO BARUTUOA HO LE BOHLOKOA?

3. Johanne 14:6 le 17:​3, li re ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa e le oa bohlokoa hakaale?

3 Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa e le oa bohlokoa hakaale? Hobane ke balateli ba Kreste feela bao e ka bang metsoalle ea Molimo. Ho phaella moo, balateli ba Kreste ba phela ka tsela e molemo hona joale, ba bile ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng nakong e tlang. (Bala Johanne 14:6; 17:3.) Ho hlakile hore Jesu o re file mosebetsi oa bohlokoa haholo, empa ha re o etse re le bang. Moapostola Pauluse o kile a re ka eena le bo-mphato oa hae: “Re basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Jehova le Jesu Kreste ba re file tlotla e kholo hakaakang!

4. Re ithuta’ng mohlaleng oa Mor’abo rona Ivan le mohats’ae Matilde?

4 Mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa o ka re thabisa haholo. Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Ivan le mohats’ae Matilde, ba Colombia. Ba ile ba pakela abuti e mong ea bitsoang Davier, ea ileng a re: “Ke batla ho etsa liphetoho bophelong ba ka empa ha ke khone ho li etsa.” Davier e ne e le ralitebele, a sebelisa lithethefatsi, e le letahoa, a bile a lula le kharebe ea hae e bitsoang Erika. Mor’abo rona Ivan o re: “Re ile ra qala ho ithuta Bibele le eena le hoja motse oa habo o ne o le hojana, kahoo re ne re lokela ho tsamaea ka libaesekele nako e telele tseleng e liretse. Ka mor’a hore Erika a bone liphetoho tseo Davier a khonneng ho li etsa bophelong ba hae le eena o ile a qala ho ithuta Bibele.” Ha nako e ntse e-ea, Davier o ile a khaotsa ho sebelisa lithethefatsi, ho noa joala le ho bapala litebele. O ile a ba a nyala Erika. Morali’abo rona Matilde o re: “Ha Davier le Erika ba ne ba kolobetsoa ka 2016, re ile ra hopola hore Davier o ne a rata hore, ‘Ke batla ho etsa liphetoho bophelong ba ka empa ha ke khone ho li etsa.’ Re ne re thabile hoo re ileng ra ba ra lla.” Ha ho potang hore le rona rea thaba ha re atlehile ho thusa motho hore e be molateli oa Kreste.

HO ETSA BATHO BARUTUOA HO AKARELETSA’NG?

5. Mohato oa pele oa ho etsa batho barutuoa ke ofe?

5 Mohato oa pele oa ho etsa batho barutuoa ke oa ho batla batho ba lakatsang ho ithuta ka Jehova. (Mat. 10:​11) Ha re pakela motho e mong le e mong eo re kopanang le eena, re bontša hore re Lipaki Tsa Jehova. Ha re mamela taelo ea Jesu ea hore re etse batho barutuoa, re bontša hore re Bakreste ba ’nete.

6. Re lokela ho etsa’ng ha re ea tšimong e le hore re tle re atlehe?

6 Ho na le batho ba labalabelang ho ithuta Bibele, empa batho ba bangata bao re kopanang le bona, qalong ba bonahala ba sa rate ho ithuta. Re ka ’na ra lokela ho ba khothaletsa hore ba rate ho ithuta. Re lokela ho itlhopha hantle ha re ea tšimong, e le hore re tle re atlehe. Khetha litaba tseo u tla bua ka tsona hantle, hore e tle e be tse tla khahla batho bao u tla kopana le bona. Ebe u rera hantle hore na u tla qala moqoqo joang.

7. U ka qala moqoqo le motho joang, hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u mo mamele ka hloko?

7 Mohlala, u ka ’na oa botsa mong’a ntlo hore: “Na u ka ntumella nke ke utloe maikutlo a hao tabeng ee? Boholo ba mathata ao re tobanang le ’ona mehleng ena a ama batho bohle lefatšeng. Na u nahana hore ho tla ke ho be le ’muso oa motho o tla rarolla mathata ’ohle a batho?” Ka mor’a moo u ka tšohla le eena Daniele 2:​44. Kapa u ka ’na oa re ho motho: “O nahana hore tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho holisa bana ke efe? Nka thabela ho utloa maikutlo a hao tabeng ena.” Ka mor’a moo le ka tšohla Deuteronoma 6:​6, 7. Ha u khetha taba leha e le efe eo u batlang ho bua ka eona, u nahane ka batho bao u tl’o bua le bona. Nahana hore na ba tla rua molemo hakaakang ha ba ithuta seo Bibele e se re rutang. Ha u ntse u bua le bona, ke habohlokoa hore u ba mamele ka hloko ’me u ananele maikutlo a bona. Ha u etsa joalo u tla ba utloisisa hantle ’me ba tla nolofalloa ho u mamela.

8. Ke hobane’ng ha re lokela ho khutlela ho batho khafetsa?

Pele motho a lumela ho ithuta Bibele u ka ’na oa lokela ho qeta nako e itseng u etsa maeto a ho boela. Hobane’ng? Hobane ka linako tse ling u ka ’na oa fumana a le sieo lapeng kapa a se na nako. Hape, u ka ’na oa lokela ho khutlela ho motho ka makhetlo a ’maloa pele a ikutloa a phutholohile hore a ithute Bibele le uena. U hopole hore semela se khona ho hola hantle ha se nosetsoa khafetsa. Ka tsela e tšoanang, ha re bua le motho khafetsa ka Lentsoe la Molimo, seo se tla etsa hore a rate Jehova le Jesu haholoanyane.

NA BAKRESTE BOHLE BA LOKELA HO ETSA BARUTUOA?

Lefatšeng lohle Lipaki li kene letšolong la ho etsa batho barutuoa (Sheba serapa sa 9 le 10) *

9-10. Ke hobane’ng ha Mokreste e mong le e mong a lokela ho kenya letsoho mosebetsing oa ho etsa batho barutuoa?

9 Mokreste e mong le e mong o lokela ho kenya letsoho mosebetsing oa ho etsa batho barutuoa. Re ka ’na ra tšoantša mosebetsi ona le oa ho batla ngoana ea lahlehileng. Ka tsela efe? Nahana ka se ileng sa etsahala ka moshanyana e mong ea lilemo li tharo ea ileng a lahleha. Batho ba ka bang 500 ba ile ba kena letšolong la ho mo batla. Qetellong, ka mor’a ho qeta lihora tse ka bang 20 ba ntse ba mo batla, motho e mong o ile a mo fumana ka har’a tšimo ea poone. Motho eo ha aa ka a batla hore batho ba mo rorise ka hore ebe o fumane ngoana eo. O ile a re: “Ngoana o fumanehile hobane kaofela re sebelitse ’moho.”

10 Batho ba bangata ba tšoana le ngoana eo ea neng a lahlehile. Ba lahlehetsoe ke tšepo empa ba ntse ba batla ho thusoa. (Baef. 2:​12) Lipaki Tsa Jehova tse ka holimo ho limilione tse robeli li sebetsa ka thata ho batla batho bao. E ka ’na eaba ha u e-s’o fumane motho ea batlang ho ithuta Bibele le uena. Empa e ka ’na eaba bahoeletsi ba bang ba phuthehong ea heno ba fumane batho ba batlang ho ithuta Bibele le bona. Ha mora kapa morali’abo rona a fumana motho ea batlang ho ba molateli oa Kreste, bohle ba kentseng letsoho letšolong la ho batla batho ba na le lebaka la ho thaba.

11. Ke litsela life tse ling tseo u ka thusang motho ho ba molateli oa Kreste le haeba e se uena ea mo khannelang thuto?

11 Le haeba hona joale ha u na motho eo u ithutang Bibele le eena, u ntse u ka thusa ka litsela tse ling. Mohlala, ha u qala ho bona motho Holong ea ’Muso u ka mo amohela ka mofuthu oa ba oa mo thusa. Ha u bontša ka tsela ena hore oa mo rata, u mo thusa ho hlokomela hore re fela re le Bakreste ba ’nete. (Joh. 13:​34, 35) Ha u fana ka likarabo tse khutšoanyane libokeng, u thusa motho e mocha hore a bone hore na ke joang a ka hlalosang tumelo ea hae ka tsela e bonolo le e utloahalang. U ka boela oa tsamaea le mohoeletsi e mocha tšimong, eaba u mo thusa ho bona tsela e loketseng ea ho sebelisa Bibele ha a ruta. Ha u etsa joalo, u tla be u mo thusa ho etsisa Kreste.​—Luka 10:​25-28.

12. Na re hloka bokhoni bo itseng bo ikhethang e le hore re atlehe ho etsa batho barutuoa? Hlalosa.

12 Ha ho na motho ea lokelang ho nka hore o tlameha ho ba le bokhoni bo itseng bo ikhethang e le hore a atlehe ho ruta batho ho ba balateli ba Kreste. Hobane’ng? Nahana ka mohlala oa Morali’abo rona Faustina, ea lulang Bolivia. O ne a sa khone ho bala ha a qala ho kopana le Lipaki Tsa Jehova. Hona joale o se a khona ho bala le ha e se hakaalo. O se a kolobelitsoe ’me o rata ho ruta batho ba bang Bibele. Hangata o ithuta Bibele le batho ba bahlano beke le beke. Le hoja Morali’abo rona Faustina a sa khone ho bala hantle joaloka boholo ba ba batho bao a ithutang Bibele le bona, o se a atlehile ho thusa batho ba tšeletseng hore ba kolobetsoe.​—Luka 10:21.

13. Re tla fumana melemo efe ha re ipha nako ea ho ithuta Bibele le batho le hoja re phathahane?

13 Bakreste ba bangata ba phathahane kaha ba na le mesebetsi e meng ea bohlokoa eo ba e etsang. Empa ba ntse ba khona ho ba le nako ea ho ithuta Bibele le batho, ’me ba thabela ho etsa joalo. Nahana ka mohlala oa Morali’abo rona Melanie. O ne a lula Alaska, ebile e le motsoali ea holisang morali oa hae ea lilemo li robeli a le mong. O ne a sebetsa, a bile a thusa motsoali oa hae ea neng a e-na le mofetše. Morali’abo rona Melanie e ne e le eena feela Paki motseng oa habo. O ne a atisa ho kopa Jehova hore a mo fe matla a ho ea bolela litaba tse molemo le hoja ho bata, kaha o ne a batla ho fumana motho eo a ka ithutang Bibele le eena. Qetellong o ile a kopana le ’Mè Sara, ea ileng a thaba ha a utloa hore Molimo o na le lebitso. Ka mor’a nako ba ile ba qala ho ithuta Bibele. Morali’abo rona Melanie o re: “Ha e le Labohlano mantsiboea, ke ne ke utloa ke khathetse, empa ’na le morali oa ka re ne re khutla re thabile ha re tsoa ithuta Bibele le eena. Re ne re thabela ho batla likarabo tsa lipotso tsa ’Mè Sara, hape re ile ra thaba haholo ha e e-ba Paki ea Jehova.” ’Mè Sara o ile a mamella mathata a mangata, a itokolla kerekeng, eaba oa kolobetsoa.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO BA LE MAMELLO HA RE ETSA BARUTUOA?

14. (a) Batho ba etsang barutuoa ba tšoana le batšoasi ba litlhapi joang? (b) Mantsoe a Pauluse a ho 2 Timothea 4:​1, 2 a u susumetsa hore u etse’ng?

14 Le ka mohla u se ke oa tela ho batla motho eo u ka ithutang Bibele le eena. Hopola hore Jesu o ile a tšoantša batho ba etsang barutuoa le batšoasi ba litlhapi. Batšoasi ba litlhapi ba ka ’na ba qeta lihora tse ngata ba e-s’o tšoase tlhapi leha e le ’ngoe. Hangata ba tšoasa litlhapi bosiu kapa esale ka meso, hape ka linako tse ling ba lokela ho tsamaea nako e telele. (Luka 5:5) Ka ho tšoanang, ka mamello bahoeletsi ba bang ba qeta lihora tse ngata ba ntse ba paka ka linako tse fapaneng le libakeng tse qaqolohaneng. Hobane’ng? E le hore ba khone ho kopana le batho ba bangata. Batho ba ikitlaetsang haholo ba atisa ho putsoa ka hore ba fumane batho bao ba ka ithutang Bibele le bona. Na u ka leka ho ea tšimong ka nako eo u ka fumanang batho ba bangata ka eona, kapa oa ea sebakeng seo ba leng ho sona?​—Bala 2 Timothea 4:​1, 2.

E-ba le mamello ha u thusa batho bao u ithutang Bibele le bona (Sheba serapa sa 15 le 16) *

15. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le mamello ha re etsa batho barutuoa?

15 Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le mamello ha re etsa batho barutuoa? Lebaka le leng ke hore re lokela ho ba thusa hore ba tsebe le ho rata seo Bibele e se rutang. Re boetse re lokela ho ba thusa hore ba tsebe le ho rata Mongoli oa Bibele, e leng Jehova. Ho phaella tabeng ea ho ba ruta lintho tseo Jesu a laetseng balateli ba hae hore ba li etse, re boetse re lokela ho ba thusa hore na ba ka ikobela melao eo joang bophelong ba bona. Ka mamello re lokela ho ba thusa ha ba ntse ba leka ho latela melao-motheo ea Bibele eo ba ntseng ba ithuta eona. Baithuti ba bang ba khona ho fetola tsela eo ba nahanang ka eona le eo ba etsang lintho ka eona ka mor’a likhoeli tse seng kae feela, ha ba bang bona ho ba hloka nako e telele.

16. U ithutile’ng paleng ea Ntate Raúl?

16 Mor’abo rona e mong oa moromuoa Peru, o ile a rua molemo haholo ka ho ba le mamello. O re: “Ke ne ke ithuta le Ntate Raúl, ’me re ile ra qeta libuka tse peli. Empa o ne a ntse a e-na le mathata bophelong ba hae. O ne a e-na le mathata a lenyalo, a le tala ka hanong le bana ba hae ba sa mo hlomphe. Kaha o ne a e-tla libokeng kamehla, ke ile ka tsoela pele ke mo etela le ho mo thusa le lelapa la hae. Ka mor’a ho qeta lilemo tse tharo ke ntse ke mo etela o ile a tšoaneleha hore a kolobetsoe.”

17. Re tl’o hlahloba’ng sehloohong se latelang?

17 Jesu o ile a laela balateli ba hae a re: “E-eang . . . le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” Ha re ntse re phetha taelo ena, re atisa ho kopana le batho ba nahanang ka tsela e fapaneng hole le ea rona, ho akareletsa le ba sa keneng kereke hohang kapa ba sa lumeleng hore Molimo o teng. Sehloohong se latelang re tl’o hlahloba hore na re ka ba pakela joang.

PINA EA 68 Re Jaleng Peo ea ’Muso

^ ser. 5 Sepheo se ka sehloohong sa Lipaki Tsa Jehova ke ho thusa batho hore e be balateli ba Kreste. Sehloohong sena re tl’o fuoa litlhahiso tse ka re thusang hore re finyelle sepheo seo.

^ ser. 2 TLHALOSO: Balateli ba Kreste ba ruta batho lintho tseo Jesu a neng a li ruta. Ba boetse ba phela ka tsela e lumellanang le seo ba se rutang. Hape ba latela mehato ea Jesu haufi-ufi.​—1 Pet. 2:21

^ ser. 52 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ntate e mong ea nkang leeto o amohela sengoliloeng ho Lipaki tse emeng boema-fofane. Hamorao ha a ntse a sheba libaka moo a etetseng, o kopana le Lipaki tse ling tse etsang bopaki ba phatlalatsa. Ha a se a khutletse ha habo o eteloa ke Lipaki.

^ ser. 54 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ntate eo o lumela ho ithuta Bibele. Qetellong oa kolobetsoa.